-
Mareka 5:11-17Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
11 Ho ne ho e-na le mohlape o moholo oa likolobe+ o ntseng o fula thabeng.+ 12 Kahoo, bademona bao ba mo kopa ba re: “Re romele likolobeng e le hore re ka kena ho tsona.” 13 A ba lumella. Eaba bademona baa tsoa ’me ba kena likolobeng. Li ne li ka ba 2 000 eaba kaofela li mathela selomong li oela ka leoatleng ’me li khangoa ke metsi. 14 Empa balisa ba tsona ba baleha ’me ba tlaleha taba ena motseng le libakeng tse ka thoko. Batho ba tla ho tla bona hore na ho etsahetse’ng.+ 15 Ha ba tla ho Jesu ba fumana monna ea neng a kenoe ke legione a se a hlaphohetsoe kelellong, a apere a bile a lutse eaba baa tšoha. 16 Batho ba boneng hore na ho etsahetse’ng ba ba bolella ka monna eo ea neng a e-na le bademona le ka likolobe. 17 Kahoo, ba kopa Jesu hore a tsamaee.+
-