21 Ho tloha ka nako eo ho ea pele Jesu a hlalosetsa barutuoa ba hae hore o tla ea Jerusalema, a hlorisoe hampe ke baholo, baprista ba baholo le bangoli, a be a bolaoe ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+
31 Hape, a qala ho ba ruta hore Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela le hore o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.+
22 A boela a re: “Mor’a motho o tla hlorisoa hampe, baholo, baprista ba baholo le bangoli ba ke ke ba mo amohela ’me o tla bolaoa+ ebe o tsosoa ka letsatsi la boraro.”+