-
Esaia 2:2-4Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
Thaba eo ntlo ea Jehova e leng ho eona
E tla tiisoa ka thata ka holim’a litlhoro tsa lithaba,+
E phahamele maralla.
Lichaba tsohle li tla phallela ho eona.+
3 Lichaba tse ngata li tla ea ebe li re:
“Tloong, re nyoloheleng thabeng ea Jehova,
Ntlong ea Molimo oa Jakobo.+
O tla re ruta litsela tsa hae
Ebe re tsamaea litseleng tsa hae.”+
Molao o tla tsoa Sione
Le lentsoe la Jehova le tsoe Jerusalema.+
4 O tla ahlola har’a lichaba,
A lokise litaba lichabeng tse ngata.
Ba tla etsa lisabole tsa bona mehoma,
Ba etse marumo a bona likere tse kutang limela.+
Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole,
Ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.+
-