Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 20:34
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 34 Lea tseba hore ke sebelelitse litlhoko tsa ka+ le tsa batho bao ke neng ke e-na le bona ka matsoho ana a ka.

  • 1 Bakorinthe 4:11, 12
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 11 Ho fihlela letsatsing lena re ntse re lapa,+ re nyoroa,+ re haelloa ke liaparo, re otloa,*+ re se na mahae 12 ebile re sebetsa ka thata ka matsoho a rona.+ Ha batho ba re buisa hampe, re ba buisa hantle.+ Ha ba re hlorisa, rea mamella.+

  • 1 Bakorinthe 9:15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 15 Empa ’na ha ke e-s’o sebelise le e le ’ngoe ea litokelo tsena+ ebile ha ke ngole tjena hobane ho e-na le ntho eo ke batlang hore le nketsetse eona. Nka mpa ka shoa ho e-na le hore motho e mong a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.+

  • 1 Bathesalonika 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Bana beso, le hopola hantle kamoo re neng re sebetsa ka thata kateng. Re ne re sebetsa bosiu le motšehare e le hore ha re ntse re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo, re se ke ra imetsa le ea mong oa lona.+

  • 2 Bathesalonika 3:8
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 8 Ha ho na motho eo re jeleng lijo tsa hae mahala.+ Re ne re sebetsa ka thata bosiu le motšehare e le hore re se ke ra le imetsa.+

  • 2 Bathesalonika 3:10
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 10 Ha re ne re e-na le lona, re ne re hlola re le fa taelo ena: “Motho ea sa batleng ho sebetsa, le ho ja a se ke a ja.”+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela