Buka ea Bobeli ea Likronike
9 Mofumahali oa Sheba+ o ile a utloa hore Solomone o tumme. Kahoo, a tla Jerusalema ho tla mo botsa lipotso tse thata. O ne a tsamaea le batho ba bangata, likamele tse jereng oli ea balsame le khauta e ngata+ le majoe a bohlokoa. A ea ho Solomone ’me a mo botsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a neng a batla ho e tseba.+ 2 Solomone a araba lipotso tsa hae kaofela. Ho ne ho se na potso eo a hlolehang ho e araba.
3 Ha mofumahali oa Sheba a bona kamoo Solomone a leng bohlale+ kateng, a bona ntlo eo a e hahileng,+ 4 lijo tse tafoleng ea hae,+ tsela eo bahlanka ba hae ba lutseng ka eona, basebeletsi ba hae ba fanang ka lijo tafoleng le moaparo oa bona, baqhatsetsi ba hae le moaparo oa bona le mahlabelo a hae a secheso ao a neng a a etsa kamehla ntlong ea Jehova,+ a sala a maketse. 5 A re ho morena: “Bohlale ba hao le lintho tseo u li entseng tseo ke li utloileng naheng ea heso ke ’nete. 6 Ke ne ke sa kholoe ho fihlela ke tla ’me ke li bona.+ Lintho tseo ke li utloileng ka uena le ka bohlale ba hao bo bongata ke linyane+ ha li bapisoa le lintho tseo ke li boneng.+ 7 Ho thaba batho ba hao le bahlanka ba hao ba lulang ba e-na le uena kamehla ’me ba utloa bohlale ba hao. 8 Ho rorisoe Jehova Molimo oa hao ea u bontšitseng hore oa u rata ka ho u beha teroneng ea hae u le morena bakeng sa Jehova Molimo oa hao. Kaha Molimo oa hao o rata Baiseraele,+ o u khethile hore u be morena oa bona hore u ba ahlole ka toka le ka ho loka, ho etsa hore ba be teng ka ho sa feleng.”
9 A fa morena khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang 4 000,+ oli ea balsame e ngata le majoe a bohlokoa. Le ka mohla ha hoa ka ha hlola ho tlisoa oli e ngata hakaalo ea balsame joaloka eo mofumahali oa Sheba a ileng a e tlisetsa Morena Solomone.+
10 Bahlanka ba Hirame le bahlanka ba Solomone ba neng ba tlisitse khauta e tsoang Ofire,+ ba boela ba tlisa lifate tsa algame le majoe a bohlokoa.+ 11 Morena a etsa litepisi ka lifate tsa algame bakeng sa ntlo ea Jehova+ le ntlo ea morena.+ A boela a etsetsa libini liharepa le liletsa tse likhoele.+ Ho ne ho e-s’o ka ho bonoa lifate tse ngata hakaalo naheng ea Juda.
12 Morena Solomone a fa mofumahali oa Sheba lintho tseo a neng a li batla le tseo a neng a li kopile, a mo fa tse ngata ho feta tseo a neng a li tliselitse morena. Ka mor’a moo, mofumahali oa Sheba a khutlela naheng ea habo le bahlanka ba hae.+
13 Boima ba khauta e neng e tla ho Solomone ka selemo e ne e le lik’hilokramo tse ka bang 23 000,+ 14 ho sa baloe e tsoang ho bo-rakhoebo le ho marena ’ohle a Maarabia le matona a naha a neng a tlisa khauta le silevera ho Solomone.+
15 Morena Solomone a etsa lithebe tse kholo tse 200 tsa khauta e kopantsoeng le tšepe.+ (Thebe ka ’ngoe e ne e entsoe ka lik’hilokramo tse ka bang supa tsa khauta e kopantsoeng le tšepe.)+ 16 A etsa le lithebe tse nyenyane tse 300 tse entsoeng ka khauta e kopantsoeng le tšepe. (Thebe ka ’ngoe e ne e entsoe ka khauta ea boima ba lik’hilokramo tse ka bang peli.) Morena a li beha ka har’a Ntlo ea Moru oa Lebanone.+
17 Morena a boela a etsa terone e kholo ea manaka a tlou ’me a e koahela ka khauta.+ 18 Ho ne ho e-na le litepisi tse tšeletseng tse eang teroneng e kopantsoeng le setuloana sa maoto sa khauta. Mahlakoreng a mabeli a setulo ho ne ho e-na le moo ho behoang matsoho, pel’a teng ho eme litau tse peli.+ 19 Ho ne ho e-na le litau tse 12+ tse emeng holim’a litepisi tse tšeletseng, tse ling li le ka lehlakoreng lena, tse ling li le ka lehlakoreng lane la litepisi. Ha ho na ’muso o mong o neng o entse ntho e tšoanang le ena. 20 Likopi tsohle tsa Morena Solomone li ne li entsoe ka khauta ’me lisebelisoa tsohle tsa Ntlo ea Moru oa Lebanone li entsoe ka khauta. Ho ne ho se na letho le entsoeng ka silevera hobane e ne e nkoa e se letho mehleng ea Solomone.+ 21 Likepe tsa morena li ne li ea Tarshishe+ le bahlanka ba Hirame.+ Hanngoe ka mor’a lilemo tse tharo likepe tse ling tsa Tarshishe li ne li tla li nkile khauta, silevera, manaka a litlou,+ litšoene le lipikoko.
22 Morena Solomone o ne a ruile a bile a le bohlale ho feta marena ’ohle a neng a le teng lefatšeng.+ 23 Marena ’ohle a lefatše a ne a batla ho utloa bohlale boo Molimo oa ’nete a neng a bo file Solomone.+ 24 Selemo le selemo, e mong le e mong o ne a tlisa lintho tsa silevera le tsa khauta, liaparo,+ lihlomo, oli ea balsame, lipere le limmoulo. 25 Solomone o ne a e-na le litala tsa lipere tse 4 000 le lipere tse hulang likariki tsa ntoa tse 12 000.+ O ile a li beha metseng ea likariki tsa ntoa le haufi le morena Jerusalema.+ 26 A laola marena ’ohle ho tloha Nokeng ho ea naheng ea Bafilista le ho ea moeling oa Egepeta.+ 27 Morena a etsa hore silevera e Jerusalema e be ngata joaloka majoe le lifate tsa kedare li be ngata joaloka lifate tsa sikamora tse Shefela.+ 28 Batho ba ne ba tlisetsa Solomone lipere tse tsoang Egepeta+ le tse tsoang linaheng tse ling tsohle.
29 Histori eohle ea Solomone+ ho tloha qalong ho fihlela qetellong, e ngotsoe bukeng ea moprofeta Nathane+ le boprofeteng ba Akija+ oa Moshilo le tlalehong ea lipono tsa Ido+ ea neng a bona lipono tse mabapi le Jeroboame+ mora oa Nebate. 30 Solomone o ile a busa Iseraele eohle a le Jerusalema ka lilemo tse 40. 31 Solomone a shoa eaba o pateloa Motseng oa ntate oa hae+ Davida. Mora oa hae Roboame ea e-ba morena.+