Jeremia
40 Jehova o ile a bua le Jeremia ka mor’a hore Nebuzaradane+ mookameli oa balebeli a mo lokolle Rama.+ Nebuzaradane o ne a ile a mo isa moo a tlamiloe ka liketane ’me Jeremia o ne a le har’a batho ba Jerusalema le Juda ba hapuoeng, ba neng ba isoa Babilona. 2 Joale mookameli oa balebeli a nkela Jeremia ka thoko eaba o re ho eena: “Jehova Molimo oa hao o boletse khale ka tlokotsi ena e etsahetseng mona. 3 Jehova o entse feela joalokaha a boletse hobane le sitetsoe Jehova ka hore ebe ha lea mo mamela. Ke kahoo le hlahetsoeng ke tlokotsi ena.+ 4 Kajeno ke fasolla liketane tse matsohong a hao. Haeba u bona ho le molemo hore u ee le ’na Babilona, tloo ’me ke tla u hlokomela. Empa haeba u sa batle ho ea le ’na Babilona, u se ke oa ea. Ikele hohle moo u batlang ho ea teng naheng ena.”+
5 Pele Jeremia a etsa qeto ea hore a khutle, Nebuzaradane a re: “Khutla u ee ho mora oa Akikame+ e leng Gedalia+ setloholo sa Shafane,+ eo morena oa Babilona a mo khethileng hore a okamele metse ea Juda ’me u lule le eena har’a sechaba kapa u ee hohle moo u batlang.”
Mookameli oa balebeli a mo fa lijo le mpho eaba o mo lokolla hore a tsamaee. 6 Kahoo, Jeremia a ea Mizpa+ ho Gedalia mora oa Akikame eaba o lula le eena har’a sechaba se neng se setse Juda.
7 Ka mor’a nako, balaoli bohle ba masole ba neng ba le naheng le masole a bona, ba utloa hore morena oa Babilona o khethile Gedalia mora oa Akikame hore a buse naha a be a okamele bafutsana ba banna, basali le bana naheng eo, ba neng ba sa isoa Babilona.+ 8 Kahoo, ba ea Mizpa+ ho Gedalia. E ne e le Ishmaele+ mora oa Nethania, Johanane+ le Jonathane bara ba Karea, Seraia mora oa Tanhumethe, bara ba Efai Monetofa le Jezania+ Momakathe, bona hammoho le masole a bona. 9 Mora oa Akikame e leng Gedalia, setloholo sa Shafane a ba hlapanyetsa hammoho le masole a bona a re: “Le se ke la tšaba ho sebeletsa Bakalde. Lulang naheng ena, le sebeletse morena oa Babilona ’me lintho li tla le tsamaela hantle.+ 10 ’Na ke tla lula Mizpa e le hore ke be moemeli oa lona ho* Bakalde ba tlang ho rona. Empa le lokela ho bokella veine, litholoana tsa lehlabula le oli, le li tšele linkhong tsa lona ’me le lule metseng eo le ikabetseng eona.”+
11 Bajuda bohle ba neng ba le Moabe, Amone le Edomo hammoho le ba neng ba le linaheng tse ling tsohle le bona ba utloa hore morena oa Babilona o lumeletse Bajuda ba bang hore ba lule Juda le hore o khethile mora oa Akikame, Gedalia setloholo sa Shafane hore a ba okamele. 12 Joale Bajuda bohle ba qala ho khutla libakeng tsohle tseo ba neng ba hasantsoe ho tsona, ba tla Mizpa e naheng ea Juda ho Gedalia. Ba bokella veine le litholoana tsa lehlabula tse ngata haholo.
13 Johanane mora oa Karea le balaoli bohle ba masole ba neng ba le naheng, ba tla Mizpa ho Gedalia. 14 Ba re ho eena: “Na ha u tsebe hore Baalise morena oa Baamone+ o rometse Ishmaele mora oa Nethania hore a u bolaee?”+ Empa Gedalia mora oa Akikame ha aa ka a ba kholoa.
15 Johanane mora oa Karea a ea Mizpa ho Gedalia ka lekunutu eaba o re ho eena: “E-re ke e’o bolaea Ishmaele mora oa Nethania, ha ho motho le ea mong ea tla tseba. Ho seng joalo, o tla u bolaea ebe batho bohle ba Juda ba tlas’a puso ea hao baa hasanngoa, Bajuda ba setseng ba tla shoa.” 16 Empa Gedalia+ mora oa Akikame a re ho Johanane mora oa Karea: “U se ke oa etsa joalo hobane ntho eo u e buang ka Ishmaele ke leshano.”