18 Ea ikarolang ho batho ba bang o shebile feela ho khotsofatsa litakatso tsa hae.
O hanyetsa bohlale bohle.
2 Motho ea se nang kelello ha a batle ho utloisisa letho.
A ka mpa a senola se ka pelong ea hae.+
3 Ha motho a le khopo, o tla telloa.
Hape ha motho a etsa lintho tse soabisang, o tla tlotlolleha.+
4 Mantsoe a motho a joaloka boliba.+
Seliba sa bohlale se joaloka metsi a phallang.
5 Ha se ntho e ntle ho ba leeme ho ea khopo+
Kapa ho hlokela ea lokileng toka.+
6 Lipuo tsa ea hlokang kelello li baka likhang+
’Me ka lipuo tsa hae o ipitsetsa thupa.+
7 Motho ea se nang kelello o timetsoa ke lipuo tsa hae+
’Me lipolelo tsa hae ke leraba bakeng sa hae.
8 Mantsoe a ea ratang ho senya ba bang lebitso a tšoana le lijo tse monate.+
A theohela hamonate ho ea fihla ka mpeng.+
9 Mang kapa mang ea botsoa mosebetsing oa hae
Ke ngoan’abo lesholu.+
10 Lebitso la Jehova ke tora e matla.+
Ea lokileng o balehela ho lona ’me oa sireletsoa.+
11 Maruo a morui ke motse oa hae o matla.
Monahanong oa hae, a joaloka lerako le sireletsang.+
12 Motho ea pelo e ikhohomosang o tla oa+
Empa ea ikokobelitseng o tla rorisoa.+
13 Mang kapa mang ea arabang taba pele a utloa lintlha kaofela
Ke sethoto ebile oa itlotlolla.+
14 Motho ea nang le thabo ka pelong ea hae a ka mamella ha a kula+
Empa ke mang ea ka mamellang pelo e sithabetseng?+
15 Motho ea nang le kutloisiso o fumana tsebo,+
Ba bohlale baa mamela e le hore ba fumane tsebo.
16 Mpho ea motho e tla mo bulela tsela,+
E tla mo atametsa ho batho ba bohlokoa.
17 Oa pele oa ho teka taba ea hae o bonahala a nepile+
Ho fihlela e mong a tla ’me a mo hloma lipotso.+
18 Ho lahla lotho ho khaola khang+
Ebile ho felisa qabang lipakeng tsa lira tse matla.
19 Ho kokobetsa bohale ba motsoalle ea utloisitsoeng bohloko, ho thata ho feta ho hapa motse o matla.+
Likhang li arola batho joaloka litšepe tsa likeiti tsa motse o matla.+
20 Lipuo tsa motho li tšoana le lijo tse mo khorisang.+
O tla khora litholoana tsa lipuo tsa hae.
21 Lefu le bophelo li matleng a leleme,+
Ba ratang ho bua ba tla ja litholoana tsa lona.+
22 Motho ea fumanang mosali oa sebele o fumane letlotlo la bohlokoa+
’Me motho eo o ratoa ke Jehova.+
23 Mofutsana o kopa mohau ho morui
Empa morui o mo araba ka bohale.
24 Ho na le metsoalle e ratang ho utloisana bohloko+
Empa ho na le motsoalle ea tšepahalang haholo ho feta ngoan’abo motho.+