Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Pesaleme 80:14-16
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Molimo oa mabotho, re kopa u khutle.

      Sheba u le leholimong ’me u bone.

      U hlokomele sefate sena sa morara,+

      15 Hlokomela kutu* ena eo u e lemmeng ka letsoho la hao le letona,+

      U shebe mora eo* u mo matlafalitseng e le hore u tlotlisoe.+

      16 Sefate sea rengoa ’me se chesoa ka mollo.+

      Baa felisoa ha u ba khalemela.*

  • Esaia 5:24
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 24 Feela joalokaha mollo o chesa litlhaka

      ’Me joang bo ommeng bo chesoa ke lelakabe,

      Metso ea bona e tla bola

      Le lithunthung tsa bona li fefohe joaloka phofo

      Hobane ba hana ho mamela molao* oa Jehova oa mabotho,

      Ba telletse lentsoe la Mohalaleli oa Iseraele.+

  • Jeremia 7:20
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 20 Ka hona Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Bohale ba ka le khalefo ea ka li tla theoleloa sebakeng sena,+ ho batho le libata, ho lifate tsa tšimo le litholoana tsa naha. Khalefo ea ka e tla tuka ’me e ke ke ea tima.’+

  • Ezekiele 20:47
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 47 U re ho moru o naheng e ka boroa, ‘Mamela lentsoe la Jehova. Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla tlisa mollo+ ’me o tla chesa lifate tse ntle le tse omeletseng. Mollo oo o ke ke oa tima,+ batho bohle ba lulang ka boroa le ka leboea ba tla utloa mocheso oa oona.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela