-
Esaia 13:19Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
E tla tšoana le Sodoma le Gomora ha Molimo a ne a li felisa.+
-
-
Jeremia 27:6, 7Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ke file mohlanka oa ka Nebukadnezare+ morena oa Babilona linaha tsena tsohle. Le libata tsa naha ke li behile taolong ea hae. 7 Lichaba tsohle li tla mo sebeletsa, li sebeletse mora oa hae le setloholo sa hae ho fihlela ha nako ea naha ea hae e fihla,+ nako eo ka eona lichaba tse ngata le marena a maholo a tla mo etsa lekhoba.+
-
-
Zakaria 2:7-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 “Tloong lona batho ba Sione. Balehang, lona ba lulang Babilona.*+ 8 Jehova oa mabotho, eo ka mor’a hore a tlotlisoe a ileng a nthomela ho lichaba tse neng li le nkela thepa ea lona,+ o re: ‘Mang kapa mang ea le thetsang o thetsa thaka ea leihlo la ka.*+ 9 Ke tla ba phahamisetsa letsoho ebile makhoba a bona a tla ba nkela thepa.’+ Le tla tseba hore Jehova oa mabotho ke eena ea nthomileng.
-