Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 5/15 maq. 15-20
  • Ho Mamela Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Mamela Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebaka Leo Boiteko ba Batho bo Ke Keng ba Atleha ka Lona
  • Ho Hlokahala ho Mamela Haholoanyane Hona Joale
  • Ha Ba Re “Khotso le Tšireletseho!”
  • Tšepo ea ho Pholoha
  • ‘Ho Balehela’ ho Jehova
  • “Khotso ea Molimo” e ke e Lebele Pelo ea Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Khotso e Tsoang ho Molimo Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Khotso ea ’Nete—E Tsoa Mohloling Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 5/15 maq. 15-20

Ho Mamela Jehova ha Bofelo bo Ntse bo Atamela

“Ho lehlohonolo motho ea nkutloang . . . Hobane ea mphumanang o fumane bophelo.”—LIPROVERBIA 8:34, 35.

1, 2. (a) Ho sa tsotellehe ho haella ha khotso historing ea motho, ba bang ba re’ng hona joale? (b) Ke hobane’ng ha khotso ea ’nete e ke ke ea e-ba teng ka boiteko ba batho?

HO SA tsotellehe ho haella ha khotso historing eohle, haholo-holo lekholong lena la bo20 la lilemo, ba bang ba re lichaba li nka mehato ea ho rarolla mathata a tsona. Ba supa ’nete ea hore baetapele ba lefatše ba tšoara liboka tse khōlō ho ea buisana ka khotso le ho saena litumellano tse sa tšoaneng. Koana, Machaba a Kopaneng a bile a phatlalatsa selemo se fetileng e le “Selemo sa Machaba sa Khotso”! Ho ne ho tšepiloe hore hona ho tla bona qaleho ea boiteko bo boholoanyane bo etsoang ke lichaba ho phahamisa khotso, ka katleho e ka ’nang ea hlaha haufinyane.

2 Leha ho le joalo, na historing eohle boiteko bo joalo bo kile ba tlisa khotso ea kamehla? Haeba hoo ho ne ho ka etsoa ka boiteko ba motho, e ka be e le khale khotso e le teng—khale pele ho e-ba le batho ba likete tse hlano tsa limillione ba arotsoeng ka lichaba tse fetang 160, ka lifilosofi tse sa tšoaneng tsa bopolotiki, moruo le bolumeli. Empa ha ho mohla ho kileng ha e-ba le khotso; leha e le hore khotso e tla ke e tsoaloe ke boiteko ba baetapele ba lefatše. Hobane’ng? Ka lebaka le le leng, hobane mathata a batho hona joale ke a tebileng hoo a ke keng a rarolloa ka boiteko ba batho feela. Joalokaha ka nepo Jeremia 10:23 e bolela: “Motho ea tsamaeang a ke ke a lokisa lika tsa hae.”

Lebaka Leo Boiteko ba Batho bo Ke Keng ba Atleha ka Lona

3. Ke ka lebaka lefe le leng batho le lichaba ba ke keng ba hlola ba tlisa khotso ea ’nete?

3 Ho na le lebaka le leng leo ka lona boiteko ba batho le ba lichaba le ka mohla bo ke keng ba tlisa khotso ea ’nete. Bibele e bua ka lona ho 1 Johanne 5:19, e re: “Lefatše lohle le rapaletse ka tlase ho e mobe.” Tšenolo 12:9 e supa “e mobe” eo e le ea “bitsoang Diabolose le Satane, [ea] thetsang lefatše kaofela.” Ba-Korinthe ba Bobeli 4:4 e ’mitsa “molimo oa lefatše lena.” Kahoo, tsamaiso eohle ea puso ea hona joale ea lipolotiki, ea moruo le ea bolumeli e hlahisitseng pefo e ngata hakana ke tholoana ea puso ea Satane, e seng ea puso ea Molimo. Ke ka lebaka leo, ha e bua ka bohlale bo tsoang ho Molimo, 1 Ba-Korinthe 2:8 e reng: “E leng boo ho seng le a mong ho marena a lefatše lena ea bo tsebileng.”—Luka 4:5, 6.

4. Ho ile ha hlaha eng kamor’a hore batsoali ba rōna ba pele ba khaotse ho mamela Jehova?

4 Ha Satane a fetohela Molimo, o ile a eka batsoali ba rōna ba pele hore ba mo mamele ho e-na le ho mamela Molimo. Ka baka leo, ba kheloha ho utloa Molimo ’me ba tlisetsa lelapa la motho lilemo tse ka bang 6 000 tsa khathatso. Bibele e re bolella ka ho hlakileng hore Satane o ile a eka batho hore ba lumele hore ba ne ba tla atleha ntle le ho utloa ’Mōpi oa bona. (Genese 3:1-5) Bohlaleng ba hae, Jehova o tlohelletse lefatše la batho ka kakaretso hore le itjare, ntle ho tataiso ea hae, ho tla fihlela joale. Ka sebele, ka makholo ana oohle a lilemo, ho bile le bopaki bo bongata ba hore puso ea motho e hlōlehile.—Deuteronoma 32:5; Moeklesia 8:9.

5. Esita le haeba khotso e ka tlisoa ka boiteko ba batho, ke eng e tla beng e ntse e e-na le rōna?

5 Ho feta moo, ha Adama le Eva ba khaotsa ho mamela Jehova, Mohloli oa bophelo bo phethahetseng, ba ile ba fetoha ba sa phethahalang ’me ba qetella ba shoele. Kahoo, bana bohle ba bona ba tsoetsoe ba sa phethahala. Kabelo ea motho ea e-ba ho kula, botsofali le lefu. (Ba-Roma 5:12) Ka baka leo, le haeba batho ba ne ba ka atleha ho tlisa khotso, ba ne ba ntse ba sa tl’o phekola ho se phethahale ho futsitsoeng. Re ne re tla ’ne re kule, re tsofale le ho shoa. Kaha Satane o ne a ikarabella ho sena, Jesu o ile a re ka eena: “Eena ke ’molai [mofenethi] ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng.” (Johanne 8:44) Ka sebele, ha u nahana ka likete tsa limillione tse ileng tsa phela ’me tsa shoa nakong e fetileng, ho tšoana leha batho bao ba fenethiloe ke Satane kaofela.

6. Baluki ba khotso ke bo-mang, hona ba tlameha ho etsahalloa ke eng?

6 Hape, Satane o ile a eka mangeloi a mang hore a kopanele le eena bofetoheling ’me a hana ho mamela ha Molimo o bua. Kahoo ke Satane, bademona ba hae le batho ba bafetoheli ba tlisitseng lefatše lena boemong boo le leng ho bona hajoale. Kaofela ba tlameha ho tlosoa tseleng, ho felisoa teko ena e kotsi ea lilemo tse 6 000 ea ho ipusa ntle ho Molimo. Ba-Roma 16:20 ea tiisa hore, “Molimo oa khotso ke oona o tla phakisa o robokele Satane,” hammoho le bademona ba hae le batho bohle ba hanang ho mamela ha Molimo o bua.—Mattheu 25:41.

Ho Hlokahala ho Mamela Haholoanyane Hona Joale

7. Ke hobane’ng ha re lokela ho matlafatsa boiteko ba rōna ba ho sebeletsa Jehova hona joale?

7 Hona joale re kenelletse haholo karolong ea ho qetela ea ‘mehla ea qetello.’ (2 Timothea 3:1-5) Ka baka leo, nako le nako ho hlokahala haholoanyane ho mamela seo Jehova a se buang ho rōna haholoanyane. Hona le tlhokahalo e tšoanang ea ho matlafatsa boithaopo ba rōna ba ho itella ho mo sebeletsa. Re matlafatse boiteko ba rōna hobane’ng? Hobane Satane oa tseba hore “nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Kahoo o tla hle a matlafatse boiteko ba hae ba ho senya le ho felisa.

8. (a) Ke hobane’ng ha mosebetsi oa ho bolela o ke ke oa emisoa ke lira tsa oona? (b) Re tlameha ho etsa eng ho boloka tšehetso ea bomolimo?

8 Haholo-holo Satane o tla rata ho thibela Lipaki tsa Jehova hore li se ke tsa bolela litaba tse molemo tsa ’Muso. Empa a ke ke, hobane Jehova o li tšepisitse: “Lerumo le leng le le leng le teetsoeng ho u loantša, le ke ke la etsa letho.” (Esaia 54:17) Ba hanyetsang bahlanka ba hae ba tla ‘iphumana ba loantšitse Molimo.’ (Liketso 5:38, 39) Kahoo, ka ho tšehetsoa ka matla ka moea oa Jehova, Kreste Jesu, le matšoele a makhotla a mangeloi, mosebetsi oa ho boleloa ha ’Muso ho ipha matla selemo le selemo. Ho boloka tšehetso eo ea bomolimo, bahlanka ba Jehova ba hlokolosi ho utloa keletso e ho Jakobo 4:7, 8: “Ipeeng ka tlase ho Molimo,le hanele Diabolose, ’me o tla le balehela. Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.”

9. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tella Satane?

9 U se ke ua tella matla a Satane a ho thetsa le ho ntša kotsi. Lentsoe la Molimo lea eletsa: “Le tsohe masene, le falimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lōna, o ntse a lika-lika joale ka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang. Hanang ho eena ka ho tiea tumelong.” (1 Petrose 5:8, 9) Haeba u ne u tseba hore ho na le tau e halefileng e khaotseng motseng oa heno, u ne u tla nka mehato ea ho itšireletsa le lelapa la hao. Moo Satane a amehang, re tlameha ho ba hlokolosi haholoanyane, kaha a ka re ntša kotsi ka ho sa feleng. Ka masoabi, batho ba bangata ba hloka boitšireletso hobane ha ba tsebe le hore Satane o teng. Hobane’ng? Hobane ba khethile ho se mamele Lentsoe la Jehova. ’Me phello e tla ba efe khethong eo e mpe? “Seo motho a se jalang, o tla se kotula le hona.”—Ba-Galata 6:7.

Ha Ba Re “Khotso le Tšireletseho!”

10, 11. (a) Re lokela ho hopola eng tabeng ea katleho leha e le efe eo lichaba li ka ’nang tsa e-ba le eona ho tliseng khotso? (b) Ke boprofeta bofe ba Bibele bo buang ka ho batla khotso ho etsoang ke lichaba mehleng ea rōna? (c) Khotso e joalo e ka ba ea nako e kae?

10 U se ke ua tsometsoa ka lebaka la katleho leha e le efe eo lichaba li ka ’nang tsa ba le eona ka ho tlisa khotso. Kamehla u hopole hore Jehova ha a sebelise boemeli leha e le bofe ba lefatše lena ho tlisa khotso. Jehova o na le tsela ea hae ea ho tlisa khotso ea ’nete, ’me eona ke feela ka puso ea ’Muso tlas’a Kreste. Ka hona ho sa tsotellehe katleho eo lichaba li ka ’nang tsa ba le eona ka ho theha khotso, e tla ba ea nakoana feela le lekoko feela. Ka sebele ho tla be ho sa fetoha letho. Bonokoane, pefo, ntoa, tlala, bofuma, ho qhalana ha malapa, boitšoaro bo bobe, ho kula, lefu, le Satane le bademona ba hae li tla be ntse li le teng har’a rōna ho fihlela ha Jehova a li felisa kaofela. “Ekare ha e se Jehova ea hahang ntlo, ba e hahang ba sebeletsa lefeela.”—Pesaleme ea 127:1.

11 Boprofeta ba Bibele bo bontša hore lichaba li ne li tla leka kahohle-hohle ho fumana khotso mehleng ea rōna. E re: “Le lōna le tseba hantle hore letsatsi la Jehova le tla hantle joaloka lesholu bosiu. Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo joaloka ha bohloko ba tsieleho bo oela mosali oa moimana; ’me ho hang ba ke ke ba phonyoha.” (1 Ba-Thessalonika 5:2, 3, NW) Mohoo oo oa “Khotso le tšireletseho!” o ke ke oa bolela hore ho bola hona ha lefatše lena ho chechisitsoe. Timothea oa Bobeli 3:13 e re “batho ba lonya, ba thetsang, ba ea ’ne ba tsoele pele tšenyong.” ’Nete ea taba ea ’ne e be joalokaha mookameli oa mokhatlo oa tikoloho a boletse: “Bothata bo boholo bo talimaneng le tsamaiso ke hore e fetohile e sa laoleheng.”

12. Bahlanka ba Jehova ba tseba eng ka bohlokoa ba sebele ba mohoo o tlang oa ‘khotso le tšireletseho’?

12 Ba bangata lefatšeng ba tla thetsoa ke tšepo e lephaka nakong e tlang ha ho thoe “khotso le tšireletseho!” Empa bahlanka ba Jebova ba ke ke, hobane baa mamela ha Molimo o bua. Kahoo baa tseba ho tsoa Lentsoeng la oona hore phatlalatso e joalo e ke ke ea tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho. Ho e-na le hoo, bonneteng e tla ba pontšo ea ho qetela ea hore “hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo.” E tla phahamisa qalo e haufi ea ‘mahlomola a maholo’ ao Jesu a a profetetseng mehla ea rōna. O itse: “Hobane mohlang oo, mahlomola a tla ba maholo, ha e sa le le tšimolohong ea lefatše, ho fihlela joale, tsietsi e kalo ha e e-so ho ka e e-ba teng, ’me ha e ka ke ea boela ea e-ba teng le ka mohla o le mong.”—Mattheu 24:21.

13. Bibele e hlalosa bofelo ba lipuso tsa batho joang?

13 Nakong ea ‘mahlomola a maholo,’ puso ea motho e tla felisoa. Pesaleme ea 2:2-6 e re: “Marena a lefatše a phuthehetse’ng, le mahosana a bōkanetse’ng ho tsohela Jehova le motlotsuoa oa hae matla? Ba re: A re khaoleng litlamo tsa bona, re koele mehala ea bona. Ea lutseng maholimong oa ba tšeha, Jehova o soma ka bona, o bua le bona ka bohale, o ba tsielehisa khalefong ea hae, o re: Ke ’na ka sebele ke tlotsitseng morena oa ka Sione [oa leholimo], thabeng ea ka e khethehileng.” Pesaleme ea 110:5, 6 ea phaella: “Morena [Jehova], . . . o thumakanya marena ka letsatsi la khalefo ea hae. O tla ahlola har’a lichaba.” Mekhoa eohle ea bopolotiki e tla fela, hobane Esaia 8:9, 10 e re: “Itlameng matheka, le tla robakoa likoto; itlameng matheka, le tla robakoa likoto. Rerang taba, e tla fetoha lefeela: laelang taba, e ke ke ea hlaha, hobane Molimo o na le rōna.”

Tšepo ea ho Pholoha

14. Ke hobane’ng ha re tšepa hore ho tla ba le baphonyohi ba bofelo ba lefatše lee?

14 Rea tšepa hore Jehova o tla ’ne a bee batho ba hae leseling e le hore ba ka nka mehato e loketseng bakeng sa ho pholoha ‘mahlomola a maholo’ a tlang. Re ka tiisa hakaalo joang? Hobane boprofeta bo ho Tšenolo 7:9, 14 bo bontša hore “bongata bo boholo ba batho” bo hlile boa pholoha. Hobane’ng? Ka lebaka la ho mamela ha Jehova a bua le hobane bo rutiloe hantle. Ka tsela ena bao ba “bongata bo boholo” ba khona ho etsa seo Tšenolo 7:15 e se buang: “Ba o sebeletsa motšehare le bosiu. ” Kahoo ba etsa thato ea Molimo, oa ba amohela, ’me ba sireletsoa ho pholoha bofelo ba lefatše lena.—1 Johanne 2:15-17.

15. Joele o hlalosa ho thumakanngoa ha tsamaiso ee joang, ’me liphello e tla ba life ho bahlanka ba Molimo?

15 Joele 3:13-16 le eona e bua ka ho pholoha ha bahlanka ba Molimo ha tsamaiso ena e hatakeloa joaloka morara sehatelong sa veine. E re: “Akhelang sekele, hobane mabele a butsoitse. . . . linkho li bile lia khaphatseha; hobane bolotsana ba bona bo boholo. Matšoele, matšoele a teng a lehlana-hlana khohlong ea kahlolo! hobane le haufi letsatsi la Jehova, le tla ba teng khohlong ea kahlolo. Letsatsi le khoeli lia fifala, le linaleli li honyetsa phatsimo ea tsona. Jehova o tla rora Sione [oa leholimo], . . . ho be ho thothomele leholimo le lefatše. Empa Jehova ke setšabelo ho sechaba sa hae.”

16. Ke boprofeta bofe bo bong bo bontšang hore Jehova o tla boloka batho ba hae timetsong ea lefatše?

16 Ka ho tšoanang, ho Esaia 26:20 le 21 Jehova o re bolella ka nako eo e tlang, a re: “E-ea sechaba sa ka, kena kamoreng ea hao, u koale monyako ka mora’ hao! U ipate ho se hokae, ho fihlela khalefo e feta. Hobane bona, Jehova o se a ea tloha nģalong ea hae ho putsa ba ahileng lefatšeng ka ho lekaneng le bokhopo ba bona.” Kahoo, Sofonia 2:2, 3 ea phehella: “Ha ho e-so ho tle holim’a lona ho tuka ha bohale ba Jehova, ha le e-so ho tle ho lona, tsatsi la bohale ba Jehova! Batlang Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše, ba etsang ka taelo ea hae; batlang ho lōka, le batle boikokobetso; ekaba le ka tšoha le patoa tsatsing la bohale ba Jehova.”

‘Ho Balehela’ ho Jehova

17. (a) Ho tlameha ho etsoa eng ho fumana tšireletso ea Jehova? (b) Batho ba lefatše la pele ho Moroallo ba ile ba fosa eng?

17 Liproverbia 18:10 e re: “Lebitso la Jehova ke qhobosheane e thata; ea lokileng o balehela ho eona, ’me o lula phahameng.” Na u “balehela” ho Jehova? Hopola seo Jesu a se buileng ka batho ba mehleng ea Noe. “Ba ne ba e-ja, ba e-noa, ba nyala, ba nyalisa, ha ba ha fihla tsatsi leo Noe a keneng arekeng ka lona; ha ba ka ba lemoha, ha ba ha fihla moroallo, ’me ba nkoa bohle ke oona.” (Mattheu 24:38, 39) Phoso e bile hore ba tšoarehe ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe hoo ba ileng ba qhela ho mamela Molimo ha o bua le bona ka mohlanka oa oona Noe, “’moleli oa ho loka.” (2 Petrose 2:5) Kaha ha baa ka ba mamela, ha Moroallo o e-tla ba ile “ba nkoa bohle ke oona” ho ea timelong.

18. Ke hobane’ng ha ho ba ha bona batho ba “molemo” feela ho sa ka ha pholosa ba ileng ba timetsoa Moroallong?

18 Ha ho pelaelo hore ba bangata ho ba shoeleng Moroallong ba ne ba inka e le batho ba “molemo,” ba sa ameha pefong e neng e tletse tsamaisong ea mehla eo. Empa ho ba batho ba “molemo” feela ha hoa ka ha ba pholosa. Ka ho iphapanya ha bona ba lumella bobe ba mehleng ea bona. Ntho ea bohlokoa e ne e le hore ha baa ka ba “balehela” ho Jehova; ha baa ka ba mamela ha mohlanka oa Molimo a bua. Kahoo ha baa ka ba nka mehato e nepahetseng bakeng sa ho pholoha. Ka lehlakoreng le leng, ba ileng ba mamela ba ile ba pholoha.

19. Ke molemo ofe o babatsehang o kotuloang ke bahlanka ba Jehova le hona joale, hona hobane’ng?

19 Kajeno Molimo o bua ka khotso le ba mo mamelang. Ka liphello life ho bona? Esaia 54:13 e re: “Bana ba hao bohle ba tla rutoa ke Morena [Jehova]; khotso ea bana ba hao e tla ba kholo.” E, “Jehova [ka boeena] o tla hlohonolofatsa sechaba sa hae ka khotso.” (Pesaleme ea 29:11) Kahoo, ka har’a lefatše lena le befileng, Lipaki tsa Jehova li na le khotso ea ’nete, e sa senyeheng har’a tsona. Li na le boena ba machaba bo lerato boo baetapele ba lefatše, lichaba tsa bona, le malumeli a bona li ke keng tsa bo etsisa. Hobane’ng? Hobane ha ba hlile ha ba mamele ha Molimo o bua. Kahoo ha ba nke bohato ka seo o se buang. Empa Lipaki tsa Jehova li mamela Molimo. Li nka mantsoe a Moeklesia 12:13 ka ho teba: “Tšaba Molimo, u boloke litaelo tsa oona, hobane, ke eona tšoanelo eohle ea motho.”

20. Motho e mong le e mong o tlameha ho etsa eng ho pholohela lefatšeng le lecha la Molimo?

20 Ke seo motho e mong le e mong—e, bohle ba batlang ho phela lefatšeng le lecha la Molimo—ba tlamehang ho se etsa. Ba tlameha ho “balehela” ho Jehova ntle ho tieho. Ruri, ba tlameha ho tataisoa ke bohlale boo ba bo filoeng ke Molimo bo emeloang bo re: “Nkutloeng! Ho lehlohonolo ba eang ka tsela tsa ka. Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kheloha. Ho lehlohonolo motho ea nkutloang, . . . Hobane ea mphumanang o fumane bophelo.”—Liproverbia 8:32-35.

U Ne U Tla Arabela Joang?

◻ Ke hobane’ng ha boiteko ba batho ho se mohla bo tla atleha ho tlisa khotso?

◻ Ke hobane’ng ha ho hlokahala haholoanyane ho mamela Jehova hona joale?

◻ Mohoo o tlang oa “Khotso le tšireletseho!” hantle o tla bolela eng?

◻ Re tlameha ho etsa eng haeba re batla ho pholohela tsamaisong e ncha ea Molimo?

[Setšoantšo se leqepheng la 17]

Joaloka tau e purumang, Satane o matlafatsa boiteko ba hae ba ho senya le ho felisa

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Ha tsamaiso ena e silakanngoa sehatelong joaloka morara ‘Jehova e tla ba setšabelo ho sechaba sa hae’

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela