JOBO
1 Ho ne ho e-na le monna ea bitsoang Jobo*+ ea lulang naheng ea Utse. E ne e le monna ea lokileng le ea tšepahalang.+ O ne a tšaba Molimo a bile a hloile lintho tse mpe.+ 2 O ne a e-na le bara ba supileng le barali ba bararo, 3 a e-na le linku tse 7 000, likamele tse 3 000, likhomo tse 1 000* le litonki* tse 500. Hape o ne a e-na le basebeletsi ba bangata. E ne e le monna ea ruileng, ea hlomphehang ka ho fetisisa ho baahi bohle ba Bochabela.
4 Bara ba hae ba ne ba tloaetse ho etsa mokete, e mong le e mong ha hae ka letsatsi leo a ikhethetseng lona. Ba ne ba mema likhaitseli tsa bona tse tharo hore li tl’o ja le ho noa le bona. 5 Ha matsatsi a mokete a fela, Jobo o ne a bitsa bana ba hae e le hore a tl’o ba hloekisa. O ne a tsoha esale hoseng ’me a etsetsa e mong le e mong sehlabelo sa secheso+ hobane o ne a re: “Mohlomong bana ba ka ba entse sebe ’me ba rohakile Molimo ka lipelong tsa bona.” Jobo o ne a etsa joalo kamehla.+
6 E ne e le letsatsi la hore bara ba Molimo oa ’nete*+ ba tle ka pel’a Jehova+ eaba Satane+ o kena le bona.+
7 Jehova a re ho Satane: “U tsoa hokae?” Satane a araba Jehova a re: “Ke tsoa solla lefatšeng le ho tsamaea ho lona.”+ 8 Jehova a boela a re ho Satane: “Na u hlokometse* hore ha ho motho ea tšoanang le mohlanka oa ka Jobo? Ke monna ea lokileng le ea tšepahalang,+ o tšaba Molimo ebile o hloile lintho tse mpe.” 9 Satane a re ho Jehova: “Ha ho ne ho se na letho leo u le fang Jobo, na o ne a tla ’ne a u tšabe?+ 10 Na ha se ’nete hore u sirelelitse lelapa la hae+ le lintho tsohle tseo a nang le tsona? U atlehisitse mosebetsi oohle oa hae+ le liphoofolo tsa hae li tletse hohle lefatšeng. 11 Empa hanngoe feela, ak’u nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona ’me u bone hore na a ke ke a u rohaka sefahla-mahlo.” 12 Jehova a re ho Satane: “Etsa seo u se batlang ka lintho tseo a nang le tsona. Empa eena u se ke oa mo etsa letho.” Ka mor’a moo, Satane a tloha ka pel’a* Jehova.+
13 Letsatsing leo ka lona bara ba Jobo le barali ba hae ba neng ba ja le ho noa veine ka tlung ea abuti oa bona e moholo,+ 14 moromuoa a fihla a re ho Jobo: “Ha likhomo tsa hao li ntse li lema le litonki li fula pel’a tsona, 15 Basabea ba ile ba re hlasela ’me ba li nka eaba ba bolaea bahlanka ka sabole. Ke ’na feela ea phonyohileng ’me ke tlile ho tla u joetsa.”
16 Ha moromuoa oa pele a ntse a bua, oa bobeli a fihla a re: “Mollo oa Molimo* o tsoang maholimong o chesitse linku le bahlanka ba hao. Ke ’na feela ea phonyohileng ’me ke tlile ho tla u joetsa.”
17 Ha moromuoa oa bobeli a ntse a bua, oa boraro a fihla ’me a re ho Jobo: “Lihlopha tse tharo tsa Bakalde+ li ile tsa fihla tsa nka likamele tsa ba tsa bolaea bahlanka ba hao ka sabole. Ke ’na feela ea phonyohileng ’me ke tlile ho tla u joetsa.”
18 Ha moromuoa oa boraro a ntse a bua, oa bone a fihla ’me a re ho Jobo: “Ha bara le barali ba hao ba ntse ba ja ’me ba noa ha abuti oa bona e moholo, 19 ho ile ha fihla moea o matla o hlahang lefeelleng re sa lebella. O ile oa sisinya lik’hona tse ’nè tsa ntlo hoo e ileng ea oela bana ba hao holimo eaba baa shoa. Ke ’na feela ea phonyohileng ’me ke tlile ho tla u joetsa.”
20 Hang-hang Jobo a ema ’me a tabola seaparo sa hae, a kuta moriri eaba oa khumama 21 o re:
Jehova o fane+ ’me Jehova o nkile.
Lebitso la Jehova le ke le tsoele pele ho rorisoa.”
22 Ho sa tsotellehe lintho tsena tse mo etsahaletseng, Jobo ha aa ka a etsa sebe kapa a beha Molimo molato.*
2 Ha boela ha tla letsatsi la hore bara ba Molimo oa ’nete*+ ba tle ka pel’a Jehova+ eaba Satane o kena le bona ho tla ema ka pel’a Jehova.+
2 Jehova a re ho Satane: “U tsoa hokae?” Satane a araba Jehova a re: “Ke tsoa solla lefatšeng le ho tsamaea ho lona.”+ 3 Jehova a boela a re ho Satane: “Na u hlokometse* hore ha ho motho ea tšoanang le mohlanka oa ka Jobo? Ke monna ea lokileng le ea tšepahalang,+ o tšaba Molimo ebile o hloile lintho tse mpe. O ntse a tšepahala+ le hoja uena u batla hore ke senye bophelo ba hae+ ntle ho lebaka.” 4 Satane a araba Jehova a re: “Letlalo bakeng sa letlalo. Motho o tla fana ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a nang le eona hore a pholose bophelo ba hae. 5 Ak’u mo utloise bohloko hanngoe feela ’meleng u tle u bone hore o tl’o u rohaka sefahla-mahlo.”+
6 Jehova a re ho Satane: “Etsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e batlang ka eena empa u se ke oa mo bolaea.” 7 Satane a tloha ka pel’a* Jehova ’me a otla Jobo ka mathopa a bohloko,*+ ho tloha bohareng ba hlooho ho ea bohatong ba leoto. 8 Jobo a nka leqhetso la sejana se pshatlehileng sa letsopa ’me a ingoaea ka lona ha a ntse a lutse moloreng.+
9 Qetellong mosali oa Jobo a re ho eena: “Na hoa hlokahala hore u ’ne u tšepahale? Rohaka Molimo ’me u shoe!” 10 Empa Jobo a re ho eena: “U bua joaloka basali ba se nang kelello. Na re lokela ho amohela lintho tse ntle feela ho tsoa ho Molimo ’me re se ke ra amohela le tse mpe?”+ Ho sa tsotellehe lintho tsohle tse ileng tsa mo etsahalla, Jobo ha aa ka a bua ntho leha e le efe e mpe.*+
11 Metsoalle* e meraro ea Jobo e ile ea utloela ka mathata a mo hlahetseng eaba e tloha moo e lulang hore e e’o mo bona. E ne e le Elifaze+ oa Motemane, Bildade+ oa Moshuha+ le Tsofare+ oa Monaama. Ba lumellana hore ba kopane hore ba e’o tšelisa Jobo le ho mo khothatsa. 12 Ha ba mo bona ba sa le holenyana, ba ne ba sa hlokomele hore ke eena. Ba lla haholo, ba tabola liaparo tsa bona, ba hasanya mobu moeeng ba o tšela le lihloohong tsa bona.+ 13 Ba lula fatše le eena ka matsatsi a supileng le masiu a supileng. Ha baa ka ba re letho ho eena kaha ba ne ba bona hore o opeloa haholo.+
3 Ka mor’a lintho tsena Jobo a qala ho bua eaba o bitsetsa letsatsi leo a hlahileng ka lona bomalimabe.*+ 2 A re:
3 “Ekare letsatsi leo ke hlahileng ka lona le ka be le sa chaba,+
Hape ho sa fihla le bosiu boo motho a ileng a re, ‘Ho hlahile ngoana oa moshanyana.’
4 Letsatsi leo e ke e be lefifi.
Molimo ea holimo a se ke a le tsotella,
Ho hang le se ke la ba le khanya.
5 Le ke le apareloe ke lefifi le letšo.*
Leru la pula le ke le lule holim’a lona.
Ntho leha e le efe e fifatsang letsatsi e ke e le tšose.
6 Bosiu boo bo ke bo apareloe ke lefifi le letšo-letšo,+
Le ka mohla bo se ke ba thaba har’a matsatsi ’ohle a selemo.
Bo se ke ba balelloa har’a matsatsi a likhoeli.
7 Ho ne ho ka ba molemo ha ho ne ho se na motho ea hlahileng bosiung boo,
Le mohoo oa thabo o sa utloahala bosiung boo.
8 Ba bitsetsang matsatsi bomalimabe ba ke ba bitsetse bosiu boo bomalimabe
9 Linaleli tsa bona tsa meso li ke li fifale,
Bo ke bo letele khanya ea letsatsi empa e se ke ea fihla,
Bo se ke ba bona mahlaseli a meso.
11 Ke hobane’ng ha ke sa shoa ha ke hlaha?
Ke hobane’ng ha ke sa shoa ha ke tsoa ka popelong?+
12 Ke hobane’ng ha ho bile le mangole a nkamohelang
Le matsoele a ’nyantšang?
13 Hona joale nka be ke paqame ho se motho ea ntšoenyang,+
Ke ithobaletse ke phomotse+
14 Hammoho le marena a lefatše le baeletsi ba ’ona,
Ba ikahetseng libaka tseo hona joale li senyehileng,
15 Kapa le likhosana tse neng li e-na le khauta,
Tseo matlo a tsona a neng a tletse silevera.
16 Kapa ke hobane’ng ha ke sa ba joaloka mpa e senyehileng e patehileng,
Joaloka bana ba sa kang ba bona khanya?
18 Batšoaruoa ba lutse ka khotso hammoho moo,
Ha ba utloe lentsoe la ea ba qobellang ho sebetsa.
20 Ke hobane’ng ha a fa motho ea nang le mathata khanya,
A lumella le batho ba utloileng bohloko hore ba phele?+
21 Ke hobane’ng ha ba nyoretsoe lefu empa le sa tle?+
Ba le cheka ho feta matlotlo a patiloeng,
22 Ba thaba haholo,
Ba thabela ho fumana sebaka sa lepato.
23 Ke hobane’ng ha Molimo a fa monna ea lahlehileng khanya,
Eo a mo etselitseng lebota leo a ke keng a khona ho tsoa ka har’a lona?+
25 Ntho eo ke neng ke e tšaba e tlile ho ’na,
Le ntho e ntšosang e fihlile.
26 Ha ke e-s’o be le khotso, khutso le phomolo
Empa mathata a tla a ntse a latellana.”
4 Elifaze+ oa Motemane a araba a re:
2 “Ha motho a leka ho bua le uena, na u tla mo fella pelo?
Ke mang ea ka khonang ho ithiba hore a se ke a bua?
3 Ke ’nete hore u khalemetse batho ba bangata,
Hape u ne u tloaetse ho matlafatsa ba nyahameng.
4 Mantsoe a hao a ne a phahamisa mang kapa mang ea khoptjoang,
Ebile u ne u matlafatsa bao mangole a bona a tšeremang.
6 Na taba ea hore u hlompha Molimo ha e u fe kholiseho?
Na tsela ea hao ea botšepehi+ ha e u fe tšepo?
7 Ke kopa u hopole sena: Ke motho ofe ea se nang molato ea kileng a felisoa?
Ke neng motho ea lokileng a kileng a bolaoa?
9 Ka phefumoloho ea Molimo baa felisoa
Le ka khalefo ea hae e matla baa fela.
10 Tau ea puruma le lelinyane la eona lea rora
Empa le meno a litau tse matla aa pshatleha.
11 Tau ea shoa ka lebaka la ho hloka nyamatsana
Le malinyane a tau aa hasana.
12 Lentsoe le ile la tlisoa ho ’na ka sephiri
’Me tsebe ea ka ea le utloa le hoeshetsa.
13 Bosiu ha batho ba robetse,
Ke ile ka ba le lipono tse ntšoenyang.
14 Ka thothometsoa ke tšabo,
Ea tlala masapo ’ohle a ka.
16 Ea fihla ea ema ka pel’a ka
Empa ke ne ke sa bone hore na ke eng.
Ho ne ho e-na le ntho ka pel’a ka,
Ho ne ho khutsitse ’me ka utloa lentsoe le re:
17 ‘Na motho e ka ba ea lokileng ho feta Molimo?
Na motho a ka hloeka ho feta Moetsi oa hae?’
19 A ka tšepa joang ba lulang matlong a entsoeng ka mobu,
Ba entsoeng ka lerole,+
Ba bolaoang habonolo joaloka tšoele?*
20 Baa phela hoseng ebe mantsiboea baa shoa,
Baa shoa ’me ha ho na motho ea ba tsotellang.
21 Na ha ba joaloka tente eo thapo ea eona e fasollotsoeng?
Ba shoa ba se na bohlale.
5 Hoeletsa u kope thuso, na ho na le ea u arabang?
Har’a mangeloi a halalelang u tla kopa thuso ho lefe?
2 Leoatla le tla bolaoa ke khalefo ea lona
’Me mohono o tla bolaea motho ea lumelang ntho e ’ngoe le e ’ngoe habonolo.
3 Ke bone leoatla le mela ka metso
Empa ka tšohanyetso sebaka sa lona sa bolulo se ile sa oeloa ke bomalimabe.
4 Bara ba lona ha baa sireletseha,
Baa tlotlolloa keiting ea motse+ ’me ha ho na motho ea ba pholosang.
5 Ea lapileng o ja seo a se kotutseng,
O boetse o kotula le se hlahileng har’a meutloa
’Me lintho tsa hae lia nkuoa.
6 Lintho tse kotsi ha li hlahe leroleng
Le mathata ha a hlahe mobung.
7 Motho o tsoaletsoe ho ba le mathata
Feela joalokaha litlhase li fofela holimo.
8 Empa ha ke ne ke le uena, ke ne ke tla kopa thuso ho Molimo
Ebile ke ne ke tla hlahisa nyeoe ea ka ho eena,
9 Ho ea etsang lintho tse kholo le tse ke keng tsa batlisisoa,
Lintho tse hlollang tse se nang palo.
10 O fana ka pula lefatšeng
’Me o romela metsi masimong.
11 O phahamisa ea tlase,
Hape o pholosa ea utloileng bohloko.
12 O senya merero ea ba bolotsana,
E le hore mosebetsi oa matsoho a bona o se ke oa atleha.
14 Ba potolohiloe ke lefifi motšehare,
’Me har’a mpa motšehare ba phopholetsa joalokaha eka ke bosiu.
15 O pholosa mofutsana mantsoeng a hlabang a lira tsa hae,
A mo pholose letsohong la ea matla,
16 E le hore ea tlase a be le tšepo,
Empa molomo oa ea sa lokang o koalehe.
17 Ho thaba motho eo Molimo a mo khalemelang,
Kahoo, u se ke oa hana khalemelo ea Ea Matla ’Ohle.
18 Kaha o etsa hore motho a utloe bohloko, a boele a tlamise leqeba,
Oa lematsa, a boele a folise ka matsoho a hae.
19 O tla u pholosa mathateng a tšeletseng,
Le bothata ba bosupa bo ke ke ba u lematsa.
20 Nakong ea tlala o tla u lopolla lefung,
A u lopolle matleng a sabole nakong ea ntoa.
22 U tla tšeha tlokotsi le tlala,
’Me u ke ke oa tšoha libata tsa naha.
24 U tla thabela ho lula ka tenteng ea hao e sireletsehileng,*
Ha u e’o sheba liphoofolo tsa hao, u tla fumana ho se na e lahlehileng.
25 U tla ba le bana ba bangata
Litloholo tsa hao li tla ba ngata joaloka limela tsa naha.
26 U tla ea lebitleng u ntse u le matla,
Joaloka koro e tlanngoeng mangata e kotutsoeng ka nako ea eona.
27 Re hlahlobile taba ena ’me ra fumana hore e joalo.
E mamele u be u e amohele.”
6 Jobo a re:
3 Li boima ho feta lehlabathe la leoatle.
Ke ka lebaka leo mantsoe a ka e bileng puo e hlaha.*+
4 Metsu ea Ea Matla ’Ohle e ntlhabile,
’Mele oa ka o noa chefo ea eona,+
Molimo o ntlhasela ka lintho tse ngata tse ntšosang.
6 Na lijo tse se nang tatso li ka jeoa li se na letsoai,
Kapa na hoa thabisa ho ja ntho e se nang tatso?
7 Ke hanne ho tšoara lintho tse tšoanang le tsena.
Li tšoana le lijo tse senyehileng.
8 E se eka kopo ea ka e ka mameloa
’Me Molimo a mpha seo ke se kopang.
10 Ho etsa joalo ho ne ho tla ntšelisa,
Ke ne ke tla tlola ke thabo ho sa tsotellehe bohloko boo ke bo utloang,
Kaha ha kea hana mantsoe a Ea Halalelang.+
11 Na ke na le matla a ho mamella?+
’Me ke emetsoe ke’ng e le hore ke ’ne ke tsoele pele ke phela?*
12 Na ke thata joaloka lefika?
Na letlalo la ka le entsoe ka koporo?
13 Ke tla thusoa ke mang
Ha bohle ba ka nthusang ba le sieo?
15 Metsoalle* ea ka e bile bolotsana+ joaloka nokana ea mariha,
Joaloka metsi a linokana tsa mariha a pshang.
16 Li fifalitsoe ke leqhoa,
Lehloa le ipatile ho tsona.
17 Empa ha nako e ntse e ea li felloa ke metsi,
Ha ho chesa lia psha.
18 Litsela tsa tsona lia fapoha,
Li theohela lehoatateng ebe lia nyamela.
19 Lihlopha tsa bo-rakhoebo ba Tema+ li batlana le tsona,
Lihlopha tsa batho ba tsamaeang ba tsoang Sheba*+ lia li emela.
20 Ba hlajoa ke lihlong ka lebaka la ho tšepa ntho e sieo,
Ha ba fihla moo baa soetseha.
22 Na ho na le ntho eo ke ileng ka le kopa eona,
Kapa na ke ile ka re le mphe mpho ho tsoa maruong a lona?
24 Mpolelleng hore na ke entse’ng ’me ke tla le mamela ke khutsitse,+
Nthuseng ho utloisisa phoso ea ka.
26 Na le rera ho nkhalemella mantsoe ao ke qetang ho a bua,
Mantsoe a monna ea utloileng bohloko,+ a fefoloang ke moea?
28 Joale nchebeng,
Hobane nke ke ka le bolella leshano.
29 Ke kopa le nahanisise taba ena hantle, le se ke la nkahlolela ntho e sieo,
Ke kopa le nahane hantle hobane ha kea etsa letho le phoso.
30 Na ke buile lintho tse fosahetseng?
Le nahana hore ha ke bone hore ho na le ntho e phoso?
7 Na motho o etselitsoe hore a sebetse ka thata bophelo bohle ba hae,
Hape na matsatsi a hae a joaloka a mosebeletsi ea hiriloeng?+
4 Ha ke robala kea ipotsa ke re, ‘Ebe ke tla tsoha neng?’+
Ha bosiu bo lieha ho sa, ha ke khone ho robala ho fihlela hoseng.*
6 Matsatsi a ka a feta kapele joaloka nalete ea motho ea rokang,+
Aa feta ’me a ntšiea ke se na tšepo.+
7 Hopola hore bophelo ba ka bo bokhutšoanyane,*+
Le hore le ka mohla mahlo a ka a ke ke a hlola a bona se molemo.
10 Ha a sa tla hlola a khutlela ka tlung ea hae,
Batho ba sebakeng seo a neng a lula ho sona ba tla mo lebala.+
11 Ka lebaka leo, nke ke ka thiba molomo oa ka.
Ke tla bua ka lebaka la bohloko boo ke bo utloang pelong ea ka,
Ke tla tletleba matšoenyehong a ka.+
12 Na ’na ke leoatle kapa ke phoofolo e kholohali ea leoatle,
Hoo u lokelang ho beha motho ea nkatileng?
13 Ha ke re, ‘Setulo sa ka se tla ntšelisa,
Bethe ea ka e tla nthusa ho kokobetsa mathata a ka,’
16 Ke hloile bophelo ba ka,+ ha ke sa batla ho phela.
Ntlohele hobane matsatsi a ka a feta kapele joaloka moea oo re o hemang.+
18 Ke hobane’ng ha u mo hlahloba hoseng ho hong le ho hong,
Le ho mo leka motsotso o mong le o mong?+
20 Haeba ke entse sebe, ke u utloisitse bohloko ka’ng uena Ea Bonang lintho tsohle tseo batho ba li etsang?+
Ke hobane’ng ha u shebane le ’na?
Na ke se ke le moroalo ho uena?
21 Ke hobane’ng ha u sa ntšoarele
’Me u hlakole phoso ea ka?
Kaha haufinyane ke tla robala leroleng,+
U tla mpatla empa ke tla be ke le sieo.”
2 “U tla bua ka tsela ee ho fihlela neng?+
Mantsoe a hao ha a na thuso joaloka moea o matla.
3 Na Molimo a ka ahlola ka tsela e sa lokang,
Kapa na Ea Matla ’Ohle a ka senya ntho e lokileng?
4 Haeba bana ba hao ba mo sitetsoe,
O ba file kotlo ka lebaka la libe tsa bona.
5 Empa haeba u ka batla Molimo+
’Me oa kopa Ea Matla ’Ohle hore a u hauhele,
6 Hape haeba u ne u hloekile ebile u lokile,+
O ne a tla u mamela
A be a u khutlisetse sebakeng sa hao se nepahetseng.
8 Ke kopa u hlahlobe histori ea moloko o fetileng
’Me u hlokomele lintho tseo baholo-holo ba oona ba li fumaneng.+
9 Rona re hlahile maobane ’me ha re tsebe letho,
Matsatsi a rona lefatšeng a joaloka moriti.
11 Na semela sa loli se ka hola sa ba selelele sebakeng se lulang se se na metsi?
Na lehlaka le tla hola le be lelelele ho se na metsi?
12 Le pele le thunya kapa le khuoa,
Le tla omella pele ho semela sefe kapa sefe.
13 Ho etsahala ntho e tšoanang ka batho bohle ba lebalang Molimo,
Tšepo ea ea lahlileng Molimo e tla fela,*
14 Eo tšepo ea hae e leng ea lefeela
Le ea itšepisitseng ntho e se nang thuso joaloka tepo* ea sekho.
15 O tla itšetleha ka eona* empa e tla oa.
A leke ho itšoarella empa e senyehe.
18 Empa ha a ntšoa ka metso sebakeng sa hae,
Sebaka seo se tla mo latola se re, ‘Ke qala le ho u bona.’+
21 O tla boela a etse hore u thabe
Le hore molomo oa hao o hoeletse ka thabo.
22 Ba u hloileng ba tla hlajoa ke lihlong
’Me tente ea ba khopo e tla ba sieo.”
9 Jobo a re:
2 “Kea tseba hore lintho tseo ke ’nete.
Empa motho a ka ipolela joang hore o lokile ka pel’a Molimo?+
3 Haeba motho a ka batla ho phehisana le Molimo,*+
A ke ke a khona ho araba le potso leha e le ’ngoe ho tse sekete tseo a tla mo botsa tsona.
4 O bohlale ebile o matla haholo.+
Ke mang ea ka lekang ho loana le eena ebe ha a lemale?+
9 O entse sehlopha sa linaleli sa Ashe,* Kesile,* Kima*+
Hammoho le sehlopha sa linaleli tse ka boroa.*
11 O feta pel’a ka empa ha ke mo bone,
O feta haufi le ’na empa ha ke mo hlokomele.
12 Ha a nka ntho e itseng, ke mang ea ka mo thibang?
Ke mang ea ka reng ho eena, ‘U etsa’ng?’+
14 Joale ’na nka mo araba joang,
Na ha kea lokela ho khetha mantsoe a ka ha ke phehisana le eena?
15 Le haeba ke nepile ke ne nke ke ka mo araba.+
Ke ne ke tla kopa feela hore moahloli oa ka* a nkhauhele.
16 Haeba ke mo hoeletsa, na o tla nkaraba?
Ha ke lumele hore o tla mamela lentsoe la ka,
17 Kaha o ntematsa ka sefefo
Ebile o eketsa maqeba a ka ntle ho lebaka.+
18 Ha a ntumelle le hore ke heme,
O lula a ntlisetsa lintho tse bohloko.
19 Ha ho buuoa ka matla, ke eena ea matla.+
Ha ho buuoa ka toka, o re, ‘Ke mang ea ka nqosang?’*
20 Haeba ke ne ke nepile, molomo oa ka o ne o tla hana,
22 Hoa itšoanela. Ke ka lebaka leo ke reng,
‘O felisa ea se nang molato* le ea khopo ka tsela e tšoanang.’
23 Haeba moroallo o matla o ka bolaea batho ka tšohanyetso,
O ne a tla soma ba se nang molato ha ba utloa bohloko.
Haeba ha se eena ea etsang sena, joale ke mang?
26 A tsamaile joaloka likepe tsa lehlaka,
Joaloka lintsu tse fofelang tlase ho liphofu tsa tsona.
27 Haeba ke re, ‘Ke tla lebala bohloko ba ka,
Ke tla tlohela ho koata ’me ke thabe,’
28 Ke ne ke tla ’ne ke tšohe ka lebaka la lintho tsohle tse bohloko tse ntlhahelang,+
’Me kea tseba hore u ne u tla re ke molato.
29 Ho ne ho tla thoe ke molato.*
Ke hobane’ng ha ke lokela ho sehlela lefeela?+
30 Haeba nka itlhatsoa ka metsi a lehloa,
’Me ka hloekisa matsoho a ka ka sesepa,*+
31 U ne u tla ntahlela ka sekoting,
Hoo le liaparo tsa ka li neng li tla ntlhoea.
Le ho ntlisetsa lintho tse ntšosang,+
35 Ke ne ke tla bua le eena ke sa tšoha,
Kaha ha ke khone ho bua ha ke tšohile.
Ke tla ntša bohloko boo ke bo utloang.
Ke tla bua ke utloile bohloko!
2 Ke tla re ho Molimo: ‘U se ke oa phatlalatsa hore ke molato.
Mpolelle hore na ke hobane’ng ha u ntoantša.
3 U fumana molemo ofe ka ho hatella
Le ho hloea mosebetsi oa matsoho a hao+
Le ka ho amohela keletso ea ba khopo?
4 Na u na le mahlo a nama
Kapa u bona joaloka motho?
5 Na matsatsi a hao a tšoana le a batho
Kapa na lilemo tsa hao li tšoana le tsa batho,+
6 Hoo u batlang phoso ea ka
Le ho sheba sebe sa ka?+
10 Na ha oa ka oa nqhala joaloka lebese
Le ho etsa hore ke tiee joaloka chisi?
13 Empa u ile oa rera ho etsa lintho tsena ka sephiri.*
Kea tseba hore li tsoa ho uena.
15 Ho malimabe ’na haeba ke molato!
17 U tlisa lipaki tse ncha tse tl’o bua hampe ka ’na
Ebile u nkhalefela le ho feta
Ha mathata a ka a tla a latellana.
18 Ke hobane’ng ha u ile oa etsa hore ke tsoe ka popelong?+
Nka be ke ile ka shoa le pele ho e-ba le motho ea mponang.
19 Nka be ke nkiloe ka ho toba ho tsoa popelong ho ea lebitleng,
Ho ne ho tla tšoana leha eka ha kea ka ka ba teng.’
20 Na matsatsi a ka ha a ’maloa?+ A ke a ntlohele,
A ke a tlohele ho ncheba e le hore nka fumana phomolo,*+
21 Pele ke tsamaea kaha nke ke ka khutla,+
Ke ea naheng e lefifi haholo,*+
22 Naheng ea lefifi le letšo-letšo,
Naha e se nang taolo le ea moriti o lefifi,
Moo le khanya e leng lefifi.”
2 “Na mantsoe aa ha ho na motho ea tla a araba,
Kapa na ho bua haholo ho etsa hore motho ebe ea lokileng?*
3 Na mantsoe a hao a se nang thuso a tla etsa hore batho ba thole?
Na ha ho na motho ea tla u khalemella mantsoe aa a hao a somang?+
6 O ne a tla u bolella makunutu a ho ba bohlale,
Hobane bohlale ba ’nete bo tla u ruta lintho tse ngata.
Ka mor’a moo, u tla hlokomela hore Molimo o khetha ho lebala tse ling tsa liphoso tsa hao.
7 Na u ka tseba lintho tse tebileng tsa Molimo
Kapa na u ka utloisisa lintho tsohle ka* Ea Matla ’Ohle?
8 Bohlale ba hae bo phahame ho feta maholimo, u ka bo finyella joang?
Bo tebile ho feta Lebitla,* u ka tseba eng ka bona?
9 Bo bolelele ho feta lefatše
’Me bo sephara ho feta leoatle.
10 Haeba Molimo a tšoara motho ’me a mo isa khotla,
Ke mang ea ka mo thibang?
11 O tseba batho ba bolotsana.
Na ha a hlokomele ha lintho tse mpe li etsahala?
13 Haeba feela u ka lokisa pelo ea hao
’Me oa otlollela matsoho a hao ho eena,
14 Haeba letsoho la hao le etsa se sebe, u le behelle hole le uena
’Me u se ke oa lumella lintho tse sa lokang ka litenteng tsa hao.
15 Ka nako eo, u tla phahamisa hlooho ea hao u sa hlajoe ke lihlong,
U tla ema u tiile u sa tšabe letho.
16 Ka nako eo u tla lebala mathata a hao,
U tla a hopola joalokaha eka ke metsi a ileng a feta pel’a hao.
17 Bophelo ba hao bo tla khanya ho feta khanya ea motšehare,
Le lefifi la bona le be joalokaha eka ke hoseng.
18 U tla ba sebete hobane ho tla be ho e-na le tšepo,
U tla qamaka ’me u robale u sireletsehile.
19 U tla robala ho se na motho ea u tšosang,
’Me u tla ratoa ke batho ba bangata.
20 Empa ba khopo ba tla foufala,
’Me ha ho na moo ba tla balehela teng,
Tšepo ea bona e tla ba lefu.”+
12 Jobo a re:
3 Empa le ’na ke na le kutloisiso.*
Ha le mphete ka letho.
Ke mang ea sa tsebeng lintho tsee?
4 Ke fetohile litšeho ho metsoalle ea ka,+
Hobane ke kopa thuso ho Molimo ’me ke lebella hore a nkarabe.+
Monna ea lokileng le ea se nang molato o fetohile litšeho.
5 Motho ea se nang mathata o soma ba nang le ’ona,
O nahana hore a tlela feela batho bao maoto a bona a sa tsitsang.*
6 Masholu a phela ka khotso malapeng a ’ona,+
’Me ba halefisang Molimo ba sireletsehile,+
Ba tšoereng melimo ea bona ka matsoho.
7 Ka kopo botsa liphoofolo ’me li tla u ruta,
Le linonyana ’me li tla u bolella.
9 Ke efe har’a lintho tsee tsohle e sa tsebeng
Hore Jehova ke eena ea e bopileng?
12 Na bohlale ha bo fumanoe bathong ba holileng,+
’Me na batho bao e leng khale ba phela ha se bona ba nang le kutloisiso?
Motho ea khelohang le ea khelosang ba bang ka bobeli ba ikarabella ho eena.
20 O etsa hore baeletsi ba tšepiloeng ba hloke litaba,
Le hore banna ba holileng* ba se ke ba e-ba le kutloisiso.
22 O etsa hore lintho tse tebileng tse lefifing li hlahelle,+
Hape o tlisa lintho tse lefifing le letšo khanyeng.
23 O etsa hore lichaba li be matla haholo e le hore a li felise,
O etsa hore li be ngata e le hore a li ise botlamuoeng.
24 O tlosa kutloisiso* ea baeta-pele ba sechaba
Le hore ba lelere lefeelleng moo ho se nang litsela.+
25 Ba phopholetsa lefifing+ moo ho se nang khanya,
O etsa hore ba lelere joaloka batho ba tahiloeng.+
13 Leihlo la ka le bone lintho tsena tsohle,
Tsebe ea ka ea li utloa ’me ea li utloisisa.
2 Seo le se tsebang le ’na kea se tseba,
Ha ke tlase ho lona.
6 Ke kopa le mamele maikutlo a ka,
’Me le ele hloko likopo tsa ka.
7 Na le tla bua lintho tse sa lokang le sebelisa lebitso la Molimo,
Le ho bua leshano ka lebitso la hae?
9 Na ha Molimo a ka le hlahloba o ne a tla fumana le lokile?+
Na le tla mo thetsa joalokaha le thetsa batho?
11 Na ho hlompheha ha hae ho ke ke ha le tšosa,
Na le ke ke la tšoha ka lebaka la hae?
12 Mantsoe a lona a bohlale* a fetohile maele a se nang thuso joaloka molora,
Likarabo tsa lona ha li na thuso joaloka lithebe tse entsoeng ka letsopa.
13 Tholang e le hore nka bua.
Le tlohele eng kapa eng hore e nketsahalle!
15 Leha a ka mpolaea, ke tla leta.+
Ke tla emela taba ea ka ka pel’a hae.
17 ’Mameleng ka hloko,
Le ele hloko seo ke se buang.
18 Joale ke hlophisitse nyeoe ea ka,
Kea tseba hore ha ke na molato.
19 Ke mang ea tla loantšana le ’na?
Ke ne ke tla shoa haeba nka thola!*
22 Mpitse ’me ke tla u araba,
Kapa u ntumelle hore ke bue ’me u nkarabe.
23 Ke entse libe le liphoso life?
Mpolelle phoso ea ka le sebe sa ka.
25 Na u tla tšosa lekhasi le fefotsoeng ke moea,
Kapa u lelekise litlhaka tse omeletseng?
26 U ntse u ngola liqoso tse bohloko ka ’na
’Me u etsa hore ke arabelle libe tsa bocheng ba ka.
14 Motho ea tsoetsoeng ke mosali
O phela nako e khutšoanyane+ ’me bophelo ba hae bo tletse mathata.*+
4 Na motho ea nang le sebe a ka tsoala motho ea se nang sebe?*+
Che!
5 Haeba matsatsi a hae a etselitsoe qeto,
Palo ea likhoeli tsa hae e ho uena,
U mo lekanyelitse nako ’me a ke ke a e feta.+
6 Khaotsa ho mo sheba e le hore a ka phomola,
Ho fihlela a qeta mosebetsi oa hae joaloka motho ea hiriloeng.+
8 Haeba methapo ea sona e tsofalla ka tlas’a mobu
Le kutu ea sona e shoella mobung,
9 Ha se utloa monko oa metsi se tla hlomela,
Se hlahise makala joaloka semela se secha.
11 Metsi a nyamela leoatleng
’Me noka ea psha e be e omelle.
12 Hape motho oa robala ebe ha a tsohe.+
A ke ke a tsoha ho fihlela maholimo a le sieo
Ebile a ke ke a tsosoa borokong.+
13 Ekare u ka mpata Lebitleng,*+
Oa mpata ho fihlela bohale ba hao bo feta,
Oa mpehela nako ebe oa nkhopola.+
14 Ha motho a shoa, na a ka phela hape?+
Ke tla leta ho fihlela matsatsi a bokhoba ba ka a fela,
Ho fihlela ke lokoloha.+
15 U tla mpitsa ’me ke tla u araba.+
U tla hopola* mosebetsi oa matsoho a hao.
16 Empa hona joale u ntse u bala mehato ea ka,
U shebile libe tsa ka feela.
17 Phoso ea ka e koalletsoe ka mokotleng,
U koetse sebe sa ka ka sekhomaretsi.
18 Feela joalokaha thaba e oa ’me e nyamela
Le lefika le tlosoa sebakeng sa lona.
19 Feela joalokaha metsi a fata majoe
Le linokana tsa ’ona li hohola mobu,
U felisitse tšepo ea motho ka tsela e tšoanang.
20 U mo hlola ka matla ho fihlela a shoa,+
U fetola tsela eo a shebahalang ka eona ebe u mo isa lebitleng.
22 O utloa bohloko hafeela a ntse a phela
Ebile o lla hafeela a ntse a phela.”
2 “Na motho ea bohlale a ka bua ntho e sa utloahaleng,
Kapa na o tla tlatsa mpa ea hae ka moea oa bochabela?
3 Ho khalemela feela ka mantsoe ha ho na thuso,
’Me ho bua feela ha ho na molemo.
4 Ha u nke ho tšaba Molimo ho le bohlokoa,
Ebile u etsa hore batho ba se ke ba nahana ka Molimo.
5 Phoso ea hao e etsa hore u bue joalo
Hape u khetha ho bua mantsoe a nang le bolotsana.
7 Na ke uena motho ea tsoetsoeng pele,
Kapa na u hlahile pele ho maralla?
8 Na u mamela makunutu a Molimo,
Kapa u nka hore ke uena feela ea bohlale?
9 U tseba eng eo re sa e tsebeng?+
U utloisisa eng eo re sa e utloisiseng?
11 Na matšeliso a Molimo ha aa u lekana
Kapa mantsoe a builoeng ka bonolo ho uena?
12 Ke hobane’ng ha u nkoa ke pelo,
’Me ke hobane’ng ha mahlo a hao a tletse khalefo?
13 U halefela Molimo
’Me u lumella mantsoe a joalo hore a tsoe molomong oa hao.
16 Motho ea sa lokang a bile a nyonyeha e ne e boetse e le eng,+
Motho ea noang ho se loke joaloka metsi?
17 Mamela ke u bolelle,
Ke tla u bolella lintho tseo ke li boneng,
18 Lintho tseo banna ba bohlale ba li buileng, tseo ba sa kang ba li pata,+
Lintho tseo ba li utloileng ho bo-ntate ba bona.
19 Naha e ile ea fuoa bona feela
’Me ha ho motho e mong ea ileng a feta har’a bona.
20 Motho ea khopo o lula a e-na le mathata matsatsi ’ohle a bophelo ba hae,
O kopana le mathata lilemo tsohle tsa bophelo ba hae.
23 O lelera hohle a ntse a batlana le lijo* a re: ‘Li hokae?’
O tseba hantle hore letsatsi la tlokotsi* le haufi.
24 Ho tšoenyeha le mathata li lula li mo tšosa,
Li tla ka matla joaloka morena ea itokiselitseng ho hlasela.
25 Kaha o phahamiselitse Molimo letsoho,
Ebile o leka ho loantša* Ea Matla ’Ohle,
26 O latella Molimo ka manganga,
A nkile thebe ea hae e tenya le e matla,
27 Sefahleho sa hae se tletse monono,
Le letheka la hae le tletse mafura,
28 O lula metseng e tl’o felisoa,
Matlong ao ho seng motho ea lulang ho ’ona,
A tla fetoha qubu ea majoe.
29 A ke ke a rua ’me leruo la hae le ke ke la eketseha,
Kapa hona hore lintho tsa hae li tlale hohle lefatšeng.
30 A ke ke a phonyoha lefifing,
Lelakabe le tla chesa lekala la hae,
31 A se ke a kheloha le ho tšepa ntho e se nang thuso,
Kaha a ke ke a fumana letho le molemo,
32 E tla ba ntho e etsahalang kapele,
’Me makala a hae a ke ke a ba matala.+
33 O tla ba joaloka sefate sa morara se hlohlorang morara oa sona o sa butsoang,
Le joaloka sefate sa mohloaare se hlohlorang lithunthung tsa sona.
34 Hobane ha ho letho le molemo har’a batho ba lahlileng Molimo*+
’Me mollo o tla chesa litente tsa batho ba nkang tjotjo.
35 Ba emola khathatso ’me ba tsoala se khopo,
Lipopelo tsa bona li hlahisa thetso.”
16 Jobo a re:
2 “Nkile ka utloa lintho tse ngata tse tšoanang le tsena.
Kaofela ha lona le batšelisi ba likhathatso!+
3 Le tla qeta neng ho bua mantsoe aa a se nang thuso?
Ke’ng e etsang hore le bue ka tsela ee?
4 Le ’na ke ne nka bua joaloka lona.
Haeba le ne le le boemong ba ka,
Ke ne nka bua lintho tse ngata tse le hanyetsang
’Me ka le sisinyetsa hlooho.+
5 Ho e-na le hoo, ke ne ke tla bua mantsoe a le khothatsang,
’Me matšeliso a ka a ne a tla le khatholla.+
8 U boetse oa ntšoara ’me boemo boo ke leng ho bona ke bopaki ba seo,
Kahoo, ho ota ha ka ho paka seo.
9 Khalefo ea hae e nthobile likoto ’me o ntlhoile.+
O ntsikitlanyetsa meno.
Sera sa ka se nchebile hampe.+
10 Ba buile lintho tse mpe ka ’na,+
Hape ba ntelletse ka hore ba nkotle marameng,
Ba ntlhasela ba le bangata.+
12 Ke ne ke se na mathata empa a nthuhakanya,+
A ntšoara ka morao molaleng eaba o nthoba likoto,
O ikemiselitse ho ntlhasela.
13 Batho ba hae ba betsang metsu ba mpota-potile,+
O arola liphio tsa ka+ a se na qenehelo,
O qhalla nyooko ea ka fatše.
14 O ntse a mphunya masoba-soba,
O mathela ho ’na joaloka lesole.
16 Sefahleho sa ka se retetse ke ho lla,+
’Me mahlo a ka a aparetsoe ke lefifi,*
17 Le hoja ke sa lematsa motho,
Le thapelo ea ka e hloekile.
19 Paki ea ka e maholimong,
Ea ka mpakelang o sebakeng se phahameng.
21 Ho ke ho be le moahloli pakeng tsa motho le Molimo,
Joalokaha a le teng pakeng tsa batho ba babeli.+
3 Ke kopa u ntšepise hore u tla ntšireletsa.
Ke mang e mong ea tla nthusa?+
5 Batho bana ba re ba tla arolelana lintho le metsoalle ea bona,
Ha bana ba bona ba bolaoa ke tlala.
8 Batho ba lokileng baa makala ha ba mpona
’Me ba se nang molato ba tšoenngoa ke batho ba lahlileng Molimo.*
9 Motho ea lokileng o ntse a tšoareletse tseleng ea hae+
Le motho ea matsoho a hloekileng o ntse a e-ba matla.+
10 Leha ho le joalo, lona kaofela le ka tla ’me la tsoela pele ho phehisana le ’na
Kaha ha kea fumana le ea mong ea bohlale har’a lona.+
12 Ba re bosiu ke motšehare,
Ba boetse ba re, ‘Khanya e tlameha ebe e haufi hobane ho lefifi.’
14 Ke tla hoeletsa sekoti*+ ke re, ‘U ntate oa ka!’
Ho liboko* ke re, ‘U ’mè oa ka le ausi oa ka!’
15 Joale tšepo ea ka e hokae?+
Ke mang ea e bonang?
2 “Le tla bua tjee ho fihlela neng?
E-bang le kutloisiso e le hore re ka bua.
3 Ke hobane’ng ha re lokela ho nkoa joaloka liphoofolo,+
Le ho nkoa re se na kelello* mahlong a lona?
4 Leha bohale ba hao bo ka etsa hore u itematse,
Na lefatše le tla lahloa ka lebaka la hao,
Kapa lefika le tlohe sebakeng sa lona?
6 Khanya e ka tenteng ea hae e tla fifala,
Lebone le holim’a hae le tingoe.
8 Maoto a hae a tla mo lebisa sefing,
O tla tsamaea ka har’a lona.
10 O patetsoe thapo mobung,
Ho na le leraba tseleng ea hae.
16 Metso ea hae e tla omella
Le makala a hae a pone.
18 O tla tlosoa khanyeng a isoe lefifing,
A lelekoe naheng e behang.
19 A ke ke a ba le bana le litloholo bathong ba habo,
Ha ho na motho ea tla phonyoha sebakeng seo a lulang ho sona.*
20 Ha letsatsi la hae le fihla, batho ba ka Bophirimela ba tla makala,
Le batho ba ka Bochabela ba tšohe haholo.
21 Tsena ke lintho tse etsahalang litenteng tsa mofosi,
Le sebakeng sa motho ea sa kang a tseba Molimo.”
19 Jobo a re:
4 Haeba kannete ke entse phoso,
Phoso ea ka ha e le ame ka letho.
5 Haeba le tsoela pele ho iphahamisetsa ’na,
Ka hore ebe le re ho lokile ha ke hlaheloa ke lintho tsena tse bohloko,
6 Tsebang hore ke Molimo ea nkhelositseng,
O ntšoasitse ka sefi seo a tsomang ka sona.
7 Ke ntse ke hoeletsa ke re, ‘Ke tšoeroe hampe!’ empa ha ho na motho ea arabang.+
Ke ntse ke kopa thuso empa ha ho na toka.+
8 O koetse tsela ea ka ka lerako le entsoeng ka majoe ’me ha ke khone ho feta,
O koahetse litsela tsa ka ka lefifi.+
9 O entse hore ke se ke ka hlompheha
’Me a tlosa korone hloohong ea ka.
10 O ntlhasela ka mahlakore ’ohle ho fihlela ke shoa,
Tšepo ea ka o e fothola joaloka sefate.
12 Masole a hae aa ikopanya ebe aa nthibella,
A hloma litente ho potoloha tente ea ka.
15 Makhoba a ka a basali le baeti ba ka tlung ea ka+ ba nkuka ke le motho eo ba sa mo tsebeng,
Ke molichaba mahlong a bona.
16 Ke bitsa mohlanka oa ka empa ha a arabe,
Ke mo kopa hore a nqenehele.
23 Haeba feela mantsoe a ka a ne a ka ngoloa fatše,
Haeba feela a ne a ka ngoloa bukeng!
24 Hoja a ne a ka ngoloa ka ho sa feleng lefikeng,
Ka pene ea tšepe le ka loto!
26 Ka mor’a hore letlalo la ka le senyehe,
Ha ke sa ntse ke phela, ke tla bona Molimo,
27 Ke tla iponela eena,
Mahlo a ka a tla mo bona, eseng a motho e mong.+
Empa ka hare ho ’na ke imetsoe.*
28 Kaha le re, ‘Re mo hlorisa ka tsela efe?’+
Joalokaha eka bothata ke ’na.
29 Le lokela ho tšaba sabole,+
Kaha ba etsang liphoso ba tla ahloloa ka eona,
E le hore le ka tseba hore ho na le moahloli.”+
2 “Menahano ea ka e ntšoenyang e etsa hore ke bue
Hobane ke tenehile.
3 Ke utloile ha u nthohaka
Eaba ke susumelletseha hore ke u arabe.
4 E tlameha ebe khale u tseba taba ena
Hobane haesale e le joalo ho tloha ha motho* a behoa lefatšeng+
5 Hore thabo ea batho ba khopo e fela kapele
6 Le hoja boikhohomoso ba hae bo fihla leholimong
Le hlooho ea hae e fihla marung,
7 O tla felisoa ka ho sa feleng joaloka mantle a hae,
Batho ba neng ba tloaetse ho mo bona ba tla re, ‘O hokae?’
8 O tla feta joaloka toro ’me ba ke ke ba mo fumana,
A lelekoe joaloka pono ea bosiu.
9 Motho ea kileng a mo bona ha a sa tla hlola a mo bona hape,
A ke ke a hlola a bonoa hape ntlong ea hae.+
10 Bana ba hae ba tla kopa thuso ho batho ba futsanehileng,
O tla khutlisa leruo leo a le nkileng ho batho ba bang.+
12 Haeba a utloa ntho e mpe e latsoeha hamonate,
Haeba a e pata ka tlas’a leleme la hae,
13 Haeba a e moma ’me a sa batle ho e tlohela
Empa a e boloka ka hanong la hae,
14 Lijo tsa hae li tla bola ka mpeng ea hae,
Li tla ba joaloka chefo* ea masumu ka hare ho eena.
15 O koentse leruo empa o tla le hlatsa,
Molimo o tla le ntša ka mpeng ea hae.
17 Le ka mohla a ke ke a bona linokana tsa metsi,
Linokana tsa mahe a linotši le botoro.
19 O felisitse bafutsana ebile o ba lahlile,
O nkile ntlo eo a sa e hahang.
20 Empa a ke ke a ba le khotso,
Leruo la hae le ke ke la mo thusa hore a phonyohe.
21 Ha ho na letho le setseng leo a ka le senyang,
Ke ka lebaka leo katleho ea hae e ke keng ea tšoarella.
22 Ha a se a ruile haholo, o tla lula a tšoenyehile,
Bomalimabe bo tla mo latella.
24 Ha a baleha libetsa tsa tšepe,
Metsu ea seqha sa koporo e tla mo hlaba.
25 O ntša motsu o mo hlabileng ka mokokotlong,
Sebetsa se benyang se hlabileng nyooko ea hae
’Me o tšoha haholo.+
26 Matlotlo a hae a tla lahleloa lefifing le letšo,
Mollo oo ho se nang motho ea o butsoetseng o tla mo chesa,
Tlokotsi e emetse mang kapa mang ea tla phonyoha tenteng ea hae.
27 Maholimo a tla senola phoso ea hae,
Lefatše le tla mo fetohela.
28 Moroallo o tla hohola ntlo ea hae,
Ho tla ba le moroallo o moholo letsatsing la khalefo ea Molimo.*
29 Ena ke kabelo eo Molimo a e fang motho ea khopo,
Ke lefa leo Molimo a mo fileng lona.”
21 Jobo a re:
2 “ ’Mameleng ka hloko
Kaha seo e tla ba matšeliso ao le mphang ’ona.
4 Na ho tletleba ha ka ho lebisitsoe ho motho?
Haeba ho ne ho le joalo, na nka be ke sa felloa ke mamello?
5 Nchebeng le be le ’makalle,
Le behe matsoho a lona melomong.
6 Ha ke thola ke nahana, kea tšoenyeha
Le ’mele oohle oa ka oa thothomela.
8 Ba lula ba e-na le bana ba bona
Ebile ba khona le ho bona litloholo tsa bona.
9 Matlo a bona a sireletsehile, ha ba tšabe.+
Molimo ha a ba otle ka molamu oa hae.
11 Bana ba bona ba bashanyana ba matha ka ntle joaloka mohlape
Ebile baa tlolaka.
13 Ba qeta matsatsi a bona ba ithabisa.
Ba theohela Lebitleng* ka khotso.*
14 Empa ba re ho Molimo oa ’nete, ‘Khaohana le rona!
Ha re batle ho tseba litsela tsa hao.+
15 Ea Matla ’Ohle ke mang hore re mo sebeletse?+
Re tla fumana molemo ofe ka ho mo tseba?’+
16 Empa kea tseba hore ha ba laole katleho ea bona.+
Ha ke nahane joaloka batho ba khopo.+
17 Lebone la ba khopo le tima hangata hakae?+
Ba hlaheloa ke tlokotsi hangata hakae?
Molimo o ba fa kotlo hangata hakae ka lebaka la bohale ba hae?
18 Na ba ke ba fefoloe ke moea joaloka joang,
Ba be joaloka ’moko o fefoloang ke sefefo?
19 Molimo o tla boloka likotlo tsa motho ebe o li khutlisetsa baneng ba hae.
Empa e se eka le eena Molimo a ka mo fa kotlo e le hore a ka utloa hore na ho joang.+
20 E se eka tlokotsi e ka mo tlela a ntse a shebile
’Me e be eena ea utloang* khalefo ea Ea Matla ’Ohle.+
21 Haeba palo ea likhoeli tsa hae e fokotsoa,*+
Na oa tsotella hore na ho tla etsahala’ng ka ba lelapa la hae ka mor’a hore a shoe?
23 Motho e mong o shoa a ntse a e-na le matla,+
A e-na le khotso ebile a se na mathata,+
24 Lirope tsa hae li le kholo
Le masapo a hae a le matla.*
28 Le ntse le re, ‘Ntlo ea motho ea hlomphehang e hokae?
Tente eo motho ea khopo a neng a lula ho eona e hokae?’+
29 Na ha lea botsa batho ba tsamaeang?
Na ha le lumele seo ba se buang?*
30 Ba tla le bolella hore motho ea khopo oa pholoha letsatsing la tlokotsi
Ebile oa pholosoa letsatsing la khalefo.
31 Ke mang ea tla mo bolella hore boitšoaro ba hae ha boa loka?
Ke mang ea tla mo fa kotlo ka lebaka la liketso tsa hae?
32 Ha a isoa mabitleng,
Lebitla la hae le tla lebeloa.
34 Joale ke hobane’ng ha le mpha matšeliso a se nang thuso?+
Likarabo tsa lona ke leshano feela!”
2 “Na motho o na le molemo ho Molimo?
Na motho leha e le ofe ea bohlale a ka mo tsoela molemo?+
3 Na Ea Matla ’Ohle o na le taba* hore na u lokile
Kapa na ho na le molemo oo a o fumanang haeba u tšepahala?+
4 Na ke ka lebaka la hore oa mo hlompha a ka u fang kotlo
Le ho u isa khotla?
6 U nka lintho ho bana beno e le tebeletso ntle ho lebaka
Ebile u nkela batho liaparo tsa bona ’me u ba siea ba hlobotse.*+
11 Ke ka lebaka leo ho leng lefifi hoo u sa boneng
Le moroallo oa metsi oa u koahela.
12 Na Molimo ha a holimo leholimong?
Bona hore na linaleli tsohle li holimo hakaakang!
13 Empa u itse: ‘Molimo o tseba’ng?
Na a ka ahlola lefifing le letšo-letšo?
15 Na u tla ’ne u latele litsela tsa khale
Tseo batho ba khopo ba tsamaileng ho tsona,
17 Ba ne ba re ho Molimo oa ’nete: ‘Khaohana le rona!’
Ba bile ba re, ‘Ea Matla ’Ohle o re etsa’ng?’
18 Leha ho le joalo, Molimo ke eena ea tlatsitseng lintho tse molemo ka matlung a bona.
(Monahano o khopo joalo ha o eo ho ’na.)
19 Batho ba lokileng ba tla bona sena ’me ba thabe,
Ba se nang molato ba tla ba soma ba re:
20 ‘Bahanyetsi ba rona ba felisitsoe,
Mollo o tla chesa lintho tsa bona tse setseng.’
21 Mo tsebe ’me u tla ba le khotso,
U tla fumana lintho tse ntle.
23 Haeba u khutlela ho Ea Matla ’Ohle, u tla boela u atlehe,+
Haeba u tlosa liketso tse sa lokang tenteng ea hao
24 Haeba u ka lahlela khauta ea hao leroleng
Le khauta ea Ofire+ likhohlong* tse majoe,
25 Ea Matla ’Ohle e tla ba khauta ea hao,
E tla ba silevera ea hao e ntle ka ho fetisisa.
27 U tla mo kopa ka tieo ’me o tla u mamela.
Uena u tla phetha boitlamo ba hao.
28 Lintho tsohle tseo u li etsang li tla atleha
Le litsela tsa hao li tla khanya.
29 U tla tlotlolloa ha u ikhohomosa
Empa Molimo o tla pholosa batho ba ikokobelitseng.
30 O tla pholosa batho ba se nang molato.
Kahoo, haeba matsoho a hao a hloekile, joang kapa joang u tla pholosoa.”
23 Jobo a re:
4 Ke ne ke tla isa nyeoe ea ka ho eena,
Ke ipuelle ka pel’a hae.
5 Ke ne ke tla mamela seo a se buang
Ke be ke nahane ka sona.
6 Na o ne a tla ntoantša ka matla a hae a maholo?
Che, empa o ne a tla ’mamela.+
7 Motho ea lokileng o tla lokisa litaba le eena moo
’Me moahloli oa ka o tla bolela hore ha ke na molato.
8 Empa ha ke ea bochabela ha a eo
Leha ke khutla ha ke mo fumane.
9 Ha a sebetsa ka lehlakoreng le letšehali ha ke mo bone.
Leha a ea ka ho le letona ke ntse ke sa mo bone.
10 Empa o tseba lintho tseo ke li entseng.+
Ka mor’a hore a nteke, ke tla tsoa ke le joaloka khauta.+
12 Ke mametse melao eo a e buileng.
Ke mametse lipolelo tsa hae+ ho feta kamoo ke neng ke laetsoe kateng.
13 Ha a ikemiselitse ho etsa ntho, ha ho na motho ea ka mo thibang.+
Ha a batla ho etsa ntho e itseng, oa e etsa.+
14 O tla etsa sohle seo a ikemiselitseng ho se etsa ka ’na
’Me ho na le lintho tse ngata tse joaloka tsena tseo a mpehetseng tsona.
15 Ke ka lebaka la hae ke ikutloang ke tšoenyehile,
Ha ke nahana ka eena, ke tšoha le ho feta.
16 Molimo o entse hore ke be boi,
Ea Matla ’Ohle o entse hore ke tšohe.
17 Sefahleho sa ka se koahetsoe ke lefifi le letšo-letšo
Empa nke ke ka thola.
24 Ke hobane’ng ha Ea Matla ’Ohle a sa beha nako?+
Ke hobane’ng ha ba mo tsebang ba sa bone letsatsi la hae?*
4 Ba leleka bafutsana tseleng,
Ba sa khoneng ho itšireletsa ba lokela ho ipatela bona.+
5 Bafutsana ba batlana le lijo joaloka litonki tsa naha+ lefeelleng,
Ba batlela bana ba bona lijo lehoatateng.
8 Ba kolobisoa ke pula ea lithaba,
Ba itšoarella mafikeng hobane ho se na moo ba ka itšireletsang.
11 Ba sebetsa ka thata letsatsing le chesang, har’a marako a lirapa tsa morara.*
Ba hata lihatelong tsa veine leha ho le joalo ba nyoriloe.+
Bosiu teng oa utsoa.
15 Motho ea febang o emela hore letsatsi le likele,+
O re, ‘Ha ho na motho ea tla mpona!’+
Ebe o koahela sefahleho sa hae.
16 Ha ho e-ba lefifi, batho ba khopo ba kenela batho matlong a bona.
Motšehare ba ikoalla ka tlung.
Ha ba rate khanya.+
17 Ha ba tšabe lefifi joaloka batho ba bang empa ha e e-ba hoseng baa tšaba.
Ba tloaelane le liketso tse tšosang tsa lefifi.
18 Empa metsi a ba hohola kapele.*
Naha eo ba lulang ho eona e tla rohakoa.+
Ba ke ke ba khutlela lirapeng tsa bona tsa morara.
20 Ba tla laoloa ke bo-’mè* ba bona ’me ba jeoe ke liboko.
Ba ke ke ba hlola ba hopoloa.+
Ba sa lokang ba tla robeha joaloka sefate.
21 Ba hlasela mosali ea sa khoneng ho ba le bana
’Me ba tšoara mohlolohali hampe.
22 Molimo* o tla sebelisa matla a hae ho felisa batho ba matla
Leha ba ka ba matla, ha ba tsebe hore na ba tla phela kapa che.
24 Ba phahamisoa ka nakoana ebe ka mor’a moo ha ba sa le eo.+
25 Ke mang ea ka reng ke leshano
Kapa a re ntho eo ke e buang ha se ’nete?”
2 “Molimo ke ’musi ebile o na le matla a maholo.
O etsa hore ho be le khotso leholimong.*
3 Na lihlopha tsa hae tsa masole li na le palo?
Ke bo-mang bao khanya ea hae e sa ba khantšetseng?
5 Molimo ha a bone khoeli e khanya
Le linaleli ha lia hloeka mahlong a hae.
26 Jobo a re:
3 U fane ka keletso e molemo hakaakang ho motho ea seng bohlale.+
U bontšitse hore u bohlale.*
4 U leka ho bua le mang,
Ke mang ea u susumelitseng hore u bue lintho tseo?
5 Ba shoeleng ha ba na matla ’me baa thothomela ka pel’a Molimo,
Ba tlase le ho feta metsi le libopuoa tse lulang ho ’ona.
6 Ha ho letho le Lebitleng* leo Molimo a sa le boneng+
Ebile o bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka sekoting sa timetso.*
8 O phuthela metsi ka maru a hae,
Ka tsela e tla etsa hore maru a se ke a phatloha ka lebaka la boima ba metsi.+
11 Le lipilara tsa leholimo lia thothomela,
Li tšosoa ke khalefo ea hae.
12 O fuluha leoatle ka matla a hae,+
Ka lebaka la kutloisiso ea hae o roba phoofolo e kholohali ea leoatle* likotoana.+
13 O hloekisa sepaka-paka ka moea oo a o hemang,
O hlaba noha e thellang.
14 Tsena ke linyane feela tsa litsela tsa hae,+
Lintho tseo re li utloileng ka eena li joaloka mohoeshetso feela.
Ke mang ea ka utloisisang lehalima la hae le matla?”+
2 “Ke hlapanya ka Molimo ea phelang ea ntšoereng ka ho hloka toka+
Le ka Ea Matla ’Ohle ea entseng hore ke se ke ka thabela bophelo,+
3 Hafeela ke ntse ke phela,
Molimo a mphile matla,+
4 Molomo oa ka o ke ke oa bua lintho tse sa lokang
Kapa oa bua leshano.
Hafeela ke ntse ke phela, nke ke ka etsa letho le tla etsa hore ke ikutloe ke le molato.*
7 Sera sa ka se ke se fuoe kotlo joaloka batho ba khopo
Le batho ba ntlhaselang ba fuoe kotlo joaloka batho ba sa lokang.
10 Na o tla thaba ka lebaka la Ea Matla ’Ohle?
Na o tla kopa thuso ho Molimo ka linako tsohle?
11 Ke tla le ruta hore na Molimo o matla hakae.
Nke ke ka pata letho ka Ea Matla ’Ohle.
12 Haeba kaofela ha lona le bone lipono,
Ke hobane’ng ha le bua lintho tse se nang thuso?
13 Molimo o tla fa batho ba khopo lintho tsena+
E leng lefa leo Ea Matla ’Ohle a tla le fa batho ba hatellang ba bang:
14 Haeba a e-ba le bara ba bangata, ba tla bolaoa ka sabole.+
Le litloholo tsa hae li ke ke tsa ba le lijo tse lekaneng.
15 Ba phonyohileng ba tla bolaoa ke lefu la seoa
Le basali ba bona ba ke ke ba ba llela.
16 Leha a ka bokella silevera habonolo joaloka lerole
Le liaparo tse ntle a li bokella joaloka letsopa
17 Leha a ka li bokella,
Motho ea lokileng o tla li apara,+
Motho ea se nang molato o tla inkela silevera ea hae.
18 Ntlo eo a e hahang e senyeha kapele joaloka ntlo ea tšoele*
Le joaloka lephephe+ le entsoeng ke molebeli.
19 O tla robala a ruile empa leruo la hae le tla nyamela.
Etlare ha a tsoha a fumane ho se na letho.
20 O tla tleloa ke tšabo joaloka moroallo.
O tla nkoa ke sefefo bosiu.+
21 Moea o hlahang bochabela o tla mo fefola a nyamele.
O tla mo fefola o mo tlose sebakeng sa hae.+
22 Ha a ntse a leka ho o loantša a batla ho o baleha,+
O tla mo lahlela hole ’me o ke ke oa mo utloela bohloko.+
3 Motho o etsa hore ho be le khanya sebakeng se lefifi.
O kenella sebakeng se lefifi
E le hore a fumane majoe a bohlokoa.
4 O cheka sekoti hole le moo batho ba lulang teng,
Libakeng tse lebetsoeng tse hole le moo batho ba tsamaeang.
Batho ba bang ba theohela sekoting seo ba sebelisa lithapo.
5 Lijo li mela ka holim’a lefatše.
Empa ka tlase le senyeha joalokaha eka le senngoa ke mollo.*
6 Ka tlas’a lona ho na le majoe a safire
Le mobu o na le khauta.
7 Linonyana tse jang nama ha li tsebe tsela e eang moo.
Le ’mankholi e motšo ha a e-s’o e bone.
8 Libata tse kholo ha li e-s’o hate ho eona
Le tau ha e e-s’o ka e tsamaea ho eona.
9 Motho o pshatla lefika le thata
Ebile o heletsa lithaba.
10 O bula liforo tsa metsi+ lefikeng.
Mahlo a hae a bona lintho tsohle tsa bohlokoa.
11 O koala mehloli ea linoka
Hape ntho e neng e patiloe o e tlisa khanyeng.
12 Empa bohlale le kutloisiso li ka fumanoa hokae?+
14 Metsi a tebileng a re, ‘Ha bo eo ho ’na.’
Le leoatle le re, ‘Le ’na ha bo eo ho ’na.’+
15 Ha ho na khauta kapa silevera e ka bo rekang.+
16 Ha ho na khauta ea Ofire e ka bo rekang+
Kapa majoe a bohlokoa a onikse le a safire a ka bo rekang.
18 Likorale le mahakoe ha re sa bua ka tsona+
Hobane bohlale ke ba bohlokoa ho feta mokotla o tletseng liperela.
20 Empa bohlale le kutloisiso li ka fumanoa hokae?+
23 Ke Molimo ea tsebang tsela ea ho bo fumana.
Ke eena feela ea tsebang moo bo lulang+
24 Kaha o bona moo lefatše le fellang
Hape o bona lintho tsohle tse lefatšeng.+
A behela metsi moeli,+
26 Ha a ne a behela pula molao oa hore na e ne neng+
Le hore na maru a lehalima le sefefo li tsamaee hokae,+
27 O ile a bona bohlale ’me a bo hlalosa.
A etsa hore bo be teng a ba a bo leka.
28 Eaba o re ho motho:
29 Jobo a boela a re:
2 “Ekare nka khutlela likhoeling tse fetileng,
Nakong eo Molimo a neng a ntširelelitse.
3 Ha a ne a etsa hore lebone la hae le khanye hloohong ea ka,
A nkhantšetsa nakong eo ke neng ke tsamaea lefifing.+
7 Ha ke ne ke tloaetse ho ea keiting ea motse+
Ke lula lebaleng,+
8 Ha bahlankana ba mpona ba ne ba emella ka thoko,*
Banna ba baholo ba ema ka maoto.+
9 Likhosana li ne li thola,
Li beha matsoho molomong.
11 Motho leha e le ofe ea neng a nkutloa ha ke bua o ne a mpabatsa,
Ba neng ba mpona ba ne ba bua hantle ka ’na.
12 Ke ne ke pholosa bafutsana ba kopang thuso+
Le likhutsana* hammoho le mang kapa mang ea neng a se na motho ea mo thusang.+
14 Ke ne ke apara ho loka joaloka liaparo.
Toka ea ka e le joaloka seaparo se selelele* le tuku.
15 Ke ne ke le mahlo ho batho ba sa boneng,
Ke le maoto ho ba holofetseng.
16 Ke ne ke le ntate oa bafutsana.+
Ke ne ke batlisisa nyeoe ea batho bao ke sa ba tsebeng e le hore ke ba thuse.+
17 Ke ne ke pshatla mehlahare ea batho ba etsang lintho tse mpe,+
Ke pholosa batho bao ba ba hlorisang.
18 Ke ne ke tloaetse ho re, ‘Ke tla shoella ka tlung ea ka,+
Matsatsi a bophelo ba ka a tla ba mangata joaloka lehlabathe.
19 Metso ea ka e tla namela ka metsing
Le phoka e lule holim’a makala a ka bosiu kaofela.
20 Khanya ea ka e lula e nchafatsoa,
Seqha se letsohong la ka se tla lula se betsa.’
22 Ka mor’a hore ke bue, ho ne ho se na letho leo ba ka le buang.
Mantsoe a ka a ne a le monate* litsebeng tsa bona.
23 Ba ne ba nkemela joaloka pula,
Ba lakatsa seo ke tla se bua joalokaha eka ba emetse pula ea selemo.+
24 Ha ke ne ke ba bososella, ba ne ba sa kholoe.
Ha ba bona sefahleho sa ka ba khothala.*
25 Ke ne ke ba tataisa joalokaha eka ke moeta-pele oa bona,
Ke phela joaloka morena har’a masole a hae,+
Ke tšelisa batho ba utloileng bohloko.+
Ke tšehoa ke banna ba banyenyane ho ’na,
Bao ke neng nke ke ka lumela le hore bo-ntate ba bona
Ba sale le lintja tse lebetseng mohlape oa ka.
2 Matla a bona a nthusitse ka’ng?
Hona joale a felile.
3 Ha ba na matla ka lebaka la tlala
Le ho se fumane lintho tseo ba li hlokang.
Ba hlafuna ntho leha e le efe eo ba e fumanang sebakeng se omeletseng le se senyehileng.
4 Ba kha semela sa letsoai lihlahleng.
Lijo tsa bona ke metso ea lifate tsa lefielo.
Batho ba ba leleka joalokaha eka ke masholu.
7 Ba lla ba le lihlahleng,
Ba bokana nģa e le ’ngoe har’a lihlabahlabane.
9 Empa hona joale ba ntšoma le lipineng tsa bona.+
Ke fetohile litšeho* ho bona.+
10 Baa ’nyonya ebile ha ba batle ho kopana le ’na.+
Ha ba tsoafe le ho ntšoela ka mathe sefahlehong.+
11 Kaha Molimo o entse hore ke se ke ka khona ho itšireletsa* a ba a nkokobetsa,
Ba ntlhasela kamoo ba batlang kateng.
12 Ba ntlhasela ba hlaha ka lehlakoreng le letona e le sehlopha.
Baa ntelekisa
Ebile ba koetse tsela ea ka e le hore ke hlaheloe ke tlokotsi.
14 Ba tla joalokaha eka ba kena leboteng le bulehileng.
Ha ba nkhauhele leha ke le mathateng.
15 Ke lula ke tšohile.
Seriti sa ka se fefohile joaloka moea
Le tšepo ea hore ke tla fumana thuso e nyametse joaloka maru.
18 Seaparo sa ka se sentsoe hampe.*
Se nkhama joaloka k’holloro ea seaparo sa ka.
19 Molimo o ntahletse seretseng.
O ntheoletse leroleng le moloreng.
20 Ke ntse ke kopa thuso ho uena empa ha u nthuse.+
Leha ke tla ka pel’a hao u ncheba feela.
22 Oa mphahamisa ebe u etsa hore ke fefoloe ke moea.
U etsa hore ke bilike ka har’a sefefo.*
23 Kea tseba hore u tla mpolaea,
Ke ee sebakeng seo batho bohle ba tl’o ea ho sona.
26 Le hoja ke ne ke lebeletse hore ho tla etsahala lintho tse ntle, ho etsahetse tse mpe.
Ke ne ke lebeletse khanya empa ho ile ha tla lefifi.
28 Ke tsamaea ke nyahame+ ’me ha ke bone khanya ea letsatsi.
Ke ema ka pel’a sechaba ’me ke kopa thuso.
30 Letlalo la ka le letšo ebile le ebohile.+
Masapo a ka aa cha.*
2 Ke tla fumana’ng ho tsoa ho Molimo ea holimo?
Ke lefa lefe leo Ea Matla ’Ohle ea sebakeng se phahameng a tla mpha lona?
3 Na motho ea etsang lintho tse mpe ha aa emeloa ke koluoa
Le motho ea etsang lintho tse kotsi ha aa emeloa ke tlokotsi?+
Na ho na le motho eo nkileng ka mo thetsa?+
7 Haeba mehato ea ka e kheloha tsela+
Kapa pelo ea ka e latetse mahlo a ka+
Kapa matsoho a ka a sa hloeka,
8 Lijo tseo ke li jalang li ke li jeoe ke motho e mong+
Le lintho tseo ke li lemang li fotholoe.*
9 Haeba nkile ka khahloa ke mosali e mong+
’Me ka ema+ monyako oa moahisani oa ka ke emetse mosali oa hae,
11 E ne e tla ba ke entse ntho e hlabisang lihlong.
Baahloli ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo ka lebaka la phoso eo.+
12 Ntho eo ke e entseng e ne e tla ba joaloka mollo, e chese+
Le ho felisa lintho tsohle tseo ke nang le tsona.
Ke tla mo araba joang ha a re ke ikarabelle ka ntho eo ke e entseng?+
15 Na ha se Molimo ea entseng ’na le bona ka popelong?+
Na ha se eena ea re bopileng pele re tsoaloa?*+
16 Haeba ke ne ke hana ho fa bafutsana lintho tseo ba li hlokang+
Kapa ke utloisa mohlolohali bohloko+
17 Haeba ke ne ke ja ke le mong,
Ke sa fe likhutsana letho,+
18 (Ke holisitse likhutsana ho tloha bocheng ba ka joalokaha eka ke ntate oa tsona
Hape haesale ke thusa bahlolohali ho tloha bongoaneng ba ka.)*
19 Haeba ke bona motho a bolaoa ke serame hobane a se na liaparo
Kapa ke bona mofutsana a se na ntho eo a ka e aparang,+
20 Haeba ke sa mo fa boea ba linku tsa ka
E le hore a ka iphuthumatsa ebe oa nteboha,*+
21 Haeba ke ile ka tšosa likhutsana ka hore ke tla li otla+
Ha li ne li hloka thuso ea ka keiting ea motse,*+
22 Letsoho la ka le ke le tsoe lehetleng ’me le oele fatše
Hape le ke le robehe setsoeng.
23 Ke ne ke tšaba koluoa e tsoang ho Molimo
Ebile ke sa khone ho ema ka pel’a khanya ea hae.
25 Haeba ke ne ke thaba hobane ke ruile haholo+
Ebile ke e-na le lintho tse ngata,+
26 Haeba ke bone ha letsatsi le khanya
Kapa ha khoeli e tsamaea ka botle ba eona+
27 Eaba pelo ea ka e khahloa ke tsona ka sephiring
’Me ke beha matsoho a ka molomong ho li rapela,+
28 E ne e tla ba ke entse phoso ’me baahloli ba ne ba tla lokela ho mpha kotlo
Kaha ke ne ke tla be ke latotse Molimo oa ’nete ea leholimong.
29 Na nkile ka thabela litsietsi tsa sera sa ka+
Kapa ka thabela ho bona se hlaheloa ke lintho tse mpe?
30 Ha ke e-s’o ka ke lumella molomo oa ka hore o etse sebe
Ka ho lakaletsa sera sa ka bobe le ho batla hore se bolaoe.+
31 Na banna ba ntlo ea ka ha baa ka ba re,
‘Batho bohle ba tlang ha Jobo ba ja* ho fihlela ba khotsofala’?+
32 Ha ho na motho* ea neng a robala ka ntle bosiu.+
Ke ne ke amohela baeti.
33 Na nkile ka leka ho pata liphoso tsa ka joaloka batho ba bang,+
Ka li pata ka pokothong ea seaparo sa ka?
34 Na nkile ka tšaba hore na batho ba bangata ba tla re’ng
Kapa ka tšosoa ke ho songoa ke malapa a mang,
Hoo ke ileng ka thola ’me ka tšaba ho tsoela ka ntle?
35 Hoja ho ka ba le motho ea ’mamelang.+
Ke ne ke tla ngola lebitso la ka e le ho tiisa hore seo ke se buileng ke ’nete.
Ea Matla ’Ohle a ke a nkarabe.+
Haeba feela motho ea nqosang a ne a ngotse lintho tseo a nqosang ka tsona fatše,
36 Ke ne ke tla li jara mahetleng,
Ke li roale hloohong joaloka korone.
37 Ke ne ke tla mo bolella mohato o mong le o mong oo ke o nkang.
Ke ee ho eena ka sebete joalokaha eka ke khosana.
38 Haeba ke etsa hore masimo a ka a lle
Le hore liforo tsa ’ona kaofela li lle
39 Haeba ke jele lijo tse tsoang ho ’ona ke sa patala+ batho ba lemmeng
Kapa ke utloisitse batho bao e neng e le a bona bohloko,+
40 Masimong a ka ho ke ho hlahe meutloa eseng koro,
Ho hlahe litlama-tlama tse nkhang hampe eseng harese.”
Mantsoe a Jobo a fella mona.
32 Banna bao ba bararo ba tlohela ho bua le Jobo hobane o ne a lumela hore ha a na molato.*+ 2 Empa Elihu mora oa Barakele oa Mobuze+ ea tsoang lelapeng la Rame a halefa haholo. O ile a halefela Jobo hobane a re Jobo o leka ho iketsa eka o lokile ho feta Molimo.+ 3 Hape o ile a halefela metsoalle ea Jobo e meraro hobane e hlolehile ho araba Jobo empa e ne e re Molimo o khopo.+ 4 Empa kaha e ne e le eena e monyenyane,+ o ne a emetse hore e qete ho bua le Jobo. 5 Ha Elihu a bona hore banna bao ba bararo ba ntse ba se na karabo, a halefa le ho feta. 6 Elihu mora oa Barakele oa Mobuze a re:
“Ke monyenyane,
Lona le baholo.+
Ke ile ka thola hobane ke le hlompha+
Eaba ha ke le bolelle seo ke se tsebang.
7 Ke ile ka re, ‘E-re batho ba baholo ba bue,
Ba nang le lilemo tse ngata ba bontše bohlale ba bona.’
8 Empa moea o halalelang oo Molimo a o fang batho,
Moea oa Ea Matla ’Ohle ke oona o ba fang kutloisiso.+
9 Ho ba le lilemo tse ngata ha se eona feela ntho e etsang hore motho a be bohlale
Le batho ba holileng ha se bona feela ba utloisisang hore na ke ntho efe e lokileng.+
10 Joale ke re, ‘ ’Mameleng
Ke le bolelle seo ke se tsebang.’
11 Ke ile ka le emela hore le bue,
Ka le mamela ha le ntša maikutlo a lona+
’Me le batlana le seo le ka se buang.+
12 Ke ne ke le mametse ka hloko
Empa ha ho le ea mong oa lona ea khonneng ho bontša Jobo hore o fositse*
Kapa ho araba lipotso tsa hae.
13 Le se ke la re, ‘Re bohlale.
Ke Molimo ea mo khalemelang eseng motho.’
14 O ne a sa bue le ’na
Kahoo, nke ke ka mo araba joaloka lona.
15 Ba nyahame ’me ha ba sa na likarabo.
Ba feletsoe ke mantsoe.
16 Esale ke ba emetse empa ha ba bue.
Ba eme feela ha ba tsebe hore na ba re’ng.
17 Le ’na ke tla araba,
Ke bue seo ke se tsebang,
18 Ho na le lintho tse ngata tseo ke batlang ho li bua,
Moea o halalelang ke oona o ntšusumetsang.
19 Ka mpeng ea ka ho joaloka veine e ka lekukeng* le se nang lesoba,
Joaloka makuka a veine a macha a haufi le ho phatloha.+
20 E-reng ke bue e le hore ke khone ho imoloha.
Ke tla phahamisa molomo oa ka ’me ke arabe.
21 Nke ke ka ba leeme ho motho leha e le ofe.+
Kapa ka buela ho thabisa* motho.
22 Ha ke tsebe ho qeka motho,
Haeba ke ne nka etsa joalo, ’Mopi oa ka o ne a tla qeta ka ’na ka ho panya ha leihlo.
33 Jobo ke kopa u ’mamele,
U mamele lintho tsohle tseo ke tla li bua.
2 Ke kopa u ’mamele,
Ho na le ntho eo ke lokelang ho u bolella eona.
5 U ka nkaraba haeba u khona,
U ipuelle.
7 Kahoo, ha oa lokela ho ntšaba,
Nke ke ka bua lintho tse tla u utloisa bohloko.
8 Empa ke utloile lintho tseo u neng u li bua
Ha u re,
9 ‘Ke hloekile, ha ke na molato+
Ebile ha kea etsa letho le phoso.+
O sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke e etsang.’+
12 Empa u fositse. Kahoo, ke tla u araba:
Molimo o moholo haholo ho feta motho.+
13 Ke hobane’ng ha u tletleba ka eena?+
Na ke hobane a sa u araba?+
14 Molimo o bua hangata
Empa batho ha ba mamele.
Ebe o etsa hore ba utloe* litaelo tsa hae
17 E le hore motho a tlohele ho etsa lintho tse mpe+
Le hore a se ke a ikhohomosa.+
18 Molimo oa mo sireletsa hore a se ke a oela sekoting,*+
Oa mo pholosa e le hore a se ke a bolaoa ka sabole.*
19 Ho na le ntho eo motho a ka ithutang eona ha a le betheng a kula
Ebile a opeloa ke masapo.
21 O ntse a ota
Le masapo a hae aa bonahala.
22 O haufi le ho ea sekoting,
O haufi le batho ba batlang ho ’molaea.
23 Haeba ho e-na le moromuoa* a le mong,
’Muelli a le mong ho ba sekete ea ka mo buellang
’Me a mo bolelle hore na ke eng e lokileng
24 Ebe Molimo o mo utloela bohloko ’me o re,
‘Mo pholoseng hore a se ke a oela sekoting.+
Ke fumane tsela ea ho mo lopolla.+
25 A ke a nchafale* ho feta ha a ne a le mocha.+
A boele a be matla joaloka bocheng ba hae.’+
26 O tla rapela Molimo+ ’me o tla mo hauhela,
O tla thaba haholo ha a bona sefahleho sa Molimo
’Me Molimo o tla boela a mo nke e le motho ea lokileng.
27 Motho eo o tla re ho batho ba bang,*
‘Ke sentse se nepahetseng ’me ke entse sebe+
Empa ha kea fumana kahlolo e ntoketseng.*
29 Kannete Molimo o etsetsa motho lintho tsena
Ka makhetlo a mangata,
30 O etsa hore a se ke a oela sekoting
E le hore a ’ne a thabele ho phela.+
31 ’Mamele Jobo, u ’mamele ka hloko.
U thole ’me ke tla ’ne ke bue.
32 Haeba ho e-na le ntho eo u batlang ho e bua, e bue.
Bua hobane ke batla ho bontša hore ha u na molato.
33 Haeba ho se na ntho eo u ka e buang u ’mamele.
U thole ’me ke tla u hlalefisa.”
34 Elihu a boela a re:
2 “Mamelang mantsoe a ka lona ba bohlale.
’Mameleng lona ba tsebang haholo.
3 Tsebe e hlahloba mantsoe,
Joalokaha leleme le latsoa lijo.
4 A re ipatleleng hore na ke’ng e nepahetseng.
A re iketsetseng qeto ea hore na ke’ng e lokileng.
6 Na nka bua leshano ka hore na ke lokela ho ahloloa joang?
Ha kea etsa phoso empa leqeba la ka ha le fole.’+
7 Ke mang ea tšoanang le Jobo,
Ea mamellang ho songoa habonolo joalokaha eka o noa metsi?
10 Kahoo, ’mameleng lona banna ba nang le kutloisiso:
Ha se ntho e utloahalang hore Molimo oa ’nete a etse bokhopo+
Le hore Ea Matla ’Ohle a etse ntho e fosahetseng!+
13 Ke mang ea mo fileng matla a hore a buse lefatše
Le hore a hlokomele lintho tsohle tse lefatšeng?
14 Haeba a ne a sheba ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsang
Ebile a ba amoha moea o phelisang+
15 Batho bohle ba ne ba tla shoa,
Ba khutlele leroleng.+
16 Haeba u na le kutloisiso, ’mamele ka hloko.
Mamela seo ke se buang.
17 Na motho ea hloileng toka a ka busa
Kapa na u ka re ’musi ea lokileng o molato?
19 Molimo ha a rate likhosana ho feta batho ba bang,
Ha a rate barui ho feta bafutsana*+
Hobane kaofela ba bopiloe ke eena.+
Ba thothomela haholo ’me baa shoa, ba matla le bona baa felisoa empa ha ba felisoe ke batho.+
23 Molimo ha a behela motho leha e le ofe
Nako ea hore a tle ka pel’a hae e le hore a mo ahlole.
25 O tseba lintho tseo ba li etsang.+
Bosiu oa ba hlola ’me a ba felise.+
26 O ba otlela lintho tse mpe tseo ba li etsang
Moo batho bohle ba bonang+
27 Hobane ba tlohetse ho mo latela+
Ebile ha ba na taba le litaelo tsa hae.+
28 Ba etsa hore batho ba futsanehileng ba llele ho Molimo,
Hoo a khonang ho utloa sello sa ba sa khoneng ho itšireletsa.+
29 Ha Molimo a khetha ho thola, ke mang ea ka mo qosang?
Ha a pata sefahleho sa hae, ke mang ea ka mo bonang?
Ebang o se patela motho kapa sechaba, hoa tšoana.
31 Na ho na le motho ea ka reng ho Molimo,
‘Ke fuoe kotlo le hoja ke sa etsa letho le lebe,+
32 Nthute lintho tseo ke sa khoneng ho li bona,
Haeba ho e-na le phoso eo ke e entseng, nke ke ka e etsa hape’?
33 Na u lebeletse hore Molimo a u etsetse se molemo empa u sa mamele litaelo tsa hae?
Ke uena ea lokelang ho iketsetsa qeto, eseng ’na.
Joale mpolelle seo u se tsebang.
34 Banna ba nang le kutloisiso le banna ba bohlale ba ’mametseng
Ba tla re ho ’na,
35 ‘Jobo o bua lintho tseo a sa li tsebeng+
Le tse sa utloahaleng.’
37 O eketsa libe tsa hae ka hore a fetohele Molimo,+
O re phoqa ka ho opa matsoho ka pel’a rona
Ebile o bua lintho tse ngata tse qosang Molimo oa ’nete.”+
35 Elihu a boela a re:
3 U re, ‘Na u* na le taba hore ke etsa se lokileng?
Na ho ka be ho le molemo ha ke ne ke entse sebe?’+
6 Ha u etsa sebe, na u mo utloisa bohloko?+
Ha u etsa liphoso tse ngata, na lia mo ama?+
8 Lintho tse mpe tseo u li etsang li ama batho feela
Le tse ntle tseo u li etsang lia ba ama.
9 Batho baa lla ha ba hlorisoa haholo.
Ba llela ho imolloa ho batho ba matla* ba ba hlorisang.+
10 Empa ha ho na motho ea reng, ‘O kae Molimo, ’Mopi oa ka e Moholo,+
Ea etsang hore ho binoe lipina bosiu?’+
13 Molimo ha a mamele batho ba etsang eka baa lla.*+
Ea Matla ’Ohle ha a ba utloe.
14 Ha a u mamele le ho feta ha u tletleba ka hore ha u mo bone.+
Nyeoe ea hao e ka pel’a hae. Kahoo, u lokela ho mo emela.+
15 Ha a e-s’o u bitse a halefile hore u tl’o ikarabella
Hape ha a mamela mantsoe a se nang thuso ao u a buileng.+
16 Jobo o phahamisa molomo ’me o bua lintho tse se nang thuso.
O bua lintho tse ngata tseo a sa li tsebeng.”+
36 Elihu a boela a re:
2 “Ke kopa u se ke oa fela pelo ha ke ntse ke bua,
Ha ke e-s’o qete ho buella Molimo.
4 Lintho tseo ke li buang ke ’nete.
Li tsoa ho ea nang le tsebo e phethahetseng.+
5 Kannete Molimo o matla+ ebile ha ho na motho eo a mo lahlang.
O na le kutloisiso e kholo.
7 O lula a shebile batho ba lokileng,+
O ba beha literoneng le marena*+ ’me ba tla phahamisoa ka ho sa feleng.
8 Haeba batho ba lokileng ba etsa sebe ebe baa tšoaroa
Ebile ba utloa bohloko hobane ba tlanngoe ka liketane,
9 O tla ba bolella lintho tseo ba li entseng,
Liphoso tseo ba li entseng ka lebaka la ho ikhohomosa.
10 O bula litsebe tsa bona e le hore ba utloe ha a ba khalemela
Ebile o re ba tlohele ho etsa lintho tse mpe.+
12 Empa haeba ba sa mamele, ba tla bolaoa ka sabole.*+
Ba tla shoa ba se na tsebo.
13 Batho ba lahlileng Molimo* ba tla lula ba utloile bohloko.
Ha ba kope thuso leha a ba fa kotlo.
16 O u ntša mathateng a u ise sebakeng se bulehileng,+
Se sa patisanang, a u tšelise+
Ka ho u behela lijo tse monate tafoleng.+
17 U tla khotsofatsoa ke kahlolo eo batho ba khopo+ ba tla e fuoa,
Ha ba fuoa kahlolo ’me ho ba le toka.
18 Empa u itlhokomele hore ho halefa ho se ke ha etsa hore u be le lehloeo+
Hape u se ke oa lumella hore ho fuoa tjotjo ho etse hore u etse lintho tse fosahetseng.
19 Na boiteko leha e le bofe boo u bo etsang
Ba ho kopa thuso, bo tla etsa hore u se ke oa ba le matšoenyeho?+
20 U se ke oa tatela hore ebe bosiu,
Ha batho ba nyamela libakeng tsa bona.
22 Molimo o matla haholo.
Ha ho na morupeli ea tšoanang le eena.
23 Ke mang ea kileng a mo bolella hore na a etse’ng*+
Kapa a re ho eena, ‘U entse ntho e fosahetseng’?+
25 Batho bohle ba e bone
Empa ba e bonela hole.
26 Molimo o moholo ho feta kamoo re nahanang kateng.+
Ha ho na motho ea ka khonang ho bala lilemo tsa hae.+
E nesetsoa batho.
29 Ke mang ea ka utloisisang hore na maru a entsoe joang
Le ea ka utloisisang molumo oa ’ona o tsoang tenteng ea hae?*+
30 Bona kamoo lehalima*+ le khanyang kateng marung
Le kamoo maru a koahelang leoatle ka metsi a mangata.
33 Sealuma se phatlalatsa hore Molimo o teng
Le liphoofolo tse ruiloeng lia tseba hore na ke mang* ea tlang.
37 Pelo ea ka e otla kapele
Ebile ekare e tla tloha sebakeng sa eona.
2 Mamelang ka hloko lentsoe la hae le matla
Le molumo o tsoang molomong oa hae.
4 Ka mor’a moo, ho utloahala molumo oa ho puruma,
Lentsoe la Molimo+ ekare sealuma,
Lehalima lea benya ha a ntse a bua.
5 Lentsoe la Molimo le luma+ ka tsela e hlollang.
O etsa lintho tse kholo tseo re ke keng ra khona ho li utloisisa.+
7 Molimo o emisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba e etsang*
E le hore ba tle ba tsebe mesebetsi ea hae.
11 O etsa hore maru a imeloe ke mongobo.
O etsa hore lehalima+ le khanye marung.
12 O a isa hohle moo a batlang teng.
A etsa lintho tsohle tseo a laelang+ hore a li etse lefatšeng.
14 ’Mamele Jobo.
Ema hanyenyane ’me u nahanisise ka mesebetsi e hlollang ea Molimo.+
15 Na oa tseba hore na Molimo o laola maru joang
Le kamoo a etsang hore lehalima le khanye ho ’ona?
16 Na oa tseba hore na maru a leketlile joang?+
Ena ke mesebetsi e hlollang ea ea nang le tsebo e phethahetseng.+
17 Ke hobane’ng ha liaparo tsa hao li futhumala
Ha moea o hlahang ka boroa o etsa hore lefatše le thole?+
19 Re bolelle hore na re re’ng ho eena.
Ha re khone ho araba hobane ha re tsebe letho.
20 Na nka bolella Molimo hore ke batla ho bua le eena?
Kapa na ho na le motho ea buileng ntho e itseng e hlokang hore e buuoe le eena?+
21 Batho ha ba khone le ho bona khanya*
Le hoja e khantšitse sepaka-pakeng,
Ha ba khone ho e bona ho fihlela moea o feta ’me o tlosa maru.
22 Ka leboea ho hlaha khanya e phatsimang joaloka khauta.
Matla a Molimo+ aa hlolla.
23 Ha ho na motho ea ka utloisisang Ea Matla ’Ohle.+
24 Ka lebaka leo, batho ba lokela ho mo hlompha*+
Kaha ha a rate batho ba nahanang hore ba bohlale.”+
38 Jehova a araba Jobo a le ka har’a sefefo a re:+
3 Ke kopa u itokise ’me u etse lintho joaloka monna.
Ke tla u botsa lipotso ’me uena u nkarabe.
4 U ne u le hokae ha ke etsa lefatše?+
Mpolelle haeba u nahana hore oa tseba.
5 Na oa tseba hore na ke mang ea entseng qeto ea hore na le be lekae
Kapa ea sebelisang thapo ho lekanya hore na le lekae?
6 Na ho na le lipilara tse tšehelitseng lefatše
Kapa na oa tseba hore na ke mang ea entseng motheo* oa lona?+
8 Ke mang ea ileng a koalla leoatle+
Ha le phatloha mehloling* ea lona,
Le ka lefifi le letšo,
10 Ha ke le behela meeli ea hore na le felle hokae
Ebile ke le koalla ka menyako+
11 Eaba ke re ho lona, ‘U ka fella mona empa u se ke oa fetela pele
Ebile ke hona mona moo maqhubu a hao a phahameng* a tla fella teng’?+
12 Na u kile* oa laela hore e be hoseng
Kapa hore e be mesong,+
13 Na ke uena ea etsang hore khanya ea hoseng e fihle qetellong ea lefatše
E le hore liketso tsa batho ba khopo li senolehe?+
14 Lefatše le fetoloa joaloka letsopa le tlas’a reng e tempang,
Le shebahala joaloka seaparo se setle.
15 Empa batho ba khopo ha ba fumane khanya
’Me ba emisa ho utloisa batho bohloko.
18 Na oa utloisisa hore na lefatše le leholo hakae?+
Mpolelle haeba u tseba lintho tsena kaofela.
19 Na oa tseba hore na khanya e lula hokae+
Le hore na lefifi le lula hokae
20 E le hore u ka li isa moo li lulang?
Na u tseba le tsela e eang matlong a tsona?
21 Na u tseba lintho tsee hobane u ne u se u hlahile
Ebile u se u phetse nako e telele?
22 Na u kile oa kena ka litorong* tsa lehloa+
Kapa oa bona litoro tsa sefako,+
23 Tseo ke li behetseng nako ea mathata
Le letsatsi la ntoa?+
24 Leseli* le khanya li tsoa lehlakoreng lefe?
Moea o tsoang bochabela o fokela hokae lefatšeng?+
25 Ke mang ea buletseng metsi maholimong hore pula e ne
Le ea entseng tsela bakeng sa maru a lehalima le sefefo,+
26 Ho nesa pula moo batho ba sa luleng teng,
Naheng moo ho se nang batho?+
29 Ke mang ea tsoetseng leqhoa
Le ea tsoetseng serame,+
30 Ha metsi a le thata joaloka lejoe,
Ka holimo a tiile e le leqhoa?+
31 Na u ka khona ho tlama sehlopha sa linaleli sa Kima* ka lithapo
Kapa na u ka khona ho tlamolla lithapo tsa sehlopha sa linaleli sa Kesile?*+
32 Na u ka tataisa sehlopha sa linaleli* ka nako ea sona
Kapa oa tataisa sehlopha sa linaleli sa Ashe?*
33 Na u tseba melao e laolang lintho tse maholimong*+
Kapa na u ka li laela hore na li etse’ng lefatšeng?
35 Na u ka bitsa mahalima?
Na a tla tla ebe a re ho uena, ‘Ke rona bana?’
37 Ke mang ea bohlale ea ka khonang ho bala maru
Kapa ke mang ea ka khonang ho qhala linkho tsa metsi tsa leholimo,+
38 Ea etsang hore lerole e be seretse
Le makote a khomarelane?
40 Na u ka li fepa ha li bothile libakeng tseo li ipatang ho tsona
’Me li emetse ho hlasela?
41 Ke mang ea ka fang lekhoaba lijo+
E le hore le fepe malinyane a lona a ntseng a ea holimo le tlase a batla seo a ka se jang
A bile a kopa thuso ho Molimo?
39 Na oa tseba hore na lipoli tsa thaba li tsoala neng?+
Na u kile oa bona ha khama e tsoala?+
2 Na oa tseba hore na li emara likhoeli tse kae?
Na u tseba nako eo li tsoalang ka eona?
3 Li khumama fatše ha li tsoala,
Ka mor’a moo, bohloko ba tsona ba ho tsoala boa fela.
4 Manamane a tsona a matona a ba matla ’me a holela naheng.
Aa tsamaea ebe ha a sa khutlela ho bo-’m’a ’ona.
6 Ke entse hore e lule lehoatateng,
Ka etsa hore e lule naheng e letsoai.
7 E lula hole le motse o lerata.
Ha e utloe lerata la motho ea fang liphoofolo litaelo.
8 E tsamaea maralleng,
E batla moo e ka fulang joang bo botala.
9 Na poho e hlaha e batla ho u sebeletsa?+
Na e ka qeta bosiu lesakeng* la hao?
10 Na u tla hula poho e hlaha ka ropo e le hore e u lemele
Kapa na e tla u latela e le hore e leme* thota?
11 Na u tla tšepa matla a eona
U be u e lumelle hore e u etsetse mosebetsi o boima?
12 Na u ka kholiseha hore e tla u tlisetsa lijo tseo u li kotutseng*
’Me e li bokelle seotlong* sa hao?
14 E siea mahe a eona fatše,
E a siea a futhumetse mobung.
15 Ea lebala hore batho ba ka a hata ebe ba a pshatla
Kapa hore liphoofolo tsa naheng li ka a hata.
16 E tšoara malinyane a eona hampe joalokaha eka ha se a eona.+
Ha e tšabe hore a ka shoa.
17 Molimo o entse hore e se ke ea e-ba bohlale
A ba a etsa hore e se ke ea e-ba le kutloisiso.
18 Empa ha e ema e foka mapheo a eona,
E tšeha pere le motho ea e palameng.
19 Na ke uena ea fang pere matla?+
Na ke uena ea e apesang moetse?*
20 Na u ka etsa hore e qhome joaloka tsie?
E hemela holimo ka tsela e tšosang.+
21 E fata fatše ebe e ea ntoeng ka matla.+
22 E tšeha kotsi ’me ha e tšabe letho.+
Ha e khutlisoe ke sabole.
23 Mekotla ea metsu e ntse e e thula lehlakoreng,
Lerumo le lerumo le betsoang li ntse li benya ha e matha.
24 E mathela pele ke thabo hobane e batla ho ea ntoeng,
Ha e khone ho ema feela ha e utloa* molumo oa lenaka.
25 Ha e utloa molumo oa lenaka e re, ‘Aha!’
E nkhella ntoa e sa le hole
Ebile e utloa lerata la balaoli le molumo oa ntoa.+
26 Na ke uena ea rutileng phakoe ho fofela holimo,
Hore e otlollele mapheo a eona ka boroa?
27 Kapa na ke uena ea laelang ntsu hore e fofele holimo+
Le hore e hahe sehlaha sa eona moo ho phahameng haholo+
28 E le hore e robale lefikeng bosiu
Le hore e lule moo ho sireletsehileng lefikeng?*
Mahlo a eona a khona ho bona hole.
30 Malinyane a eona a noa mali.
Moo ho nang le litopo, u tla e fumana teng.”+
40 Jehova a boela a re ho Jobo:
2 “Na motho a ka loantša Ea Matla ’Ohle hobane a nahana hore o fositse?+
Haeba ho na le motho ea batlang ho khalemela Molimo a bue.”+
3 Jobo a araba Jehova a re:
Nka u araba ke re’ng?
Ke tla thola.+
5 Ke buile ho lekane
Ha ke sa tla hlola ke bua hape.”
6 Jehova a araba Jobo a le ka har’a sefefo a re:+
7 “Ke kopa u itokise ’me u etse lintho joaloka monna.
Ke tla u botsa lipotso ’me uena u nkarabe.+
Na u tla nkahlola e le hore e be uena ea nepileng?+
9 Na u na le matla a lekanang le a Molimo oa ’nete+
Kapa na lentsoe la hao le ka luma joaloka la hae?+
10 Ke kopa u bontše khanya ea hao le hore na u matla hakae.
U bontše kamoo u hlomphehang le kamoo u leng moholo kateng.
11 Ntša khalefo eohle e ka ho uena.
Theolela motho e mong le e mong ea ikhohomosang tlase.
12 Kokobetsa motho e mong le e mong ea ikhohomosang,
U be u felise batho ba khopo hohle moo ba leng teng.
13 Kaofela ha bona u ba pate leroleng.
U ba tlamelle ka lebitleng.
15 Behemothe* ke ena le eona ke e bopile joalokaha ke u bopile.
E ja joang joaloka poho.
16 Bona matla a lethekeng la eona
Le matla a eona a mesifeng ea mpa.
17 E tiisa mohatla oa eona joaloka sefate sa kedare.
Mesifa ea lirope tsa eona ekare e loheletsoe hammoho.
18 Masapo a eona ekare a entsoe ka koporo
Le maoto a eona ekare a entsoe ka tšepe.
19 Mofuteng oa eona oa liphoofolo, ke eona ea pele le e matla eo Molimo a e bopileng.
Ke ’Mopi oa eona feela ea ka e hlaselang le ho e bolaea ka sabole.
20 Lithaba li e melisetsa lijo,
Moo liphoofolo tsohle tsa naha li bapallang teng.
23 Ha e tšohe leha noka e phalla ka matla.
E sebete le hoja metsi a noka ea Jordane+ a e otla ka matla.
24 Na ho na le motho ea ka e tšoarang e ntse e shebile?
Kapa ea ka phunyang nko ea eona ka hakisi?*
3 Na e tla u kopa hore u e qenehele
Kapa na e tla bua le uena ka bonolo?
4 Na e tla etsa selekane le uena
E le hore u ka e etsa lekhoba la hao bophelo bohle ba eona?
5 Na u tla bapala le eona joalokaha eka ke nonyana
Kapa na u tla e tlamela barali ba hao hore ba bapale ka eona?
6 Na bo-rakhoebo ba tla e rekisa?
Na ba tla e arolelana?
8 Ha u ka beha letsoho la hao holim’a eona,
U ke ke oa lebala hore na e u hlasetse joang ’me u ke ke oa hlola u le beha hape.
9 Haeba u nahana hore u tla e tšoara, oa ithetsa.
Ha u e bona feela u tla tšoha haholo u be u oele fatše.
10 Ha ho na motho ea ka bang le sebete sa ho e qala.
Joale ke mang ea ka emang ka pel’a ka?+
11 Na ho na le motho eo ke mo kolotang?+
Lintho tsohle tse lefatšeng ke tsa ka.+
12 Nke ke ka tlohela ho bua ka maoto a eona,
Matla a eona le kamoo ’mele oa eona o entsoeng kateng.
13 Ke mang ea tlositseng letlalo la eona?
Ke mang ea tla kena ka mehlahareng ea eona e bulehileng?
14 Ke mang ea nang le sebete sa ho bula molomo oa eona?
Meno a eona kaofela aa tšosa.
15 Mokokotlo oa eona o na le makhakhapha a entseng mela,
A kopantsoeng hammoho ka thata.
16 A mamarelane haholo
Hoo moea o sa khoneng ho kena lipakeng tsa ’ona.
17 A khomarelane
’Me a ke ke a aroloa.
18 Ha e thimola ho hlaha khanya,
Le mahlo a eona ekare khanya ea mesong.
19 Molomong oa eona ho benya lehalima.
Ho tsoa le litlhase tsa mollo.
20 Ho kubella mosi linkong tsa eona
Joalokaha eka ho kentsoe joang ba loli ka seboping sa mollo.
21 Ha e hema e tukisa mashala
Ebile ho tsoa lelakabe molomong oa eona.
22 Molala oa eona o matla haholo,
Batho ba kopanang le eona baa tšoha.
23 Letlalo la eona la mpa le thata
Joaloka tšepe ’me le ke ke la tlosoa.
25 Ha e tsoha le batho ba matla baa tšoha.
Leha e sisinyeha feela baa ferekana.
27 Ho eona tšepe e joaloka joang
Le koporo e joaloka patsi e bolileng.
28 Ha e balehisoe ke motsu.
Majoe a letjeketjane a ba joaloka lehlaka ho eona.
29 E bona molamu e le lehlaka feela,
Ea tšeha ha e utloa molumo oa lerumo le betsoang.
30 Mpa ea eona e bohale joaloka maqhetsoana a sejana sa letsopa.
E ipitika seretseng joaloka selei* se polang.+
31 E belisa metsi joaloka pitsa
Le leoatle joaloka pitsa ea mafura.
32 Ha e tsamaea ka metsing e etsa makoeba.
Motho a ka nahana hore metsi a na le moriri o mo putsoa.
33 Ha ho na ntho e tšoanang le eona lefatšeng,
Molimo o e entse hore e se ke ea tšaba letho.
34 Ha e tšabe ho sheba liphoofolo tse itšepang.
Ke morena oa libata tsohle tse matla.”
42 Jobo a araba Jehova a re:
3 U itse: ‘Ke mang eo ea senyang merero ea ka a se na tsebo?’+
Kahoo, ke ile ka bua ka lintho tse hlollang haholo
Empa ke ne ke sa li utloisise ebile ke sa li tsebe.+
4 U ile oa boela oa re: ‘Ke kopa u ’mamele ha ke bua.
Ke tla u botsa lipotso ’me uena u nkarabe.’+
5 Ke ile ka utloela ka uena
Empa hona joale ke u bona ka mahlo a ka.
6 Ke kahoo ke hulang mantsoe a ka.*+
Ke bile ke lula leroleng le moloreng ho bontša hore ke bakile.”+
7 Ha Jehova a qeta ho bua mantsoe ana ho Jobo, Jehova a re ho Elifaze oa Motemane:
“Uena le metsoalle+ ea hao e ’meli le nkhalefisitse hobane ha lea bua ’nete ka ’na,+ ke mohlanka oa ka Jobo feela ea e buileng. 8 E-eang ho mohlanka oa ka Jobo le nkile lipoho tse supileng le liramo tse supileng ’me le iketsetse sehlabelo sa secheso. Mohlanka oa ka Jobo o tla le rapella.+ Ke tla mamela thapelo ea hae* ’me nke ke ka le fa kotlo ka lebaka la booatla ba lona. Ha lea bua ’nete ka ’na, ke mohlanka oa ka Jobo feela ea e buileng.”
9 Elifaze oa Motemane, Bildade oa Moshuha le Tsofare oa Monaama ba tsamaea ’me ba etsa seo Jehova a ba laetseng sona. Ka mor’a moo, Jehova a araba thapelo ea Jobo.
10 Ha Jobo a qeta ho rapella metsoalle ea hae,+ Jehova a tlosa mathata a hae+ a ba a etsa hore a atlehe hape.* Jehova a atisa lintho tseo a neng a e-na le tsona pele ka makhetlo a mabeli.+ 11 Bana babo kaofela le metsoalle eohle ea hae ea pele+ ba ea ho eena ho ea ja le eena ntlong ea hae. Ba ile ba mo utloela bohloko ba ba ba mo tšelisa ka lebaka la mathata ’ohle ao Jehova a neng a lumelletse hore a mo hlahele. Kaofela ha bona ba mo fa chelete le reng ea khauta.
12 Jehova a hlohonolofatsa Jobo ho feta pele.+ Jobo a ba le linku tse 14 000, likamele tse 6 000, likhomo tse 2 000* le litonki tse tšehali tse 1 000.+ 13 O ile a boela a ba le bara ba bang ba supileng le barali ba bang ba bararo.+ 14 Morali oa hae oa pele a mo reha Jemima, oa bobeli a mo reha Kezia ’me oa boraro a mo reha Keren-hapuke. 15 Naheng eo eohle ho ne ho se na basali ba batle joaloka barali ba Jobo ’me ntate oa bona o ile a ba fa lefa hammoho le bana ba bo bona.
16 Ka mor’a moo, Jobo o ile a phela lilemo tse 140 ’me a bona bana ba hae le litloholo tsa hae. Kaofela ha bona e ne e le meloko e mene. 17 Qetellong, Jobo o ile a shoa, a phetse nako e telele a bile a thabetse bophelo.
Mohlomong e bolela “Ea Hloiloeng.”
Ka Seheberu: “lipane tse 500 tsa likhomo.”
Ka Seheberu: “litonki tse tšehali.”
Maele a Seheberu a bolelang bara ba Molimo ba mangeloi.
Ka Seheberu: “behile pelo ea hao ho.”
Ka Seheberu: “pel’a sefahleho sa.”
Kapa mohlomong: “Lehalima.”
Ka Seheberu: “Ke tla khutlela teng ke hlobotse.”
Kapa: “bua Molimo hampe.”
Maele a Seheberu a bolelang bara ba Molimo ba mangeloi.
Ka Seheberu: “behile pelo ea hao ho.”
Ka Seheberu: “pel’a sefahleho sa.”
Kapa: “liso tse bohloko.”
Ka Seheberu: “ha aa ka a etsa sebe ka molomo oa hae.”
Kapa: “batho bao a ba tloaetseng.”
Ka Seheberu: “rohaka letsatsi la hae.”
Kapa: “lefifi le moriti oa lefu.”
Ho utloahala ho buuoa ka koena kapa phoofolo e ’ngoe e kholo e matla e lulang metsing.
Ka Seheberu: “u tepeletse.”
Kapa: “rerang.”
Kapa: “matla a sa bonahaleng.”
Kapa: “baromuoa.”
Kapa: “ ’moto.”
Kapa: “a tla etsa selekane (tumellano) le uena.”
Ka Seheberu: “ka khotso.”
Kapa: “a sa nahanoang hantle.”
Kapa: “phele nako e telele.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “Bana beso.”
Kapa: “Sehlopha sa batho ba tsamaeang sa Basabea.”
Ka Seheberu: “ntopolle.”
Kapa: “ho fihlela mesong.”
Ke nama e omeletseng e hlahang ha leqeba le fola.
Kapa: “bo tšoana le moea.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ho e-na le masapo a ka.”
Ka Seheberu: “Ba hlahise mantsoe ka lipelong tsa bona.”
Kapa: “Tšepo ea mokoenehi e tla fela.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
Kapa: “O shebile ntlo e entsoeng ka majoe.”
Kapa: “ba sa tšoauoeng phoso.”
Ka Seheberu: “tšoare letsoho la.”
Kapa: “ho mo isa khotla.”
Kapa: “tlosa.”
Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Bere e Kholo (Ursa Major).
Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Makolobe (Orion).
Mohlomong ke linaleli tsa Selemela tse ka har’a sehlopha sa linaleli sa Tauruse.
Ka Seheberu: “likamore tse ka hare tsa boroa.”
Mohlomong phoofolo e kholo-kholo ea leoatleng.
Kapa mohlomong: “ea nkhanyetsang molaong.”
Ka Seheberu: “ea ka mpitsang?”
Kapa: “Le haeba ke se na molato.”
Ka Seheberu: “molotsana.”
Kapa: “Le haeba ke se na molato.”
Kapa: “ha ke itsebe.”
Kapa: “Ke latola; ha ke batle.”
Kapa: “ba lulang ba tšepahala.”
Ka Seheberu: “lifahleho.”
Ka Seheberu: “khopo.”
Kapa: “mofuta oa sesepa se entsoeng ka molora.”
Kapa: “Ha ho na mokena-lipakeng.”
Ka Seheberu: “Le ea ka behang letsoho la hae holim’a rona.”
Ka Seheberu: “a tlosa molamu oa hae holim’a ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “O patile lintho tsena ka pelong ea hao.”
Kapa: “hore nke ke thabe hanyenyane.”
Kapa: “e lefifi le moriti oa lefu.”
Kapa: “na moithorisi e ba ea lokileng.”
Kapa: “u ka fumana pheletso ea.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mohla tonki ea naheng e ka tsoaloang e le motho.”
Ka Seheberu: “ke lona batho.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Kapa: “a thellang.”
Kapa mohlomong: “bue le.”
Ka Seheberu: “mahalapa.”
Kapa: “ba sa apara letho.”
Kapa: “baholo.”
Ka Seheberu: “fasolla lebanta la ba matla.”
Ka Seheberu: “pelo.”
Kapa: “le tla mo tšoara ka leeme.”
Kapa: “khethollo.”
Kapa: “a hopolehang.”
Ka Seheberu: “Ke hobane’ng ha ke tšoara nama ea ka ka meno.”
Kapa: “ea lahlileng Molimo.”
Kapa mohlomong: “Haeba ho e-na le motho ea tla khona, ke tla thola ’me ke shoe.”
Ka Seheberu: “U se ke oa nketsa lintho tse peli feela.”
Mohlomong ho buuoa ka Jobo.
Kapa: “ ’moto.”
Kapa: “o khotše matšoenyeho.”
Kapa mohlomong: “oa khaoloa.”
Ka Seheberu: “ ’na.”
Ka Seheberu: “Na motho ea sa hloekang a ka tsoala motho ea hloekileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “hloloheloa.”
Ka Seheberu: “bahalaleli.”
Ka Seheberu: “bohobe.”
Ka Seheberu: “lefifi.”
Kapa: “leka ho hlola.”
Ka Seheberu: “oa hae.”
Kapa: “har’a bakoenehi.”
Kapa: “matla.” Ka Seheberu: “lenaka.”
Kapa: “moriti oa lefu.”
Kapa: “lula holim’a.”
Ka Seheberu: “U entse hore ke be maele.”
Kapa: “ke bakoenehi.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lebitla.”
Kapa: “tšenyane.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “re sa hloeka.”
Kapa: “Ha a sa namalatsa.”
Kapa: “hlotse.”
Ka Seheberu: “Letsibolo la lefu.”
Kapa: “lefu le tšosang.”
Ka Seheberu: “Ntho eo e seng ea hae e.”
Ka Seheberu: “A ke ke a ba le lebitso.”
Kapa: “sebakeng seo a lulang ho sona ka nakoana.”
Kapa: “nthohakile.”
Kapa: “Ba leloko.”
Ka Seheberu: “bara ba popelo ea ka” e leng popelo e ntsoetseng (popelo ea ’mè oa ka).
Ka Seheberu: “Ha ke tsoha.”
Ka Seheberu: “Ke phonyohile ka letlalo la meno a ka.”
Ka Seheberu: “Kaha letsoho la Molimo le nthetsitse.”
Ka Seheberu: “Le sa khotsofalle nama ea ka?”
Ka Seheberu: “holim’a lerole.”
Kapa: “Liphio tsa ka li feletsoe ke matla ka hare ho ’na.”
Kapa: “Adama; Motho.”
Kapa: “Le hore thabo ea mokoenehi ke ea nakoana.”
E leng matla a hae.
Kapa: “nyooko.”
Ka Seheberu: “Leleme.”
Ka Seheberu: “a ke ke a li koenya.”
Ka Seheberu: “hae.”
Kapa: “ba matla.”
Ha namane e hlaha e se e ntse e shoele.
Kapa: “phala.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ka motsotsoana” e leng ho shoa kapele motho a sa utloe bohloko.
Ka Seheberu: “noang.”
Kapa: “khaoloa mahareng.”
Kapa: “rutang Molimo ntho leha e le efe.”
Ka Seheberu: “ ’moko oa masapo a hae o mongobo.”
Kapa: “ka moea o bohloko.”
Kapa: “tšenyane.”
Kapa mohlomong: “ho ntoantša.”
Ka Seheberu: “lumele lipontšo.”
Ka Seheberu: “Makote a lefatše a khohlo a tla ba monate ho eena.”
Ka Seheberu: “O tla hula batho bohle hore ba mo latele.”
Kapa: “Na ea Matla ’Ohle oa thaba.”
Ka Seheberu: “u nka liaparo tsa batho ba hlobotseng.”
Ka Seheberu: “bana ba se nang bo-ntate.”
Ka Seheberu: “lifi tsa linonyana.”
Ka Seheberu: “selika-likoeng sa leholimo.”
Kapa: “bao bophelo ba bona bo ileng ba khutsufatsoa.”
Ka Seheberu: “noka.”
Kapa: “liphuleng.”
Ka Seheberu: “U tla phahamisa sefahleho sa hao.”
E leng letsatsi la hae la kahlolo.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “e le tebeletso.”
Kapa mohlomong: “ba kotula furu tšimong.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Ba hata oli har’a marako.”
Kapa mohlomong: “Molimo ha a ahlole motho leha e le ofe ka lebaka la sena.”
Ka Seheberu: “O lebelo holim’a metsi.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “popelo.”
Ka Seheberu: “O.”
Ka Seheberu: “litsela tsa bona.”
Kapa: “lijo-thollo.”
Ka Seheberu: “bophahamong ba hae.”
Kapa: “e ka ba ea hloekileng.”
Malinyane a lintsintsi ao e sa ntseng e le liboko.
Kapa: “u na le kelello.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Abadone.”
Ka Seheberu: “lefeela.”
Ka Seheberu: “Rahaba.”
Kapa: “Jobo a tsoela pele ka maele.”
Kapa: “Pelo ea ka e ke ke ea nkahlola hafeela ke ntse ke phela.”
Kapa: “Mokoenehi o na le tšepo efe.”
Kapa: “ ’moto.”
Kapa mohlomong: “Ba mo opela matsoho ’me ba mo letsetsa mololi ba le libakeng tsa bona.”
Ho ka etsahala hore ho buuoa ka mosebetsi o etsoang ’maeneng.
Kapa: “khauta e hloekisitsoeng.”
Ka Seheberu: “Timetso.”
Ka Seheberu: “boima.”
Ka Seheberu: “a le ka tenteng ea ka.”
Kapa: “basebeletsi.”
Ka Seheberu: “ba ipata.”
E leng karolo e ka holimo ea lehano.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “seaparo se se nang matsoho.”
Ka Seheberu: “theohela.”
Kapa mohlomong: “Ba ne ba sa time khanya ea sefahleho sa ka.”
Kapa: “liphula.”
Ka Seheberu: “shapiloe.”
Ka Seheberu: “maele.”
Ka Seheberu: “o khoehlisitse khoele ea seqha sa ka.”
Kapa mohlomong: “Empa ho se na motho ea ba thusang.”
Ka Seheberu: “masapo a ka a phuntsoe.”
Kapa mohlomong: “Mathata a ka a sentse ’mele oa ka.”
Kapa mohlomong: “o nqhibilihisa ka molumo o lerata oa sefefo.”
Kapa: “batho bao lintho li sa ba tsamaeleng hantle.”
Ka Seheberu: “Mala a ka a ile a lubeha.”
Kapa mohlomong: “ke feberu.”
Kapa: “lekolilo.”
Ka Seheberu: “moroetsana.”
Kapa mohlomong: “ka tsamaea le batho ba sa tšepahaleng.”
Kapa: “Le litloholo tsa ka li ke li ntšoe.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “banna ba bang ba khumame holim’a hae.”
Kapa: “nyeoe.”
Ka Seheberu: “a ema?”
Ka Seheberu: “ka popelong?”
Ka Seheberu: “ho tloha ka popelong ea ’mè oa ka.”
Ka Seheberu: “ntlhohonolofatsa.”
Kapa mohlomong: “Ha ke ne ke bona hore ho na le batho ba ntšehetsang keiting ea motse.”
Ka Seheberu: “ba ja nama.”
Kapa: “molichaba.”
Kapa: “o lokile.”
Kapa: “khalemela Jobo.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
Kapa: “rorisa.”
Ka Seheberu: “O kenya maoto a ka metšoasong.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ba se ke ba li lebala.”
Kapa: “lebitleng.”
Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”
Kapa: “lengeloi.”
Kapa: “phele hantle.”
Ka Seheberu: “o tla bina a re.”
Kapa mohlomong: “ ’me seo ha sea ntsoela molemo.”
Kapa: “mohlomphehi ho feta ea tlase.”
Kapa: “mokoenehi.”
Kapa mohlomong: “Ntate oa ka, Jobo a ke a lekoe.”
Ho ka etsahala hore o bua le Molimo.
Ka Seheberu: “letsohong la.”
Kapa: “leshano.”
Kapa mohlomong: “O beha marena literoneng.”
Kapa: “ka sebetsa (lerumo).”
Kapa: “Bakoenehi.”
Kapa mohlomong: “Ba shoella har’a.”
Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
Ka Seheberu: “O.”
Kapa mohlomong: “a ikarabelle.”
Kapa: “leholimong.”
Ka Seheberu: “leseli.”
Kapa mohlomong: “ke eng.”
Ka Seheberu: “o beha tiiso letsohong la motho e mong le e mong.”
Kapa: “lilaong.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
E leng letsatsi.
Ka Seheberu: “tšaba.”
Kapa: “lejoe la pele la motheo.”
Maele a Seheberu a bolelang bara ba Molimo ba mangeloi.
Ka Seheberu: “popelo.”
Kapa: “apesa.”
Ka Seheberu: “ikhohomosang.”
Ka Seheberu: “Na haesale u tsoaloa u kile.”
Kapa: “moriti oa lefu.”
Kapa: “matlong a polokelo.”
Kapa mohlomong: “Lehalima.”
Mohlomong ke linaleli tsa Selemela tse ka har’a sehlopha sa linaleli sa Tauruse (Taurus).
Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Orione (Orion).
Ka Seheberu: “Mazarothe.” Ho 2 Marena 23:5 polelo e reng ‘sehlopha sa linaleli’ e bongateng ’me e bolela lihlopha tsa linaleli tsa zodiake.
Mohlomong ke sehlopha sa linaleli sa Bere e Kholo (Ursa Major).
Ka Seheberu: “maholimo.”
Kapa mohlomong: “motho.”
Kapa mohlomong: “kelello.”
Kapa: “onager” e leng mofuta oa tonki e hlaha.
Kapa: “sejelong.”
Kapa: “e thuhe.”
Ka Seheberu: “tlisetsa peo.”
Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
Kapa: “moriri oa pere.”
Kapa mohlomong: “ha e lumele hore ke.”
Ka Seheberu: “motsung oa lefika.”
Kapa: “belaela hore.”
Kapa: “babatsa.”
Kapa mohlomong: “Kubu.”
Kapa: “lifate tsa lotase.”
Ka Seheberu: “leraba.”
Mohlomong ho buuoa ka koena.
Kapa: “selope.”
Ka Seheberu: “joang ba loli.”
Ka Seheberu: “motsu.”
Lejoe le sebelisetsoang ho sila.
Sheba Tlhaloso ea Ho pola; Seotlo.
Kapa: “khutlisang.”
Ka Seheberu: “Ke tla phahamisa sefahleho sa hae.”
Ka Seheberu: “Jehova a tlosa botlamuoa ba Jobo.”
Ka Seheberu: “likhomo tse 1 000 tse pannoeng ka bobeli.”