Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 49:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Lere la borena le ke ke la tloha ho Juda+ le lere la bolaoli le ke ke la tloha pakeng tsa maoto a hae, ho fihlela Shilo* a tla+ ’me lichaba li tla mo mamela.+

  • 1 Likronike 5:2
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 2 Leha Juda+ a ne a phahametse bana babo ’me eo e neng e tl’o ba moeta-pele+ a ne a tl’o hlaha ho eena, tokelo ea letsibolo e ne e le ea Josefa.

  • Esaia 9:6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    •  6 Re tsoaletsoe ngoana,+

      Re filoe mora,

      Puso* e tla lula lehetleng la hae.+

      O tla rehoa Moeletsi ea Hlollang,+ Molimo ea Matla,+ Ntate oa ka ho sa Feleng, Khosana ea Khotso.

  • Matheu 2:4-6
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Morena a bokella baprista bohle ba baholo le bangoli ba sechaba a ba botsisisa hore na Kreste* o lokela ho hlahela hokae. 5 Ba re ho eena: “Bethlehema+ e Judea hobane moprofeta o ile a bua ka taba ena ha a re: 6 ‘Uena Bethlehema oa naha ea Juda, ho hang ha u motse o monyenyane haholo mahlong a babusisi ba Juda kaha ho uena ho tla tsoa ea busang, ea tla lisa sechaba sa ka sa Iseraele.’”+

  • Luka 1:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 O tla ba matla,+ a bitsoe Mora oa Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa.+ Jehova* o tla mo fa terone ea ntate oa hae Davida,+ 33 puso ea hae e ke ke ea fela+ ’me e tla ba morena oa bana ba Jakobo ka ho sa feleng.”

  • Luka 2:11
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Kajeno le tsoaletsoe mopholosi+ motseng oa Davida,+ ke Kreste Morena oa lona.+

  • Johanne 7:42
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 42 Na lengolo ha le re Kreste o tsoa baneng ba Davida+ le hore o tsoa Bethlehema+ e leng motsana oo Davida a tsoang ho oona?”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela