11 Ho fihlela letsatsing lena re ntse re lapa,+ re nyoroa,+ re haelloa ke liaparo, re otloa,*+ re se na mahae 12 ebile re sebetsa ka thata ka matsoho a rona.+ Ha batho ba re buisa hampe, re ba buisa hantle.+ Ha ba re hlorisa, rea mamella.+
9 Bana beso, le hopola hantle kamoo re neng re sebetsa ka thata kateng. Re ne re sebetsa bosiu le motšehare e le hore ha re ntse re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo, re se ke ra imetsa le ea mong oa lona.+