22 Ha ba ntse ba bokane Galilea Jesu a re ho bona: “Mor’a motho o tl’o rekisoa* ebe ho fanoa ka eena matsohong a batho.+23 Ba tla mo bolaea ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+ Eaba barutuoa ba sareloa haholo.
18 “Re nyolohela Jerusalema ’me ba tla nehelana ka Mor’a motho ho baprista ba baholo le bangoli. Ba tla mo ahlolela lefu,+19 ba nehelane ka eena ho balichaba hore ba mo some, ba mo shape ba be ba mo bolaele palong.+ O tla tsosoa ka letsatsi la boraro.”+
31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+
22 A boela a re: “Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela ’me o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+
3 Tse ling tsa lintho tsa bohlokoa tseo ke ileng ka le bolella tsona ke tseo le ’na ke ileng ka li rutoa e leng hore ho ea ka Mangolo, Kreste o shoetse libe tsa rona.+4 Mangolo a re+ o ile a patoa+ ’me a tsosoa+ ka letsatsi la boraro+