Jobo
23 Jobo a re:
4 Ke ne ke tla isa nyeoe ea ka ho eena,
Ke ipuelle ka pel’a hae.
5 Ke ne ke tla mamela seo a se buang
Ke be ke nahane ka sona.
6 Na o ne a tla ntoantša ka matla a hae a maholo?
Che, empa o ne a tla ’mamela.+
7 Motho ea lokileng o tla lokisa litaba le eena moo
’Me moahloli oa ka o tla bolela hore ha ke na molato.
8 Empa ha ke ea bochabela ha a eo
Leha ke khutla ha ke mo fumane.
9 Ha a sebetsa ka lehlakoreng le letšehali ha ke mo bone.
Leha a ea ka ho le letona ke ntse ke sa mo bone.
10 Empa o tseba lintho tseo ke li entseng.+
Ka mor’a hore a nteke, ke tla tsoa ke le joaloka khauta.+
12 Ke mametse melao eo a e buileng.
Ke mametse lipolelo tsa hae+ ho feta kamoo ke neng ke laetsoe kateng.
13 Ha a ikemiselitse ho etsa ntho, ha ho na motho ea ka mo thibang.+
Ha a batla ho etsa ntho e itseng, oa e etsa.+
14 O tla etsa sohle seo a ikemiselitseng ho se etsa ka ’na
’Me ho na le lintho tse ngata tse joaloka tsena tseo a mpehetseng tsona.
15 Ke ka lebaka la hae ke ikutloang ke tšoenyehile,
Ha ke nahana ka eena, ke tšoha le ho feta.
16 Molimo o entse hore ke be boi,
Ea Matla ’Ohle o entse hore ke tšohe.
17 Sefahleho sa ka se koahetsoe ke lefifi le letšo-letšo
Empa nke ke ka thola.