-
Matheu 4:1-10Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Moea o halalelang oa tataisetsa Jesu lefeelleng. Ha a le moo, Diabolose a mo leka.+ 2 E ne e le ka mor’a hore a itime lijo ka matsatsi a 40 le masiu a 40 ’me o ne a utloa a lapile. 3 Diabolose+ a atamela ’me a re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, bolella majoe ana hore a fetohe mahobe.” 4 Empa Jesu a araba a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela empa o tla phela le ka lentsoe le leng le le leng le tsoang molomong oa Jehova.’”*+
5 Eaba Diabolose o mo isa motseng o halalelang+ eaba o mo emisa holim’a tora* ea tempele.+ 6 A re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše etsoe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho uena. A tla u jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.’”+ 7 Jesu a re ho eena: “Mangolo a boetse a re: ‘U se ke oa leka Jehova* Molimo oa hao.’”+
8 Diabolose a boela a mo isa thabeng e phahameng haholo, a mo bontša mebuso eohle ea lefatše le maruo a eona.+ 9 A re ho eena: “Ke tla u fa lintho tsena kaofela ha u ka khumama oa nthapela.”* 10 Jesu a re ho eena: “Tloha Satane! Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela+ ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+
-
-
Luka 4:1-13Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
4 Jesu a tloha nokeng ea Jordane. O ne a tletse moea o halalelang o ileng oa mo tataisetsa lefeelleng.+ 2 Eaba o qeta matsatsi a 40 moo a sa je. Ka mor’a matsatsi ao, a utloa a lapile eaba Diabolose oa tla ho tla mo leka.+ 3 Diabolose a re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, bolella lejoe lena hore le fetohe bohobe.” 4 Empa Jesu a re: “Mangolo a re: ‘Motho a ke ke a phela ka bohobe feela.’”+
5 Kahoo, Diabolose a mo isa holimo thabeng ’me a mo bontša mebuso eohle ea lefatše ka nako le motsotso.+ 6 Eaba Diabolose o re ho eena: “Ke tla u fa matla a ho laola mebuso ena kaofela le khanya ea eona hobane ke ea ka+ ’me nka e fa mang kapa mang eo ke batlang ho mo fa eona. 7 Joale haeba u ka nthapela,* ke tla u fa eona kaofela.” 8 Jesu a re ho eena: “Mangolo a re: ‘Ke Jehova* Molimo oa hao eo u lokelang ho mo rapela ebile ke eena feela eo u lokelang ho mo sebeletsa.’”+
9 Diabolose a mo isa Jerusalema, a mo emisa holim’a tora* ea tempele eaba o re ho eena: “Haeba u mora oa Molimo, itihele fatše+ 10 etsoe Mangolo a re: ‘O tla romela mangeloi a hae ho uena hore a u sireletse. 11 A tla u jara ka matsoho e le hore leoto la hao le se ke la khoptjoa ke lejoe.’”+ 12 Jesu a re ho eena: “Ho itsoe: ‘U se ke oa leka Jehova* Molimo oa hao.’”+ 13 Ha Diabolose a qetile ho mo leka, a mo tlohela eaba o emela hore monyetla o mong o hlahe.+
-