Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Liketso 18:3
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 3 Kaha o ne a etsa mosebetsi o tšoanang le oa bona oa ho etsa litente, a lula le bona ’me ba sebetsa ’moho.+

  • 1 Bakorinthe 9:14, 15
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 14 Ka tsela e tšoanang, Morena o laetse hore ba phatlalatsang litaba tse monate ba iphelise ka tsona.+

      15 Empa ’na ha ke e-s’o sebelise le e le ’ngoe ea litokelo tsena+ ebile ha ke ngole tjena hobane ho e-na le ntho eo ke batlang hore le nketsetse eona. Nka mpa ka shoa ho e-na le hore motho e mong a nkamohe lebaka lena la ka la ho ithorisa.+

  • 2 Bakorinthe 11:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Nakong eo ke neng ke e-na le lona ’me ke hloka, ha kea ka ka le imetsa hobane bana ba bo rona ba neng ba tsoa Macedonia ba ile ba nthusa ka lintho tsohle tseo ke neng ke li hloka.+ Ke ile ka etsa sohle seo nka se khonang hore ke se ke ka ba moroalo ho lona ebile ke tla tsoela pele ho etsa joalo.+

  • 1 Bathesalonika 2:9
    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    • 9 Bana beso, le hopola hantle kamoo re neng re sebetsa ka thata kateng. Re ne re sebetsa bosiu le motšehare e le hore ha re ntse re le bolella litaba tse monate tse tsoang ho Molimo, re se ke ra imetsa le ea mong oa lona.+

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela