Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • 2 Samuele 1
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

Kakaretso ea 2 Samuele

      • Davida o tsebisoa hore Saule o shoele (1-16)

      • Davida o binela Saule le Jonathane koli-ea-malla (17-27)

2 Samuele 1:1

Linaletsana

  • *

    Kapa: “bolaea.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 27:5, 6

2 Samuele 1:4

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:1, 6; 1Kr 10:4, 6

2 Samuele 1:6

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 28:4; 1Kr 10:1
  • +1Sa 31:3; 1Kr 10:3

2 Samuele 1:8

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Ex 17:16; De 25:19; 1Sa 15:20; 30:1

2 Samuele 1:10

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:4

2 Samuele 1:12

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:11, 13
  • +1Sa 31:1

2 Samuele 1:14

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Nu 12:8; 1Sa 24:6; 26:9; 31:4

2 Samuele 1:15

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 4:10

2 Samuele 1:16

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +2Sa 1:6, 10

2 Samuele 1:17

Linaletsana

  • *

    Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:6

2 Samuele 1:18

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +Jos 10:13

2 Samuele 1:19

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:8

2 Samuele 1:20

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:9

2 Samuele 1:21

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:1; 1Kr 10:1
  • +Le 27:16

2 Samuele 1:22

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:4; 20:20
  • +1Sa 14:47

2 Samuele 1:23

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:1
  • +1Sa 31:6; 1Kr 10:6
  • +Job 9:26
  • +Pr 30:30

2 Samuele 1:24

Linaletsana

  • *

    Kapa: “ ’mala o sekareleta.”

2 Samuele 1:25

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 31:8

2 Samuele 1:26

Mangolo a Tsamaisanang le Temana

  • +1Sa 18:1, 3
  • +1Sa 19:2; 20:17, 41; 23:16-18; Pr 17:17; 18:24

Li-Index

  • Tataiso ea ho Etsa Lipatlisiso

    Molula-Qhooa (1990),

    11/15/1990, leq. 12

    1/1/1989, maq. 25-26

Libibele tse Ling

Penya nomoro ea temana ho hlahisa liphetolelo tse ling tsa temana eo.

Litemana Tse Ling

2 Sam. 1:11Sa 27:5, 6
2 Sam. 1:41Sa 31:1, 6; 1Kr 10:4, 6
2 Sam. 1:61Sa 28:4; 1Kr 10:1
2 Sam. 1:61Sa 31:3; 1Kr 10:3
2 Sam. 1:8Ex 17:16; De 25:19; 1Sa 15:20; 30:1
2 Sam. 1:101Sa 31:4
2 Sam. 1:121Sa 31:11, 13
2 Sam. 1:121Sa 31:1
2 Sam. 1:14Nu 12:8; 1Sa 24:6; 26:9; 31:4
2 Sam. 1:152Sa 4:10
2 Sam. 1:162Sa 1:6, 10
2 Sam. 1:171Sa 31:6
2 Sam. 1:18Jos 10:13
2 Sam. 1:191Sa 31:8
2 Sam. 1:201Sa 31:9
2 Sam. 1:211Sa 31:1; 1Kr 10:1
2 Sam. 1:21Le 27:16
2 Sam. 1:221Sa 18:4; 20:20
2 Sam. 1:221Sa 14:47
2 Sam. 1:231Sa 18:1
2 Sam. 1:231Sa 31:6; 1Kr 10:6
2 Sam. 1:23Job 9:26
2 Sam. 1:23Pr 30:30
2 Sam. 1:251Sa 31:8
2 Sam. 1:261Sa 18:1, 3
2 Sam. 1:261Sa 19:2; 20:17, 41; 23:16-18; Pr 17:17; 18:24
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
  • Bala le Phetolelo ea Lefatše le Lecha (bi12)
  • 1
  • 2
  • 3
  • 4
  • 5
  • 6
  • 7
  • 8
  • 9
  • 10
  • 11
  • 12
  • 13
  • 14
  • 15
  • 16
  • 17
  • 18
  • 19
  • 20
  • 21
  • 22
  • 23
  • 24
  • 25
  • 26
  • 27
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
2 Samuele 1:1-27

Buka ea Bobeli ea Samuele

1 Ka mor’a lefu la Saule ha Davida a tsoa hlola* Baamaleke, o ile a lula Ziklage+ matsatsi a mabeli. 2 Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ea tsoang ho Saule ntoeng, liaparo tsa hae li tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a khumama eaba o inamela fatše.

3 Davida a re ho eena: “U tsoa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.” 4 Davida a re ho eena: “Ke kopa u mpolelle hore na ho etsahetse’ng.” Eaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntoeng ’me batho ba bangata ba shoele. Esita le Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele.”+ 5 Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tseba joang hore Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele?” 6 Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ea Gilboa,+ ka tšohanyetso ke ile ka bona Saule a itšetlehile ka lerumo la hae ’me likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere ba ne ba se ba mo fumane.+ 7 Ha a hetla ’me a mpona, o ile a mpitsa ’me ka re, ‘Ke ’na enoa.’ 8 A re ho ’na, ‘U mang?’ Eaba ke re ho eena, ‘Ke Moamaleke.’+ 9 Saule a re, ‘Ke kopa u eme holim’a ka ’me u mpolaee kaha kea opeloa hobane ke ntse ke phela.’ 10 Kahoo, ke ile ka ema holim’a hae ’me ka mo bolaea+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mor’a hore a oele fatše a lemetse hakaalo. Eaba ke nka korone e neng e le hloohong ea hae le sefaha se neng se le letsohong la hae ’me ka li tlisa mona ho uena moren’a ka.”

11 Eaba Davida o tabola liaparo tsa hae ’me le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba tabola tsa bona. 12 Ba ile ba lla habohloko ’me ba itima lijo+ ho fihlela mantsiboea. Ba ne ba llela Saule, mora oa hae Jonathane le sechaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailoe ka sabole.

13 Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tsoa hokae?” A re: “Ke mora oa molichaba, Moamaleke.” 14 Eaba Davida o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u sa ka oa tšaba ho bolaea motlotsuoa oa Jehova?”+ 15 Davida a bitsa e mong oa bahlanka ba hae a re: “Atamela ’me u mo hlabe.” Kahoo, a mo hlaba ’me a shoa.+ 16 Davida o ne a itse ho eena: “U tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane u fane ka bopaki ka molomo oa hao oa re, ‘Ke ’na ea bolaileng motlotsuoa oa Jehova.’”+

17 Eaba Davida o bina pina ena ea koli-ea-malla* ka lebaka la Saule le mora oa hae Jonathane+ 18 ’me a re sechaba sa Juda se rutoe pina eo e bitsoang “Seqha” e ngotsoeng bukeng ea Jashare:+

19 “Uena Iseraele, botle bo bolailoe holim’a libaka tsa hao tse phahameng.+

Bona kamoo ho shoeleng banna ba matla kateng!

20 Le se ke la bolela sena Gathe,+

Le se ke la se bolela literateng tsa Ashkelone

Kaha barali ba Bafilista ba tla thaba

Le barali ba banna ba sa bollang ba nyakalle.

21 Lona lithaba tsa Gilboa,+

Ho se ke ha e-ba le phoka kapa pula holim’a lona,

Ho se ke ha e-ba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+

Hobane thebe ea ba matla e ile ea silafatsoa moo,

Thebe ea Saule ha e sa tlotsitsoe ka oli.

22 Seqha sa Jonathane ha sea ka sa khutla+ maling a ba bolailoeng

Le mafureng a ba matla

Le sabole ea Saule e ne e sa khutle e sa atleha.+

23 Saule le Jonathane+ ba ne ba ratoa haholo ha ba ntse ba phela

Le lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+

Ba ne ba le lebelo ho feta lintsu,+

Ba le matla ho feta litau.+

24 Lona barali ba Iseraele, llelang Saule,

Ea ileng a le apesa liaparo tse khubelu* le tse nang le mokhabiso,

Ea ileng a beha mekhabiso ea khauta holim’a liaparo tsa lona.

25 Bona kamoo ho bolailoeng banna ba matla kateng ntoeng!

Jonathane o bolaetsoe libakeng tsa hao tse phahameng.+

26 Ke utloile bohloko haholo ka lebaka la hao Jonathane ngoan’eso,

Ke ne ke u rata haholo.+

Lerato leo u neng u nthata ka lona, le ne le feta lerato la basali.+

27 Bona kamoo ba matla ba bolailoeng kateng

Le kamoo libetsa tsa ntoa li senyehileng kateng!”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela