Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Genese 9:4
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 4 Empa le se ke la ja nama e ntseng e e-na le mali, e leng bophelo ba eona.+

  • Levitike 3:17
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 17 Ho hang le se ke la ja mafura kapa mali.+ Ena ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa meloko ea lona, libakeng tsohle tseo le lulang ho tsona.’”

  • Levitike 7:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Le se ke la ja mali+ a ntho leha e le efe libakeng tseo le lulang ho tsona ebang ke a linonyana kapa a liphoofolo.

  • Levitike 17:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Haeba motho leha e le ofe oa ntlo ea Iseraele kapa molichaba ea lulang le lona a ja mali+ a ntho leha e le efe, ke tla mo halefela ’me ke tla mo bolaea har’a batho ba habo.

  • Levitike 17:13
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 13 Haeba e mong oa Baiseraele kapa molichaba ea itseng ea lulang le lona a tsoma ’me a tšoasa phoofolo e hlaha kapa nonyana e ka jeoang, a ntše mali a eona+ ’me a a koahele ka mobu.

  • Levitike 19:26
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 26 Le se ke la ja letho le nang le mali.+

      Le se ke la batla lipontšo tsa se tlang kapa la sebelisa boselamose.+

  • Deuteronoma 12:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Le ikemisetse ka tieo hore le se ke la ja mali+ hobane mali ke bophelo.+ Le se ke la jelella nama le bophelo.

  • Deuteronoma 15:23
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 23 Empa le se ke la ja mali a ’ona.+ Le a qhalle fatše joaloka metsi.+

  • 1 Samuele 14:32, 33
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 32 Batho ba e-ba meharo ’me ba mathela lintho tse hapuoeng, ba nka linku, likhomo le manamane. Ba hlabela liphoofolo tseo fatše ’me ba jelella nama le mali.+ 33 Kahoo, Saule a tsebisoa ha thoe: “Bona batho ba siteloa Jehova ’me ba jelella nama le mali.”+ Eaba o re: “Ha lea tšepahala. Pitikisang lejoe le leholo le le tlise ho ’na hona joale.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela