-
Matheu 24:15-20Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
15 Ka hona, ha le bona ntho e nyonyehang le e senyang e le sebakeng se halalelang joalokaha moprofeta Daniele a boletse,+ (ea balang boprofeta boo a bo utloisise hantle) 16 ba leng Judea ba balehele lithabeng.+ 17 Monna ea ka holim’a ntlo a se ke a theoha ebe o kena ka tlung ea hae ho ea nka ntho leha e le efe 18 le ea tšimong a se ke a khutla ho ea nka seaparo sa hae. 19 Matsatsing ao, baimana le batsoetse ba tla ba malimabe. 20 Le ’ne le rapelle hore le se ke la tlameha ho baleha e le mariha kapa ka Sabatha
-
-
Luka 21:20-23Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
20 Empa ha le bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole,+ le tsebe hore e haufi le ho timetsoa.+ 21 Ba leng Judea ba balehele lithabeng,+ ba ka har’a motse oa Jerusalema ba tsoe ’me ba libakeng tse mahaeng ba se ke ba ea Jerusalema 22 hobane ana ke matsatsi a phetetso e le hore lintho tsohle tse ngotsoeng Mangolong li phethahale. 23 Matsatsing ao, baimana le batsoetse ba tla ba malimabe+ kaha ho tla ba le tlokotsi e kholo naheng eo ’me Molimo o tla halefela baahi ba eona.
-