Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Marena 11
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Marena

      • Basali ba Solomone baa mo khelosa (1-13)

      • Batho ba hanyetsang Solomone (14-25)

      • Jeroboame o tšepisoa maloko a leshome (26-40)

      • Solomone oa shoa, Roboame e e-ba morena (41-43)

1 Marena 11:1

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 17:15, 17; Ne 13:26
  • +Ge 19:36, 37
  • +1Ma 14:21
  • +1Ma 16:30, 31
  • +Ge 26:34, 35
  • +1Ma 3:1

1 Marena 11:2

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Le se ke la nyallana le bona.”

  • *

    Ka Seheberu: “susumetsa lipelo.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 34:16; De 7:3; Jos 23:12, 13; 2Ko 6:14

1 Marena 11:3

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

1 Marena 11:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:42
  • +De 7:3, 4; Ne 13:26

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/1/2005, leq. 29

1 Marena 11:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Bhl 2:11, 13; 10:6; 1Sa 7:3
  • +Sof 1:5

1 Marena 11:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:5

1 Marena 11:7

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:30; Nu 33:52; 2Ma 21:1, 3
  • +2Ma 23:13
  • +Le 18:21; Lik 7:43

1 Marena 11:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 7:3, 4; Pr 4:23
  • +1Ma 3:5; 9:2

1 Marena 11:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 7:19, 20

1 Marena 11:11

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “hlotha.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 17:21

1 Marena 11:12

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “hlotha.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 10:18, 19

1 Marena 11:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 7:12, 15
  • +1Ma 12:20; 2Kr 11:1
  • +De 12:11

1 Marena 11:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 7:12, 14
  • +Ge 27:40

1 Marena 11:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:13

1 Marena 11:16

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “felisitse.”

1 Marena 11:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 10:12

1 Marena 11:19

Linaletsana

  • *

    Eseng mofumahali ea busang.

1 Marena 11:20

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “khoesetsa” e leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.

1 Marena 11:21

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “ba patiloe joaloka baholo-holo ba bona.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 2:10, 34

1 Marena 11:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:14
  • +2Sa 8:3

1 Marena 11:24

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “bolaea.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 10:18
  • +2Sa 8:5; 1Ma 19:15; Esa 7:8

1 Marena 11:26

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “phahamisa letsoho la hae.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 11:31; 12:32; 14:10; 2Kr 11:14; 13:3, 20
  • +1Ma 9:22
  • +2Kr 13:6

1 Marena 11:27

Linaletsana

  • *

    Kapa: “Milo.” Lentsoe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 9:15, 24
  • +2Sa 5:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha, leq. 1891

1 Marena 11:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 5:16

1 Marena 11:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:15; 14:2; 2Kr 9:29

1 Marena 11:31

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:16

1 Marena 11:32

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:20; 2Kr 11:1
  • +Ge 49:10
  • +De 12:5, 6; 1Ma 11:13; Ps 132:13

1 Marena 11:33

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 28:15; 2Kr 15:2

1 Marena 11:34

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 9:4, 5; Ps 89:49; 132:17; Esa 9:7

1 Marena 11:35

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:20; 2Kr 10:16

1 Marena 11:36

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lebone.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 7:29; 1Ma 15:4; 2Ma 8:19

1 Marena 11:38

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 15:5
  • +2Sa 7:11

1 Marena 11:39

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 12:16
  • +Ge 49:10; Esa 11:1; Lu 1:32, 33

1 Marena 11:40

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 14:25
  • +2Kr 10:2

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/1/2005, leq. 30

1 Marena 11:41

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 9:29-31

1 Marena 11:43

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 3:10; 2Kr 13:7; Mat 1:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    7/15/2005, leq. 31

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Mar. 11:1De 17:15, 17; Ne 13:26
1 Mar. 11:1Ge 19:36, 37
1 Mar. 11:11Ma 14:21
1 Mar. 11:11Ma 16:30, 31
1 Mar. 11:1Ge 26:34, 35
1 Mar. 11:11Ma 3:1
1 Mar. 11:2Ex 34:16; De 7:3; Jos 23:12, 13; 2Ko 6:14
1 Mar. 11:41Ma 11:42
1 Mar. 11:4De 7:3, 4; Ne 13:26
1 Mar. 11:5Bhl 2:11, 13; 10:6; 1Sa 7:3
1 Mar. 11:5Sof 1:5
1 Mar. 11:61Ma 15:5
1 Mar. 11:7Le 26:30; Nu 33:52; 2Ma 21:1, 3
1 Mar. 11:72Ma 23:13
1 Mar. 11:7Le 18:21; Lik 7:43
1 Mar. 11:9De 7:3, 4; Pr 4:23
1 Mar. 11:91Ma 3:5; 9:2
1 Mar. 11:102Kr 7:19, 20
1 Mar. 11:112Ma 17:21
1 Mar. 11:122Kr 10:18, 19
1 Mar. 11:132Sa 7:12, 15
1 Mar. 11:131Ma 12:20; 2Kr 11:1
1 Mar. 11:13De 12:11
1 Mar. 11:142Sa 7:12, 14
1 Mar. 11:14Ge 27:40
1 Mar. 11:152Sa 8:13
1 Mar. 11:18Nu 10:12
1 Mar. 11:211Ma 2:10, 34
1 Mar. 11:231Ma 11:14
1 Mar. 11:232Sa 8:3
1 Mar. 11:242Sa 10:18
1 Mar. 11:242Sa 8:5; 1Ma 19:15; Esa 7:8
1 Mar. 11:261Ma 11:31; 12:32; 14:10; 2Kr 11:14; 13:3, 20
1 Mar. 11:261Ma 9:22
1 Mar. 11:262Kr 13:6
1 Mar. 11:271Ma 9:15, 24
1 Mar. 11:272Sa 5:7
1 Mar. 11:281Ma 5:16
1 Mar. 11:291Ma 12:15; 14:2; 2Kr 9:29
1 Mar. 11:311Ma 12:16
1 Mar. 11:321Ma 12:20; 2Kr 11:1
1 Mar. 11:32Ge 49:10
1 Mar. 11:32De 12:5, 6; 1Ma 11:13; Ps 132:13
1 Mar. 11:33De 28:15; 2Kr 15:2
1 Mar. 11:341Ma 9:4, 5; Ps 89:49; 132:17; Esa 9:7
1 Mar. 11:351Ma 12:20; 2Kr 10:16
1 Mar. 11:362Sa 7:29; 1Ma 15:4; 2Ma 8:19
1 Mar. 11:381Ma 15:5
1 Mar. 11:382Sa 7:11
1 Mar. 11:391Ma 12:16
1 Mar. 11:39Ge 49:10; Esa 11:1; Lu 1:32, 33
1 Mar. 11:401Ma 14:25
1 Mar. 11:402Kr 10:2
1 Mar. 11:412Kr 9:29-31
1 Mar. 11:431Kr 3:10; 2Kr 13:7; Mat 1:7
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
  • 32
  • 33
  • 34
  • 35
  • 36
  • 37
  • 38
  • 39
  • 40
  • 41
  • 42
  • 43
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Marena 11:1-43

Buka ea Pele ea Marena

11 Morena Solomone o ne a rata basali ba balichaba+ e leng ba Bamoabe,+ ba Baamone,+ ba Baedomo, ba Basidone+ le ba Bahethe+ ho akarelletsa le morali oa Faro.+ 2 Ba ne ba tsoa lichabeng tseo Jehova a neng a itse ka tsona ho Baiseraele: “Le se ke la ikopanya le tsona ’me le tsona li se ke tsa ikopanya le lona* hobane li tla le susumeletsa* hore le sebeletse melimo ea tsona.”+ Empa Solomone o ne a ba rata haholo. 3 O ne a e-na le basali ba 700 bao e neng e le likhosatsana le lirethe* tse 300 ’me butle-butle basali ba hae ba ile ba mo khelosa. 4 Ha Solomone a se a tsofetse,+ basali ba hae ba ile ba mo khelosa hore a sebeletse melimo e meng+ ’me o ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle joaloka ntate oa hae Davida. 5 Solomone a rapela Ashtorethe+ molimotsana oa Basidone le molimo ea nyonyehang oa Baamone e leng Milkome.+ 6 Solomone o ile a fosetsa Jehova, a hloleha ho sebeletsa Jehova ka pelo eohle joalokaha ntate oa hae Davida a ne a mo sebeletsa.+

7 Solomone a haha sebaka se phahameng+ bakeng sa molimo ea nyonyehang oa Moabe e leng Kemoshe le molimo ea nyonyehang oa Baamone+ e leng Moloke+ ka pel’a thaba ea Jerusalema. 8 A boela a etsa libaka tse phahameng bakeng sa basali bohle ba hae ba balichaba, ba neng ba etsa sehlabelo se kubellang mosi ba bile ba etsetsa melimo ea bona mahlabelo.

9 Jehova a halefela Solomone hobane o ne a se a sa sebeletse Jehova Molimo oa Iseraele ka pelo ea hae eohle,+ ea ileng a hlaha ho eena habeli+ 10 ’me a mo laela hore a se ke a rapela melimo e meng.+ Empa Solomone ha aa ka a mamela taelo ea Jehova. 11 Jehova a re ho Solomone: “Kaha ha oa boloka selekane sa ka ebile ha oa mamela litaelo tseo ke u fileng tsona, ke tla tlosa* ’muso ho uena ’me ke o fe e mong oa bahlanka ba hao.+ 12 Empa nke ke ka o tlosa* ha u ntse u phela ka lebaka la ntate oa hao Davida. Ke tla o tlosa ha e le mora oa hao ea busang.+ 13 Nke ke ka tlosa ’muso oo kaofela.+ Ke tla fa mora oa hao leloko le le leng,+ ka lebaka la mohlanka oa ka Davida le ka lebaka la Jerusalema eo ke e khethileng.”+

14 Jehova a tlisetsa Solomone mohanyetsi+ e leng Hadade oa Moedomo ea tsoang lelapeng la borena la Edomo.+ 15 Ha Davida a ne a hlola Edomo,+ Joabe molaoli oa masole o ile a ea ’me a pata ba neng ba bolailoe, a ba a leka ho bolaea banna bohle ba Edomo. 16 (Joabe le Baiseraele bohle ba ile ba lula moo likhoeli tse tšeletseng ho fihlela a bolaile* banna bohle ba Edomo.) 17 Empa ha Hadade e ntse e le moshanyana, a balehela Egepeta le bahlanka ba ntate oa hae ba Baedomo. 18 Ba tloha Midiane ba ea Parane. Ba nka banna Parane+ ’me ba fihla Egepeta ho Faro morena oa Egepeta ea ileng a fa Hadade ntlo, lijo le naha. 19 Faro o ne a rata Hadade haholo a ba a re a nyale ngoan’abo mofumahali* Tahapenese e leng mosali oa hae. 20 Ha nako e fihla, ngoan’abo Tahapenese a ba le mora ea bitsoang Genubathe ’me Tahapenese a mo holisetsa* ka tlung ea Faro. Genubathe a lula ntlong ea Faro joaloka e mong oa bara ba Faro.

21 Hadade a utloa a le Egepeta hore Davida le Joabe molaoli oa masole ba shoele.*+ Hadade a re ho Faro: “E-re ke tsamaee ke ee naheng ea heso.” 22 Empa Faro a re ho eena: “Na ho na le ntho eo u e hlokang e etsang hore u batle ho ea naheng ea heno?” Hadade a re ho eena: “Ha ke hloke letho empa ke kopa u ntumelle ho khutlela naheng ea heso.”

23 Molimo a boela a tlisetsa Solomone mohanyetsi e mong+ e leng Rezone mora oa Eliada, ea neng a balehile morena oa hae e leng Hadadezere+ morena oa Zoba. 24 Ha Davida a ba hlola,* o ile a ipokellela banna ’me ea e-ba molaoli oa sehlopha sa masole.+ Ba ea Damaseka+ ba lula teng ’me Rezone ea e-ba morena oa Damaseka. 25 E ile ea e-ba mohanyetsi oa Baiseraele nakong eohle ha Solomone e ntse e le morena, a eketsa mathata a neng a bakiloe ke Hadade. O ne a hloile Baiseraele nakong ea ha a ntse a busa Siria.

26 Ho ne ho e-na le Jeroboame+ mora oa Nebate oa Moefraime ea tsoang Zereda, mohlanka oa Solomone+ eo lebitso la ’mè oa hae e neng e le Zerua oa mohlolohali. Jeroboame le eena o ile a fetohela* morena.+ 27 Lebaka le entseng hore a fetohele morena ke lena: Solomone o ne a hahile Qubu*+ ’me a koetse sekheo sa Motse oa Davida ntate oa hae.+ 28 Jeroboame e ne e le monna ea matla, ea tsebang mosebetsi. Ha Solomone a bona hore mohlankana enoa o sebetsa ka thata, a mo khetha hore a okamele+ batho ba bitselitsoeng ho sebetsa ntlong ea Josefa. 29 Ka nako eo, Jeroboame a tloha Jerusalema ’me moprofeta Akija+ oa Moshilo a mo fumana tseleng. Akija o ne a apere seaparo se secha, ba ne ba le babeli feela moo. 30 Akija a tšoara seaparo se secha seo a neng a se apere ’me a se tabola likotoana tse 12. 31 A re ho Jeroboame:

“Inkele likotoana tse leshome hobane Jehova Molimo oa Iseraele o itse: ‘Ke tlosa ’muso ho Solomone ’me ke tla u fa maloko a leshome.+ 32 Empa ho tla sala leloko le le leng+ ka lebaka la mohlanka oa ka Davida+ le ka lebaka la Jerusalema, motse oo ke o khethileng har’a maloko ’ohle a Iseraele.+ 33 Ke tla etsa sena hobane ba ntahlile+ ’me ba rapela Ashtorethe molimotsana oa Basidone, Kemoshe molimo oa Moabe le Milkome molimo oa Baamone. Hape ba entse se sebe mahlong a ka ’me ha baa mamela litaelo tsa ka joalokaha Davida ntate oa Solomone a ne a li mamela. 34 Empa nke ke ka nka ’muso kaofela ho eena, e tla ba morena bophelo bohle ba hae ka lebaka la mohlanka oa ka Davida eo ke mo khethileng+ hobane o ne a mamela melao ea ka le litaelo tsa ka. 35 Ke tla tlosa ’muso ho mora oa hae ’me ke u fe oona e leng maloko a leshome.+ 36 Ke tla fa mora oa hae leloko le le leng e le hore ho ka lula ho e-na le e mong* oa leloko la mohlanka oa ka Davida ea busang Jerusalema,+ motse oo ke ikhethetseng oona e le sebaka seo ke tla beha lebitso la ka ho sona. 37 Ke tla khetha uena ’me u tla busa hohle moo u ratang, u tla ba morena oa Iseraele eohle. 38 Haeba u mamela lintho tsohle tseo ke u laelang tsona, u etsa se setle mahlong a ka ka hore u mamele litaelo le melao ea ka joaloka mohlanka oa ka Davida,+ le uena ke tla ba le uena. Litloholo tsa hao li tla busa ka ho sa feleng joaloka tsa mohlanka oa ka Davida+ ’me ke tla u fa Iseraele. 39 Ke tla etsa hore litloholo tsa Davida li hlajoe ke lihlong ka lebaka la liketso tsa tsona tse mpe+ empa nke ke ka etsa joalo kamehla.’”+

40 Solomone a leka ho bolaea Jeroboame empa Jeroboame a balehela Egepeta ho Shishake+ morena oa Egepeta+ ’me a lula moo ho fihlela Solomone a shoa.

41 Histori eohle ea Solomone, lintho tsohle tseo a li entseng le bohlale ba hae li ngotsoe bukeng ea histori ea Solomone.+ 42 Solomone o busitse Iseraele eohle a le Jerusalema ka lilemo tse 40. 43 Solomone a shoa* eaba o pateloa Motseng oa Davida ntate oa hae. Mora oa hae Roboame+ ea e-ba morena.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela