-
Matheu 18:1-5Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
18 Ka nako eo, barutuoa ba tla ho Jesu ba re: “Ha e le hantle ke mang e moholo ’Musong oa maholimo?”+ 2 A bitsa ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona 3 ’me a re: “Kannete kea le bolella hore ha le sa fetohe la tšoana le bana ba banyenyane,+ ho hang le ke ke la kena ’Musong oa maholimo.+ 4 Ka hona, mang kapa mang ea tla ikokobetsa joaloka ngoana enoa, ke eena e moholo ’Musong oa maholimo.+ 5 Hape mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela.
-
-
Mareka 9:33-37Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
-
-
33 Ba fihla Kapernauma. Ha a le ka tlung a re ho bona: “Le ne le tseka’ng tseleng?”+ 34 Ba thola hobane ha ba le tseleng ba ne ba phehile khang ka hore na ke mang e moholo. 35 Kahoo, a lula fatše ’me a bitsa baapostola ba 12 eaba o re ho bona: “Haeba mang kapa mang a batla ho ba oa pele, e be oa ho qetela ho bohle le mosebeletsi oa bohle.”+ 36 A nka ngoana e monyenyane, a mo emisa ka pel’a bona ’me a beha matsoho mahetleng a hae eaba o re ho bona: 37 “Mang kapa mang ea amohelang ngoana e monyenyane+ joaloka enoa ka lebaka la lebitso la ka, le ’na oa nkamohela. Mang kapa mang ea nkamohelang o amohela le ea nthomileng.”+
-