ESDRASE
1 Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse+ oa Persia, Jehova a susumetsa pelo ea Morena Saeruse oa Persia hore a etse phatlalatso hohle pusong ea hae e le hore mantsoe a Jehova a ileng a buuoa ke Jeremia+ a ka phethahala. Morena o ile a ba a ngola phatlalatso eo+ a re:
2 “Morena Saeruse oa Persia o re, ‘Jehova Molimo oa maholimo o mphile mebuso eohle ea lefatše+ ’me o ntaetse hore ke mo hahele ntlo Jerusalema+ e Juda. 3 Mang kapa mang eo e leng oa sechaba sa hae ea har’a lona, Molimo oa hae a be le eena ’me a ke a ee Jerusalema e Juda, a hahe ntlo ea Jehova Molimo oa Iseraele bocha e leng eena Molimo oa ’nete eo ntlo ea hae e neng e le Jerusalema.* 4 Mang kapa mang ea lulang e le mojaki+ hohle moo a leng teng, a ke a thusoe ke baahisani ba hae, ba mo fe silevera, khauta, thepa, liphoofolo tse ruuoang hammoho le nyehelo e fanoang ka ho rata bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete+ e neng e le Jerusalema.’”
5 Joale lihlooho tsa malapa a Juda, a Benjamine, baprista, Balevi hammoho le e mong le e mong eo moea oa hae o susumelitsoeng ke Molimo oa ’nete, ba itokisetsa ho nyoloha hore ba e’o haha ntlo ea Jehova e neng e le Jerusalema bocha. 6 Baahisani bohle ba bona ba ile ba ba thusa ka ho ba fa* lintho tse entsoeng ka silevera le khauta, thepa le liphoofolo tse ruuoang le lintho tsa bohlokoa, ntle le linyehelo tse ileng tsa fanoa ka ho rata.
7 Morena Saeruse a boela a ntša lintho tse neng li sebelisoa ntlong ea Jehova tseo Nebukadnezare a li nkileng ka nkane Jerusalema a li beha ka tlung ea melimo ea hae.+ 8 Morena Saeruse oa Persia a beha Mithredathe motšoari oa matlotlo hore e be eena ea okamelang mosebetsi oa ho li ntša. Mithredathe o ile a ba a ngolla Sheshebazare*+ khosana ea Juda palo ea tsona.
9 Joale ena ke palo ea tsona: Linkho tsa khauta tse 30, linkho tsa silevera tse 1 000, lijana tse ling tse 29, 10 likotlolo tse 30 tse nyenyane tsa khauta, likotlolo tse 410 tse nyenyane tsa silevera, lintho tse ling tse 1 000 tse neng li sebelisoa. 11 Lintho tsohle tsa khauta le tsa silevera tse neng li sebelisoa li ne li le 5 400. Sheshebazare o ile a tlisa lintho tsena tsohle ha batlamuoa ba lokolloa botlamuoeng+ Babilona hore ba ee Jerusalema.
2 Bana ke baahi ba profinse* ba ileng ba tsoa botlamuoeng+ bao Morena Nebukadnezare oa Babilona a neng a ba isitse botlamuoeng Babilona+ le bao hamorao ba ileng ba khutlela Jerusalema le Juda, e mong le e mong a khutlela motseng oa habo.+ 2 Ba ile ba tla le Zorobabele,+ Jeshua,+ Nehemia, Seraia, Relaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume le Baana.
Palo ea banna ba Iseraele ke ena:+ 3 Bara ba Paroshe ba ne ba le 2 172, 4 bara ba Shefatia ba le 372, 5 bara ba Ara+ ba le 775, 6 bara ba Pahathe-moabe,+ ba lelapa la Jeshua le ba Joabe ba le 2 812, 7 bara ba Elame+ ba le 1 254, 8 bara ba Zatu+ ba le 945, 9 bara ba Zakai ba le 760, 10 bara ba Bani ba le 642, 11 bara ba Bebai ba le 623, 12 bara ba Azgade ba le 1 222, 13 bara ba Adonikame ba le 666, 14 bara ba Bigvai ba le 2 056, 15 bara ba Adine ba le 454, 16 bara ba Atere, ba lelapa la Ezekiase ba le 98, 17 bara ba Bezai ba le 323, 18 bara ba Jora ba le 112, 19 bara ba Hashume+ ba le 223, 20 bara ba Gibare ba le 95, 21 bara ba Bethlehema ba le 123, 22 banna ba Netofa ba le 56, 23 banna ba Anathothe+ ba le 128, 24 bara ba Azmavethe ba le 42, 25 bara ba Kiriathe-jearime, ba Kefira le ba Beerothe ba le 743, 26 bara ba Rama+ le Geba+ ba le 621, 27 banna ba Mikmase ba le 122, 28 banna ba Bethele le ba Ai+ ba le 223, 29 bara ba Nebo+ ba le 52, 30 bara ba Magbishe ba le 156, 31 bara ba Elame e mong ba le 1 254, 32 bara ba Harime ba le 320, 33 bara ba Lode, ba Halide le ba Ono ba le 725, 34 bara ba Jeriko ba le 345, 35 bara ba Senaa ba le 3 630.
36 Baprista+ e ne e le bara ba Jedaia+ oa ntlo ea Jeshua.+ Ba ne ba le 973, 37 bara ba Imere+ ba le 1 052, 38 bara ba Pashkure+ ba le 1 247, 39 bara ba Harime+ ba le 1 017.
40 Balevi+ e ne e le bara ba Jeshua le Kadmiele,+ ba bara ba Hodavia ’me ba ne ba le 74. 41 Libini+ e leng bara ba Asafe+ ba ne ba le 128. 42 Bara ba balebeli ba likeiti+ e ne e le bara ba Shalume, bara ba Atere, bara ba Talmone,+ bara ba Akube,+ bara ba Hatita, bara ba Shobai, kaofela ba ne ba le 139.
43 Basebeletsi ba tempeleng*+ e ne e le bara ba Ziha, bara ba Hasufa, bara ba Tabaothe, 44 bara ba Kerose, bara ba Siaha, bara ba Padone, 45 bara ba Lebana, bara ba Hagaba, bara ba Akube, 46 bara ba Hagabe, bara ba Salmai, bara ba Hanane, 47 bara ba Gidele, bara ba Gahare, bara ba Reaia, 48 bara ba Rezine, bara ba Nekoda, bara ba Gazame, 49 bara ba Uza, bara ba Pasea, bara ba Besai, 50 bara ba Asna, bara ba Meunime, bara ba Nefusime, 51 bara ba Bakbuke, bara ba Hakufa, bara ba Karkure, 52 bara ba Bazeluthe, bara ba Mehida, bara ba Harsha, 53 bara ba Barkose, bara ba Sisera, bara ba Tema, 54 bara ba Nezia le bara ba Hatifa.
55 Bara ba bahlanka ba Solomone e ne e le bara ba Sothai, bara ba Soferethe, bara ba Peruda,+ 56 bara ba Jaala, bara ba Darkone, bara ba Gidele, 57 bara ba Shefatia, bara ba Hatile, bara ba Pokerethe-hazebaime le bara ba Ami.
58 Basebeletsi bohle ba tempeleng* le bara ba bahlanka ba Solomone ba ne ba le 392.
59 Bana ba ne ba tsoa Tele-mela, Tele-harsha, Kerube, Adone le Imere empa ba ne ba sa khone ho netefatsa hore na malapa a habo ntate ba bona kapa leloko la bona ke la Baiseraele kapa che.+ Bona e ne e le 60 bara ba Delaia, bara ba Tobia, bara ba Nekoda ’me ba ne ba le 652. 61 Bao e neng e le baprista e ne e le bara ba Habaia, bara ba Hakoze,+ bara ba Barzilai, ea ileng a nyala e mong oa barali ba Barzilai+ oa Mogileade ’me a bitsoa ka lebitso la ntate oa mosali oa hae. 62 Bana ba ile ba batla tlaleho ea bona ho tiisa leloko la bona empa ha baa ka ba e fumana. Kahoo, ba tlosoa hore e se ke ea hlola e e-ba baprista.*+ 63 Letona* la ba bolella hore ba se ke ba ja lintho tse halalelang ka ho fetisisa+ ho fihlela ho e-ba le moprista ea ka sebelisang Urime le Thumime.+
64 Palo eohle ea batho ba phutheho e ne e le 42 360+ 65 ntle ho makhoba a bona a banna le a basali a neng a le 7 337. Ho ne ho boetse ho e-na le libini tsa banna le tsa basali tse 200. 66 Lipere tsa bona li ne li le 736, limmoulo tsa bona li le 245, 67 likamele tsa bona li le 435, litonki tsa bona li le 6 720.
68 Ha ba fihla ntlong ea Jehova e neng e le Jerusalema, ba bang bao e neng e le lihlooho tsa malapa, ba ile ba ntša menehelo e fanoang ka ho rata+ bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete e le hore e hahoe bocha* setšeng sa eona.+ 69 Ba ile ba fana ka lidrakema* tsa khauta tse 61 000 polokelong ea chelete bakeng sa mosebetsi le limina* tsa silevera tse 5 000+ le liaparo tsa baprista tse 100 ho ea kamoo ba neng ba ka khona kateng. 70 Baprista, Balevi, batho ba bang, libini, balebeli ba likeiti le basebeletsi ba tempeleng* ba lula metseng ea bona le Baiseraele bohle* ba lula metseng ea bona.+
3 Ha khoeli ea bosupa+ e qala ’me Baiseraele* ba le metseng ea bona, ba bokana hammoho Jerusalema.2 Jeshua+ mora oa Jozadake, baprista-’moho le eena, Zorobabele+ mora oa Shalatiele+ le bana babo ba ema ’me ba haha aletare ea Molimo oa Iseraele e le hore ba tle ba nyehele mahlabelo a secheso holim’a eona joalokaha ho ngotsoe Molaong oa Moshe+ mohlanka oa Molimo oa ’nete.
3 Le hoja ba ne ba tšaba batho ba linaha tse ba potolohileng,+ ba ile ba haha aletare ka thata setšeng sa eona sa pele ’me ba qala ho nyehela ho Jehova mahlabelo a secheso holim’a eona, mahlabelo a secheso a hoseng le a mantsiboea.+ 4 Joale ba tšoara Mokete oa Maphephe* ho ea ka se ngotsoeng+ ’me letsatsi le letsatsi ba ne ba fana ka palo e behiloeng ea mahlabelo a secheso a neng a hlokeha letsatsi le letsatsi.+ 5 Ka mor’a moo, ba fana ka nyehelo ea secheso ea kamehla+ le linyehelo tsa ha khoeli e qala+ le tsa mekete eohle e halalelitsoeng+ ea Jehova hammoho le tse tsoang ho e mong le e mong ea ileng a nyehela ka ho rata+ ho Jehova. 6 Ba qala ho nyehela mahlabelo a secheso ho Jehova ho tloha ka letsatsi la pele la khoeli ea bosupa+ le hoja motheo oa tempele ea Jehova o ne o e-s’o etsoe.
7 Ba ile ba fa batho ba betlang majoe+ le litsebi tsa mesebetsi ea matsoho+ chelete ’me ba fa Basidone le Batire lijo, lino le oli hobane ba tlisitse lifate tsa kedare tse tsoang Lebanone ba li isa Jopa+ ba li tsamaisa ka leoatle ba li tlamme, ho ea ka tumello eo ba e filoeng ke Morena Saeruse oa Persia.+
8 Ka khoeli ea bobeli selemong sa bobeli ka mor’a hore ba tle ntlong ea Molimo oa ’nete Jerusalema, Zorobabele mora oa Shalatiele, Jeshua mora oa Jozadake le bana ba bo bona ba bang kaofela, baprista, Balevi le bohle ba neng ba tlile Jerusalema ba tsoa botlamuoeng,+ ba qala mosebetsi oa ho haha. Ba ile ba khetha Balevi ba lilemo li 20 ho ea holimo hore e be baokameli ba mosebetsi oa ntlo ea Jehova. 9 Joale Jeshua le bara ba hae le bana babo le Kadmiele le bara ba hae e leng bara ba Juda hammoho le bara ba Henadade,+ bara ba bona le bana ba bo bona bao le bona e neng e le Balevi, ba sebetsa ’moho hore ba okamele batho ba etsang mosebetsi ka tlung ea Molimo oa ’nete.
10 Ka mor’a hore lihahi li etse motheo oa tempele ea Jehova,+ baprista ba ema ba apere liaparo tsa mosebetsi, bona le Balevi ba tšoere literompeta,+ bara ba Asafe ba tšoere lisimbala ’me ba rorisa Jehova ho ea ka taelo ea Morena Davida oa Iseraele.+ 11 Eaba sehlopha se seng se qala ho bina,+ se seng sa arabela pina. Sa rorisa le ho leboha Jehova sa re: “O molemo, lerato* la hae ho Iseraele ha le fele le ka mohla.”+ Eaba batho bohle ba rorisa Jehova ka mantsoe a phahameng hobane motheo oa ntlo ea Jehova o ne o entsoe. 12 Baprista ba bangata, Balevi le lihlooho tsa malapa a habo ntate ba bona, bao e neng e le banna ba baholo ba boneng ntlo ea pele,+ ba lla haholo ha ba bona motheo oa ntlo ena o etsoa, ha ba bang ba bangata ba hoelelitse ka thabo ka mantsoe a phahameng.+ 13 Kahoo, batho ba ne ba sa khone ho utloa phapang pakeng tsa molumo oa batho ba thabileng le molumo oa batho ba llang hobane batho ba ne ba hoelelitse haholo hoo molumo oa bona o neng o utluoa hole haholo.
4 Ha lira tsa Juda le Benjamine+ li utloa hore batho ba khutlileng botlamuoeng+ ba hahela Jehova Molimo oa Iseraele tempele, 2 hang-hang tsa atamela Zorobabele le lihlooho tsa malapa tsa re ho tsona: “E-reng re hahe le lona etsoe le rona re rapela* Molimo oa lona+ joaloka lona ’me haesale re mo etsetsa mahlabelo ho tloha matsatsing a Morena Esare-hadone+ oa Asiria ea re tlisitseng mona.”+ 3 Leha ho le joalo, Zorobabele le Jeshua le ba bang kaofela bao e leng lihlooho tsa malapa a Iseraele tsa re ho tsona: “Ha le na tokelo ea ho sebetsa le rona ho hahela Molimo oa rona ntlo+ etsoe ke rona feela ba tla hahela Jehova Molimo oa Iseraele ntlo feela joalokaha Morena Saeruse morena oa Persia a re laetse.”+
4 Eaba batho ba naha ba tsoela pele ho nyahamisa* batho ba Juda le ho ba khathatsa matla hore ba se ke ba haha.+ 5 Ba hira baeletsi hore ba senye merero ea Bajuda+ nakong eohle ea puso ea Morena Saeruse oa Persia ho fihlela ho busa Morena Dariuse+ oa Persia. 6 Ha Asueruse a qala ho busa, ba ngola qoso khahlanong le baahi ba Juda le Jerusalema. 7 Hape matsatsing a Morena Artaseksese oa Persia, Bishlame, Mithredathe, Tabiele le metsoalle ea hae e meng kaofela ba ile ba ngolla morena Artaseksese, ba fetolela lengolo leo ka Searame,+ ba le ngola ka litlhaku tsa Searame.*
8 * Rehume molaoli ea ka sehloohong pusong le mongoli Shimshai, ba ngolla Morena Artaseksese lengolo khahlanong le Jerusalema le reng: 9 (Lengolo leo le ne le tsoa ho Rehume molaoli ea ka sehloohong pusong le mongoli Shimshai le metsoalle ea bona e meng kaofela ea baahloli, matona a tlasana, bangoli, batho ba Ereke,+ Bababilona le baahi ba Susa+ e leng Baelame,+ 10 le lichaba tse ling kaofela tseo Asnapare e moholo, ea hlomphehang a ileng a li isa botlamuoeng ’me a li beha metseng ea Samaria+ le tse ling kaofela tse sebakeng se ka Nģ’ane ho Noka.* 11 Lena ke lengolo le kopilitsoeng leo ba ileng ba mo romella lona.)
“Ho Morena Artaseksese, ho tsoa ho bahlanka ba hao, banna ba sebaka se ka Nģ’ane ho Noka: Joale 12 morena u ke u tsebe hore Bajuda ba tsoang ho uena, ba tlileng mona ho rona, ba se ba fihlile Jerusalema. Ba haha bocha motse o tletseng borabele le o khopo ’me ba qetella ho haha marako+ le ho lokisa metheo. 13 Joale morena u ke u tsebe hore haeba motse ona o ka hahoa bocha ’me marako a ’ona a ka qetoa, ba ke ke ba patala lekhetho ho hang+ kapa tefello ea ho sebelisa tsela ’me seo se tla etsa hore chelete e eang polokelong ea matlotlo a hao e fokotsehe. 14 Kaha re ja letsoai la ntlo ea hao morena* ebile ha rea tšoanela ho bona u senyeheloa, ke ka lebaka lena re u tsebisang ka sena 15 e le hore ho ka batlisisoa bukeng ea litlaleho tsa baholo-holo ba hao.+ U tla fumana ka bukeng ea litlaleho hore motse ona ke motse o tletseng borabele, o kotsi ho marena le liprofinse* ’me ka har’a oona haesale ho e-na le ba khothaletsang ba bang ho fetohela ’muso ho tloha mehleng ea khale. Ke ka lebaka lena motse ona o ileng oa felisoa.+ 16 Morena, tseba hore haeba motse ona o ka hahoa bocha ’me marako a oona a qetoa, o tla lahleheloa ke metse eohle e ka Nģ’ane ho Noka.”+
17 Morena a romela karabo ho Rehume molaoli ea ka sehloohong pusong le ho mongoli Shimshai le metsoalle ea bona e meng kaofela e neng e lula Samaria le batho ba bang kaofela ba sebakeng se ka Nģ’ane ho Noka:
“Lumelang! 18 Tokomane ea molao eo le re romeletseng eona e baliloe* ka ho hlaka ka pel’a ka. 19 Ke laetse hore ho batlisisoe ’me ho ile ha fumanoa hore ho tloha mehleng ea khale motse oo haesale o tsohela marena matla o bile o fetohela puso.+ 20 Ho ne ho e-na le marena a matla Jerusalema a neng a busa sebaka sohle se ka Nģ’ane ho Noka ’me a ne a pataloa lekhetho le tefello ea ho sebelisa tsela. 21 Joale, laelang banna bana hore ba emise mosebetsi e le hore motse o se ke oa hahoa bocha ho fihlela ke fana ka taelo. 22 Hlokomelang hore le se ke la nka taelo ena habobebe e le hore morena a se ke a senyeheloa ho ea pele.”+
23 Ka mor’a hore tokomane e kopilitsoeng ea molao ea Morena Artaseksese e baloe ka pel’a Rehume le mongoli Shimshai le metsoalle ea bona, ba ea Jerusalema ho Bajuda ka potlako ’me ba ba qobella hore ba emise. 24 Joale mosebetsi oa ntlo ea Molimo e neng e le Jerusalema oa emisa ka nako eo. O ile oa emisa ho fihlela selemong sa bobeli sa puso ea Morena Dariuse oa Persia.+
5 Joale moprofeta Hagai+ le moprofeta Zakaria+ setloholo sa Ido+ ba profetela Bajuda ba neng ba le Juda le Jerusalema. Ba ba profetela ka lebitso la Molimo oa Iseraele ea neng a ba okametse. 2 Ke ka nako eo Zorobabele+ mora oa Shalatiele le Jeshua+ mora oa Jozadake ba ileng ba qala ho haha bocha ntlo ea Molimo+ e neng e le Jerusalema ’me baprofeta ba Molimo ba ne ba e-na le bona, ba ba tšehetsa.+ 3 Ka nako eo, Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka* le Shethare-boznai le metsoalle ea bona ba tla ho bona ’me ba re: “Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?”* 4 Ba boela ba re: “Mabitso a banna ba hahang mohaho oo ke bo-mang?” 5 Empa Molimo o ne a hlokometse* banna ba baholo ba Bajuda+ ’me ha baa ka ba thibeloa ho fihlela tlaleho e romeloa ho Dariuse ’me tokomane ea molao e mabapi le taba ena e khutlisoa.
6 Ke lena lengolo le kopilitsoeng leo Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka le Shethare-boznai le metsoalle ea hae e leng matona a tlasana a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka, ba ileng ba le romela ho Morena Dariuse. 7 Ba ile ba romela tlaleho ho eena ’me ba ne ba ngotse tjena:
“Ho Morena Dariuse:
Khotso eohle e be le uena! 8 Morena a ke a tsebe hore re ile ra ea profinseng* ea Juda ntlong ea Molimo e moholo. E ntse e hahuoa ka majoe a maholo ’me mapolanka a ntse a kenngoa maboteng. Batho ba ntse ba etsa mosebetsi ona ka mafolofolo ebile oa atleha ka lebaka la boikitlaetso ba bona. 9 Joale ra botsa banna ba baholo ba Bajuda ra re: ‘Ke mang ea le fileng taelo ea ho haha ntlo ee le ho qetela mohaho oo?’*+ 10 Re ile ra boela ra ba botsa mabitso a bona hore re tle re ngole mabitso a banna ba etellang pele ’me re u tsebise bona.
11 Ba ile ba re araba ba re: ‘Re bahlanka ba Molimo oa maholimo le lefatše ’me re haha bocha ntlo e ileng ea hahuoa lilemo tse ngata tse fetileng, eo morena e moholo oa Iseraele a ileng a e haha a ba a e qeta.+ 12 Leha ho le joalo, bo-ntate ba rona ba ile ba halefisa Molimo oa maholimo+ eaba o nehelana ka bona letsohong la Morena Nebukadnezare+ oa Babilona oa Mokalde, ea ileng a heletsa ntlo ena+ eaba o isa batho botlamuoeng Babilona.+ 13 Leha ho le joalo, ka selemo sa pele sa Morena Saeruse oa Babilona, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ea hore ntlo ena ea Molimo e hahoe bocha.+ 14 Ho ekelletsa moo, Morena Saeruse a ntša lijana tsa khauta le silevera tsa ntlo ea Molimo ka tempeleng ea Babilona tseo Nebukadnezare a ileng a li nka ka nkane tempeleng e Jerusalema ’me a li tlisa tempeleng ea Babilona.+ Li ile tsa fuoa monna ea bitsoang Sheshebazare*+ eo Saeruse a ileng a mo etsa letona.+ 15 Saeruse a re ho eena: “Nka lijana tsena. Tsamaea u li behe ka tempeleng e Jerusalema ’me ntlo ea Molimo e ke e hahoe bocha moo e neng e le teng pele.”+ 16 Joale Sheshebazare enoa a fihla ’me a etsa metheo ea ntlo ea Molimo+ e Jerusalema ’me haesale e ntse e hahuoa ho tloha nakong eo ho fihlela hona joale empa e ntse e e-s’o qetoe.’+
17 Joale haeba ho bonahala ho le molemo ho morena, ho ke ho batlisisoe polokelong ea matlotlo a morena moo Babilona, ho bona hore na Morena Saeruse o ile a fana ka taelo ea hore ho hahuoe ntlo eo ea Molimo e Jerusalema bocha.+ Qeto ea morena mabapi le sena e romeloe ho rona.”
6 Ke nakong eo moo Morena Dariuse a ileng a fana ka taelo ’me ha batlisisoa litokomaneng tsa khale* moo ho neng ho behoa matlotlo Babilona. 2 Ho ile ha fumanoa moqolo ntlong ea morena e Ekbatana, profinseng* ea Media ’me ho oona ho ne ho ngotsoe tlaleho e reng:
3 “Ka selemo sa pele sa Morena Saeruse, Morena Saeruse o ile a fana ka taelo mabapi le ntlo ea Molimo e Jerusalema a re:+ ‘Ntlo e ke e hahoe bocha hore e be sebaka seo ho tla etsetsoa mahlabelo ho sona ’me e etsetsoe metheo e tiileng. Bophahamo ba eona e be limithara tse ka bang 27,* bophara ba eona e be limithara tse ka bang 27+ 4 ’me mabota a eona a be le mela e meraro ea majoe a maholo le mola o le mong oa mapolanka.+ Litšenyehelo li ke li pataloe ka chelete e tsoang ntlong ea morena.+ 5 Hape lijana tsa ntlo ea Molimo tsa khauta le tsa silevera, tseo Nebukadnezare a ileng a li ntša ka tempeleng e Jerusalema ’me a li tlisa Babilona+ li ke li khutlisoe e le hore li ka behoa moo li lulang teng ka tempeleng e Jerusalema, li behoe ka tlung ea Molimo.’+
6 Joale uena Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka* le Shethare-boznai le metsoalle ea lona ea matona a tlasana a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka,+ suthelang hole le moo. 7 Le se ke la sitisa mosebetsi o etsoang ntlong eo ea Molimo. Letona la Bajuda le baholo ba Bajuda ba tla haha ntlo eo ea Molimo bocha moo e neng e le teng pele. 8 Ho feta moo, ke fana ka taelo ea seo le lokelang ho se etsetsa baholo bana ba Bajuda e le hore ho hahoe ntlo eo ea Molimo bocha: Ba lokela ho fuoa chelete ea litšenyehelo e tsoang polokelong ea matlotlo a boreneng+ ea lekhetho le tsoang sebakeng se ka Nģ’ane ho Noka e le hore ba tsoele pele ba sa sitisoe ke letho.+ 9 Ba lokela ho fuoa lintho tsohle tseo ba li hlokang letsatsi le letsatsi ebang ke lipohoana,+ liramo,+ likonyana+ bakeng sa mahlabelo a secheso a etsetsoang Molimo oa maholimo, koro,+ letsoai,+ veine+ le oli+ feela joalokaha baprista ba leng Jerusalema ba bolela 10 e le hore ba ka tsoela pele ho fana ka lintho tse khahlisang Molimo oa maholimo ’me ba rapelle hore morena le bara ba hae ba phele nako e telele.+ 11 Ebile ke laetse hore haeba motho leha e le ofe a tlola taelo ena, a faseletsoe palong* e ntšitsoeng ntlong ea hae ’me ntlo ea hae e fetoloe ntloana ea sechaba.* 12 E se eka Molimo ea entseng hore lebitso la hae le lule moo,+ a ka felisa batho le morena leha e le ofe ea tlolang taelo ena le ho senya ntlo eo ea Molimo e Jerusalema. ’Na, Dariuse ke fana ka taelo ena. E ke e lateloe ka potlako.”
13 Joale Tatenai letona la sebaka se ka Nģ’ane ho Noka le Shethare-boznai+ le metsoalle ea bona, ba etsa sohle seo Morena Dariuse a neng a se laetse, ba etsa joalo ka potlako. 14 Baholo ba Bajuda ba tsoela pele ka ho haha ’me ba atleha,+ ba ne ba khothalitsoe ke boprofeta ba moprofeta Hagai+ le Zakaria+ setloholo sa Ido. Ba ile ba qeta ho e haha ho ea ka taelo ea Molimo oa Iseraele+ le ka taelo ea Saeruse,+ Dariuse+ le Morena Artaseksese+ oa Persia. 15 Ba qeta ntlo ka letsatsi la boraro la khoeli ea Adare,* ka selemo sa botšelela sa puso ea Morena Dariuse.
16 Eaba Baiseraele, baprista, Balevi+ le ba bang kaofela ba tsoang botlamuoeng ba khakola ntlo ena ea Molimo ba thabile. 17 Hape ha ho khakoloa ntlo ena ea Molimo, ba etsa mahlabelo ka lipoho tse 100, liramo tse 200 le likonyana tse 400 ’me ba etsa mahlabelo a sebe ka liphooko* tse 12 bakeng sa Baiseraele bohle ho ea ka palo ea meloko ea Iseraele.+ 18 Ba beha baprista lihlopheng tsa bona le Balevi lihlopheng tsa bona bakeng sa tšebeletso ea Molimo Jerusalema,+ ho ea ka se ngotsoeng bukeng ea Moshe.+
19 Batho ba tsoang botlamuoeng ba ile ba keteka Paseka ka letsatsi la bo14 la khoeli ea pele.+ 20 Baprista le Balevi kaofela ba ne ba itlhoekisitse+ ’me kaofela ba ne ba hloekile. Ba ile ba hlaba phoofolo ea sehlabelo sa Paseka bakeng sa bohle ba tsoang botlamuoeng, bakeng sa baprista-’moho le bona le bakeng sa bona. 21 Joale Baiseraele ba neng ba khutlile botlamuoeng ba e ja hammoho le bohle ba neng ba e-na le bona ’me ba tlohetse mekhoa e sa hloekang ea lichaba tsa naha e le hore ba rapele* Jehova Molimo oa Iseraele.+ 22 Hape ba ile ba keteka Mokete oa Mahobe a se Nang Tomoso+ ka matsatsi a supileng ba thabile etsoe Jehova o ne a entse hore ba thabe le hore morena oa Asiria a ba rate+ hoo a ileng a ba tšehetsa* mosebetsing oa ntlo ea Molimo oa ’nete, Molimo oa Iseraele.
7 Ka mor’a lintho tsena, nakong ea puso ea Morena Artaseksese+ oa Persia, Esdrase*+ a khutla. E ne e le mora oa Seraia,+ mora oa Azaria, mora oa Hilkia,+ 2 mora oa Shalume, mora oa Tsadoke, mora oa Akitube, 3 mora oa Amaria, mora oa Azaria,+ mora oa Merajothe, 4 mora oa Zerahia, mora oa Uzi, mora oa Buki, 5 mora oa Abishua, mora oa Finease,+ mora oa Eleazare,+ mora oa moprista e moholo Arone.+ 6 Esdrase enoa ke eena ea ileng a nyoloha a tsoa Babilona. E ne e le mokopitsi* ea tsebang* Molao oa Moshe,+ oo Jehova Molimo oa Iseraele a neng a fane ka oona. Morena o ile a mo fa sohle seo a se kopang hobane Jehova Molimo oa hae o ne a e-na le eena.
7 Baiseraele ba bang, baprista, Balevi,+ libini,+ balebeli ba likeiti+ le basebeletsi ba tempeleng,*+ ba nyolohela Jerusalema ka selemo sa bosupa sa Morena Artaseksese. 8 Eaba Esdrase o tla Jerusalema ka khoeli ea bohlano, ka selemo sa bosupa sa morena. 9 Ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, a qala ho nka leeto ho tloha Babilona ’me a fihla Jerusalema ka letsatsi la pele la khoeli ea bohlano hobane Molimo oa hae o ne a e-na le eena.+ 10 Esdrase o ne a ikemiselitse ka pelong ea hae* hore a bale Molao oa Jehova, a o phethe+ le ho ruta melao le likahlolo tsa oona Iseraele.+
11 Lena ke lengolo le kopilitsoeng leo Morena Artaseksese a ileng a le fa moprista le mokopitsi* Esdrase, eo e neng e le setsebi sa thuto* ea litaelo le melao ea Jehova e eang ho Iseraele. Le ne le re:
12 * “Artaseksese,+ morena oa marena, ho moprista Esdrase, mokopitsi* oa Molao oa Molimo oa maholimo: Khotso e be le uena. 13 Ke laetse hore Baiseraele bohle ba tlas’a puso ea ka le baprista ba bona le Balevi ba ka ratang ho ea Jerusalema le uena ba ee+ 14 hobane u rometsoe ke morena le baeletsi ba hae ba supileng ho batlisisa hore na batho ba Juda le Jerusalema ba ntse ba latela Molao oa Molimo oa hao oo u o tšoereng* 15 le hore u nke silevera le khauta eo morena le baeletsi ba hae ba ithaopetseng ho e fa Molimo oa Iseraele ea lulang Jerusalema 16 hammoho le silevera eohle le khauta eo u e fumanang liprofinseng tsohle tsa Babilona, le mpho eo sechaba le baprista ba ithaopelang ho fana ka eona ntlong ea Molimo oa bona e Jerusalema.+ 17 Ka potlako u lokela ho reka lipoho,+ liramo+ le likonyana+ ka chelete ena hammoho le linyehelo tsa tsona tsa lijo tse kotutsoeng+ le linyehelo tsa tsona tsa lino+ ’me u li hlahise Jerusalema holim’a aletare ea ntlo ea Molimo oa lona.
18 Uena le bana beno le ka etsa eng kapa eng e bonahalang e le molemo ho lona ka silevera le khauta e setseng ho ea ka thato ea Molimo oa lona. 19 Lijana tsohle tseo u li fuoang bakeng sa tšebeletso ea ntlo ea Molimo oa hao, u li hlahise ka pel’a Molimo Jerusalema.+ 20 Lintho tse ling kaofela tse hlokahalang tsa ntlo ea Molimo oa hao tseo u lokelang ho fana ka tsona, u li reke ka chelete e tsoang matlotlong a morena.+
21 ’Na Morena Artaseksese, ke laetse batho bohle ba tšoarang matlotlo ba sebaka se ka Nģ’ane ho Noka* hore ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo moprista Esdrase,+ mokopitsi* oa Molao oa Molimo oa maholimo a e kopang ho lona a e fuoe ka potlako. 22 Leha e ka ba silevera e etsang lik’hilokramo tse 3 420,* lilithara tse 22 000* tsa koro, lilithara tse 2 200* tsa veine,+ lilithara tse 2 200* tsa oli+ le letsoai+ le lengata. 23 Sohle seo Molimo oa maholimo a se laetseng se ke se etsoe ka mafolofolo bakeng sa ntlo ea Molimo oa maholimo+ e le hore Molimo a se ke a halefela puso ea morena le bara ba hae.+ 24 Le boetse le tsebisoa hore ha lea lumelloa ho batla lekhetho ho hang+ kapa chelete ea ho sebelisa tsela ho baprista le ho Balevi, ho libini+ le batho ba bapalang liletsa, ho balebeli ba menyako, ho basebeletsi ba tempeleng,*+ le ho basebetsi ba ntlo ena ea Molimo.
25 Uena Esdrase, khetha bo-’maseterata le baahloli hore ba ahlole batho bohle ba sebaka se ka Nģ’ane ho Noka, bohle ba tsebang melao ea Molimo oa hao, u sebelisa bohlale boo u bo fuoeng ke Molimo oa hao.* Hape, motho e mong le e mong ea sa tsebeng melao ena u mo rute eona.+ 26 Motho e mong le e mong ea sa lateleng Molao oa Molimo oa hao le molao oa morena, a ahloloe ka potlako ebang o ahloleloa lefu, oa lelekoa, oa patalisoa kapa o koalloa teronkong.”
27 E se eka Jehova Molimo oa baholo-holo ba rona a ka rorisoa, ea ileng a susumetsa morena hore a khabise ntlo ea Jehova e Jerusalema.+ 28 O ile a mpontša lerato* ka pel’a morena+ le baeletsi ba hae+ le likhosana tsohle tse matla tsa morena. Kahoo, ke ile ka ba sebete* hobane Jehova Molimo oa ka o ne a e-na le ’na ’me ho tsoa Iseraele ka bokella banna ba etellang pele* hore ba nyolohe le ’na.
8 Joale bana e ne e le lihlooho tsa malapa le ba ngolisitsoeng ka maloko ba ileng ba nyoloha le ’na ho tsoa Babilona nakong ea puso ea Morena Artaseksese:+ 2 Ho bara ba Finease+ e ne e le Gershome, ho bara ba Ithamare+ e le Daniele, ho bara ba Davida e le Hatushe, 3 ho bara ba Shekania, ho bara ba Paroshe e le Zakaria ’me o ne a e-na le ba ngolisitsoeng ba batona ba 150. 4 Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Elieho-enai mora oa Zerahia ’me o ne a e-na le ba batona ba 200, 5 ho bara ba Zatu+ e le Shekania mora oa Jahaziele ’me o ne a e-na le ba batona ba 300, 6 ho bara ba Aline+ e le Ebede mora oa Jonathane ’me o ne a e-na le ba batona ba 50, 7 ho bara ba Elame+ e le Jeshaia mora oa Athalia ’me o ne a e-na le ba batona ba 70, 8 ho bara ba Shefatia+ e le Zebadia mora oa Mikaele ’me o ne a e-na le ba batona ba 80, 9 ho bara ba Joabe e le Obadia mora oa Jehiele ’me o ne a e-na le ba batona ba 218, 10 ho bara ba Bani e le Shelomithe mora oa Josifia ’me o ne a e-na le ba batona ba 160, 11 ho bara ba Bebai+ e le Zakaria mora oa Bebai ’me o ne a e-na le ba batona ba 28, 12 ho bara ba Azgade+ e le Johanane mora oa Hakatane ’me o ne a e-na le ba batona ba 110, 13 ho bara ba Adonikame,+ bao e neng e le ba ho qetela, e ne e le Elifelete, Jeiele le Shemaia ’me ba ne ba e-na le ba batona ba 60, 14 ho bara ba Bigvai+ e le Uthai le Zabbude ’me ba ne ba e-na le ba batona ba 70.
15 Ka ba bokella nokeng e eang Ahava,+ ra lula litenteng moo ka matsatsi a mararo. Empa ha ke hlahloba batho le baprista ka fumana ho se le ea mong oa Balevi moo. 16 Kahoo, ka romeletsa hore ho bitsoe Eliezere, Ariele, Shemaia, Elnathane, Jaribe, Elnathane, Nathane, Zakaria le Meshulame bao e neng e le banna ba etellang pele le hore ho bitsoe Jojaribe le Elnathane bao e neng e le barupeli. 17 Joale ka ba laela hore ba ee ho Ido moeta-pele oa sebaka se bitsoang Kasifia. Ke ile ka re ba bolelle Ido le bana babo, basebeletsi ba tempeleng* ba neng ba le Kasifia hore ba re tlisetse basebeletsi bakeng sa ntlo ea Molimo oa rona. 18 Kaha Molimo oa rona ea molemo o ne a e-na le rona, ba tlisa monna ea bohlale ho tsoa ho bara ba Maheli+ setloholo sa Levi mora oa Iseraele e leng Sherebia+ le bara ba hae le bana babo ’me e ne e le banna ba 18 19 le Hashabia ’me o ne a e-na le Jeshaia ea tsoang ho Bamerari+ le bana babo le bara ba bona, e le banna ba 20. 20 Ho ne ho e-na le basebeletsi ba tempeleng* ba 220 bao Davida le likhosana ba neng ba fane ka bona hore ba sebeletse Balevi ’me mabitso a bona kaofela a ne a ngotsoe bukeng.
21 Ka phatlalatsa hore ho itingoe lijo moo nokeng ea Ahava hore re ikokobetse ka pel’a Molimo oa rona le ho kopa hore a re tataise leetong la rona le hore a re sireletse le bana ba rona hammoho le thepa eohle ea rona. 22 Ke ile ka soabela ho kopa morena hore a mphe masole le bapalami ba lipere hore ba re sireletse khahlanong le lira tseleng hobane re ne re itse ho morena: “Molimo oa rona o na le bohle ba mo batlang*+ empa bohle ba mo furallang o ba halefela ka matla.”+ 23 Kahoo, ra itima lijo eaba re kopa Molimo ka tieo hore a re thuse mabapi le taba ena ’me o ile a re mamela.+
24 Joale ka khetha baokameli ba baprista ba 12 e leng Sherebia le Hashabia+ hammoho le bana ba bo bona ba leshome. 25 Eaba ke ba bekhela silevera le khauta hammoho le lintho tse sebelisoang tempeleng e leng nyehelo eo morena, baeletsi ba hae, likhosana tsa hae le Baiseraele bohle ba neng ba le moo ba ileng ba fana ka eona ntlong ea Molimo oa rona.+ 26 Ka mor’a ho li bekha ka ba fa silevera e ka etsang boima ba lik’hilokramo tse 22 230,* lintho tse sebelisoang tempeleng tsa silevera tse 100 tse ka rekoang ka boima ba lik’hilokramo tse ka bang 68,* khauta ea boima ba lik’hilokramo tse 3 420,* 27 likotlolo tse nyenyane tsa khauta tse 20 tse ka rekoang ka lidarike* tse 1 000 le lisebelisoa tse peli tsa koporo e ntle, e bofubelu bo benyang le e bohlokoa joaloka khauta.
28 Ka re ho bona: “Lea halalela ho Jehova+ le lintho tse sebelisoang tempeleng lia halalela ’me silevera le khauta ke lintho tse fanoeng ka ho rata ho Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona. 29 Le li hlokomele ho fihlela le li bekha sekaleng Jerusalema ka pel’a baokameli ba baprista, Balevi le likhosana tsa malapa a Iseraele+ ka liholong* tsa ntlo ea Jehova.” 30 Baprista le Balevi ba nka silevera le khauta le lintho tse sebelisoang tempeleng tseo ba neng ba li bekhetsoe e le hore ba li tlise Jerusalema ntlong ea Molimo oa rona.
31 Qetellong ra tloha nokeng ea Ahava+ ka letsatsi la bo12 la khoeli ea pele+ ra ea Jerusalema. Molimo oa rona o ne a e-na le rona ’me a re lopolla letsohong la sera le ho ba re laletseng tseleng hore ba re ntše kotsi. 32 Kahoo, ra fihla Jerusalema+ ’me ra lula moo matsatsi a mararo. 33 Ka letsatsi la bone, ra bekha silevera le khauta hammoho le lintho tse sebelisoang ka tlung ea Molimo oa rona.+ Re ile ra li fa Meremothe+ mora oa moprista Uria. O ne a e-na le Eleazare mora oa Finease hammoho le Balevi e leng Jozabade+ mora oa Jeshua le Noalia mora oa Binui.+ 34 Ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ile ea baloa le ho bekhoa sekaleng ’me boima bohle bo ile ba ngoloa fatše. 35 Ba tsoang botlamuoeng ba ile ba fa Molimo oa Iseraele mahlabelo a secheso e leng lipoho tse 12+ bakeng sa Baiseraele bohle, liramo tse 96+ le likonyana tse tona tse 77 ’me liphooko* tse 12+ e le nyehelo ea sebe. Tsena tsohle e ne e le nyehelo ea secheso ho Jehova.+
36 Joale ra fa matona a ka sehloohong* a liprofinse a morena+ le matona a sebaka se ka Nģ’ane ho Noka*+ litaelo tsa morena eaba a thusa batho ’me a fana ka se hlokahalang bakeng sa ntlo ea Molimo oa ’nete.+
9 Hang ha lintho tsena li se li entsoe, likhosana tsa tla ho ’na tsa re: “Batho ba Iseraele le baprista le Balevi ha baa ikarola ho lichaba tsa linaha tsena le ho mekhoa ea tsona e nyonyehang+ e leng ea Bakanana, Bahethe, Bapereze, Bajebuse, Baamone, Bamoabe, Baegepeta+ le Baamore.+ 2 Ba nkile ba bang ba barali ba bona hore e be basali ba bona ’me ba ba nkela le bara ba bona.+ Joale bona e leng litloholo* tse halalelang,+ ba tsoakane le batho ba linaha tsena.+ Likhosana le batlatsi ba babusi ke bona ba tlolang molao le ba sa tšepahaleng ho feta batho ba bang kaofela.”
3 Hang ha ke utloa taba ena, ka tabola liaparo tsa ka eaba ke hlotha moriri o mong oa hlooho ea ka le litelu ’me ka lula fatše ke tšohile. 4 Ha ke ntse ke lutse ke tšohile ho fihlela mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ batho bohle ba hlomphang* mantsoe a Molimo oa Iseraele ba bokana pel’a ka hobane ba ne ba tšoenngoa ke libe tsa batho ba isitsoeng botlamuoeng.
5 Mantsiboea ha ho etsoa nyehelo ea lijo,*+ ka phahama moo ke neng ke lutse teng ke utloile bohloko, ke apere liaparo tsa ka tse tabohileng eaba ke khumama ka mangole ’me ke otlollela matsoho a ka ho Jehova Molimo oa ka. 6 Ka re: “Molimo oa ka, ke ikutloa ke hlajoa ke lihlong ebile ke soabela le ho u rapela hobane liphoso tsa rona li ngata haholo ’me melato ea rona e fihla maholimong.+ 7 Ho tloha matsatsing a baholo-holo ba rona ho fihlela letsatsing lena re entse liphoso tse ngata+ ’me kaha re u foselitse, ho fanoe ka rona le marena a rona le baprista ba rona matsohong a marena a linaha hore ba re bolaee ka sabole,+ ba re ise botlamuoeng,+ ba re utsoetse+ le hore ba re tlotlolle feela joaloka letsatsing lena.+ 8 Empa hona joale Jehova Molimo oa rona u re qenehetse ka nakoana, ka ho lumella ba setseng hore ba phonyohe le ka ho re fa boemo bo sireletsehileng sebakeng sa hae se halalelang,+ ho etsa hore mahlo a rona a khanye Molimo oa rona le ho re imolla hanyenyane bokhobeng ba rona. 9 Le hoja re le makhoba,+ Molimo oa rona ha aa re tlohela bokhobeng ba rona empa o re bontšitse lerato* la hae ka pel’a marena a Persia+ ho re imolla e le hore re ka haha ntlo ea Molimo oa rona bocha+ le ho lokisa libaka tsa eona tse senyehileng, a ba a re sireletsa* Juda le Jerusalema.
10 Empa Molimo oa rona, re tla re’ng ka mor’a see? Hobane joale ha rea mamela litaelo tsa hao 11 tseo u re fileng tsona u sebelisa bahlanka ba hao ba baprofeta oa re: ‘Naha eo le kenang ho eona hore e be ea lona ke naha e litšila hobane batho ba lulang ho eona ha baa hloeka ka lebaka la mekhoa ea bona e nyonyehang. Ba tlatsitse naha eo ka litšila tsa bona ho tloha moo e qalang ho fihlela moo e fellang teng.+ 12 Kahoo, le se ke la lumella barali ba lona hore ba nyaloe ke bara ba bona kapa la lumella bara ba lona hore ba nyale barali ba bona+ ’me le ka mohla le se ke la etsa ntho leha e le efe e tla etsa hore ba be le khotso kapa ba atlehe+ e le hore le tle le be matla ’me le je lijo tse ntle tsa naha ’me le fetisetse naha eo ho bara ba lona e le lefa la bona ka ho sa feleng.’ 13 Ka mor’a lintho tsohle tse re hlahetseng ka lebaka la liketso tsa rona tse mpe le libe tsa rona tse ngata leha uena Molimo oa rona u re file kotlo e nyenyane ho latela boholo ba liphoso tsa rona+ ebile u lumelletse rona ba mona hore re phonyohe,+ 14 na re tla tlola litaelo tsa hao hape ’me re nyallane le batho ba lichaba tse etsang lintho tsee tse nyonyehang?+ Na u ke ke oa re halefela hoo u tla re felisa, u sa siee leha e le motho a le mong kapa mophonyohi? 15 Jehova Molimo oa Iseraele, u lokile+ hobane ke rona bana re phonyohile ebile re ba setseng ho fihlela letsatsing lena. Ke rona bana ka pel’a hao re le molato etsoe re hloleha ho ema ka pel’a hao ka lebaka la molato ona.”+
10 Ha Esdrase a ntse a rapela+ ’me a bolela libe tsa sechaba sa habo, a bile a lla ’me a khumame ka pel’a ntlo ea Molimo oa ’nete, sehlopha se seholo sa Iseraele sa banna, basali le bana sa mo bokanela ’me batho ba lla haholo. 2 Joale Shekania mora oa Jehiele+ oa bara ba Elame+ a re ho Esdrase: “Ha rea tšepahalla Molimo oa rona ka hore ebe re nyetse* basali bao eseng Baiseraele ba tsoang lichabeng tse re potolohileng.+ Leha ho le joalo, ho ntse ho e-na le tšepo bakeng sa Iseraele. 3 A re etseng selekane le Molimo+ oa rona, sa ho leleka basali bohle le bana ba bona ho ea ka taelo ea Jehova le ea batho bohle ba hlomphang* taelo ea Molimo oa rona.+ A re lateleng Molao. 4 Ema hobane taba ena ke boikarabelo ba hao ’me re na le uena. E-ba matla ’me u etse seo u lokelang ho se etsa.”
5 Eaba Esdrase oa ema ’me o etsa hore baokameli ba baprista, Balevi le Baiseraele bohle ba ikane hore ba tla etsa ho ea ka se boletsoeng.+ Kahoo, ba ikana. 6 Joale Esdrase a ema eaba o tloha ka pel’a ntlo ea Molimo oa ’nete, a ea holong* ea Johanane mora oa Eliashibe. Le hoja a ile a ea moo, ha aa ka a ja lijo kapa hona ho noa metsi hobane o ne a utloile bohloko ka lebaka la ho se tšepahale ha batho ba tsoang botlamuoeng.+
7 Ba phatlalatsa motseng oohle oa Juda le Jerusalema hore batho bohle ba neng ba tsoa botlamuoeng ba lokela ho kopana Jerusalema 8 ho ea ka qeto ea likhosana le baholo. Mang kapa mang ea tla tla ka mor’a matsatsi a mararo, o tla nkeloa* lintho tsohle tsa hae ’me a lelekoe phuthehong ea batho ba tsoang botlamuoeng.+ 9 Kahoo, banna bohle ba leloko la Juda le la Benjamine ba kopana Jerusalema pele ho feta matsatsi a mararo, ka letsatsi la bo20 khoeling ea borobong. Batho bohle ba ne ba lutse lebaleng la ntlo ea Molimo oa ’nete, ba thothomela ka lebaka la taba ena le ka lebaka la lipula tse matla.
10 Eaba moprista Esdrase oa ema ’me o re ho bona: “Ha lea tšepahalla Molimo ka ho nyala basali bao e seng Baiseraele+ ’me le ekelitse liphoso tsa Iseraele. 11 Bolellang Jehova Molimo oa baholo-holo ba lona libe tsa lona ’me le etse thato ea hae. Ikaroleng ho batho ba linaha tse ling le ho basali bana bao e seng Baiseraele.”+ 12 Eaba phutheho eohle e araba ka lentsoe le phahameng e re: “Re tla etsa sohle seo u reng re se etse. 13 Leha ho le joalo, ho na le batho ba bangata ebile ke nako ea lipula. Re ke ke ra khona ho ema ka ntle hape taba ena e ke ke ea nka letsatsi le le leng kapa a mabeli feela hobane re foselitse Molimo haholo. 14 Kahoo, re kopa hore likhosana tsa rona li emele phutheho eohle+ ’me bohle ba metseng ea rona ba nyetseng basali bao e seng Baiseraele ba tle ka nako eo ba e behetsoeng. Ba tle le baholo le baahloli ba motse o mong le o mong ho fihlela Molimo oa rona a se a khaolitse ho re halefela ka taba ena.”
15 Leha ho le joalo, Jonathane mora oa Asahele le Jazeia mora oa Tikva ha baa ka ba lumellana le taba ena. Balevi e leng Meshulame le Shabthai+ le bona ha baa ka ba lumellana le eona. 16 Empa ba neng ba tsoa botlamuoeng ba etsa seo ho neng ho lumellanoe ka sona. Eaba moprista Esdrase le lihlooho tsa malapa e leng bohle ba neng ba bitsitsoe ka mabitso, ba hlophisa ho kopana e le bona feela ka letsatsi la pele la khoeli ea leshome hore ba hlahlobe taba ena. 17 Ka letsatsi la pele la khoeli ea pele, ba ile ba qeta ho rarolla mathata a banna bohle ba neng ba nyalane le basali bao e seng Baiseraele. 18 Ho ile ha fumanoa hore ba bang ba bara ba baprista ba ne ba nyalane le basali bao e seng Baiseraele.+ Ho bara ba Jeshua+ mora oa Jozadake le bana babo e ne e le Maseia, Eliezere, Jaribe le Gedalia. 19 Empa ba ile ba tšepisa* hore ba tla leleka basali ba bona ’me kaha ba ne ba le molato, ba ne ba tla fana ka ramo e tsoang mohlapeng bakeng sa phoso ea bona.+
20 Ho bara ba Imere,+ e ne e le Hanani le Zebadia. 21 Ho bara ba Harime+ e le Maseia, Elia, Shemaia, Jehiele le Uzia. 22 Ho bara ba Pashkure+ e le Elioenai, Maseia, Ishmaele, Nethaniele, Jozabade le Eleasa. 23 Ho Balevi e ne e le Jozabade, Shimei, Kelaia (e leng Kelita), Pethahia, Juda le Eliezere. 24 Ho libini e le Eliashibe ’me ho balebeli ba likeiti e le Shalume, Teleme le Uri.
25 Ho Iseraele, ho bara ba Paroshe+ e ne e le Ramia, Izia, Malkija, Mijamine, Eleazare, Malkija le Benaia. 26 Ho bara ba Elame+ e le Matania, Zakaria, Jehiele,+ Abdi, Jeremothe le Elia. 27 Ho bara ba Zatu+ e le Elioenai, Eliashibe, Matania, Jeremothe, Zabade le Aziza. 28 Ho bara ba Bebai+ e le Johanane, Hanania, Zabai le Athlai. 29 Ho bara ba Bani e le Meshulame, Maluke, Adaia, Jashube, Sheale le Jeremothe. 30 Ho bara ba Pahathe-moabe+ e le Adna, Kelale, Benaia, Maseia, Matania, Bezalele, Binui le Manase. 31 Ho bara ba Harime+ e le Eliezere, Ishija, Malkija,+ Shemaia, Shimeone, 32 Benjamine, Maluke le Shemaria. 33 Ho bara ba Hashume+ e le Matenai, Matata, Zabade, Elifelete, Jeremai, Manase le Shimei. 34 Ho bara ba Bani e le Maadai, Amrame, Uele, 35 Benaia, Bedeia, Keluhi, 36 Vania, Meremothe, Eliashibe, 37 Matania, Matenai le Jasu. 38 Ho bara ba Binui e le Shimei, 39 Shelemia, Nathane, Adaia, 40 Maknadebai, Shashai, Sharai, 41 Azarele, Shelemia, Shemaria, 42 Shalume, Amaria le Josefa 43 ’me ho bara ba Nebo e le Jeiele, Matithia, Zabade, Zebina, Jadai, Joele le Benaia. 44 Banna bana bohle ba ne ba nyalane le basali bao e seng Baiseraele+ ’me ba ile ba leleka basali ba bona hammoho le bana ba bona.+
Kapa mohlomong: “ea leng Jerusalema.”
Ka Seheberu: “ba matlafatsa matsoho a bona ka.”
Kapa: “setereke.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “ba ile ba thibeloa bopristeng ba nkoa e le ba sa hloekang.”
Kapa: “Tirshatha” e leng lebitso leo matona a liprofinse tsa Persia a neng a bitsoa ka lona.
Kapa: “hore e emisoe.”
Hangata e ne e lekanngoa le darike ea Persia ea khauta e neng e le boima ba likramo tse 8,4. Ha se drakema eo ho buuoang ka eona Mangolong a Segerike. Sheba Ntlha ea B14.
Mina Mangolong a Seheberu e lekana le likramo tse 570. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Ka Seheberu: “Iseraele eohle.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “re batla.”
Ka Seheberu: “fokolisa matsoho a.”
Kapa mohlomong: “e ne e ngotsoe ka Searame eaba ea fetoleloa.”
Qalong Esd 4:8 ho ea ho 6:8 e ne e ngotsoe ka Searame.
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “re fumana moputso oa rona ntlong ea morena.”
Kapa: “litereke.”
Kapa mohlomong: “e ile ea fetoleloa eaba ea baloa.”
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “libalaka tsee.”
Ka Searame: “Leihlo la Molimo oa bona le ne le le holim’a.”
Kapa: “seterekeng.”
Kapa: “libalaka tsee.”
Ka Searame: “ntlong ea litlaleho.”
Kapa: “seterekeng.”
Ka Seheberu: “litsoe tse 60.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “ ’me a khokhotheloe ho eona.”
Kapa mohlomong: “moo ho lahleloang matlakala kapa qubu ea bolokoe.”
Sheba Ntlha ea B15.
Kapa: “lipoli tse tona.”
Ka Seheberu: “ba batle.”
Ka Seheberu: “a matlafatsa matsoho a bona.”
E bolelang “Thuso.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “E ne e le mokopitsi ea nang le bokhoni oa.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “o ne a lokisitse pelo ea hae.”
Kapa: “mongoli.”
Kapa: “mongoli oa mantsoe.”
Qalong Esd 7:12 ho ea ho 7:26 e ne e ngotsoe ka Searame.
Kapa: “mongoli.”
Ka Searame: “o letsohong la hao.”
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Kapa: “mongoli.”
Ka Seheberu: “litalenta tse 100.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “likore tse 100.” Kore e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “libate tse 100.” Bate e lekana le lilithara tse 22. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “libate tse 100.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Searame: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Ka Searame: “ho ea ka bohlale ba Molimo oa hao bo letsohong la hao.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka imatlafatsa.”
Ka Seheberu: “lihlooho.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Banethinime.” Ka Seheberu: “Bao ho fanoeng ka bona.”
Kapa: “Letsoho la Molimo oa rona le holim’a bohle ba mo batlang.”
Ka Seheberu: “litalenta tse 650.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.
Ka Seheberu: “litalenta tse peli.”
Ka Seheberu: “litalenta tse 100.”
Darike ke chelete ea tšepe ea khauta ea Persia. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “liholong tsa ho jela.”
Kapa: “lipoli tse tona.”
Tlotla ena e bolela “batho ba sireletsang ’muso,” mona e sebelisitsoe ho matona a liprofinse tse Pusong ea Persia.
Kapa: “ka Nģ’ane ho Eufrate.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “a re fa lerako la majoe.”
Kapa: “ka ho kenya basali bao e seng Baiseraele ka matlung a rona.”
Ka Seheberu: “bohle ba neng ba thothomella.”
Kapa: “holong ea ho jela.”
Kapa: “thibeloa ho sebelisa.”
Ka Seheberu: “ba ile ba fana ka matsoho a bona.”