-
Daniele 9:27Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
27 O tla etsa hore selekane se lule se le teng molemong oa ba bangata ka beke e le ’ngoe. Halofong ea beke eo, o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.+
Ea senyang o tla tla a le lepheong la lintho tse nyonyehang.+ Qeto eo Molimo a e entseng e tla tšolleloa holim’a ea setseng a le mong ho fihlela a felisoa.”
-
-
Mareka 13:14-18Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
14 Leha ho le joalo, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang+ e le moo e sa tšoanelang ho ba teng, (ea balang boprofeta bona a bo utloisise hantle) ba leng Judea ba balehele lithabeng.+ 15 Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ea hae ho ea nka ntho leha e le efe. 16 Le monna ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka seaparo sa hae. 17 Matsatsing ao baimana le batsoetse ba tla ba malimabe.+ 18 Le ’ne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha
-