Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Mareka 14:3-9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Ha a le Bethani a ntse a ja ha Simone ea neng a kile a tšoaroa ke lepera, mosali e mong a fihla a nkile botlolo ea alabastera e tšetseng oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A pshatla molomo oa botlolo eo eaba o tšela oli hloohong ea Jesu.+ 4 Balateli ba bang ba Jesu ba ne ba halefile haholo eaba baa botsana ba re: “Oli ee e senyetsoa’ng? 5 E ka be e rekisitsoe ka lidenari* tse ka holimo ho 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana.” Ba ne ba koatetse* mosali eo haholo. 6 Empa Jesu a re: “Mo tloheleng. Ke hobane’ng ha le mo nyahamisa? O nketselitse ntho e ntle.+ 7 Le tla lula le e-na le bafutsana+ ’me le ka ba thusa neng kapa neng ha le batla empa le ke ke la lula le e-na le ’na.+ 8 O entse seo a neng a ka se khona, o tšetse ’mele oa ka ka oli e nkhang hamonate e le ho ntokisetsa lepato esale pele.+ 9 Kannete ke re ho lona, kae kapa kae moo litaba tsena tse monate tsa ’Muso oa Molimo li boleloang teng lefatšeng lohle,+ ntho eo mosali enoa a e entseng le eona e tla boleloa e le hore a hopoloe ka eona.”+

  • Johanne 12:1-8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 12 Matsatsi a tšeletseng pele ho Paseka, Jesu a fihla Bethani. Lazaro+ eo Jesu a neng a mo tsositse bafung o ne a le hona teng. 2 Ba mo phehela lijo tsa mantsiboea eaba Maretha oa ba ngoathela.+ Lazaro e ne e le e mong oa ba lutseng lijong le eena. 3 Maria a nka botlolo* ea oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A tlotsa maoto a Jesu ka eona eaba o mo hlakola maoto ka moriri oa hae. Ntlo ea tlala monko oa oli eo.+ 4 E mong oa barutuoa ba hae e leng Judase Iskariota+ ea neng a tl’o mo rekisa* a re: 5 “Ke hobane’ng ha oli ee e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari* tse 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana?” 6 O ne a sa cho joalo hobane a tšoenyehile ka bafutsana empa hobane e le lesholu. Kaha o ne a tšoara lebokose la chelete, o ne a tloaetse ho utsoa chelete e tšeloang ka ho lona. 7 Jesu a re: “Mo tloheleng hobane ha a etsa tjena o ntokisetsa lepato.+ 8 Le tla lula le e-na le bafutsana+ empa le ke ke la lula le e-na le ’na.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela