-
Mareka 14:12-16Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
12 Ka letsatsi la pele la Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso,+ ha ba etsa sehlabelo sa Paseka+ joalokaha ba ne ba tloaetse, barutuoa ba hae ba re ho eena: “U batla hore re u lokisetse ho jella Paseka hokae?”+ 13 Eaba o roma barutuoa ba hae ba babeli ’me o re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi. Le mo sale morao+ 14 ebe moo a tla kena teng le re ho mong’a ntlo: ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’ 15 O tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 16 Barutuoa ba kena motseng ’me ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.
-
-
Luka 22:7-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
7 Letsatsi la Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso la fihla. Letsatsing leo, ho ne ho hlajoa phoofolo e etsang sehlabelo sa Paseka.+ 8 Jesu a roma Petrose le Johanne a re: “Tsamaeang le e’o lokisetsa hore re je Paseka.”+ 9 Ba re ho eena: “U batla re lokisetse ho e jella hokae?” 10 A re ho bona: “Ha le kena motseng, le tla kopana le monna ea jereng nkho ea letsopa ea metsi, le mo sale morao ho ea ntlong eo a eang ho eona.+ 11 Le tle le re ho mong’a ntlo eo, ‘Mosuoe o re: “Kamore ea baeti eo nka jellang Paseka ho eona le barutuoa ba ka ke efe?”’ 12 Monna eo o tla le bontša kamore e kholo e mokatong o ka holimo, e nang le lintho tse hlokahalang. Le re lokisetse moo.” 13 Ba tsamaea, ba fumana ho le feela joalokaha a ne a ba boleletse eaba ba lokisetsa Paseka.
-