Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 29
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Boprofeta bo buang ka kahlolo ea Faro (1-16)

      • Babilona e tla pataloa ka naha ea Egepeta (17-21)

Ezekiele 29:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 25:17, 19; 43:10, 11; Eze 31:2

Ezekiele 29:3

Linaletsana

  • *

    Kapa: “melatsoaneng.”

  • *

    Temaneng ena le tse latelang, ha ho buuoa ka “Nile” ho buuoa ka noka le linokana tsa eona.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 46:25; Eze 31:18
  • +Eze 32:2
  • +Eze 29:9

Ezekiele 29:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 25:33
  • +Eze 32:4

Ezekiele 29:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 36:6; Jer 37:5-7; Eze 17:17

Ezekiele 29:7

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “mangole.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 17:5

Ezekiele 29:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 46:14; Eze 30:4; 32:12

Ezekiele 29:9

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “o ile a re.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 43:11-13
  • +Eze 29:3

Ezekiele 29:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:12
  • +Jer 44:1
  • +Eze 30:6, 7

Ezekiele 29:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 31:12; 32:13

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2007, leq. 8

Ezekiele 29:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 46:19
  • +Eze 30:23

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2007, leq. 8

Ezekiele 29:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 46:25, 26

Ezekiele 29:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 10:13, 14; Eze 30:14

Ezekiele 29:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:13
  • +Eze 32:2

Ezekiele 29:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 30:2; 36:4, 6; Jer 2:18; 37:5-7

Ezekiele 29:18

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 25:9; 27:3, 6
  • +Eze 26:7

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2007, maq. 8-9

Ezekiele 29:19

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e ’ngoe eo lebitso lena le ngoloang ka eona.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 43:10, 12

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2007, leq. 9

Ezekiele 29:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 30:9, 10

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2007, leq. 9

Ezekiele 29:21

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ke tla fa Baiseraele matla.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 2:10; Lu 1:69

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 29:2Jer 25:17, 19; 43:10, 11; Eze 31:2
Ezek. 29:3Jer 46:25; Eze 31:18
Ezek. 29:3Eze 32:2
Ezek. 29:3Eze 29:9
Ezek. 29:5Jer 25:33
Ezek. 29:5Eze 32:4
Ezek. 29:6Esa 36:6; Jer 37:5-7; Eze 17:17
Ezek. 29:7Jer 17:5
Ezek. 29:8Jer 46:14; Eze 30:4; 32:12
Ezek. 29:9Jer 43:11-13
Ezek. 29:9Eze 29:3
Ezek. 29:10Eze 30:12
Ezek. 29:10Jer 44:1
Ezek. 29:10Eze 30:6, 7
Ezek. 29:11Eze 31:12; 32:13
Ezek. 29:12Jer 46:19
Ezek. 29:12Eze 30:23
Ezek. 29:13Jer 46:25, 26
Ezek. 29:14Ge 10:13, 14; Eze 30:14
Ezek. 29:15Eze 30:13
Ezek. 29:15Eze 32:2
Ezek. 29:16Esa 30:2; 36:4, 6; Jer 2:18; 37:5-7
Ezek. 29:18Jer 25:9; 27:3, 6
Ezek. 29:18Eze 26:7
Ezek. 29:19Jer 43:10, 12
Ezek. 29:20Eze 30:9, 10
Ezek. 29:211Sa 2:10; Lu 1:69
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 29:1-21

Ezekiele

29 Jehova a bua le ’na ka letsatsi la bo12, khoeling ea leshome ka selemo sa leshome a re: 2 “Mor’a motho, profeta molaetsa oa kahlolo ho Faro morena oa Egepeta le ho Baegepeta bohle.+ 3 U ba bolelle hore Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re:

‘Ke tla u loantša uena Faro morena oa Egepeta,+

Uena phoofolo e kholohali ea leoatle e lulang linokaneng* tsa Nile,*+

Uena ea itseng, ‘Noka ea Nile ke ea ka.

Ke iketselitse eona.’+

 4 Ke tla kenya lihakisi mehlahareng ea hao ke be ke etse hore litlhapi tsa noka ea hao ea Nile li itšoarelle makhakhapheng a letlalo la hao.

Ke tla u ntša ka har’a Noka ea Nile hammoho le litlhapi tsohle tsa eona tse itšoarelletseng ho uena.

 5 Ke tla u lahlela lehoatateng le litlhapi tsohle tsa hao tsa Noka ea Nile,

Ke u lahlele har’a naha ’me ha ho na motho ea tla u phutha kapa ea tla u bokella.+

Ke tla etsa hore u be lijo tsa libata le linonyana.+

 6 Baahi bohle ba Egepeta ba tla tseba hore ke ’na Jehova

Hobane ba ne ba tšoana le lehlaka le sa tieang ho Baiseraele.+

 7 Ha ba u tšoara ka letsoho u ne u oa,

U etsa hore ba lemale mahetla.

Ha ba itšetleha ka uena, u ne u robeha

U etsa hore maoto* a bona a thothomele.’”+

8 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ke tla etsa hore lira tsa hao li bolaee+ liphoofolo tsa hao le sechaba sa hao ka sabole. 9 Naha ea Egepeta e tla felisoa+ ’me le tla tseba hore ke ’na Jehova kaha u itse,* ‘Noka ea Nile ke ea ka. Ke ’na ea e entseng.’+ 10 Ka lebaka leo, ke loantša uena le noka ea hao ea Nile ebile ke tla etsa hore naha ea Egepeta e be e omeletseng le e se nang letho+ ho tloha Migdole+ ho ea Siene+ le ho ea fihla moeling oa Ethiopia. 11 Ha ho na motho kapa phoofolo e tla feta moo+ ebile e ke ke ea e-ba le baahi ka lilemo tse 40. 12 Ke tla etsa hore ho se ke ha e-ba le letho naheng ea Egepeta le metse ea eona e se ke ea e-ba le baahi ka lilemo tse 40.+ Ke tla hasanya Baegepeta har’a lichaba ke be ke ba qhalakanye har’a linaha.”+

13 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Ka mor’a lilemo tse 40, ke tla bokella Baegepeta ho tsoa moo ke ba hasantseng teng.+ 14 Ke tla khutlisetsa batlamuoa ba Baegepeta naheng ea Pathrose+ eo ba tsoang ho eona ’me ’muso oa bona o ke ke oa e-ba matla. 15 Egepeta e tla ba ’muso o tlase ho feta mebuso e meng eohle ebile e ke ke ea hlola e hatella lichaba tse ling.+ Ke tla etsa hore e be sechaba se senyenyane se ke keng sa khona ho hlola lichaba tse ling.+ 16 Baiseraele ba ke ke ba hlola ba tšepa Egepeta.+ Ho e-na le hoo, e tla ba hopotsa hore ba entse phoso ka ho kopa thuso ho eona. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle.”

17 Jehova a bua le ’na ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, ka selemo sa bo27 a re: 18 “Mor’a motho, Morena Nebukadnezare*+ oa Babilona o ile a loantša Tire+ ka masole a hae a matla. A ile a loana ka matla hoo a ileng a ba lefatla le mahetla a ’ona a phumoha. Empa eena le masole a hae ha baa ka ba patalloa mosebetsi o boima oo ba o entseng Tire.

19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re, ‘Ke fa Morena Nebukadnezare* oa Babilona+ naha ea Egepeta. O tla nka maruo ’ohle a eona e be o patala masole a hae.’

20 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Ke tla mo patala ka naha ea Egepeta hobane o ile a ntoantšetsa Tire.’+

21 Letsatsing leo, ke tla hlahisetsa Baiseraele lenaka*+ ’me ke u fe monyetla oa hore u bue le bona. Ba tla tseba hore ke ’na Jehova.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela