Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 6:35-44
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 35 Kaha e ne e se e le mantsiboea, barutuoa ba hae ba tla ho eena ba re: “Sebaka sena se hole haholo hape e se e le mantsiboea.+ 36 E-re batho bana ba tsamaee e le hore ba ka ea metseng le metsaneng e haufi ba ithekela lijo.”+ 37 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.” Eaba ba re ho eena: “Re tlohe re e’o reka mahobe a lidenari* tse 200 ’me re a fe batho baa hore ba je?”+ 38 A re ho bona: “Tsamaeang le shebe hore na le na le mahobe a makae.” Ha ba khutla ba re: “A mahlano le litlhapi tse peli.”+ 39 A laela batho bohle hore ba lule ka lihlopha holim’a joang.*+ 40 Ba lula ka lihlopha tsa ba 100 le tsa ba 50. 41 Eaba o nka mahobe ao a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso.+ A qhetsola mahobe, a a fa barutuoa, barutuoa bona ba a fa batho ’me Jesu a arolela bohle litlhapi tseo tse peli. 42 Kahoo, bohle ba ja ba khora 43 ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng bohobe bo setseng, ba boela ba nka le litlhapi tse neng li setse.+ 44 Batho ba ileng ba ja mahobe e ne e le banna ba 5 000.

  • Luka 9:12-17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Ha e e-ba mantsiboea baapostola ba hae ba tla ho eena ba re: “E-re batho bana ba tsamaee ba kene metseng e haufi, ba fumane marobalo le lijo hobane mona ho hole.”+ 13 Jesu a re ho bona: “Lona ba feng lijo.”+ Ba re: “Re na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli feela, ntle le haeba re ka e’o ba rekela lijo.” 14 Ho ne ho e-na le banna ba ka bang 5 000 moo. Jesu a re ho barutuoa ba hae: “E-reng ba ikarole ba lule ka lihlopha tsa batho ba ka bang 50 sehlopha ka seng.” 15 Ba etsa joalo eaba batho kaofela ba lula fatše. 16 Jesu a nka mahobe a mahlano le litlhapi tse peli, a sheba leholimong a kopa tlhohonolofatso. A li qhetsola, a li fa barutuoa, barutuoa bona ba li fa batho. 17 Bohle ba ja ba khora ’me barutuoa ba nka libaskete tse 12 tse tletseng lijo tse setseng.+

  • Johanne 6:5-13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 5 Ha Jesu a bona hore batho ba bangata ba tla ho eena a re ho Filipi: “Re tla reka mahobe hokae hore batho baa ba je?”+ 6 O ne a cho joalo e le hore a utloe hore na o nahanne’ng hobane a tseba hore na o tla tloha a etsa’ng. 7 Filipi a re: “Esita le mahobe a lidenari* tse 200 a fokola haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.” 8 E mong oa barutuoa ba hae e leng Andrease ngoan’abo Simone Petrose a re ho eena: 9 “Moshanyana ke enoa ea nang le mahobe a mahlano a harese le litlhapi tse peli tse nyenyane empa li nyenyane haholo bakeng sa ho fepa sechaba sena.”+

      10 Jesu a re: “E-reng batho ba lule fatše.” Ho ne ho e-na le joang bo bongata sebakeng seo, kahoo batho ba lula fatše. Har’a bona ho ne ho e-na le banna ba 5 000.+ 11 Jesu a nka mahobe, a rapela eaba o a fa batho ba lutseng fatše. A etsa joalo le ka litlhapi tse nyenyane ’me ba ja ho fihlela ba khotsofetse. 12 Ha ba se ba khotše a re ho barutuoa ba hae: “Bokellang lijo tse setseng e le hore ho se ke ha e-ba le letho le senyehang.” 13 Kahoo, ba bokella lijo tse setseng ha ho ne ho jeoa mahobe a mahlano a harese ’me tsa tlala libaskete tse 12.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela