Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Esthere 1:1-10:3
  • Esthere

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Esthere
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Esthere

ESTHERE

1 Mehleng ea ha Asueruse* a ne a busa liprofinse tse 127+ ho tloha India ho ea Ethiopia,* 2 o ne a busa a le Shushane*+ ntlong ea hae ea borena.* 3 Selemong sa boraro sa puso ea hae a etsa mokete bakeng sa likhosana tsohle tsa hae, bahlanka ba hae, masole a Persia+ le Media,+ marena le likhosana tsa liprofinse tsa hae. 4 A ba bontša maruo a ’muso oa hae o khanyang, tlhompho le botle ba botlotlehi ba hae ka matsatsi a mangata, matsatsi a 180. 5 Ka mor’a matsatsi ana, morena a etsa mokete oa matsatsi a supileng bakeng sa batho bohle ba neng ba le Shushane ntlong ea morena, ho tloha ho barui ho ea tsoa ho bafutsana. O ne o tšoaretsoe ka jareteng ea ntlo ea morena. 6 Ho ne ho e-na le likharetene tsa line tse tšoeu, ho e-na le tsa k’hothone ea boleng bo botle le tsa lesela le leputsoa. Li ne li hakiloe liropong tse entsoeng ka lesela la boleng bo botle le boea bo pherese tse faselelitsoeng lihakising tsa silevera tse lipilareng tsa ’mabole. Ho ne ho boetse ho e-na le litulo* tsa khauta le silevera. Fatše ho ne ho aliloe ka lejoe la pofiri, ’mabole, perela le ’mabole o motšo.

7 Ho ne ho noelloa veine ka likoping tsa khauta. Likopi e ne e le tsa mefuta-futa ’me veine ea borena e ne e le ngata ho ea ka bokhoni ba morena. 8 Ho ne ho nooa ho latela molao oa hore ho se ke ha e-ba le motho ea qobelloang* etsoe morena o ne a hlophile le liofisiri tsa ntlo ea borena hore e mong le e mong a etse kamoo a ratang.

9 Mofumahali Vashti+ le eena a etsetsa basali mokete ka tlung ea borena ea Morena Asueruse.

10 Ka letsatsi la bosupa ha morena a thabisitsoe ke ho noa veine, a re Mehumane, Biztha, Harbona,+ Bigtha, Abagtha, Zethare le Karkase e leng liofisiri tse supileng tsa lekhotla tse neng li sebeletsa Morena Asueruse, 11 ba tlise Mofumahali Vashti ho morena a roetse tuku ea boreneng bakeng sa ho bontša lichaba le likhosana botle ba hae kaha o ne a le motle haholo. 12 Empa Mofumahali Vashti a ’na a hana ho tla ha liofisiri tsa lekhotla li mo bolella taelo ea morena. Morena a halefa haholo, a tuka ke bohale.

13 Morena a bua le banna ba bohlale ba nang le boiphihlelo litabeng tsa meetlo ea mehleng eo (etsoe morena o ne a tloaetse ho teka litaba tsa hae ka pel’a bohle ba rutehileng haholo molaong le linyeoeng. 14 Ba neng ba le haufi haholo le eena e ne e le Karshena, Shethare, Admatha, Tarshishe, Merese, Marsena le Memukane e leng likhosana tse supileng+ tsa Persia le Media, tse neng li khona ho tla ho morena le tse neng li le boemong bo ka holimo-limo ’musong). 15 Morena a re: “Ho ea ka molao, ho lokela ho etsoa’ng ka Mofumahali Vashti kaha ha aa mamela taelo ea Morena Asueruse eo liofisiri tsa lekhotla li mo boleletseng eona?”

16 Memukane a bua ka pel’a morena le likhosana a re: “Mofumahali Vashti ha a fosetsa morena feela+ empa o foselitse le likhosana tsohle le lichaba tsohle tse liprofinseng tsohle tsa Morena Asueruse. 17 Basali bohle ba tla tseba ka ketso ena ea mofumahali ebe ba tella banna ba bona ba re: ‘Esita le Mofumahali Vashti ha aa ka a mamela ha Morena Asueruse a mo laela hore a ee ho eena.’ 18 Hona kajeno likhosatsana tsa Persia le Media tse tsebang hore na mofumahali o entse’ng, li tla bua le likhosana tsohle tsa morena ebe lia tellana le ho halefelana. 19 Haeba morena a lumela, a ke a fane ka taelo ’me e ngoloe har’a melao e ke keng ea fetoloa+ ea Persia le Media hore le ka mohla Vashti a se ke a tla ho Morena Asueruse. Morena a fane ka boemo ba hae ba bofumahali ho mosali ea molemo ho mo feta. 20 Ha batho ba utloa taelo ea morena libakeng tsohle tse tlas’a puso ea hae, basali bohle ba tla hlompha banna ba bona, ho sa tsotellehe hore na banna bao ba hlaheletse kapa ke batho feela.”

21 Keletso ena ea thabisa morena le likhosana eaba morena o etsa kamoo Memukane a mo elelitseng kateng. 22 Kahoo, a romela mangolo liprofinseng tsohle+ tse tlas’a puso ea hae, profinseng ka ’ngoe ka tsela eo ho ngoloang ka eona moo le ho sechaba ka seng ka puo ea sona e le hore monna e mong le e mong e be hlooho lapeng la hae ’me a bue ka puo ea habo.

2 Ka mor’a lintho tsena, ha khalefo ea Morena Asueruse+ e kokobetse, a nahana ka seo Vashti a se entseng+ le qeto e entsoeng ka eena.+ 2 Kahoo, bahlanka ba morena ba re: “Morena o lokela ho batleloa baroetsana ba batle. 3 Hape morena a khethe batho liprofinseng tsohle tse pusong ea hae+ ’me ba tlise baroetsana bohle ba batle Shushane* ntlong ea morena,* ntlong ea basali. Ba hlokomeloe ke Hegai+ leqhalaha* la morena e leng mohlokomeli oa basali ’me ba fuoe litlolo tse etsang hore ba be batle. 4 Moroetsana ea khahlang morena haholo e tla ba mofumahali ho e-na le Vashti.”+ Morena a rata tlhahiso ena eaba o etsa joalo.

5 Ho ne ho e-na le monna e mong oa Mojuda Shushane+ ntlong ea morena, eo lebitso la hae e neng e le Mordekai+ mora oa Jaire. E ne e le setloholo sa Shimei, mora oa Kishe Mobenjamine.+ 6 O* ile a tloha Jerusalema e le e mong oa batho ba neng ba hapeletsoe le Morena Jekonia*+ oa Juda ke Morena Nebukadnezare oa Babilona. 7 Mordekai o ile a holisa Hadasa* e leng Esthere motsoala oa hae+ kaha Esthere o ne a se na ’mè le ntate. Moroetsana enoa o ne a le motle a bile a le seemo se setle. Ha ’mè le ntate oa hae ba hlokahala, Mordekai o ile a mo holisa ’me ea e-ba morali oa hae. 8 Ka mor’a hore ho phatlalatsoe taelo ea morena, baroetsana ba bangata ba isoa Shushane ntlong ea morena ’me ba hlokomeloa ke Hegai.+ Esthere le eena a isoa ntlong ea morena ’me a ba tlhokomelong ea Hegai mohlokomeli oa basali.

9 Hegai a rata moroetsana enoa eaba ka potlako o lokisetsa hore a fuoe litlolo tse etsang hore a be motle.+ A mo fa le lijo tse khethehileng ’me a laela baroetsana ba supileng ba khethiloeng ntlong ea morena hore ba sebeletse Esthere. Hegai a boela a isa Esthere le bahlokomeli ba hae sebakeng se setle haholo sa ntlo ea basali. 10 Esthere o ne a e-s’o re letho ka batho ba habo+ kapa beng ka eena hobane Mordekai+ o ne a mo laetse hore a se ke a bolella mang kapa mang.+ 11 Mordekai o ne a ee a tsamaee ka pel’a ntlo ea basali lebaleng letsatsi le letsatsi hore a tsebe hore na Esthere o phela joang le hore na ho ntse ho etsahala’ng ka eena.

12 Baroetsana ba ne ba lokela ho qeta likhoeli tse 12 ba ntse ba etsoa hore ba be batle. Likhoeling tsa pele tse tšeletseng, ba ne ba tlotsoa ka oli ea mira+ ebe tse ling tse tšeletseng ba tlotsoa ka oli ea balsame+ le lioli tse ling. E ne e le tsela eo baroetsana ba neng ba etsoa botle ka eona. Ka mor’a moo, moroetsana ka mong o ne a fuoa nako ea ho ea ho Morena Asueruse. 13 Ka mor’a hore a etsoe hore a be motle, o ne a ka ea ho morena. O ne a fuoa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e kopang ha a tloha ntlong ea basali a ea ntlong ea morena. 14 O ne a kena mantsiboea ebe hoseng o khutlela ntlong ea bobeli ea basali* moo a hlokomeloang ke Shashagaze leqhalaha la morena,+ eo e leng mohlokomeli oa basali ba lirethe. O ne a ke ke a ea ho morena hape ntle leha morena a ne a hlile a khahliloe ke eena ’me a bitsitsoe ka lebitso.+

15 Esthere e ne e le morali oa Abikaile ea neng a amana le Mordekai. Mordekai o ne a mo nkile joaloka morali oa hae.+ Ha nako ea Esthere ea hore a ee ho morena e fihla, ha aa ka a kopa letho haese lintho tseo Hegai leqhalaha la morena, mohlokomeli oa basali a ileng a mo khothaletsa ho li kopa. (Ka nako ena eohle Esthere o ne a ratoa ke bohle ba neng ba mo bona.) 16 Selemong sa bosupa+ sa puso ea Morena Asueruse, Esthere a isoa ntlong ea borena ka khoeli ea leshome e leng khoeli ea Tebethe.* 17 Morena a khahloa ke Esthere haholo ho feta basali ba bang bohle ’me a mo rata ho feta baroetsana ba bang. A mo roesa tuku ea boreneng ’me ea e-ba eena mofumahali+ ho e-na le Vashti.+ 18 Morena a etsa mokete o moholo bakeng sa likhosana tsohle tsa hae le bahlanka ba hae. E ne e le mokete oa Esthere. Eaba morena o lokolla batho* liprofinseng le ho fana ka limpho ho ea ka leruo la hae.

19 Joale ha baroetsana+ ba isoa ka lekhetlo la bobeli, Mordekai o ne a lutse keiting ea morena. 20 Esthere ha aa ka a re letho ka beng ka eena le batho ba habo+ feela joalokaha Mordekai a ne a mo laetse. Esthere a ’na a mamela Mordekai feela joaloka ho tloha kholong ea hae.+

21 Matsatsing ao ha Mordekai a lutse keiting ea morena, Bigthane le Tereshe e leng liofisiri tse peli tsa lekhotla tsa morena ebile e le balebeli ba monyako, ba halefa ’me ba rera ho bolaea Morena Asueruse. 22 Empa Mordekai a tseba ka morero ona ’me kapele-pele a bolella Mofumahali Esthere. Eaba Esthere o bua le morena lebitsong la Mordekai. 23 Kahoo, taba ena ea batlisisoa ’me qetellong ha fumaneha hore ho fela ho le joalo eaba banna bao ka bobeli ba fanyehoa palong. Taba ena ea tlalehoa bukeng ea litaba tsa histori ’me ea ngoloa morena a le teng.+

3 Ka mor’a moo, Morena Asueruse a nyollela Hamane+ mora oa Hamedatha oa Moagage+ maemong a ka holimo ho feta a likhosana tsohle tse neng li e-na le eena.+ 2 Bahlanka bohle ba morena ba neng ba le keiting ea morena ba ne ba khumama le ho inama ka pel’a Hamane hobane morena o ne a laetse hore ho etsoe joalo. Empa Mordekai a hana ho khumama le ho inama ka pel’a Hamane. 3 Eaba bahlanka ba morena ba keiting ea morena ba re ho Mordekai: “Ke hobane’ng ha u sa mamele taelo ea morena?” 4 Ba ne ba bua le eena ka taba ena letsatsi le letsatsi empa a sa ba mamele. O ne a ba boleletse hore ke Mojuda.+ Eaba ba bolella Hamane e le hore ba bone hore na ho tla etsoa’ng ka Mordekai.+

5 Ha Hamane a bona hore Mordekai o hana ho khumama le ho inama ka pel’a hae, a tuka ke bohale.+ 6 Empa o ne a bona ho sa lekana ho bolaea Mordekai feela hobane o ne a boleletsoe ka batho ba habo Mordekai. Kahoo, Hamane a batla ho bolaea Bajuda bohle ba libakeng tsohle tse pusong ea Asueruse e leng batho ba habo Mordekai kaofela.

7 Khoeling ea pele e leng khoeli ea Nisane,* selemong sa bo12+ sa Morena Asueruse, ba lahla Pure+ (kapa Lotho)* ka pel’a Hamane e le ho khetha letsatsi le khoeli ea ho bolaea Bajuda. Ea supa khoeli ea bo12 e leng khoeli ea Adare.*+ 8 Hamane a re ho Morena Asueruse: “Ho na le sechaba se itseng se hasaneng har’a lichaba+ tse liprofinseng tsohle tse pusong ea hao.+ Melao ea sona e fapane le ea lichaba tse ling tsohle. Ha se mamele melao ea hao morena ’me u ke ke oa fumana molemo oa letho ha u ka se tlohela. 9 Haeba ho bonahala ho le molemo ho uena morena, ho ke ho ngoloe molao oa hore se felisoe. Ke tla fa liofisiri silevera ea boima ba lik’hilokramo tse ka holimonyana ho 340 000* tse tla isoa moo ho bolokoang matlotlo a hao.”*

10 Eaba morena o rola reng+ ea hae ea borena ’me o e fa Hamane+ mora oa Hamedatha oa Moagage.+ Hamane e ne e le sera sa Bajuda. 11 Morena a re ho Hamane: “U filoe silevera hammoho le batho bakeng sa hore u etse kamoo u batlang kateng.” 12 Joale bangoli ba morena+ ba bitsoa ka letsatsi la bo13 khoeling ea pele. Eaba ba ngola+ mangolo a nang le litaelo tse tsoang ho Hamane, a eang ho liofisiri tse kholo tsa morena, babusi ba liprofinse le likhosana tsa lichaba tse fapaneng. Ba ngolla profinse ka ’ngoe ka tsela eo ho ngoloang ka eona moo le sechaba ka seng ka puo ea sona. Mangolo a ngoloa ka lebitso la Morena Asueruse ’me litaba tsa tempuoa ka reng ea hae ea borena.+

13 Baromuoa ba romela mangolo liprofinseng tsohle tsa morena, a laelang hore ka letsatsi le le leng la bo13, khoeling ea bo12 e leng ka khoeli ea Adare,+ ho bolaoe, ho felisoe ho be ho ripitloe Bajuda bohle ba banyenyane le ba baholo, bana le basali le hore thepa ea bona e hapuoe.+ 14 Litaba tsa lengolo leo li ne li lokela ho fanoa e le molao liprofinseng tsohle le ho phatlalatsoa lichabeng tsohle hore li itlhophele letsatsi lena. 15 Baromuoa ba tsoa ka potlako+ feela joalokaha morena a ne a ba laetse ’me molao oa hlomamisoa Shushane*+ ntlong ea morena.* Morena le Hamane ba lula fatše ho noa empa motse oa Shushane o ne o ferekane.

4 Ha Mordekai+ a utloa ka lintho tsohle tse etsahetseng,+ a tabola liaparo tsa hae, a apara lesela le hoashang* ’me a itšela ka molora. Eaba o ea bohareng ba motse a ntse a bokolla habohloko. 2 Kaha ha ho motho ea neng a lumeletsoe ho kena keiting ea ntlo ea morena a apere lesela le hoashang,* a fella keiting. 3 Liprofinseng tsohle+ moo molao oa morena o neng o phatlalatsoa teng, Bajuda ba ne ba utloile bohloko, ba itima lijo,+ ba lla le ho bokolla habohloko. Batho ba bangata ba ne ba robetse moloreng le holim’a lesela le hoashang.*+ 4 Ha basebetsi* ba Esthere le maqhalaha a hae ba kena ’me ba mo bolella, mofumahali a utloa bohloko haholo. A romella Mordekai liaparo hore a li apare ho e-na le lesela le hoashang* empa Mordekai a li hana. 5 Eaba Esthere o bitsa Hathake e leng e mong oa maqhalaha a morena, eo morena a neng a mo khethile hore a sebeletse Esthere ’me a mo laela hore a botse Mordekai hore na ho etsahala’ng.

6 Kahoo, Hathake a ea ho Mordekai seterateng se neng se le ka pel’a keiti ea ntlo ea morena. 7 Mordekai a mo bolella lintho tsohle tse mo hlahetseng le hore na ke chelete e kae+ eo Hamane a tšepisitseng ho e isa polokelong ea matlotlo a morena bakeng sa hore Bajuda ba bolaoe.+ 8 A boela a mo fa lengolo le neng le e-na le molao oa hore Bajuda ba bolaoe. Molao ona o ile oa phatlalatsoa Shushane.*+ Hathake o ne a lokela ho le bontša Esthere, ho mo hlalosetsa lona le ho mo laela+ hore a ee ho morena a kope mohau ho eena bakeng sa batho ba habo.

9 Hathake a khutla ’me a bolella Esthere hore na Mordekai o itse’ng. 10 Eaba Esthere o bolella Hathake hore a re ho Mordekai:+ 11 “Bahlanka bohle ba morena le batho ba liprofinseng tse tlas’a puso ea morena baa tseba hore haeba monna kapa mosali leha e le ofe a ka ea ho morena ka lebaleng+ a sa bitsoa, molao o re a bolaoe. O tla tloheloa haeba feela morena a ka mo nanabeletsa lere la borena la khauta.+ U tsebe hore ke se ke e-na le matsatsi a 30 ke e-s’o bitsoe ke morena.”

12 Ha Mordekai a bolelloa hore na Esthere o itse’ng 13 a re: “U se ke oa nahana hore har’a Bajuda bohle u tla pholoha hobane feela u le ntlong ea morena. 14 Ha u ka itholela boemong bona, Bajuda ba tla thusoa le ho lopolloa ka tsela e ’ngoe+ empa uena le beng ka uena le tla shoa. Ho tseba mang? Mohlomong u fihletse boemo ba bofumahali+ ka lebaka lona lena.”

15 Eaba Esthere o re ho Mordekai: 16 “Tsamaea, u bokelle Bajuda bohle ba tla fumanoa Shushane ’me le itime lijo+ molemong oa ka. Le se ke la ja kapa la noa ka matsatsi a mararo,+ bosiu le motšehare. Le ’na le basebetsi* ba ka re tla itima lijo. Ke tla tlola molao ke ee ho morena. Haeba ke shoa, ke shoe.” 17 Eaba Mordekai oa tsamaea ’me o phetha lintho tsohle tseo Esthere a mo laetseng tsona.

5 Ka letsatsi la boraro,+ Esthere a apara liaparo tsa hae tsa bofumahali eaba o ema lebaleng le ka hare la ntlo ea morena,* a shebane le ntlo ea morena. Morena o ne a lutse teroneng ea hae ka tlung ea borena a shebane le monyako. 2 Hang ha morena a bona Mofumahali Esthere a eme lebaleng, a thaba eaba o nanabeletsa Esthere lere la borena la khauta.+ Esthere a atamela ’me a tšoara ntlha ea lere la borena.

3 Morena a re ho eena: “Bothata ke’ng Mofumahali Esthere? U batla ho etsetsoa eng? Leha u ka kopa halofo ea borena, u tla bo fuoa.” 4 Esthere a re: “Haeba morena a rata, a tle le Hamane+ kajeno moketeng oo ke mo etselitseng oona.” 5 Kahoo, morena a re ho bahlanka ba hae: “E-reng Hamane a tle kapele joalokaha Esthere a kopile.” Eaba morena le Hamane ba ea moketeng oo Esthere a o entseng.

6 Nakong ea mokete oa veine, morena a re ho Esthere: “Ke’ng eo u e batlang? Mpolelle ’me ke tla u fa eona. Ke’ng eo u e kopang? Leha u ka kopa halofo ea borena, u tla bo fuoa.”+ 7 Esthere a araba a re: “Ke kopa hore 8 haeba morena a mamela sello sa ka a bile a lumela ho phetha seo ke se kopang, a tle le Hamane moketeng oo ke tla ba etsetsa oona hosane. Hosane ke tla u bolella hore na ke kopa’ng.”

9 Letsatsing leo, Hamane a tloha moketeng a thabile a bile a nyakaletse. Empa ha Hamane a bona Mordekai+ keiting ea morena ’me a hlokomela hore ha a eme ebile ha aa mo thothomelle, Hamane a tuka ke bohale. 10 Leha ho le joalo, Hamane a ithiba ’me a ea ha hae. Eaba o bitsa metsoalle ea hae le Zereshe+ mosali oa hae. 11 Hamane a ithorisa ka pel’a bona ka maruo a hae a mangata, bara ba hae ba bangata+ le kamoo morena a mo phahamisitseng kateng le ho mo fa boemo bo phahametseng likhosana tsa morena le bahlanka ba hae.+

12 Hamane a phaella ka ho re: “Hape Mofumahali Esthere o ile a mema mang haese ’na ho ea le morena moketeng oo a neng a o entse?+ Ebile le hosane o ’memme hore ke e’o ba le eena le morena.+ 13 Empa lintho tsena tsohle ha li nkhotsofatse hafeela ke ntse ke bona Mordekai oa Mojuda a lutse pel’a keiti ea morena.” 14 Eaba mosali oa hae Zereshe le metsoalle eohle ea hae ba re ho eena: “Hloma palo e bolelele ba limithara tse ka bang 22* ebe hoseng u bolella morena hore Mordekai a fanyehoe ho eona.+ Ka mor’a moo, u ee moketeng le morena u e’o natefeloa.” Hamane a thabela tlhahiso ena eaba o re ho hlongoe palo.

6 Bosiung boo, morena a hlobaela.* Ka hona a re ho tlisoe buka ea litlaleho tsa histori+ eaba oa e balloa. 2 Bukeng eo ha fumanoa ho ngotsoe tlaleho ea Mordekai mabapi le Bigthana le Tereshe. Ka bobeli e ne e le liofisiri tsa lekhotla tsa morena ebile e le balebeli ba monyako ba neng ba rerile ho bolaea* Morena Asueruse.+ 3 Morena a re: “Na Mordekai o hlomphuoe le ho lebohuoa ka taba ee?” Eaba bahlanka ba morena ba re: “Le letho.”

4 Hamorao morena a re: “Ke mang ea lebaleng?” Hamane o ne a le ka ntle lebaleng+ la ntlo ea morena,* a tl’o bua le morena ka hore Mordekai a fanyehoe palong eo a neng a mo hlometse eona.+ 5 Bahlanka ba morena ba re ho eena: “Ke Hamane+ ea emeng lebaleng.” Kahoo, morena a re: “E-reng a kene.”

6 Ha Hamane a kena, morena a re ho eena: “Monna eo morena a batlang ho mo tlotla o lokela ho etsetsoa eng?” Hamane a re ka pelong: “Ke mang eo morena a ka batlang ho mo tlotla ho mpheta?”+ 7 Kahoo, Hamane a re ho morena: “Monna eo morena a batlang ho mo tlotla 8 a tlisetsoe seaparo+ sa morena le pere ea morena, e roesitsoeng korone. 9 Seaparo le pere li behoe taolong ea e ’ngoe ea likhosana tse hlomphehang tsa morena. Bahlanka ba morena ba apese monna eo seaparo sa borena ’me ba mo palamise pere ’marakeng ebe ba hoeletsa ba le ka pel’a hae ba re: ‘Ho etsoa tjena ka monna eo morena a batlang ho mo tlotla.’”+ 10 Hang-hang morena a re ho Hamane: “Potlaka, u nke seaparo le pere ’me u etse joalokaha u boletse ho Mordekai oa Mojuda ea lutseng pel’a keiti ea morena. U phethe ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e buileng.”

11 Hamane a nka seaparo le pere ’me a apesa Mordekai,+ a mo palamisa pere ’marakeng, a hoeletsa a le ka pel’a hae a re: “Ho etsoa tjena ka monna eo morena a batlang ho mo tlotla.” 12 Ka mor’a moo, Mordekai a khutlela keiting ea morena empa Hamane a potlakela ntlong ea hae a sulafaletsoe haholo a bile a ikhurumelitse. 13 Ha Hamane a phetela mosali oa hae Zereshe+ le metsoalle eohle ea hae sohle se mo hlahetseng, baeletsi ba hae* le mosali oa hae Zereshe ba re ho eena: “Haeba Mordekai eo ea seng a u hlotse ke e mong oa Bajuda, u ke ke oa mo hlola empa o tla u hlola.”

14 Ha ba sa ntse ba bua le eena, liofisiri tsa lekhotla tsa morena tsa fihla ’me tsa potlakisetsa Hamane moketeng oo Esthere a neng a o entse.+

7 Morena le Hamane+ ba fihla moketeng oa Mofumahali Esthere. 2 Letsatsing la bobeli nakong ea mokete oa veine, morena a boela a re ho Esthere: “Ke’ng eo u e batlang, Mofumahali Esthere? U tla e fuoa. Ke’ng eo u e kopang? Leha u ka kopa halofo ea borena, u tla bo fuoa.”+ 3 Mofumahali Esthere a re: “Ao hle moren’a ka! Haeba u mamela sello sa ka le haeba u rata, ke u kopa hore u pholose bophelo ba ka le sechaba sa heso.+ 4 ’Na le batho ba heso re rekisitsoe+ hore re bolaoe, re felisoe le ho ripitloa.+ Hoja re ne re rekisitsoe hore re be makhoba feela, nka be ke sa re letho. Empa mahlomola ana ha aa lokela ho lumelloa hobane morena o tl’o senyeheloa.”

5 Eaba Morena Asueruse o re ho Mofumahali Esthere: “Ke mang eo, hona o kae monna ea sebete sa ho etsa ntho e joalo?” 6 Esthere a re: “Mohanyetsi le sera ke Hamane enoa ea khopo.”

Hamane a tšoha morena le mofumahali. 7 Morena a raoha a halefile, a ea serapeng sa ntlo ea borena. Empa Hamane a ema ho kopa Mofumahali Esthere hore a mo hauhele hobane o ne a hlokometse hore morena o rerile ho mo fa kotlo. 8 Morena a khutla serapeng sa ntlo ea borena a ea moo ho neng ho tšoaretsoe mokete oa veine teng eaba o bona Hamane a itahletse holim’a setulo* seo Esthere a neng a se lutse. Morena a re: “Joale u batla le ho beta mofumahali ka pel’a mahlo a ka, ha ka moo?” Eitse ha a cho joalo, ba koahela sefahleho sa Hamane. 9 Harbona,+ e mong oa liofisiri tsa lekhotla tsa morena a re: “Hamane o boetse o hlomme palo ha hae bakeng sa Mordekai+ ea u pholositseng morena.+ E bolelele ba limithara tse ka bang 22.”* Eaba morena o re: “Mo fanyeheng ho eona.” 10 Kahoo, ba fanyeha Hamane palong eo a neng a e hlometse Mordekai ’me khalefo ea morena ea kokobela.

8 Letsatsing leo, Morena Asueruse a fa Mofumahali Esthere ntlo ea Hamane*+ sera sa Bajuda.+ Mordekai a tla ho morena hobane Esthere o ne a se a boletse hore na o amana joang le Mordekai.+ 2 Eaba morena o rola reng+ ea hae ea borena eo a ileng a e amoha Hamane, a e fa Mordekai. Esthere a beha ntlo ea Hamane* taolong ea Mordekai.+

3 Ho feta moo, Esthere a boela a bua le morena. A itihela maotong a hae, a lla ’me a mo kopa hore a nyopise morero o mobe oo Hamane oa Moagage a neng a o reretse Bajuda.+ 4 Morena a nanabeletsa Esthere+ lere la borena la khauta eaba Esthere oa phahama ’me o ema ka pel’a morena. 5 A re: “Haeba morena a batla, a nkhauhela ’me a bona ho loketse ebile a nkamohela, ho ke ho ngoloe taelo. Taelo ena e hlakole litokomane tseo Hamane+ mora oa Hamedatha oa Moagage+ a li ngotseng bakeng sa ho bolaea Bajuda ba liprofinse tsohle tsa morena. 6 Etsoe na nka itiisa ka shebella ha batho ba heso ba hlaheloa ke tlokotsi ’me na nka itiisa ka shebella ha beng ka ’na ba bolaoa?”

7 Kahoo, Morena Asueruse a re ho Mofumahali Esthere le ho Mordekai oa Mojuda: “Ke file Esthere ntlo ea Hamane*+ ebile ke itse Hamane a fanyehoe palong+ hobane o ne a rerile ho bolaea* Bajuda. 8 Le ka ngola taelo lebitsong la ka molemong oa Bajuda. Le ngole eng kapa eng eo le bonang e loketse ’me le e tempe ka reng ea borena. Etsoe taelo e ngotsoeng lebitsong la morena ’me ea tempuoa ka reng ea borena e ke ke ea fetoloa.”+

9 Bangoli ba morena ba bitsoa ka nako eo khoeling ea boraro, ke hore khoeli ea Sivane,* letsatsing la eona la bo23. Ba ile ba ngola sohle seo Mordekai a se laetseng Bajuda, liofisiri tse kholo tsa morena,+ babusi le likhosana tsa liprofinse+ tse 127 ho tloha India ho ea Ethiopia. Ba ile ba ngolla profinse ka ’ngoe ka tsela eo ho ngoloang ka eona moo le sechaba ka seng ka puo ea sona. Le Bajuda ba ile ba ngolloa ka tsela eo ba ngolang ka eona le ka puo ea bona.

10 A laela hore ho ngoloe taelo lebitsong la Morena Asueruse, a e tempa ka reng ea borena+ eaba o romeletsa litokomane ka baromuoa ba palamang lipere. Ba ile ba palama lipere tse lebelo tseo ho tsamaisoang melaetsa ka tsona, tse neng li sebelisoa tšebeletsong ea borena. 11 Litokomaneng tsena, morena o ile a lumella Bajuda metseng eohle hore ba phuthehe ’me ba itoanele. A ba lumella ho bolaea, ho felisa le ho ripitla masole a sechaba kapa profinse efe kapa efe a tla ba hlasela esita le basali le bana ’me ba hape thepa ea bona.+ 12 Ba ne ba tla etsa joalo liprofinseng tsohle tse pusong ea Morena Asueruse ka letsatsi le le leng, ka letsatsi la bo13 la khoeli ea bo12 e leng khoeli ea Adare.*+ 13 Litaba* tsa tokomane ena li ne li lokela ho fanoa e le molao liprofinseng tsohle. Li ne li lokela ho phatlalatsoa lichabeng tsohle hore Bajuda ba itokise letsatsing leo e le hore ba tle ba iphetetse ho lira tsa bona.+ 14 Baromuoa ba palamang lipere tseo ho tsamaisoang melaetsa ka tsona, tse sebelisoang tšebeletsong ea borena, ba tsoa ka potlako feela joalokaha morena a ne a laetse. Molao ona o ile oa hlomamisoa Shushane*+ ntlong ea morena.*

15 Mordekai a tloha ho morena a apere seaparo sa borena sa lesela le leputsoa le nang le bosoeu, a roetse korone e kholo ea khauta. Hape o ne a apere seaparo sa ka holimo sa lesela la boleng bo botle, le entsoeng ka boea bo pherese.+ Motse oa Shushane oa hlaba litlatse. 16 Bajuda ba e-ba le tšepo,* nyakallo le thabo e khaphatsehang ’me batho ba ba hlompha. 17 Liprofinseng tsohle le metseng eohle moo taelo ea morena le molao oa hae li ileng tsa phatlalatsoa teng, ha e-ba le nyakallo le thabo e khaphatsehang ’me ha etsoa mekete. Batho ba bangata naheng eo ba ne ba ipolela hore ke Bajuda+ kaha ba ne ba tšaba Bajuda.

9 Ka letsatsi la bo13 la khoeli ea bo12 e leng khoeli ea Adare,*+ taelo ea morena le molao oa hae li ne li lokela ho phethoa.+ Lira tsa Bajuda li ne li tšepile hore li tla ba hlola empa ha etsahala ntho e fapaneng. Bajuda ea e-ba bona ba hlolang lira tsa bona.+ 2 Bajuda ba phutheha metseng ea bona liprofinseng tsohle tse busoang ke Morena Asueruse+ bakeng sa ho bolaea ba batlang ho ba hlasela ’me ha ho motho ea ileng a ba futuhela hobane lichaba tsohle li ne li ba tšaba.+ 3 Likhosana tsohle tsa liprofinse, liofisiri tse kholo tsa morena,+ babusi le ba sebeletsang morena ba ne ba tšehetsa Bajuda etsoe ba ne ba tšaba Mordekai. 4 Mordekai o ne a se a hlompheha+ ka tlung ea morena.* A ’na a tsebahala liprofinseng tsohle hobane o ne a ntse a hlompheha ho ea pele.

5 Bajuda ba hlasela bohle ba lireng ka sabole. Ba ba bolaea le ho ba felisa ’me ba iketsetsa borata ka bona.+ 6 Shushane*+ ntlong ea morena, Bajuda ba bolaea le ho ripitla banna ba 500. 7 Ba boela ba bolaea Parshandatha, Dalfone, Aspatha, 8 Poratha, Adalia, Aridatha, 9 Parmashta, Arisai, Aridai le Vaizatha 10 e leng bara ba leshome ba Hamane mora oa Hamedatha sera sa Bajuda.+ Empa ha ba se ba ba bolaile ha baa ka ba hapa thepa ea bona.+

11 Letsatsing leo, morena a bolelloa palo ea ba bolailoeng Shushane ntlong ea morena.

12 Morena a re ho Mofumahali Esthere: “Bajuda ba bolaile le ho timetsa banna ba 500 le bara ba leshome ba Hamane Shushane ntlong ea morena. Liprofinseng tse ling tsa morena+ teng ba entse’ng? Ke’ng eo u e batlang? U tla e fuoa. Ke’ng eo u e kopang hape? E tla etsoa.” 13 Esthere a re: “Haeba morena a rata,+ Bajuda ba Shushane ba ke ba lumelloe hore hosane ba etse ho ea ka molao oa kajeno+ le hore bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoe palong.”+ 14 Kahoo, morena a laela hore ho etsoe ka tsela eo. Ha fanoa ka taelo Shushane ’me bara ba leshome ba Hamane ba fanyehoa.

15 Bajuda ba Shushane ba phutheha hape letsatsing la bo14 la khoeli ea Adare+ ’me ba bolaea banna ba 300 Shushane empa ha baa ka ba hapa thepa ea bona.

16 Bajuda ba bang kaofela ba liprofinseng tse busoang ke morena ba phutheha ’me ba itoanela.+ Ba ile ba bolaea lira tsa bona+ tse 75 000 empa ha baa ka ba hapa thepa ea tsona. 17 E ne e le letsatsi la bo13 la khoeli ea Adare. Eaba ba phomola letsatsing la bo14 ’me ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba.

18 Bajuda ba Shushane ba phutheha bakeng sa ho loana ka letsatsi la bo13+ le la bo14+ ’me ba phomola ka letsatsi la bo15. Ba le etsa letsatsi la ho keteka le la ho thaba. 19 Ke ka lebaka leo Bajuda ba mahaeng ba hahileng metseng e literekeng tse ling, ba ileng ba etsa hore letsatsi la bo14 la khoeli ea Adare e be letsatsi la ho thaba,+ ho keteka le ho fanana lijo.+

20 Mordekai+ a ngola liketsahalo tsena ’me a romela mangolo ho Bajuda bohle ba liprofinseng tsohle tse busoang ke Morena Asueruse, ba hole le haufi. 21 A ba laela hore ba keteke letsatsi la bo14 le la bo15 la khoeli ea Adare selemo se seng le se seng 22 hobane ka mor’a matsatsi ao, Bajuda ha baa ka ba hlola ba khathatsoa ke lira tsa bona. Khoeling eo, mesarelo ea bona e ile ea fetoha thabo le letsatsi la ho utloa bohloko+ la fetoha letsatsi la ho keteka. Ba ne ba lokela ho a keteka e le matsatsi a ho thaba le ho fanana lijo le ho fa bafutsana limpho.

23 Bajuda ba lumela hore ba tla ’ne ba etse mokete ona e le moetlo joalokaha ba ne ba se ba qalile le ho etsa kamoo Mordekai a neng a ba laetse. 24 Hamane+ mora oa Hamedatha oa Moagage,+ sera sa Bajuda bohle, o ne a rerile ho timetsa Bajuda+ ’me o ne a entse hore ho lahloe Pure+ e leng Lotho, bakeng sa ho ba hlokisa botsitso le ho ba felisa. 25 Empa ha Esthere a fihla ho morena, morena a fana ka molao o ngotsoeng+ o reng: “Ntho e mpe eo a neng a e reretse Bajuda+ e ke e etsahale ho eena.” Eaba ba mo fanyeha palong le bara ba hae.+ 26 Ke kahoo ba ileng ba rehella matsatsi ana ka Pure*+ ba a bitsa Purime. Ho latela mantsoe a lengolo leo Mordekai a le ngotseng, lintho tseo Bajuda ba li boneng le tse ba hlahetseng, 27 Bajuda le bana ba bona hammoho le ba ikopantseng le bona+ ba ile ba itlama ho keteka matsatsi ana a mabeli ba sa fose. Ba ne ba boetse ba itlamme ho etsa kamoo Mordekai a ngotseng kateng mabapi le matsatsi ao selemo le selemo ka nako ea ’ona. 28 Matsatsi ana a ne a lokela ho hopoloa le ho ketekoa ke meloko eohle, malapa ’ohle, liprofinse tsohle le metse eohle. Bajuda le bana ba bona ba ne ba sa lokela ho khaotsa ho keteka matsatsi ana a Purime le ho ikhopotsa ’ona.

29 Eaba Mordekai oa Mojuda le Mofumahali Esthere, morali oa Abikaile ba ngola lengolo la bobeli mabapi le Purime ’me ba le tiisa ka matla ao ba a filoeng. 30 Mordekai a romela mangolo a nang le mantsoe a khotso le a ’nete ho Bajuda bohle liprofinseng tse 127+ tse busoang ke Asueruse.+ 31 E ne e le ho tiisa hore matsatsi ana a Purime a ketekoa ka linako tsa ’ona tse khethiloeng feela joalokaha Mordekai oa Mojuda le Mofumahali Esthere ba ba laetse+ le feela joalokaha bona le bana ba bona ba ne ba itlamme.+ Ba ne ba boetse ba itlamme hore matsatsing ao ba tla itima lijo+ le ho etsa lithapeli.+ 32 Taelo ea Esthere ea tiisa litaba tsena tsa Purime+ ’me ea ngoloa bukeng.

10 Morena Asueruse a laela batho ba lulang naheng le lihlekehlekeng tsa leoatle hore ba etse mosebetsi o boima.*

2 Mesebetsi eohle ea hae e meholo le lintho tseo a li fihletseng hammoho le litaba tsa kamoo morena a ileng a beha Mordekai+ boemong bo phahameng kateng,+ li ile tsa ngoloa bukeng ea histori+ ea marena a Media le Persia.+ 3 Mordekai oa Mojuda o ne a hlahlama Morena Asueruse ka matla. E ne e le motho oa bohlokoa* a bile a hlomphuoa ke Bajuda, a sebeletsa boiketlo ba batho ba habo le hore bana bohle ba bona ba be le khotso.

Ho lumeloa hore ke eena Xerxes I, mora oa Dariuse e Moholo e leng Dariuse Hystaspis.

Kapa: “Kushe.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

E ne e le litulo tse kang lisofa.

Kapa: “ea thibeloang.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Sheba Tlhaloso.

E ka ba Kishe kapa Mordekai.

Ea bitsoang Jojakine ho 2Ma 24:8

Ke lebitso la Seheberu la Esthere. Le bolela semela sa “Mositsane.”

Ntlo eo ho neng ho lula basali ba morena kapa lirethe.

Sheba Ntlha ea B15.

E ka ’na eaba o ne a ba lokolla teronkong, bosoleng, likolotong kapa ho tsona kaofela.

Sheba Ntlha ea B15.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Ntlha ea B15.

Ka Seheberu: “litalenta tse 10 000.” Talenta e lekana le lik’hilokramo tse 34,2. Sheba Ntlha ea B14.

Kapa mohlomong: “Ke tla isa litalenta tsa silevera tse 10 000 moo ho bolokoang matlotlo a hao bakeng sa ba tla etsa mosebetsi ona.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

Sheba Tlhaloso.

E ne e le ba baroetsana.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “Susa.”

E ne e le ba baroetsana.

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Seheberu: “boroko ba morena ba baleha.”

Ka Seheberu: “ho mo isa letsoho.”

Kapa: “phaleisi.”

Ka Seheberu: “banna ba hae ba bohlale.”

E ne e le setulo se kang sofa.

Ka Seheberu: “litsoe tse 50.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “lintho tsohle tsa Hamane.”

Kapa: “lintho tsohle tsa Hamane.”

Kapa: “lintho tsohle tsa Hamane.”

Ka Seheberu: “o ile a otlolla letsoho la hae khahlanong le.”

Sheba Ntlha ea B15.

Sheba Ntlha ea B15.

Kapa: “Likopi.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “leseli.”

Sheba Ntlha ea B15.

Kapa: “phaleising.”

Kapa: “Susa.”

“Pure,” e bolela “Lotho.” Ha e isoa bongateng e bitsoa “Purime”. Ke lebitso la mokete oa Bajuda o ketekoang ka khoeli ea bo12 k’halendareng e halalelang. Sheba Ntlha ea B15.

Kapa: “ba etse mosebetsi o qobelloang.”

Kapa: “O ne a le moholo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela