-
Matheu 26:6-9Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
6 Ha Jesu a le Bethani ka tlung ea Simone ea neng a kile a tšoaroa ke lepera,+ 7 mosali e mong ea nkileng botlolo ea alabastera e tšetseng oli e turu e nkhang hamonate a tla ho Jesu ’me a e tšela hloohong ea hae ha a ntse a lutse tafoleng. 8 Ha barutuoa ba bona taba ena ba halefa haholo ’me ba re: “Tšenyo e kaale ke ea eng? 9 Oli ena e ka be e rekisitsoe ka chelete e ngata ebe chelete eo e fuoa bafutsana.”
-
-
Johanne 12:2-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
2 Ba mo phehela lijo tsa mantsiboea eaba Maretha oa ba ngoathela.+ Lazaro e ne e le e mong oa ba lutseng lijong le eena. 3 Maria a nka botlolo* ea oli e turu e nkhang hamonate, e le nareda ea ’nete. A tlotsa maoto a Jesu ka eona eaba o mo hlakola maoto ka moriri oa hae. Ntlo ea tlala monko oa oli eo.+ 4 E mong oa barutuoa ba hae e leng Judase Iskariota+ ea neng a tl’o mo rekisa* a re: 5 “Ke hobane’ng ha oli ee e nkhang hamonate e ne e sa rekisoe ka lidenari* tse 300 ebe chelete eo e fuoa bafutsana?”
-