Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 1 Likronike 21
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 1 Likronike

      • Davida o bala batho a sa tšoanela (1-6)

      • Kotlo e tsoang ho Jehova (7-17)

      • Davida o haha aletare (18-30)

1 Likronike 21:1

Linaletsana

  • *

    Kapa mohlomong: “Mohanyetsi.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:1-3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1992),

    7/15/1992, leq. 5

1 Likronike 21:2

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 8:16
  • +Bhl 18:29; 2Sa 17:11

1 Likronike 21:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:4, 8

1 Likronike 21:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:9

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1992),

    7/15/1992, leq. 5

1 Likronike 21:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 1:47
  • +1Kr 27:23, 24

1 Likronike 21:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 12:13
  • +Ps 25:11; 51:1
  • +2Sa 24:10-14

1 Likronike 21:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Kr 29:29

1 Likronike 21:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 26:26
  • +Le 26:14, 17
  • +Le 26:25; 2Ma 19:35

1 Likronike 21:13

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Kr 28:9
  • +Ex 34:6; Ps 51:1; Esa 55:7; Lil 3:22

1 Likronike 21:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 16:46
  • +2Sa 24:15, 16

1 Likronike 21:15

Linaletsana

  • *

    Kapa: “a soaba.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 32:14; De 32:36
  • +Ps 90:13
  • +2Kr 3:1
  • +2Sa 5:6

1 Likronike 21:16

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 22:31; Jos 5:13
  • +2Sa 24:17
  • +2Ma 19:1

1 Likronike 21:17

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 51:4
  • +Ex 32:12; Nu 16:22

1 Likronike 21:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:11
  • +2Sa 24:18-23; 2Kr 3:1

1 Likronike 21:22

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Mphe.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 25:8

1 Likronike 21:23

Linaletsana

  • *

    Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.

  • *

    Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 28:27

1 Likronike 21:24

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:24, 25

1 Likronike 21:25

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.

1 Likronike 21:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 20:25
  • +Le 9:23, 24; 1Ma 18:38; 2Kr 7:1

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    “Lengolo Lohle,” leq. 78

1 Likronike 21:27

Linaletsana

  • *

    Sepache sa sabole se entsoeng ka letlalo.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 24:16; Ps 103:20

1 Likronike 21:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Ma 3:4; 1Kr 16:39; 2Kr 1:3

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

1 Likron. 21:12Sa 24:1-3
1 Likron. 21:22Sa 8:16
1 Likron. 21:2Bhl 18:29; 2Sa 17:11
1 Likron. 21:42Sa 24:4, 8
1 Likron. 21:52Sa 24:9
1 Likron. 21:6Nu 1:47
1 Likron. 21:61Kr 27:23, 24
1 Likron. 21:82Sa 12:13
1 Likron. 21:8Ps 25:11; 51:1
1 Likron. 21:82Sa 24:10-14
1 Likron. 21:91Kr 29:29
1 Likron. 21:12Le 26:26
1 Likron. 21:12Le 26:14, 17
1 Likron. 21:12Le 26:25; 2Ma 19:35
1 Likron. 21:132Kr 28:9
1 Likron. 21:13Ex 34:6; Ps 51:1; Esa 55:7; Lil 3:22
1 Likron. 21:14Nu 16:46
1 Likron. 21:142Sa 24:15, 16
1 Likron. 21:15Ex 32:14; De 32:36
1 Likron. 21:15Ps 90:13
1 Likron. 21:152Kr 3:1
1 Likron. 21:152Sa 5:6
1 Likron. 21:16Nu 22:31; Jos 5:13
1 Likron. 21:162Sa 24:17
1 Likron. 21:162Ma 19:1
1 Likron. 21:17Ps 51:4
1 Likron. 21:17Ex 32:12; Nu 16:22
1 Likron. 21:182Sa 24:11
1 Likron. 21:182Sa 24:18-23; 2Kr 3:1
1 Likron. 21:22Nu 25:8
1 Likron. 21:23Esa 28:27
1 Likron. 21:242Sa 24:24, 25
1 Likron. 21:26Ex 20:25
1 Likron. 21:26Le 9:23, 24; 1Ma 18:38; 2Kr 7:1
1 Likron. 21:272Sa 24:16; Ps 103:20
1 Likron. 21:291Ma 3:4; 1Kr 16:39; 2Kr 1:3
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
1 Likronike 21:1-30

Buka ea Pele ea Likronike

21 Satane* a loantša Baiseraele ’me a susumelletsa Davida hore a bale Baiseraele.+ 2 Davida a re ho Joabe+ le balaoli ba sechaba: “Tsamaeang le e’o bala Baiseraele ho tloha Beersheba ho ea fihla Dane.+ Ka mor’a moo, le mpolelle e le hore ke tle ke tsebe palo ea bona.” 3 Empa Joabe a re: “E se eka Jehova a ka eketsa batho ba hae ka makhetlo a 100. Moren’a ka, kaofela ha bona e se e ntse e le bahlanka ba hao. Ke hobane’ng ha u batla ho etsa ntho ee? Ke hobane’ng ha u etsa hore Baiseraele ba be molato?”

4 Empa morena a hana ho mamela Joabe. Joabe a tloha ’me a tsamaea Iseraele eohle. Ka mor’a moo, a fihla Jerusalema.+ 5 Joabe a fa Davida palo ea batho ba neng ba ngolisitsoe. Banna bohle ba Iseraele ba tšoarang lisabole ba ne ba le 1 100 000 ’me banna ba Juda ba tšoarang lisabole ba le 470 000.+ 6 Empa leloko la Levi le la Benjamine ha lea ka la ngolisoa har’a bona+ hobane Joabe o ne a nyonya seo morena a se buileng.+

7 Molimo oa ’nete ha aa ka a thabela ntho ena. Kahoo, a otla Baiseraele. 8 Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Ke entse sebe+ se seholo ka ho etsa ntho ena. Ke kopa u ntšoarele+ hobane ke entse ka booatla.”+ 9 Jehova a bua le Gade+ ea bonang lipono bakeng sa Davida a re: 10 “Tsamaea ’me u re ho Davida, ‘Jehova o re: “Ke u fa likotlo tse tharo. Ikhethele eo u e batlang.”’” 11 Gade a tla ho Davida a re ho eena: “Jehova o re, ‘Ikhethele 12 hore na ho be le lilemo tse tharo tsa tlala+ kapa likhoeli tse tharo u bolaoa ke lira tsa hao ’me li u hlasela ka sabole+ kapa matsatsi a mararo a sabole ea Jehova, e leng hore lengeloi la Jehova le tlise lefu la seoa naheng eohle ea Iseraele.’+ Joale inahane ’me u mpolelle hore na ke re’ng ho ea nthomileng.” 13 Davida a re ho Gade: “Ke tšoenyehile haholo. Re kopa hore re se ke ra fuoa kotlo ke motho+ empa e be Jehova ea re fang kotlo hobane eena o mohau haholo.”+

14 Jehova a tlisa lefu la seoa+ Iseraele ’me ha shoa batho ba 70 000 Iseraele.+ 15 Ho ekelletsa moo, Molimo oa ’nete a romela lengeloi hore le e’o felisa Jerusalema. Empa ha le le haufi le ho etsa joalo, Jehova a bona seo eaba o utloa bohloko* ka lebaka la tlokotsi eo.+ A re ho lengeloi le neng le tl’o felisa batho: “Ho lekane!+ Theola letsoho la hao.” Lengeloi la Jehova le ne le eme haufi le seotlo sa Ornane+ oa Mojebuse.+

16 Ha Davida a sheba holimo, a bona lengeloi la Jehova le eme sepakapakeng le tšoere sabole+ ’me le supile Jerusalema ka eona. Hang-hang Davida le baholo ba itihela fatše, ba inama+ ba ikoahetse ka masela a hoashang.*+ 17 Davida a re ho Molimo oa ’nete: “Na ha se ’na ea itseng ho baloe batho? Ke ’na ea entseng sebe ’me ke ’na ea entseng phoso+ empa linku tsee tsona li entse’ng? Jehova Molimo oa ka, ke kopa hore u tlise kotlo ena ho ’na le ho ba lelapa la ntate oa ka empa u se ke oa otla sechaba sa hao.”+

18 Lengeloi la Jehova la re Gade+ a bolelle Davida hore a nyolohe a e’o etsetsa Jehova aletare seotlong sa Ornane oa Mojebuse.+ 19 Eaba Davida oa nyoloha ka mor’a hore moprofeta Gade a mo bolelle seo Jehova a se buileng. 20 Ka nako eo, Ornane o ne a ntse a pola koro. Ha a hetla, a bona lengeloi. Bara ba hae ba bane ba neng ba e-na le eena ba ipata. 21 Ha Davida a tla ho eena, Ornane a mo bona ’me hang-hang a tsoa seotlong a inamela Davida sefahleho sa hae se shebile fatše. 22 Davida a re ho Ornane: “Nthekisetse* sebaka sena sa seotlo e le hore nka hahela Jehova aletare ho sona. Nthekisetse sona ka chelete e feletseng hore boloetse bona bo tšoereng batho bo tle bo felisoe.”+ 23 Empa Ornane a re ho Davida: “Inkele sona moren’a ka ’me u etse seo u bonang se le molemo. Likhomo tsa nyehelo ea secheso ke tsena ke fana ka tsona le selei+ sa ho pola* bakeng sa patsi hammoho le koro bakeng sa nyehelo ea lijo.* Ke fana ka tsona kaofela.”

24 Leha ho le joalo, Morena Davida a re ho Ornane: “Che, ke lokela ho se reka ka chelete e feletseng hobane nke ke ka nka lintho tsa hao ebe ke li fa Jehova kapa ka nyehela mahlabelo a secheso ka lintho tseo ke li fumaneng mahala.”+ 25 Davida a fa Ornane likotoana* tsa khauta tse 600 bakeng sa sebaka seo. 26 Davida a hahela Jehova aletare+ moo ’me a nyehela mahlabelo a secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, a rapela Jehova eaba o mo arabela ka ho theolela mollo+ o tsoang leholimong holim’a aletare ea nyehelo ea secheso. 27 Eaba Jehova o laela lengeloi+ hore le khutlisetse sabole ea lona selateng* sa eona. 28 Ka nako eo, ha Davida a bona hore Jehova o mo arabetse seotlong sa Ornane oa Mojebuse, a lula a etsetsa mahlabelo moo. 29 Empa ka nako eo, tabernakele ea Jehova eo Moshe a neng a e entse lefeelleng le aletare ea nyehelo ea secheso li ne li le sebakeng se phahameng Gibeone.+ 30 Empa Davida o ne a sa ka a khona ho ea ka pel’a eona ho ea bua le Molimo hobane o ne a tšositsoe ke sabole ea lengeloi la Jehova.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela