-
Mareka 12:35-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
35 Ha Jesu a ntse a ruta ka tempeleng, a re: “Ke hobane’ng ha bangoli ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 36 Moea o halalelang+ o ile oa susumelletsa Davida hore a re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 37 Joale Kreste ke mora oa Davida joang+ empa Davida a mo bitsa Morena?”
Letšoele le leholo le ne le thabetse ho mo mamela.
-
-
Luka 20:41-44Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
41 Eaba o re ho bona: “Joale ke hobane’ng ha batho ba re Kreste ke mora oa Davida?+ 42 Bukeng ea Lipesaleme Davida o re: ‘Jehova* o itse ho Moren’a ka: “Lula ka letsohong la ka le letona 43 ho fihlela ke beha lira tsa hao tlas’a maoto a hao.”’+ 44 Joale haeba Davida a mo bitsa Morena, ke mora oa hae joang?”
-