Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ezekiele 22
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea Ezekiele

      • Jerusalema motse o nang le molato oa mali (1-16)

      • Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso (17-22)

      • Baeta-pele le batho ba Iseraele baa ahloloa (23-31)

Ezekiele 22:2

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “na o tla ahlola, na o tla ahlola.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Ma 21:16; Jer 2:34; Mat 23:37
  • +Eze 16:51

Ezekiele 22:3

Linaletsana

  • *

    Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 24:6
  • +2Ma 21:11
  • +Eze 12:25

Ezekiele 22:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ge 9:6
  • +Le 26:30; Eze 23:37
  • +De 28:37; 1Ma 9:7; Ps 80:6; Eze 23:32; Dan 9:16

Ezekiele 22:5

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 79:4

Ezekiele 22:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 1:23; Mik 3:1-3; Sof 3:3

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2012, leq. 27

Ezekiele 22:7

Linaletsana

  • *

    Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 27:16
  • +Ex 22:21, 22; Ps 82:3; Esa 1:17

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa,

    8/1/2012, leq. 27

Ezekiele 22:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 19:30

Ezekiele 22:9

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 23:1; Le 19:16
  • +Jer 13:27

Ezekiele 22:10

Linaletsana

  • *

    Ka Seheberu: “Ba apola bofeela ba bo-ntate ba bona.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 18:7; 20:11
  • +Le 18:19; 20:18

Ezekiele 22:11

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Le 18:20; 20:10; Jer 5:8
  • +Le 18:15
  • +Le 20:17

Ezekiele 22:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 23:8; De 27:25; Esa 1:23
  • +De 23:19
  • +Ex 22:25; Le 6:4, 5

Ezekiele 22:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 21:7

Ezekiele 22:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:27; 28:25
  • +Esa 1:25; Eze 23:27

Ezekiele 22:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 6:13

Ezekiele 22:18

Linaletsana

  • *

    E leng mofuta oa tšepe e boima.

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Pr 17:3; Jer 6:28-30

Ezekiele 22:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ps 119:119; Pr 25:4

Ezekiele 22:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Eze 21:31

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 20

Ezekiele 22:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +De 4:24; Ps 21:9; Jer 21:12
  • +Ps 68:2

Ezekiele 22:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 5:31; 6:13, 14
  • +Mik 3:5

Ezekiele 22:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jer 2:8; Lil 4:13; Mik 3:11
  • +Le 20:3; 22:2
  • +Le 10:10
  • +Le 11:46, 47

Ezekiele 22:27

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Mik 3:1-3; Sof 3:3

Ezekiele 22:28

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 30:10; Jer 23:25; Lil 2:14; Eze 13:9, 10

Ezekiele 22:29

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Esa 1:23; 3:14; Jer 21:12; Mik 2:2

Ezekiele 22:30

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 32:11; Ps 106:23

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1988),

    9/15/1988, leq. 20

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

Ezek. 22:22Ma 21:16; Jer 2:34; Mat 23:37
Ezek. 22:2Eze 16:51
Ezek. 22:3Eze 24:6
Ezek. 22:32Ma 21:11
Ezek. 22:3Eze 12:25
Ezek. 22:4Ge 9:6
Ezek. 22:4Le 26:30; Eze 23:37
Ezek. 22:4De 28:37; 1Ma 9:7; Ps 80:6; Eze 23:32; Dan 9:16
Ezek. 22:5Ps 79:4
Ezek. 22:6Esa 1:23; Mik 3:1-3; Sof 3:3
Ezek. 22:7De 27:16
Ezek. 22:7Ex 22:21, 22; Ps 82:3; Esa 1:17
Ezek. 22:8Le 19:30
Ezek. 22:9Ex 23:1; Le 19:16
Ezek. 22:9Jer 13:27
Ezek. 22:10Le 18:7; 20:11
Ezek. 22:10Le 18:19; 20:18
Ezek. 22:11Le 18:20; 20:10; Jer 5:8
Ezek. 22:11Le 18:15
Ezek. 22:11Le 20:17
Ezek. 22:12Ex 23:8; De 27:25; Esa 1:23
Ezek. 22:12De 23:19
Ezek. 22:12Ex 22:25; Le 6:4, 5
Ezek. 22:14Eze 21:7
Ezek. 22:15De 4:27; 28:25
Ezek. 22:15Esa 1:25; Eze 23:27
Ezek. 22:16Eze 6:13
Ezek. 22:18Pr 17:3; Jer 6:28-30
Ezek. 22:19Ps 119:119; Pr 25:4
Ezek. 22:20Eze 21:31
Ezek. 22:21De 4:24; Ps 21:9; Jer 21:12
Ezek. 22:21Ps 68:2
Ezek. 22:25Jer 5:31; 6:13, 14
Ezek. 22:25Mik 3:5
Ezek. 22:26Jer 2:8; Lil 4:13; Mik 3:11
Ezek. 22:26Le 20:3; 22:2
Ezek. 22:26Le 10:10
Ezek. 22:26Le 11:46, 47
Ezek. 22:27Mik 3:1-3; Sof 3:3
Ezek. 22:28Esa 30:10; Jer 23:25; Lil 2:14; Eze 13:9, 10
Ezek. 22:29Esa 1:23; 3:14; Jer 21:12; Mik 2:2
Ezek. 22:30Ex 32:11; Ps 106:23
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
  • 28
  • 29
  • 30
  • 31
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Ezekiele 22:1-31

Ezekiele

22 Jehova a boela a bua le ’na a re: 2 “Uena mor’a motho, na u itokiselitse ho phatlalatsa molaetsa oa kahlolo* motseng o nang le molato oa mali+ le ho o tsebisa lintho tsohle tse nyonyehang tseo o li etsang?+ 3 U re ho oona ‘Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: “Uena motse o bolaeang batho+ le o itšilafatsang ka ho rapela litšoantšo tse nyonyehang,*+ nako ea hao ea hore u ahloloe ea tla.+ 4 Batho bao u ba bolaileng ba entse hore u be molato+ le litšoantšo tse nyonyehang tseo u li entseng li u silafalitse.+ U entse hore kahlolo ea hao e tle kapele. Ka lebaka leo, ke tla etsa hore lichaba tse ling li u nyatse u be u songoe linaheng tsohle.+ 5 Linaha tse haufi le tse hole le uena li tla u soma,+ uena motse o tummeng hampe le o tletseng pherekano. 6 Likhosana tsohle tsa Iseraele tse ho uena li sebelisa matla a tsona ho bolaea batho.+ 7 Ha li hlomphe batsoali ba tsona.+ Li sebetsa balichaba ka bolotsana ebile li sotla likhutsana* le bahlolohali.”+

8 Ha u hlomphe libaka tsa ka tse halalelang ebile u silafatsa le lisabatha tsa ka.+ 9 Ho uena ho na le baetselletsi ba batlang hore batho ba bolaoe.+ Batho ba ja mahlabelo lithabeng ebile ba tsoela pele ho etsa boitšoaro bo bobe.+ 10 Ba etsa thobalano le basali ba bo-ntate ba bona*+ ebile ba etsa thobalano le basali ba sa hloekang ba matsatsing.+ 11 Banna ba qobella basali ba baahisani ba bona+ hore ba etse thobalano le bona. Ba bang ba silafatsa lingoetsi tsa bona ka ho etsa thobalano le tsona+ ’me ba bang ba etsa thobalano le likhaitseli tsa bona e leng barali ba bo-ntate ba bona.+ 12 Batho ba fuoa tjotjo hore ba bolaee ba bang.+ Ba batla phaello kapa tsoala ha ba alima batho lintho+ ebile ba nkela baahisani ba bona chelete ka bolotsana.+ Jerusalema, u ntahlile,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.

13 ‘Ke hloile tsela e bolotsana eo le fumanang lintho ka eona le kamoo le bolaeang batho kateng. 14 Na le tla lula le le sebete ebile le le matla letsatsing leo ke le ahlolang ka lona?+ ’Na Jehova ke buile ’me ke tla phethahatsa mantsoe a ka. 15 Ke tla hasanya baahi ba hao har’a lichaba, ke ba qhalakanye har’a linaha.+ Ke tla felisa ho se hloeke ha hao.+ 16 U tla tlotlolloa ka pel’a lichaba. U tla tseba hore ke ’na Jehova.’”+

17 Jehova a boela a re ho ’na: 18 “Mor’a motho, Baiseraele ba fetohile ntho e se nang thuso ho ’na. Kaofela ha bona ba joaloka koporo, thini, tšepe le loto* ka har’a sebopi sa mollo. Ba fetohile silevera e se nang thuso.+

19 Ka lebaka leo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o re: ‘Kaha kaofela ha lona le fetohile ntho e se nang thuso,+ ke le bokella ka har’a Jerusalema. 20 Feela joalokaha silevera, koporo, tšepe, loto le thini li bokelloa ka har’a sebopi sa mollo e le hore li che li be li qhibilihe, le lona ke tla le bokella ke halefile ’me ke le chese hore le be le qhibilihe.+ 21 Ke tla le bokella hammoho, ke le chese ka bohale ba ka+ ’me le tla qhibiliha ka har’a Jerusalema.+ 22 Feela joalokaha silevera e qhibilihisoa ka har’a sebopi sa mollo, le lona le tla qhibilihisoa ka har’a Jerusalema. Le tla tseba hore ke ’na Jehova ha ke ntšetsa bohale ba ka ho lona.’”

23 Jehova a boela a re ho ’na: 24 “Mor’a motho, e-re ho Jerusalema, ‘U naha e ke keng ea hloekisoa kapa ea neloa ke pula letsatsing la khalefo ea ka. 25 Baprofeta ba hao ba u reretse bolotsana+ joaloka tau e purumang, e harolang phoofolo eo e e tsomang.+ Ba bolaea batho. Ba nka matlotlo le lintho tsa bohlokoa. Ba entse hore basali ba bangata e be bahlolohali. 26 Baprista ba hao ba tlotse molao oa ka+ ebile ba silafatsa libaka tsa ka tse halalelang.+ Ha ba tsebe ho khetholla lintho tse halalelang ho lintho tse sa halaleleng.+ Ha ba rute batho hore na lintho tse hloekileng le tse sa hloekang+ ke life hape ha ba boloke lisabatha tsa ka. Ba ntšilafalitse. 27 Likhosana tsa hao li joaloka liphiri tse harolang phofu. Li bolaea batho e le hore li fumane lintho ka bolotsana.+ 28 Baprofeta ba hao ba koahetse liketso tsa bona tse mpe joalokaha eka ba li koahetse ka pente e tšoeu. Ba bona lipono tsa leshano ebile ba fana ka bonohe ba leshano+ ba re: “Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o itse” empa Jehova a sa bua letho. 29 Baahi ba hao ba utsoetsa batho+ ebile ba sotla batho ba hlokang le ba futsanehileng. Ba etsetsa balichaba bolotsana ebile ha ba ba tšoare ka toka.

30 Ke ne ke batla motho ea tla lokisa lebota la motse kapa ea tla ema moo le petsohileng teng ho sireletsa naha e le hore e se ke ea felisoa.+ Empa ha kea fumana le ea mong. 31 Ka lebaka leo, ke tla ba halefela haholo ke be ke ba felise ka mollo oa khalefo ea ka. Ke tla etsa hore ba fumane litla-morao tsa liketso tsa bona,’ ke Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle ea chong.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela