Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Daniele 1:1-12:13
  • Daniele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Daniele
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Daniele

DANIELE

1 Ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Jojakime+ oa Juda, Morena Nebukadnezare oa Babilona a tla Jerusalema ’me a e thibella.+ 2 Ha nako e ntse e ea, Jehova a nehelana ka Morena Jojakime oa Juda letsohong la Nebukadnezare+ hammoho le tse ling tsa lisebelisoa tsa ntlo* ea Molimo oa ’nete. Nebukadnezare o ile a tlisa lisebelisoa tseo naheng ea Shinare*+ ka tlung* ea molimo oa hae eaba o li beha matlotlong a molimo oa hae.+

3 Ka mor’a moo, morena a re Ashpenaze molaoli oa hae oa lekhotla ea ka sehloohong a tlise ba bang ba Baiseraele,* ho akareletsa le bana ba leloko la borena le la bahlomphehi.+ 4 E ne e lokela ho ba bacha* ba phetseng hantle, ba shebahalang hantle, ba bohlale, ba nang le tsebo le temoho+ le ba ka khonang ho sebeletsa phaleising ea morena. O ne a lokela ho ba ruta mongolo le puo ea Bakalde. 5 Hape morena a laela hore letsatsi le letsatsi ba fuoe tse ling tsa lijo tsa hae tsa maemo le veine eo a e noang. Ba ne ba tl’o koetlisoa* ka lilemo tse tharo ebe ka mor’a moo ba sebeletsa morena.

6 Har’a bona ho ne ho e-na le ba tsoang lelokong* la Juda e leng Daniele,*+ Hanania,* Mishaele* le Azaria.*+ 7 Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong o ile a ba reha mabitso.* A reha Daniele Beltsatsare,+ Hanania a mo reha Shadrake, Mishaele a mo reha Meshake ’me Azaria a mo reha Abednego.+

8 Daniele o ile a etsa qeto ka pelong ea hae hore a ke ke a itšilafatsa ka lijo tsa maemo tsa morena kapa veine ea hae. Kahoo, a kopa molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong hore a mo lumelle hore a se ke a itšilafatsa ka lintho tseo. 9 Molimo oa ’nete a etsa hore molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a hauhele* Daniele.+ 10 Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a re ho Daniele: “Ke tšaba moren’a ka, ea laetseng hore na le je eng le hore na le noe eng. O tla re’ng ha a ka le bona le otile ho feta bacha* ba bang ba lekanang le lona? Le tla mpolaisa ka morena.” 11 Daniele a bua le mohlokomeli eo molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a neng a mo khethile hore a hlokomele eena, Hanania, Mishaele le Azaria a re: 12 “Re kopa u re leke ka matsatsi a leshome ’me re lumelloe ho ja meroho le ho noa metsi. 13 Ebe u bapisa tsela eo re shebahalang ka eona le eo bacha* ba jang lijo tsa morena tsa maemo ba shebahalang ka eona. Ka mor’a moo, u etse qeto ea hore na u tla etsa’ng ka rona ho ea ka seo u se bonang.”

14 Kahoo, a lumela kopo ea bona eaba o ba leka ka matsatsi a leshome. 15 Ka mor’a matsatsi a leshome, ba ne ba le batle ebile ba phetse hantle* ho feta bacha* bohle ba neng ba ja lijo tsa morena tsa maemo. 16 Mohlokomeli a ’na a ba fa meroho ho e-na le ho ba fa lijo tsa maemo le veine ea morena. 17 Molimo oa ’nete a fa bacha* bana ba bane tsebo, bohlale le bokhoni ba ho utloisisa lintho tsohle tse ngotsoeng. Daniele eena o ile a fuoa bokhoni ba ho utloisisa mefuta eohle ea lipono le litoro.+

18 Ha nako eo morena a neng a e behile ea hore ba tlisoe ho eena e fihla,+ molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a ba tlisa ka pel’a Nebukadnezare. 19 Ha morena a bua le bona, sehlopheng sohle sa bona ho ne ho se na ea tšoanang le Daniele, Hanania, Mishaele le Azaria.+ Ba ile ba sala ’me ba sebeletsa morena. 20 Ha morena a ba botsa ka litaba tse hlokang bohlale le kutloisiso, o ile a hlokomela hore bohlale ba bona bo feta ba baprista bohle ba maselamose le linohe+ tse pusong ka makhetlo a leshome. 21 Daniele a lula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ea Morena Saeruse.+

2 Nebukadnezare o ile a lora litoro tse ngata ka selemo sa bobeli a busa. O ne a tšoenyehile+ hoo a neng a sa khone ho robala. 2 Morena a laela hore baprista ba maselamose, linohe, baloi le Bakalde* ba bitsoe hore ba tl’o mo bolella hore na o lorile’ng. Ba kena ’me ba ema ka pel’a morena.+ 3 Morena a re ho bona: “Ho na le ntho eo ke e lorileng. Ke tšoenyehile hobane ke batla ho tseba hore na ke lorile’ng.” 4 Bakalde ba araba morena ka Searame*+ ba re: “Morena, u ke u phele ka ho sa feleng. Re bolelle toro ea hao, rona re tla u bolella tlhaloso ea eona.”

5 Morena a re ho Bakalde bao: “Qeto eo ke e entseng ke ena: Haeba le sa mpolelle toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona, le tla khaoloa likoto ’me matlo a lona e tla ba matloana a sechaba.* 6 Empa haeba le ka mpolella toro le tlhaloso ea eona, ke tla le fa limpho le moputso ke be ke etse hore le hlomphuoe haholo.+ Joale mpolelleng toro eo le tlhaloso ea eona.”

7 Ba araba ka lekhetlo la bobeli ba re: “Morena re kopa u re bolelle toro ea hao, rona re tla u bolella tlhaloso ea eona.”

8 Morena a re: “Kea bona hore le leka ho lieha hobane le utloile qeto eo ke e entseng. 9 Haeba le sa mpolelle hore na ke lorile’ng, kaofela ha lona le tl’o fumana kotlo e tšoanang. Le lumellane ka ho mpolella leshano le tšepile hore ke tla fetola maikutlo. Ha le ka mpolella toro ea ka, ke tla tseba hore le tla khona ho ntlhalosetsa eona.”

10 Bakalde ba re ho morena: “Ha ho na motho lefatšeng ea ka khonang ho etsa ntho ena eo u e kopang morena. Ha ho na morena e moholo kapa letona le kileng la kopa baprista ba maselamose, linohe kapa Bakalde hore ba etse ntho e tjena. 11 Morena, ntho eo u e kopang e thata. Ha ho na motho ea ka khonang ho u bolella eona ntle le melimo e sa pheleng le batho.”

12 Ha morena a utloa sena, a halefa haholo eaba o laela hore banna bohle ba bohlale ba Babilona ba bolaoe.+ 13 Ka mor’a hore ho fanoe ka taelo eo ’me banna ba bohlale ba le haufi le ho bolaoa, ba ile ba batla Daniele le metsoalle ea hae hore le bona ba tl’o bolaoa.

14 Ka nako eo, Daniele a bua ka bohlale le Arioke mookameli oa balebeli ba morena, ea neng a tsoile hore a e’o bolaea banna ba bohlale ba Babilona. 15 O ile a botsa Arioke molaoli oa morena a re: “Ke hobane’ng ha morena a fane ka taelo e sehloho hakaale?” Eaba Arioke o bolella Daniele hore na ho etsahala’ng.+ 16 Daniele a ea ho morena, a mo kopa hore a mo fe nako ea hore a tl’o mo hlalosetsa toro eo.

17 Ka mor’a moo, Daniele a ea ntlong ea hae ’me a bolella metsoalle ea hae e leng Hanania, Mishaele le Azaria ka taba eo. 18 A ba kopa hore ba rapele Molimo oa leholimo, ba mo kope hore a ba hauhele ’me a ba senolele sephiri sena e le hore Daniele le metsoalle ea hae ba se ke ba bolaoa hammoho le banna ba bang ba bohlale ba Babilona.

19 Bosiu Daniele a senoleloa sephiri seo ponong.+ Kahoo, Daniele a rorisa Molimo oa leholimo. 20 Daniele a re:

“Lebitso la Molimo le ke le rorisoe ka ho sa feleng

Hobane ke eena feela ea bohlale le ea matla.+

21 O fetola linako le mehla,+

O tlosa marena ebile o beha marena,+

O hlalefisa ba bohlale ebile o fa ba nang le temoho tsebo.+

22 O senola lintho tse tebileng le tse patehileng,+

O tseba lintho tse lefifing+

Ebile moo a leng teng o potolohiloe ke khanya.+

23 Kea u leboha Molimo oa baholo-holo ba ka ebile kea u rorisa,

U mphile bohlale le matla

Ebile hona joale u ntsebisitse seo re u kopileng sona.

U re tsebisitse ntho e tšoenyang morena.”+

24 Ka mor’a moo, Daniele a ea ho Arioke eo morena a neng a mo khethile hore a bolaee banna ba bohlale ba Babilona,+ a re ho eena: “U se ke oa bolaea banna ba bohlale ba Babilona. Nkise ho morena ’me ke tla mo hlalosetsa toro.”

25 Arioke a isa Daniele ho morena ka potlako eaba o re ho eena: “Ke fumane monna e mong har’a Bajuda ba tlileng botlamuoeng,+ ea ka khonang ho u hlalosetsa toro morena.” 26 Morena a re ho Daniele, eo lebitso la hae e neng e le Beltsatsare:+ “Na kannete u ka mpolella toro eo ke e lorileng le tlhaloso ea eona?”+ 27 Daniele a re ho morena: “Banna ba bohlale, linohe, baprista ba maselamose le balepi ba linaleli, ha ba khone ho bolella morena sephiri seo a batlang ho se tseba.+ 28 Empa ho na le Molimo leholimong eo e leng Mosenoli oa liphiri+ ’me o tsebisitse Morena Nebukadnezare se tl’o etsahala matsatsing a bofelo. Toro ea hao ke ena ’me tsena ke lipono tseo u li boneng ha u robetse betheng ea hao:

29 Morena, ha u ne u robetse u lorile* se tla etsahala nakong e tlang ’me Mosenoli oa liphiri o u tsebisitse se tla etsahala. 30 Ha kea senoleloa sephiri sena hobane ke le bohlale ho feta batho ba bang bohle empa ke se senoletsoe e le hore ke tle ke u tsebise tlhaloso ea toro ea hao le hore u tsebe seo u neng u se nahana.+

31 Morena, ha u ntse u lora u ile oa bona setšoantšo* se seholohali. Setšoantšo seo se neng se eme ka pel’a hao, se ne se le seholo ebile se khanya haholo ’me tsela eo se neng se shebahala ka eona e ne e tšosa. 32 Hlooho ea setšoantšo seo e ne e le ea khauta e ntle,+ sefuba sa sona le matsoho a sona e le a silevera,+ mpa le lirope tsa sona e le tsa koporo,+ 33 meomo ea sona e le ea tšepe+ ’me maoto a sona e le a tšepe e kopaneng le letsopa.*+ 34 U ile oa sheba ho fihlela lejoe le khephoha empa le sa khepholoe ka matsoho. La otla setšoantšo maotong a sona a tšepe le letsopa ’me la a silakanya.+ 35 Ka nako eo, tšepe, letsopa, koporo, silevera le khauta, tsa silakanngoa kaofela ’me tsa e-ba joaloka ’moko o tsoang seotlong sa lehlabula. Moea oa li fefola kaofela ’me ha hoa ka ha sala letho. Empa lejoe le ileng la otla setšoantšo la fetoha thaba e kholo ’me la tlala lefatše lohle.

36 Morena, ena ke toro ea hao ’me hona joale re tla u bolella tlhaloso ea eona. 37 Morena, u morena oa marena eo Molimo oa leholimo a mo fileng ’muso,+ matla le khanya. 38 Hape o entse hore u buse batho hohle moo ba lulang teng hammoho le libata tsa naheng le linonyana tsa leholimo, o entse hore u li buse kaofela.+ Hlooho ea khauta ke uena.+

39 Ka mor’a hao ho tla hlaha ’muso o mong,+ o tlasana ho uena ebe ka mor’a moo ho hlaha ’muso o mong oa boraro oa koporo o tla busa lefatše lohle.+

40 ’Muso oa bone o tla ba matla joaloka tšepe.+ Joalokaha tšepe e thuhakanya le ho sila ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ’muso ona o tla thuhakanya o be o felise mebuso ena kaofela.+

41 Joalokaha u bone karolo e ’ngoe ea maoto le menoana e le letsopa la sebopi le kopaneng le tšepe, ’muso oo o tla arohana. Karolo e ’ngoe e tla ba thata joaloka tšepe joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo. 42 Joalokaha menoana ea maoto e le ea tšepe e kopaneng le letsopa, ’muso oo o tla ba le likarolo tse matla le tse fokolang. 43 Joalokaha u bone tšepe e kopane le letsopa le bonolo, li tla tsoakana le batho empa li ke ke tsa khomarelana hore e be ntho e le ’ngoe feela joalokaha tšepe e sa kopane le letsopa.

44 Matsatsing a marena ao, Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso+ o ke keng oa felisoa le ka mohla.+ ’Muso ona o ke ke oa fetisetsoa ho batho ba bang.+ O tla silakanya o felise mebuso ena kaofela+ ’me ke oona feela o tla lula o le teng ka ho sa feleng.+ 45 Ho tla ba joalokaha u bone lejoe le khephoha thabeng, le sa khepholoe ka matsoho le bile le silakanya tšepe, koporo, letsopa, silevera le khauta.+ Molimo e Moholo o u tsebisitse hore na ho tla etsahala’ng nakong e tlang.+ Toro ena ke ’nete ’me tlhaloso ea eona ea tšepahala.”

46 Ka mor’a moo, Morena Nebukadnezare a khumama* ka pel’a Daniele a bontša hore oa mo tlotla. A boela a laela hore a fuoe mpho le hore a chesetsoe libano. 47 Morena a re ho Daniele: “Kannete Molimo oa lona ke Molimo oa melimo le Morena oa marena le Mosenoli oa liphiri hobane o entse hore u khone ho ntšenolela sephiri sena.”+ 48 Morena a beha Daniele boemong bo phahameng ’me a mo fa limpho tse ngata tse ntle eaba o mo etsa ’musi oa profinse eohle ea Babilona+ le molaoli ea ka sehloohong oa banna bohle ba bohlale ba Babilona. 49 Morena a etsa Shadrake, Meshake le Abednego+ batsamaisi ba profinse ea Babilona feela joalokaha Daniele a ne a kopile. Daniele eena o ne a sebeletsa ntlong ea morena.

3 Morena Nebukadnezare a etsa setšoantšo* sa khauta sa bophahamo ba limithara tse ka bang 27* le bophara ba limithara tse ka bang tharo.* A se beha thoteng ea Dura profinseng ea Babilona. 2 Morena Nebukadnezare a laela hore ho bitsoe liofisiri tsa hae tse kholo, balaoli, matona, baeletsi, batšoari ba matlotlo, baahloli, bo-’maseterata le batsamaisi bohle ba liprofinse hore ba tl’o ba teng ha ho khakoloa setšoantšo seo a se hlommeng.

3 Liofisiri tse kholo, balaoli, matona, baeletsi, batšoari ba matlotlo, baahloli, bo-’maseterata le batsamaisi bohle ba liprofinse ba bokana ho tla khakola setšoantšo seo Morena Nebukadnezare a se hlommeng. Ba ema ka pel’a setšoantšo seo sa Nebukadnezare. 4 Seboholi sa hoeletsa sa re: “Lona lichaba, merabe le batho ba buang lipuo tse fapaneng, le laeloa 5 hore ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa, seletsa se likhoele, phala e nang le mokotlana le liletsa tse ling tsohle tsa ’mino, le khumame le rapele setšoantšo sa khauta seo Morena Nebukadnezare a se hlommeng. 6 Motho leha e le ofe ea sa khumameng le ho se rapela, o tla lahleloa ka seboping se tukang sa mollo hang-hang.”+ 7 Ha batho bohle ba utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa, seletsa se likhoele le liletsa tse ling tsohle tsa ’mino, lichaba tsohle, merabe le batho ba buang lipuo tse fapaneng, ba khumama eaba ba rapela setšoantšo sa khauta seo Morena Nebukadnezare a se hlommeng.

8 Ka eona nako eo, Bakalde ba bang ba tla ho tla qosa* Bajuda. 9 Ba re ho Morena Nebukadnezare: “Morena, u ke u phele ka ho sa feleng. 10 Morena, u laetse hore ha batho bohle ba utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa, seletsa se likhoele, phala e nang le mokotlana le liletsa tse ling tsohle tsa ’mino, ba khumame ba rapele setšoantšo sa khauta 11 le hore motho ea ke keng a khumama ’me a se rapela, a lahleloe ka seboping se tukang sa mollo.+ 12 Empa ho na le Bajuda ba itseng bao u ba behileng hore e be batsamaisi ba profinse ea Babilona e leng Shadrake, Meshake le Abednego.+ Banna bana ha ba u hlomphe morena. Ha ba sebeletse melimo ea hao ebile ba hana ho rapela setšoantšo sa khauta seo u se hlommeng.”

13 Nebukadnezare a halefa haholo eaba o laela hore Shadrake, Meshake le Abednego ba tlisoe ho eena. Kahoo, banna bana ba tlisoa ka pel’a morena. 14 Nebukadnezare a re ho bona: “Shadrake, Meshake le Abednego, na ke ’nete hore ha le sebeletse melimo ea ka+ ebile le hana ho rapela setšoantšo sa khauta seo ke se hlommeng? 15 Haeba le tla khumama ’me le rapele setšoantšo seo ke se entseng ha le utloa molumo oa lenaka, phala, zitha, harepa, seletsa se likhoele, phala e nang le mokotlana le liletsa tse ling tsohle tsa ’mino, ho tla be ho lokile. Empa haeba le hana ho se rapela, le tla lahleloa ka seboping se tukang sa mollo hang-hang. Ha ho na molimo ea tla le pholosa ho ’na.”+

16 Shadrake, Meshake le Abednego ba re ho morena: “Morena Nebukadnezare, ha ho na letho le re tlamang hore re u arabe tabeng ena. 17 Morena, le haeba re ka lahleloa ka mollong, Molimo oa rona eo re mo sebeletsang a ka khona ho re pholosa ho uena le ho sebopi seo se tukang sa mollo.+ 18 Le haeba a ke ke a re pholosa, morena, re kopa u tsebe hore re ke ke ra sebeletsa melimo ea hao kapa ra rapela setšoantšo sa khauta seo u se hlommeng.”+

19 Nebukadnezare a halefela Shadrake, Meshake le Abednego haholo hoo tsela eo a neng a ikutloa ka eona ka bona e ileng ea fetoha ka ho feletseng* eaba o laela hore sebopi se beseletsoe ka makhetlo a supileng ho feta kamoo ba neng ba tloaetse ho se beseletsa kateng. 20 A laela hore masole a mang a hae a matla a tlame Shadrake, Meshake le Abednego ’me a ba lahlele ka seboping se tukang sa mollo.

21 Banna bana ba tlangoa ba ntse ba apere liaparo tsa bona tsa ka holimo, likatiba le liaparo tse ling ’me ba lahleloa ka seboping se tukang sa mollo. 22 Banna ba ileng ba isa Shadrake, Meshake le Abednego seboping sa mollo, ke bona ba ileng ba bolaoa ke malakabe a mollo hobane taelo ea morena e ne e le sehloho ’me sebopi seo se ne se chesa haholo. 23 Banna bana ba bararo e leng Shadrake, Meshake le Abednego, ba ile ba oela ka seboping se tukang sa mollo ba ntse ba tlanngoe.

24 Ka nako eo, Morena Nebukadnezare a tšoha eaba o ema ka potlako. A re ho balaoli ba hae ba phahameng: “Akere re tlamme banna ba bararo ra ba lahlela ka mollong?” Ba re ho morena: “Ho joalo morena.” 25 A re: “A ke le nchebiseng. Ke bona banna ba bane ba itsamaela ba lokolohile ka har’a mollo ba sa tsoa kotsi ebile oa bone o tšoana le mora oa melimo.”

26 Nebukadnezare a atamela monyako oa sebopi se tukang sa mollo eaba o re: “Shadrake, Meshake le Abednego, lona bahlanka ba Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa,+ tsoang le tle mona.” Shadrake, Meshake le Abednego ba tsoa ka har’a mollo. 27 Liofisiri tse kholo, balaoli, matona le balaoli ba phahameng ba morena ba neng ba bokane moo,+ ba bona hore mollo ha oa ka oa chesa banna bana,+ moriri oa bona o ne o sa tlaboha, liaparo tsa bona li ne li sa cha ebile ba sa nkhe le mosi feela.

28 Nebukadnezare a re: “Ho rorisoe Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego,+ ea rometseng lengeloi la hae eaba o pholosa bahlanka ba hae. Ba ne ba mo tšepile eaba ba hana ho mamela taelo ea morena ’me ba ne ba ikemiselitse ho shoa ho e-na le ho sebeletsa kapa ho rapela molimo e mong ntle le Molimo oa bona.+ 29 Kahoo, ke fana ka taelo ea hore batho ba lichaba tsohle, merabe kapa lipuo tse fapaneng, ba ka buang hampe ka Molimo oa Shadrake, Meshake le Abednego, ba khaoloe likoto ’me matlo a bona a fetoloe matloana a sechaba* hobane ha ho Molimo e mong ea khonang ho pholosa batho ba hae joaloka eena.”+

30 Morena a nyollela* Shadrake, Meshake le Abednego boemong bo phahameng profinseng ea Babilona.+

4 “ ’Na Morena Nebukadnezare ke ngolla lichaba tsohle, merabe eohle le batho ba buang lipuo tse fapaneng ba lulang lefatšeng lohle: E se eka le ka ba le khotso e ngata. 2 Ke thabela ho le bolella ka lipontšo le lintho tse makatsang tseo Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa a nketselitseng tsona. 3 Lipontšo tsa hae le lintho tse makatsang tseo a li entseng li kholo haholo. ’Muso oa hae o tla lula o busa le puso ea hae e tla lula e le teng melokong eohle.+

4 ’Na Nebukadnezare ke ne ke iketlile ka tlung ea ka ke bile ke atleha phaleising ea ka 5 eaba ke lora toro e ileng ea ntšosa. Litšoantšo le lipono tseo ke li boneng ha ke robetse betheng ea ka li ile tsa ntšosa.+ 6 Kahoo, ka laela hore banna bohle ba bohlale ba Babilona ba tlisoe ho ’na e le hore ba ka mpolella tlhaloso ea toro eo.+

7 Baprista ba maselamose, linohe, Bakalde* le balepi ba linaleli+ ba fihla. Ha ke ba bolella hore na ke lorile’ng, ba ile ba hloleha ho mpolella tlhaloso ea toro eo.+ 8 Qetellong ha fihla Daniele, eo lebitso la hae e leng Beltsatsare,+ ea rehelletsoeng ka lebitso la molimo oa ka+ le ea nang le moea oa melimo e halalelang.+ Ka mo bolella toro eo ka re:

9 ‘Beltsatsare mookameli oa baprista ba maselamose,+ kea tseba hore moea oa melimo e halalelang o ho uena+ ebile ha ho na sephiri se ka u thatafallang hore u se senole.+ Joale ntlhalosetse lipono tseo ke li boneng torong le hore na li bolela’ng.

10 Liponong tseo ke li boneng ha ke ntse ke le betheng ea ka, ke ile ka bona sefate+ bohareng ba lefatše, se ne se le selelele haholo.+ 11 Sefate seo sa hola ’me sa e-ba matla. Se ne se fihla leholimong ’me se bonahala lefatšeng lohle. 12 Makhasi a sona a ne a le matle, litholoana tsa sona li le ngata ebile se e-na le lijo bakeng sa bohle. Libata tsa naha li ne li lula moriting oa sona, linonyana li lula makaleng a sona ’me lintho tsohle tse phelang li ja litholoana tsa sona.

13 Ha ke ntse ke shebile lipono tseo ke ileng ka li bona ke le betheng ea ka, ke ile ka bona molebeli, mohalaleli, a theoha leholimong.+ 14 A hoeletsa a re: “Remang sefate seo,+ le pome makala a sona. Hlohlorang makhasi a sona le hasanye litholoana tsa sona. Libata li ke li balehe ka tlas’a sona le linonyana li balehe makaleng a sona. 15 Empa le siee kutu le metso ea sona fatše har’a joang ba naha, e tlanngoe ka lebanta la tšepe le la koporo. E ke e kolobisoe ke phoka e tsoang leholimong ’me e lule le libata har’a limela tsa lefatše.+ 16 Pelo ea eona e fetohe e be joaloka ea sebata, e se ke ea e-ba ea motho ’me ho fete linako tse supileng+ e ntse e le boemong boo.+ 17 Balebeli ke bona ba faneng ka taelo eo+ le bahalaleli ke bona ba kopileng hore ho etsoe sena e le hore batho ba phelang ba ka tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho+ le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona ’me o khetha le motho ea tlase ka ho fetisisa hore a buse ho oona.”

18 ‘Ena ke toro eo ’na Morena Nebukadnezare ke e lorileng. Beltsatsare, ntlhalosetse eona hobane banna ba bang bohle ba bohlale ba pusong ea ka, ha ba khone ho ntlhalosetsa eona.+ Empa uena u khona ho e hlalosa hobane moea oa melimo e halalelang o ho uena.’

19 Daniele eo lebitso la hae e leng Beltsatsare,+ a makala ka nakoana ’me lintho tseo a neng a li nahana tsa mo tšosa.

Morena a re, ‘Beltsatsare, toro eo le tlhaloso ea eona li se ke tsa u tšosa.’

Beltsatsare a re, ‘Moren’a ka, e se eka lintho tse torong ena li ka etsahalla ba u hloileng ’me tlhaloso ea eona e phethahale ho lira tsa hao.

20 Sefate seo u se boneng, se ileng sa e-ba seholo ’me sa e-ba matla, se neng se fihla leholimong ’me se bonahala lefatšeng lohle,+ 21 se neng se e-na le makhasi a matle, litholoana tse ngata le lijo bakeng sa bohle, seo libata li neng li lula ka tlas’a sona le linonyana li lula makaleng a sona,+ 22 sefate seo ke uena morena hobane u ile oa ba moholo ’me oa ba matla. U ile oa tuma haholo ho fihla leholimong+ ’me oa busa lefatše lohle.+

23 Morena o ile a bona molebeli, mohalaleli,+ a theoha leholimong a re: “Remang sefate ’me le se senye. Empa le siee kutu le metso ea sona fatše har’a joang ba naha, e tlanngoe ka lebanta la tšepe le la koporo. E ke e kolobisoe ke phoka e tsoang leholimong ’me e lule le libata tsa naha ho fihlela linako tse supileng li feta e ntse e le boemong boo.”+ 24 Morena ena ke tlhaloso ea toro eo u e lorileng. Ke taelo ea Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa e tla etsahalla uena moren’a ka. 25 U tla lelekoa har’a batho ’me u tla lula le libata tsa naha. U tla ja joang joaloka lipoho. U tla kolobisoa ke phoka e tsoang leholimong+ ’me linako tse supileng+ li tla feta boemo ba hao+ bo ntse bo le joalo. Ho fihlela u tseba hore Ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.+

26 Empa kaha ba itse ho siuoe kutu ea sefate le metso ea sona,+ ’muso oa hao o tla khutlela ho uena hape ka mor’a hore u tsebe hore ho na le ea busang leholimong. 27 Ka lebaka leo, morena, e se eka u ka amohela keletso ea ka. Tlohela ho etsa libe ’me u etse lintho tse lokileng, u tlohele bokhopo ’me u hauhele ba futsanehileng. Mohlomong u tla phela nako e telele u atlehile.’”+

28 Lintho tsena tsohle li ile tsa etsahalla Morena Nebukadnezare.

29 Ka mor’a likhoeli tse 12 morena o ne a tsamaea ka holim’a marulelo a phaleisi ea borena ea Babilona, 30 a ntse a re: “Na ee ha se Babilona e Moholo eo ’na ka bonna ke e hahetseng ntlo ea borena ka matla a ka hore ke tlotlisoe ke be ke hlomphuoe?”

31 Ha morena a ntse a bua, ha hlaha lentsoe leholimong la re: “Mamela uena Morena Nebukadnezare, ‘U nketsoe ’muso+ 32 ebile oa lelekoa har’a batho. U tla lula le libata tsa naha ebile u tla ja joang joaloka lipoho ’me ho tla feta linako tse supileng u ntse u le boemong boo, ho fihlela u tseba hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.’”+

33 Ka eona nako eo, mantsoe ao a phethahala ho Nebukadnezare. O ile a lelekoa har’a batho, a ja joang joaloka lipoho ’me a kolobisoa ke phoka e tsoang leholimong, ho fihlela moriri oa hae o e-ba molelele joaloka masiba a ntsu ’me manala a hae a e-ba joaloka linala tsa nonyana.+

34 Ha nako eo e feta,+ ’na Nebukadnezare, ka sheba leholimong eaba kelello ea ka ea khutla. Ka rorisa Ea Phahameng ka ho Fetisisa, ka tlotlisa le ho rorisa Molimo ea phelang ka ho sa feleng hobane puso ea hae ke e ke keng ea fela le ’muso oa hae ke o tla lula o le teng melokong eohle.+ 35 Baahi bohle ba lefatše ha se letho ha ba bapisoa le eena ebile o etsa seo a se ratang ka mangeloi a leholimong le ka batho ba lulang lefatšeng. Ha ho na motho ea ka mo thibang+ kapa ea ka reng ho eena, ‘U entse’ng?’+

36 Ka nako eo, kelello ea ka ea khutla. Ka boela ka fuoa ’muso oa ka, ho hlompheha le bokhabane.+ Balaoli ba ka ba phahameng le bahlomphehi ba ile ba mpatla eaba ke khutlisetsoa pusong ea ka ’me ka tlotlisoa le ho feta pele.

37 “ ’Na Nebukadnezare, ke rorisa Morena oa maholimo, kea mo phahamisa le ho mo tlotlisa+ hobane lintho tsohle tseo a li etsang li lokile ebile o etsa lintho tsohle ka toka+ hape o khona ho tlotlolla batho ba ikhohomosang.”+

5 Morena Belshatsare+ a etsetsa bahlomphehi ba hae ba sekete mokete o moholo ’me o ne a noa veine ka pel’a bona.+ 2 Ha Belshatsare a se a tahiloe, a laela hore ho tlisoe lijana tsa khauta le tsa silevera tseo ntate oa hae Nebukadnezare a neng a li nkile tempeleng e Jerusalema+ e le hore eena le bahlomphehi ba hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba ka noa ka tsona. 3 Ba tlisa lijana tsa khauta tse nkiloeng tempeleng e ntlong ea Molimo Jerusalema eaba morena le bahlomphehi ba hae, lirethe tsa hae le basali ba hae ba banyenyane ba noa ka tsona. 4 Ba noa veine eaba ba rorisa melimo e entsoeng ka khauta, silevera, koporo, tšepe, patsi le lejoe.

5 Ka eona nako eo, menoana ea letsoho la motho ea hlaha ’me ea ngola leboteng la phaleisi ea morena ka pel’a seluloana sa lebone. Morena o ne a bona bokamorao ba letsoho leo ha le ntse le ngola. 6 Sefahleho sa morena sa fetoha ka lebaka la ho tšoha. O ne a tšosoa ke lintho tseo a li nahanang. Maoto a hae a thothomela le mangole a hae a khoehla.+

7 Morena a hoeletsa ’me a laela hore ho bitsoe linohe, Bakalde* le balepi ba linaleli.+ A re ho banna ba bohlale ba Babilona: “Motho leha e le ofe ea tla bala mongolo ona a be a ntlhalosetse oona o tla apesoa seaparo se ’mala o pherese, a roesoe sefaha sa khauta molaleng+ a be a buse e le oa boraro ’musong.”+

8 Banna bohle ba bohlale ba morena ba kena empa ba ne ba sa khone ho bala mongolo oo kapa ho bolella morena tlhaloso ea oona.+ 9 Morena Belshatsare a tšoha le ho feta ’me sefahleho sa hae sa fetoha. Bahlomphehi ba hae ba ne ba tsielehile.+

10 Ha mofumahali a utloa mantsoe a morena le bahlomphehi ba hae, a kena ka holong ea mokete eaba o re: “Morena u ke u phele ka ho sa feleng. Lintho tseo u li nahanang li se ke tsa u tšosa kapa tsa etsa hore sefahleho sa hao se fetohe. 11 ’Musong oa hao ho na le monna ea nang le moea oa melimo e halalelang. Mehleng ea ntate oa hao, ho ile ha fumanoa hore monna enoa o na le tsebo le temoho ebile o bohlale joaloka melimo.+ Ntate oa hao e leng Morena Nebukadnezare o ile a mo khetha hore e be mookameli oa baprista ba maselamose, linohe, Bakalde* le balepi ba linaleli.+ Morena, ntate oa hao o ile a etsa sena. 12 Daniele, eo morena a neng a mo rehile Beltsatsare,+ o ne a le bohlale ka tsela e hlollang, a e-na le tsebo le temoho ea ho hlalosa litoro le lilotho a bile a tseba ho rarolla mathata a rarahaneng.*+ E-re Daniele a bitsoe ’me o tla u hlalosetsa mongolo oo.”

13 Daniele a tlisoa ka pel’a morena. Morena a re ho eena: “Na ke uena Daniele, e mong oa batlamuoa bao ntate oa ka a ba ntšitseng Juda?+ 14 Ke utloile hore u na le moea oa melimo+ le hore u na le tsebo, temoho le bohlale bo sa tloaelehang.+ 15 Banna ba bohlale le linohe ba ile ba tlisoa ka pel’a ka hore ba tl’o bala mongolo ona le ho ntlhalosetsa oona empa ha ba khone ho ntlhalosetsa molaetsa oa oona.+ 16 Leha ho le joalo, ke utloile hore uena u khona ho fana ka litlhaloso+ le ho rarolla mathata a rarahaneng.* Haeba u ka bala mongolo ona le ho ntlhalosetsa oona, u tla apesoa seaparo se ’mala o pherese, u roesoe sefaha sa khauta molaleng ’me u tla busa u le oa boraro ’musong.”+

17 Daniele a araba morena a re: “Ha ke batle limpho tsa hao le moputso oa hao, u ka u fa ba bang. Leha ho le joalo, ke tla u balla mongolo ona ke be ke u hlalosetse oona. 18 Morena, Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa o ile a fa ntate oa hao Nebukadnezare ’muso, boholo, tlotla le ho hlompheha.+ 19 Ka lebaka la boholo boo Molimo a ileng a mo fa bona, batho ba lichaba tsohle, merabe le lipuo tse fapaneng, ba ne ba thothomela ka pel’a hae ba mo tšaba.+ O ne a bolaea motho eo a batlang ho mo bolaea kapa a hauhela eo a batlang ho mo hauhela ’me o ne a phahamisa eo a batlang ho mo phahamisa a bile a tlotlolla eo a batlang ho mo tlotlolla.+ 20 Empa ha a ikhohomosa, a ba manganga a bile a iphahamisa,+ o ile a theoloa teroneng ea ’muso oa hae a ba a theoloa seriti. 21 A lelekoa har’a batho ’me pelo ea hae ea etsoa hore e be joaloka ea sebata eaba o phela le litonki tse hlaha. A ja joang joaloka lipoho ’me a kolobisoa ke phoka e tsoang leholimong, ho fihlela a tseba hore Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa ke ’Musi ’musong oa batho le hore o o fa motho eo a batlang ho mo fa oona.+

22 Empa uena Belshatsare mora oa hae, ha oa ikokobetsa le hoja u tsebile lintho tsena tsohle. 23 Ho e-na le hoo, u ile oa iphahamisetsa Morena oa maholimo,+ oa re ba u tlisetse lijana tsa ntlo ea hae.+ Uena le bahlomphehi ba hao, lirethe tsa hao le basali ba hao ba banyenyane, la noa veine ka tsona ’me la rorisa melimo e entsoeng ka silevera, khauta, koporo, tšepe, patsi le lejoe e leng melimo e sa boneng letho, e sa utloeng letho le e sa tsebeng letho.+ Empa ha oa ka oa tlotlisa Molimo eo bophelo ba hao bo leng letsohong la hae.+ 24 Kahoo, letsoho leo le tsoa ho eena ’me ke eena ea entseng hore le ngole mongolo ona.+ 25 Mongolo o ngotsoeng o re: MENE, MENE, TEKEL le PARSIN.

26 Tlhaloso ea mantsoe ao ke ena: MENE, Molimo o balile matsatsi a ’muso oa hao ’me o o felisitse.+

27 TEKEL, u lekantsoe sekaleng ’me u fumanoe u le bofefo.*

28 PERES, ’muso oa hao o arotsoe ’me o filoe Bamede le Bapersia.”+

29 Ka mor’a moo, Belshatsare a laela hore Daniele a apesoe seaparo se ’mala o pherese, a roesoe sefaha sa khauta molaleng ’me ho phatlalatsoe hore e tl’o ba ’musi oa boraro pusong.+

30 Bosiung bona boo Belshatsare morena oa Bakalde a bolaoa.+ 31 Dariuse+ oa Momede a fuoa borena, a le lilemo tse ka bang 62.

6 Dariuse a khetha liofisiri tse kholo tse 120 hore li okamele ’muso oohle oa hae.+ 2 Li ne li okametsoe ke balaoli ba bararo ba phahameng, e mong oa bona e le Daniele.+ Liofisiri tse kholo+ li ne li tlisa litlaleho ho bona e le hore morena a se ke a senyeheloa. 3 Daniele o ne a sa tšoane le balaoli ba bang ba phahameng le liofisiri tse kholo hobane o ne a le bohlale ka tsela e hlollang+ ’me morena o ne a ikemiselitse ho mo phahamisa hore a okamele ’muso oohle.

4 Balaoli ba phahameng le liofisiri tse kholo ba ne ba batlana le lintho tseo ba ka qosang Daniele ka tsona tse amanang le ’muso empa ba ne ba sa fumane letho leo ba ka mo qosang ka lona kapa bobolu leha e le bofe hobane o ne a tšepahala, a etsa mosebetsi oa hae ka makhethe a bile a sa etse bobolu. 5 Banna bao ba re: “Re ke ke ra fumana letho leo re ka qosang Daniele ka lona, ntle le haeba re ka mo qosa ka ntho e mabapi le ho mamela molao oa Molimo oa hae.”+

6 Balaoli bana ba phahameng le liofisiri tse kholo ba ea ho morena e le sehlopha, ba re ho eena: “Morena Dariuse, u ke u phele ka ho sa feleng. 7 Liofisiri tsohle tsa boreneng, balaoli, liofisiri tse kholo, liofisiri tse phahameng tsa boreneng le matona, ba lumellane ka hore ho etsoe molao oa borena le thibelo ea hore ka matsatsi a 30, mang kapa mang ea tla rapela molimo e mong kapa motho e mong ntle ho uena morena, a lahleloe ka sekoting sa litau.+ 8 Morena, e se eka u ka tiisa taelo ena ’me u e saene+ e le hore e se ke ea fetoloa ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia o sa hlakoloeng.”+

9 Morena Dariuse a saena taelo le thibelo eo.

10 Hang ha Daniele a utloa hore taelo eo e saennoe, a ea ntlong ea hae eo lifensetere tsa eona tsa kamore e ka holimo li neng li butsoe li shebile Jerusalema.+ O ne a khumama hararo ka letsatsi, a rapela a bile a rorisa Molimo oa hae joalokaha a ne a tloaetse ho etsa sena pele ho moo. 11 Ka nako eo, banna bao ba kena ka potlako ka tlung ea Daniele, ba mo fumana a ntse a rapela a kopa hore Molimo oa hae a mo hauhele.

12 Ka mor’a moo, ba ea ho morena ’me ba mo hopotsa thibelo ea borena ba re: “Na ha oa saena thibelo e reng ka matsatsi a 30 mang kapa mang ea rapelang molimo e mong kapa motho e mong ntle ho uena morena, a lahleloe ka sekoting sa litau?” Morena a re: “E, ho joalo ebile taba eo e tiisitsoe ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia, o sa hlakoloeng.”+ 13 Hang-hang ba re ho morena: “Daniele, eo e leng motlamuoa oa Juda,+ ha aa u mamela morena ebile le thibelo ea hao ha aa e mamela, o ntse a rapela hararo ka letsatsi.”+ 14 Hang ha morena a utloa sena, a nyahama haholo eaba o nahana ka hore na a ka pholosa Daniele joang. O ile a etsa sohle seo a ka se khonang ho leka ho mo pholosa, letsatsi la ba la likela. 15 Qetellong banna bao ba ea ho eena e le sehlopha ’me ba re: “Morena, hopola hore ho ea ka molao oa Bamede le Bapersia thibelo kapa taelo eo morena a e tiisang e ke ke ea fetoloa.”+

16 Ka lebaka leo, morena a laela hore ba tlise Daniele ’me ba mo lahlele ka sekoting sa litau.+ Morena a re ho Daniele: “Molimo oa hao eo u lulang u mo sebeletsa o tla u pholosa.” 17 Ka mor’a moo, ba tlisa lejoe ’me ba koahela sekoti ka lona. Morena a beha letšoao lejoeng leo ka reng ea hae e tempang le ka reng ea bahlomphehi ba hae e le hore qeto e neng e entsoe ka Daniele e se ke ea fetoloa.

18 Morena a ea phaleising ea hae. A qeta bosiu bohle a sa je, a sa batle le boithabiso* a bile a sa khone ho robala. 19 Hang feela ha letsatsi le chaba, morena a tsoha eaba o mathela sekoting sa litau. 20 Ha a fihla sekoting, a hoeletsa Daniele ka pelo e bohloko, a re ho eena: “Daniele, mohlanka oa Molimo ea phelang, na Molimo oa hao eo u lulang u mo sebeletsa o khonne ho u pholosa litaung?” 21 Daniele a re ho morena: “Morena, u ke u phele ka ho sa feleng. 22 Molimo oa ka o rometse lengeloi eaba le koala melomo ea litau+ tsena, kahoo ha lia ntematsa+ hobane o mphumane ke se na molato ebile le uena ha kea u siteloa ka letho morena.”

23 Morena a thaba haholo ’me a laela hore Daniele a ntšoe ka sekoting. Ha Daniele a ntšoa ka sekoting, o ne a sa lemala ho hang hobane o ne a tšepile Molimo oa hae.+

24 Morena a laela hore banna ba neng ba qositse* Daniele ba latoe eaba ba lahleloa ka sekoting sa litau le bana ba bona le basali ba bona. Litau li ile tsa ba hlasela ’me tsa robakanya masapo ’ohle a bona le pele ba fihla fatše ka sekoting seo.+

25 Morena Dariuse a ngolla lichaba tsohle, merabe le batho ba buang lipuo tse fapaneng ba lulang lefatšeng lohle a re:+ “E se eka le ka ba le khotso e ngata. 26 Ke fana ka taelo ea hore batho bohle ba lulang libakeng tse pusong ea ka ba lokela ho tšaba Molimo oa Daniele+ hobane ke Molimo ea phelang ebile o tla lula a le teng ka ho sa feleng. ’Muso oa hae o ke ke oa felisoa le puso* ea hae e ke ke ea fela.+ 27 Oa pholosa,+ oa lopolla ebile o etsa lipontšo le lintho tse hlollang maholimong le lefatšeng.+ O pholositse Daniele hore a se ke a bolaoa ke litau.”

28 Daniele o ile a atleha ’musong oa Dariuse+ le ’musong oa Saeruse oa Mopersia.+

7 Ka selemo sa pele Morena Belshatsare+ oa Babilona a busa, Daniele o ile a lora toro le ho bona lipono ha a ntse a robetse betheng ea hae+ eaba o ngola toro eo fatše.+ A ngola tlaleho e feletseng ea litaba tseo. 2 Daniele a re:

“Liponong tsa ka tsa bosiu, ke ile ka bona meea e mene ea maholimo e fuluha leoatle le leholo.+ 3 Libata tse ’nè tse kholo+ tse sa tšoaneng tsa tsoa ka leoatleng leo.

4 Sebata sa pele se ne se tšoana le tau+ ’me se e-na le mapheo a ntsu.+ Ke ile ka sheba ho fihlela se ntšoa mapheo, se nyolloa lefatšeng ’me se emisoa ka maoto a mabeli joaloka motho eaba se fuoa pelo ea motho.

5 Ka bona sebata se seng sa bobeli se tšoanang le bere.+ Se ne se phahame ka lehlakoreng le leng ’me se e-na le likhopo tse tharo molomong oa sona pakeng tsa meno a sona. Ha thoe ho sona, ‘Ema, u je nama e ngata.’+

6 Ha ke ntse ke shebile ka bona sebata se seng se tšoanang le lengau+ empa mokokotlong se e-na le mapheo a mane a kang a nonyana. Hape se ne se e-na le lihlooho tse ’nè+ eaba se fuoa matla a ho busa.

7 Ka mor’a moo, liponong tsa bosiu ka bona sebata sa bone se tšosang, se tšabehang le se neng se e-na le matla a sa tloaelehang. Se ne se e-na le meno a maholo a tšepe. Se ne se harola, se senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe e pel’a sona, ntho e setseng se e hatakela ka maoto.+ Se ne se fapane le libata tse ling tsohle tse tlileng pele ho sona ’me se e-na le manaka a leshome. 8 Ha ke ntse ke shebile manaka ao, ka bona lenaka le leng le lenyenyane+ le hlaha har’a ’ona ’me manaka a mararo ho a pele a ntšoa ka pel’a lona. Lenakeng lena ho ne ho e-na le mahlo a kang a motho le molomo o buang ka ho ikhohomosa.+

9 Ka ’na ka sheba ho fihlela literone li behoa libakeng tsa tsona ’me Moholo-holo oa Matsatsi+ a lula fatše.+ Liaparo tsa hae li ne li le tšoeu joaloka lehloa+ ’me moriri o hloohong ea hae o le joaloka boea bo hloekileng. Terone ea hae e ne e le malakabe a mollo, mabili a eona e le mollo o tukang.+ 10 Mollo o tsoang ka pel’a hae+ o ne o phalla joaloka nokana. O ne a sebeletsoa ke likete tsa likete le limilione tse ngata* li ne li eme ka pel’a hae.+ Lekhotla+ la lula ’me libuka tsa buloa.

11 Ka nako eo, ka ’na ka sheba ka lebaka la molumo oa mantsoe a ho ikhohomosa ao lenaka le neng le a bua.+ Ka sheba ho fihlela sebata seo se bolaoa, setopo sa sona se felisoa ’me se chesoa mollong. 12 Libata tse ling tsona+ li ile tsa nkeloa bobusi ’me bophelo ba tsona ba lelefatsoa ka nako e itseng.

13 Liponong tsa bosiu ka bona e mong ea joaloka mor’a motho+ a tla ka maru a maholimo. A lumelloa ho kena ho Moholo-holo oa Matsatsi+ ’me ba mo atametsa ka pel’a hae. 14 A fuoa bobusi,+ ho hlompheha+ le ’muso hore batho ba lichaba, merabe le ba lipuo tse fapaneng kaofela ba mo sebeletse.+ Bobusi ba hae ke bo ke keng ba fela kapa ba feta le ’muso oa hae o ke ke oa felisoa.+

15 Ke ile ka tšoenyeha hobane lipono tseo ke ileng ka li bona li ile tsa ntšosa.+ 16 Ka atamela e mong oa ba neng ba eme moo, ka mo botsa hore na ha e le hantle lintho tsena li bolela’ng. O ile a nkaraba ’me a ntlhalosetsa hore na li bolela’ng.

17 ‘Libata tsena tse ’nè tse kholo+ ke marena a mane a tla hlaha lefatšeng.+ 18 Bahalaleli ba Ea Holimo-limo+ ba tla fuoa ’muso+ ’me e tla ba oa bona+ ka ho sa feleng.’

19 Ke ne ke batla ho tseba haholoanyane ka sebata sa bone se neng se fapane le tse ling tsohle. Se ne se tšosa ka tsela e sa tloaelehang, se e-na le meno a tšepe le linala tsa koporo, se harola, se senya ntho e ’ngoe le e ’ngoe e pel’a sona, ntho e setseng se e hatakela ka maoto.+ 20 Hape ke ne ke batla ho tseba ka manaka a leshome+ a neng a le hloohong ea sona le ka lenaka le leng le ileng la hlaha leo manaka a mararo a ileng a oa ka pel’a lona.+ Le ne le e-na le mahlo le molomo o buang ka ho ikhohomosa ebile le bonahala le le leholo ho feta manaka a mang.

21 Ka ’na ka sheba ha lenaka leo le loantša bahalaleli ’me le ba hlola,+ 22 ho fihlela Moholo-holo oa Matsatsi+ a tla ’me a fana ka kahlolo ho sireletsa bahalaleli ba Ea Holimo-limo+ le nako e behiloeng ea hore bahalaleli ba fuoe ’muso e fihla.+

23 A re: ‘Sebata sa bone ke ’muso oa bone o tla ba teng lefatšeng, o tla fapana le mebuso e meng eohle. O tla harola lefatše lohle, o le hatakele o be o le silakanye.+ 24 Manaka a leshome a emela marena a leshome a tla hlaha ’musong oo. Ho tla hlaha morena e mong hape ka mor’a ’ona ’me a ke ke a tšoana le marena a pele. O tla tlotlolla marena a mararo.+ 25 O tla bua hampe ka Molimo ea Phahameng ka ho Fetisisa+ ebile o tla lula a hlorisa bahalaleli ba Ea Holimo-limo. O tla ikemisetsa ho fetola linako le molao ’me a ba hlorise ka linako tse tharo le halofo.*+ 26 Lekhotla la lula eaba ba mo nkela bobusi ba hae e le hore ba mo felise ka ho feletseng.+

27 ‘ ’Muso, bobusi le boholo ba mebuso e lefatšeng lohle ea fuoa bahalaleli ba Ea Holimo-limo.+ ’Muso oa bona ke o ke keng oa fela+ ebile mebuso eohle e tla ba sebeletsa le ho ba mamela.’

28 Taba ena e fella mona. Lintho tseo ke neng ke li nahana li ne li ntšosa haholo hoo sefahleho sa ka se ileng sa fetoha. Empa ke ile ka lula ke nahana ka taba eo.”

8 Ka selemo sa boraro sa puso ea Morena Belshatsare,+ ’na Daniele ke ile ka bona pono e ’ngoe ntle le eo ke e boneng pele.+ 2 Ka bona pono eo ke le Shushane*+ ntlong ea borena* e profinseng ea Elame.+ Ke ne ke le haufi le noka ea Ulai ha ke bona pono eo. 3 Ha ke sheba holimo, ka bona ramo+ e nang le manaka a mabeli e eme ka pel’a noka.+ Manaka ao a mabeli a ne a le malelele empa le leng le ne le le lelelele ho feta le leng. Le lelelele haholo ke lona le ileng la hlaha hamorao.+ 4 Ka bona ramo e hlasela lira ka bophirimela, ka leboea le ka boroa ’me ho ne ho se na sebata se hlaha se neng se ka ema ka pel’a eona. Ho ne ho se na ea ka pholosang ba bang ho eona ka lebaka la matla* a eona.+ E ne e iketsetsa seo e se ratang ebile e ikhohomosa.

5 Ha ke ntse ke shebile, ka bona phooko*+ e hlaha ka bophirimela ’me e feta holim’a lefatše lohle empa e sa thetse fatše. Hape phooko eo e ne e e-na le lenaka le leholo pakeng tsa mahlo a eona.+ 6 E ne e tla ho ramo e nang le manaka a mabeli, eo ke ileng ka e bona e eme haufi le noka. Ea mathela ho eona e halefile haholo.

7 Ka bona e ntse e atamela ramo e halefile haholo. Ea hlasela ramo ea ba ea roba manaka a eona a mabeli ’me ramo e ne e se na matla a ho itoanela. Ea lahlela ramo fatše le ho e hatakela. Ho ne ho se na ea ka thusang ramo eo ha phooko e e thula.

8 Phooko ea ikhohomosa haholo. Empa eitse ha e e-ba matla, lenaka la eona le leholo la robeha. Ka mor’a moo, ha hlaha manaka a mane a maholo sebakeng sa lona, a shebile likarolong tse ’nè tsa lefatše.*+

9 Ho le leng la ’ona ha hlaha lenaka le leng le lenyenyane. Le ile la e-ba leholo haholo ho elella ka boroa, ka bochabela le ka lehlakoreng la Mokhabiso.*+ 10 Le ile la e-ba leholo hoo le ileng la fihla lebothong la leholimo eaba le lihela karolo e ’ngoe ea lebotho leo le ea linaleli lefatšeng ’me la li hatakela. 11 La ikhohomosetsa le Khosana ea lebotho ’me sehlabelo seo a neng a se etsetsoa kamehla sa khaotsa ho ba teng. Sebaka se khethiloeng sa sehalalelo sa hae sa heletsoa.+ 12 Lebotho la fuoa lenaka leo le sehlabelo se neng se etsoa kamehla sa khaotsa ho ba teng ka lebaka la molato. La ’na la lahlela ’nete lefatšeng. Le ne le etsa seo le se batlang ’me le atleha.

13 Ka utloa mohalaleli a bua ’me mohalaleli e mong a re ho eena: “Pono ea sehlabelo se etsoang kamehla le ea molato o bakang tšenyo e tla tsoela pele ho fihlela neng?+ Sebaka se halalelang le lebotho li tla hatakeloa ho fihlela neng?” 14 A re ho ’na: “Ho fihlela ho fetile matsatsi* a 2 300. Sebaka se halalelang se tla khutlisetsoa boemong ba sona bo nepahetseng.”

15 Ha ke ntse ke shebile pono eo ’me ke leka ho e utloisisa, hang-hang ka bona motho ea kang monna a eme ka pel’a ka. 16 Ka utloa lentsoe la motho har’a noka ea Ulai,+ a hoeletsa a re: “Gabariele,+ thusa motho eo hore a utloisise seo a se boneng.”+ 17 A atamela moo ke neng ke eme teng empa ha a tla ka tšoha hoo ke ileng ka khumama ka ba ka thetsa fatše ka hlooho. A re ho ’na: “Mor’a motho, tseba hore lintho tsena li tla phethahala nakong ea bofelo.”+ 18 Ha a ntse a bua le ’na, ka khaleha ke ntse ke thetsitse fatše ka hlooho. A ntšoara ’me a nkemisa e le hore ke eme hape.+ 19 A re: “Ke u tsebisa se tla etsahala karolong e qetellang ea kahlolo hobane se tla etsahala ka nako e behiloeng ea bofelo.+

20 Ramo e nang le manaka a mabeli eo u e boneng e emela marena a Media le Persia.+ 21 Phooko e boea bo bongata e emela morena oa Greece.+ Lenaka le leholo le neng le le pakeng tsa mahlo a eona, le emela morena oa pele.+ 22 Manaka a mane a ileng a hlaha sebakeng sa le le leng le ileng la robeha,+ a emela mebuso e mene e tsoang sechabeng sa morena eo e tla hlaha empa mebuso eo e ke ke ea e-ba matla joaloka eena.

23 Karolong e qetellang ea ’muso oa bona, ha ba khopo ba etsa lintho tse mpe ka ho fetisisa, ho tla hlaha morena ea sehloho ea utloisisang mantsoe a sa hlakang.* 24 O tla ba matla haholo empa eseng ka matla a hae. O tla baka tšenyo ka tsela e sa tloaelehang ’me o tla atleha. O tla felisa ba matla le bahalaleli.+ 25 Kaha o bolotsana, o tla bua leshano hore a atlehe a be a ikhohomose. O tla bolaea batho ba bangata nakong eo ba ikutloang ba sireletsehile.* O tla hlasela le Khosana ea likhosana, o tla felisoa empa a ke ke a felisoa ka letsoho la motho.

26 Se buuoeng ponong mabapi le mahlabelo a mantsiboea le a hoseng ke ’nete. U se ke oa bolella mang kapa mang ka pono eo hobane ho tla feta nako e telele pele e etsahala.”+

27 Ke ile ka ikutloa ke khathetse ’me ka qeta matsatsi a ’maloa ke kula.+ Ka mor’a moo, ka ema ka etsa mosebetsi oa morena.+ Ke ne ke makalitsoe ke pono eo ’me ho ne ho se na motho ea ka khonang ho e utloisisa.+

9 Ka selemo sa pele sa puso ea Dariuse+ mora oa Asueruse e leng setloholo sa Bamede, ea ileng a etsoa morena ’musong oa Bakalde,+ 2 ha ke ntse ke bala libuka* selemong seo, ke ile ka hlokomela hore Jerusalema+ e ne e tla lula e se na baahi ka lilemo tse 70+ joalokaha Jehova a ne a boleletse moprofeta Jeremia. 3 Ka mor’a moo, ka kopa thuso ho Jehova Molimo oa ’nete, ka rapela, ka itima lijo,+ ka apara lesela le hoashang* ’me ka itšela ka molora. 4 Ka rapela Jehova Molimo oa ka, ka bolela libe tsa rona ka re:

“Jehova Molimo oa ’nete, Molimo e moholo le ea hlomphehang,* ea tšepahallang selekane sa hae le ea ratang batho ba mo ratang+ le ba mamelang litaelo tsa hae,+ 5 re entse sebe, ra u fosetsa, ra etsa lintho tse khopo le ho u fetohela.+ Ha rea latela litaelo le likahlolo tsa hao. 6 Ha rea mamela bahlanka ba hao e leng baprofeta,+ ba ileng ba bua ka lebitso la hao ho marena a rona, likhosana tsa rona, baholo-holo ba rona le ho batho bohle ba naha ea rona. 7 Jehova, u Molimo ea lokileng. Empa kaofela ha rona, ho akarelletsa le batho ba Juda, baahi ba Jerusalema, Baiseraele bohle ba lulang haufi le ba lulang hole, ba lulang linaheng tsohle tseo u ba hasantseng ho tsona, re hlabiloe ke lihlong joalokaha ho le joalo kajeno hobane ha rea u tšepahalla.+

8 Jehova, rona, marena a rona, likhosana tsa rona le baholo-holo ba rona, re hlajoa ke lihlong hobane re u sitetsoe. 9 Jehova Molimo oa rona u mohau ebile oa tšoarela+ empa rona re u fetohetse.+ 10 Ha rea u mamela Jehova Molimo oa rona hobane ha rea latela melao ea hao eo u re fileng eona ka bahlanka ba hao e leng baprofeta.+ 11 Baiseraele bohle ba tlotse molao oa hao ebile ba u fetohetse ka hore ba se ke ba mamela lentsoe la hao. Ka lebaka leo, u ile oa re tlisetsa thohako ho ea ka kano e ngotsoeng Molaong oa Moshe mohlanka oa hao+ hobane re u sitetsoe. 12 U phethahalitse seo u ileng oa se bua ka rona+ le ka babusi ba rona* ka ho re tlisetsa tlokotsi e kholo. Mahlomola a bileng teng Jerusalema ha a e-s’o ka a e-ba teng lefatšeng lohle.+ 13 Mahlomola ana ’ohle a re etsahaletse+ joalokaha ho ngotsoe Molaong oa Moshe. Leha ho le joalo, ha re e-s’o u kope hore u re hauhele Jehova Molimo oa rona ka hore re bakele liphoso tsa rona+ le ho bontša hore rea utloisisa hore oa tšepahala.

14 Jehova, u ne u ntse u re shebile eaba u re tlisetsa tlokotsi. Jehova Molimo oa rona, lintho tsohle tseo u li entseng li lokile. Leha ho le joalo, ha rea ka ra u mamela.+

15 Jehova Molimo oa rona, uena ea ntšitseng batho ba hao naheng ea Egepeta ka matla a hao+ ’me oa etsa hore lebitso la hao le tsebahale ho fihlela letsatsing lena,+ re entse sebe le bokhopo. 16 Jehova hle, re kopa u khaotse ho halefela motse oa hao Jerusalema e leng thaba ea hao e halalelang hobane u lula u etsa lintho tse lokileng.+ Jerusalema le batho ba hao ba songoa ke batho bohle ba ba potolohileng+ ka lebaka la libe tsa rona le liphoso tsa baholo-holo ba rona. 17 Molimo oa rona, e se eka u ka mamela thapelo ea ka le likopo tsa ka. Jehova, etsa lintho tse ntle bakeng sa sebaka sa hao se halalelang+ se sentsoeng+ e le hore u tlotlisoe. 18 Mamela hle Molimo oa ka ’me u utloe. Bula mahlo a hao ’me u bone boemo ba rona bo otlang pelo le motse o bitsoang ka lebitso la hao. Ha re u kope hobane re le batho ba lokileng empa re u kopa hobane u le Molimo ea mohau.+ 19 Re mamele hle Jehova. Jehova re tšoarele.+ Re utloe hle Jehova. Molimo oa ka, u se ke oa lieha molemong oa lebitso la hao hobane motse oa hao le batho ba hao ba bitsoa ka lebitso la hao.”+

20 Ha ke ntse ke bua, ke rapela, ke bolela libe tsa ka le tsa sechaba sa heso sa Iseraele ebile ke kopa hore Jehova Molimo oa ka a hauhele thaba ea hae e halalelang,+ 21 ha ke ntse ke rapela, Gabariele+ e leng monna eo ke ileng ka mo bona pele ponong,+ a tla ho ’na ke khathetse haholo, hoo e ka bang ka nako ea ho nyehela mpho ea mantsiboea. 22 A nthusa hore ke utloisise lintho tse tl’o etsahala. A re:

“Daniele, ke tlile ho tla u thusa hore u lemohe u be u utloisise lintho tsena. 23 Ha u ne u qala ho rapela, ke ile ka fumana molaetsa o tsoang ho Molimo ’me ke tlile ho tla u bolella oona hobane u motho ea ratoang haholo.*+ Kahoo, nahana ka taba ena ’me u utloisise pono eo u e boneng.

24 Batho ba heno le motse oa heno o halalelang+ o behetsoe libeke* tse 70 e le hore ho felisoe molato, ho tlosoe sebe,+ ho etsoe sehlabelo sa tšoarelo ea libe,+ ho be le ho loka ka ho sa feleng,+ ho tiisoe pono le boprofeta*+ le hore ho tlotsoe Sehalalelo sa Lihalalelo.* 25 U tsebe u be u utloisise hore ho tloha ha ho phatlalatsoa hore Jerusalema e tsosolosoe+ ho fihlela Mesia*+ Moeta-pele+ a hlahella, e tla ba libeke tse supileng le libeke tse 62.+ E tla tsosolosoa e be le lebala la motse le foro e thibellang empa ka nako eo ho tla be ho le thata.

26 Ka mor’a libeke tse 62, Mesia o tla bolaoa+ ho se na letho leo a setseng ka lona.+

Moeta-pele o tla tla le masole a hae ’me ba felise motse oo le sebaka se halalelang+ ’me timetso e tla tla ka moroallo. Ho tla ba le ntoa ho fihlela bofelong. Molimo o entse qeto ea hore ho felisoe motse oo.+

27 O tla etsa hore selekane se lule se le teng molemong oa ba bangata ka beke e le ’ngoe. Halofong ea beke eo, o tla felisa sehlabelo le nyehelo ea mpho.+

Ea senyang o tla tla a le lepheong la lintho tse nyonyehang.+ Qeto eo Molimo a e entseng e tla tšolleloa holim’a ea setseng a le mong ho fihlela a felisoa.”

10 Ka selemo sa boraro Morena Saeruse+ oa Persia a busa, ho ile ha e-ba le taba eo Daniele ea neng a bitsoa Beltsatsare+ a ileng a e senoleloa. Molaetsa oo e ne e le oa ’nete ’me o ne o bua ka ntoa e kholo. O ile a utloisisa molaetsa oo a ba a thusoa hore a utloisise seo a se boneng.

2 Matsatsing ao, ’na Daniele ke ne ke se ke qetile libeke tse tharo kaofela ke lla.+ 3 Ka libeke tseo tse tharo, ke ne ke sa je lijo tse monate, ke sa je nama, ke sa noe veine ke bile ke sa itlotse ka oli. 4 Ka letsatsi la bo24 la khoeli ea pele, ha ke ntse ke le lebopong la noka e kholo e leng noka ea Tigris,*+ 5 ha ke sheba, ka bona monna ea apereng liaparo tsa line,+ thekeng a itlamme ka lebanta la khauta ea Ufaze. 6 ’Mele oa hae o ne o phatsima joaloka krisolite,+ sefahleho sa hae se khanya joaloka lehalima, mahlo a hae a ne a le joaloka malakabe a mollo,* matsoho le maoto a hae a ne a shebahala joaloka koporo e bentšitsoeng+ ’me molumo oa lentsoe la hae o ne o le joaloka mantsoe a batho ba bangata. 7 Ke ’na feela ea ileng a bona pono eo. Banna bao ke neng ke e-na le bona ha baa ka ba e bona.+ Ba ile ba tšoha haholo, ba baleha ho ea ipata.

8 Ke ile ka sala ke le mong ’me ha ke bona pono ena e hlollang, ka felloa ke matla, sefahleho sa ka sa fetoha ’me ka sala ke khathetse haholo.+ 9 Ka mor’a moo, ka utloa a bua le ’na empa ha ke mo utloa, ka khaleha sefahleho sa ka se thetsitse fatše.+ 10 Ka utloa motho a ntšoara+ ka letsoho a ntšisinya hore ke tsohe. Eaba kea tsoha ke khumama ka mangole ke ntse ke itšoarelelitse fatše. 11 A re ho ’na:

“Daniele, uena monna ea ratoang haholo,*+ mamela mantsoe ana ao ke tl’o u bolella ’ona. Ema hobane ke rometsoe ho uena.”

Ha a cho joalo, ka ema ke ntse ke thothomela.

12 A re ho ’na: “Daniele, u se ke oa tšoha.+ Thapelo ea hao e utloiloe ho tloha ka letsatsi la pele ha u ne u batla ho utloisisa lintho tsena le ha u ne u ikokobetsa ka pel’a Molimo oa hao. Molimo o utloile thapelo ea hao ’me ke ka lebaka leo ke tlileng ho uena.+ 13 Khosana ea ’muso+ oa Persia e ne e nthibeletse ka matsatsi a 21. Empa Mikaele*+ e leng e mong oa likhosana tse phahameng, o ile a tla ho tla nthusa. Ke ne ke le moo pel’a marena a Persia. 14 Ke tl’o u thusa ho utloisisa se tla etsahalla batho ba heno matsatsing a ho qetela+ hobane ke pono ea se tla etsahala nakong e tlang.”+

15 Ha a qeta ho mpolella litaba tsena, ke ile ka sheba fatše eaba ha ke sa tseba hore na ke re’ng. 16 Lengeloi leo le shebahalang joaloka motho la ntšoara molomo+ eaba ke qala ho bua, ka re ho ea emeng ka pel’a ka: “Moren’a ka, pono ena ea ntšosa ebile ha ke na matla.+ 17 Moren’a ka, ha ke khone ho bua le uena+ hobane ha ke na matla ebile ha ke khone le ho hema.”+

18 Lengeloi leo le shebahalang joaloka motho le ile la ntšoara hape eaba lea ’matlafatsa.+ 19 La re: “U se ke oa tšoha+ uena monna ea ratoang haholo.*+ Khotso e be le uena+ ’me u tiee u be matla.” Ha le ntse le bua le ’na ke ile ka ba le matla ka re: “Bua moren’a ka hobane u ’matlafalitse.”

20 Ka mor’a moo a re: “Na oa tseba hore na ke hobane’ng ha ke tlile ho uena? Ke tla khutla ke e’o loantša khosana ea Persia.+ Ha ke tsamaea, khosana ea Greece e tla tla. 21 Leha ho le joalo, ke tla u bolella lintho tse ngotsoeng bukeng ea ’nete. Ha ho na motho ea ntšehelitseng linthong tsena haese Mikaele,+ khosana ea lona.+

11 Ka selemo sa pele Dariuse+ oa Momede a busa, ke ile ka ema hore ke mo matlafatse le ho mo sireletsa.* 2 Taba eo ke tl’o u bolella eona hona joale ke ’nete:

“Ho tla ba le* marena a mang a mararo a tla busa Persia ’me oa bone o tla bokella maruo a mangata ho feta marena a mang ’ohle. Ha a e-ba matla ka lebaka la maruo a hae, o tla hlohleletsa lintho tsohle hore li loantše ’muso oa Greece.+

3 Ho tla ba le morena ea matla ’me o tla busa ka matla a maholo,+ a etse seo a se ratang. 4 Ha a se a le matla haholo, ’muso oa hae o tla rojoa ’me o aroloe ka likarolo tse ’nè tsa lefatše*+ empa o ke ke oa aroleloa litloholo tsa hae ebile o ke ke oa lula o le matla joalokaha a ne a busa. ’Muso oa hae o tla fotholoa ’me o fuoe ba bang.

5 Morena oa boroa e leng e mong oa likhosana tsa hae, o tla ba matla. Empa e mong o tla mo hlola ’me o tla busa ka matla a maholo a fetang ao morena eo a neng a e-na le ’ona ha a busa.

6 Ka mor’a lilemo tse itseng ba tla etsa tumellano. Morali oa morena oa boroa o tla tla ho morena oa leboea hore a tl’o tiisa tumellano eo.* Empa morali eo o tla felloa ke matla ’me le morena o tla felloa ke matla. Morali eo o tla hloloa ke ba bang, eena hammoho le ba mo tlisang, ea mo tsoetseng le ea etsang hore a be matla linakong tseo. 7 E mong lelapeng la morali eo o tla nka boemo ba ea tlileng pele ho eena, a tle ho masole ’me a hlasele sebaka se sirelelitsoeng ka thata sa morena oa leboea. O tla ba loantša ’me a ba hlole. 8 Hape o tla tla Egepeta ka melimo ea bona, litšoantšo tsa bona tsa tšepe,* matlotlo* a bona a entsoeng ka silevera le khauta le ka batlamuoa ba bona. A ke ke a tšoenya morena oa leboea ka lilemo tse itseng. 9 Morena oa leboea o tla hlasela ’muso oa morena oa boroa empa o tla khutlela naheng ea hae.

10 Bara ba hae ba tla itokisetsa ntoa ’me ba bokelle lebotho le leholo la sesole. E mong oa bona o tla hlasela ’me a hohole ntho e ’ngoe le e ’ngoe joaloka moroallo. Empa o tla khutlela sebakeng sa hae se sirelelitsoeng ka thata a ntse a loana.

11 Morena oa boroa o tla halefa ’me a loantše morena oa leboea. O* tla bokella batho ba bangata empa morena eo* o tla ba hlola. 12 Batho bao ba bangata ba tla haptjoa. O tla ikhohomosa, a be a bolaee ba likete-kete. Le hoja a e-na le matla, a ke ke a a sebelisa.

13 Morena oa leboea o tla khutla ka batho ba bangata ho feta ba pele. Ka mor’a nako e itseng e leng ka mora lilemo tse itseng, o tla tla ka masole a mangata le ka thepa e ngata. 14 Mehleng eo, ba bangata ba tla loantša morena oa boroa.

Batho ba heno ba ratang ntoa* le bona ba tla nkoa hore ba leke ho etsa hore pono e phethahale empa ba tla hloleha.*

15 Morena oa leboea o tla tla, a hahe qubu e thibellang a be a hape motse o sirelelitsoeng ka thata. Masole a morena oa boroa le banna bao a ba khethileng ba tla oa ’me ba ke ke ba e-ba le matla a ho ema. 16 O tla mo hlasela, a etse seo a se ratang ’me ha ho na ea tla mo thiba. O tla ema naheng ea Mokhabiso*+ ebile o tla ba le matla a ho felisa lira tsa hae. 17 O tla ikemisetsa ho tla ka matla ’ohle a ’muso oa hae empa o tla etsa tumellano le morena eo. O tla lumelloa hore a felise morali oa basali. Morali eo a ke ke a atleha ebile a ke ke a lula a mo tšepahalla. 18 O tla hlasela libaka tse lebopong la leoatle ’me a hape ba bangata. Empa molaoli o tla felisa boikhohomoso ba hae e le hore a se ke a hlola a nyefola. O tla etsa hore ho nyefoloe eena. 19 O tla khutlela sebakeng se sirelelitsoeng ka thata se naheng ea hae. O tla khoptjoa a oe ’me a ke ke a hlola a e-ba teng.

20 Sebakeng sa hae ho tla ba le ea etsang hore ea lefisang* a fete ’musong o motle haholo. Ka mor’a matsatsi a seng makae, o tla shoa empa a sa bolaoe ka bohale kapa ntoeng.

21 O tla nkeloa sebaka ke ea nyatsuoang, ba ke ke ba mo fa ho hlompheha ha ’muso. O tla tla ka nako eo batho ba ikutloang ba sireletsehile* ’me a nke ’muso ka ho qhekella. 22 O tla hlola masole a kang moroallo ’me a tla felisoa le Moeta-pele+ oa selekane+ o tla felisoa. 23 Ka lebaka la tumellano eo ba e entseng le ea nyatsuoang, o tla tsoela pele ka leshano ’me a fumane matla ka sechaba se se nyenyane. 24 O tla kena libakeng tse ntle haholo tsa profinse ka nako eo batho ba ikutloang ba sireletsehile* ’me a etse lintho tseo baholo-holo ba hae ba sa kang ba li etsa. O tla arolela batho lintho tse hapuoeng le thepa, a be a rerele libaka tse sirelelitsoeng ka thata bolotsana empa e tla ba ka nako e itseng feela.

25 O tla ba le matla le sebete sa ho hlasela morena oa boroa ka masole a mangata. Morena oa boroa le eena o tla itokisetsa ntoa ka masole a mangata le a matla haholo. A ke ke a atleha hobane ba tla mo rerela bolotsana. 26 Ba jang lijo tsa hae tsa maemo ke bona ba tla mo liha.

Masole a hae a tla hloloa* ’me ba bangata ba tla bolaoa.

27 Marena ana a mabeli a tla ikemisetsa ho etsa lintho tse mpe ’me a tla lula tafoleng e le ’ngoe a bolellane leshano. Empa merero ea ’ona e ke ke ea atleha hobane bofelo bo tla tla ka nako e behiloeng.+

28 Morena oa leboea o tla khutlela naheng ea hae ka thepa e ngata haholo ’me a loantše selekane se halalelang. O tla atleha ebe o khutlela naheng ea hae.

29 Ka nako e behiloeng, o tla khutla a hlasele morena oa boroa. Empa lekhetlong lena ho ke ke ha tšoana le pele 30 hobane likepe tsa Kitime+ li tla mo hlasela ’me o tla kokobetsoa.

O tla khutla, a halefele selekane se halalelang+ ’me a atlehe. O tla khutla, a tšehetse ba fetohelang selekane se halalelang. 31 Masole* a tla hlaha a tsoa ho eena. A tla silafatsa sehalalelo+ le sebaka se sirelelitsoeng ka thata a be a tlose le sehlabelo se etsoang kamehla.+

Ba tla beha ntho e nyonyehang le e senyang.+

32 Morena oa leboea o tla qhekella* ba khopo ba fetohelang selekane hore e be bakoenehi. Empa batho ba tsebang Molimo oa bona ba ke ke ba sisinngoa ebile ba tla atleha. 33 Ba bohlale+ har’a sechaba ba tla ruta ba bangata. Ba tla utloisoa bohloko ka matsatsi a itseng, ba bolaoe ka sabole le ka mollo, ba isoe botlamuoeng ba be ba nkeloe thepa. 34 Ha ba utloisoa bohloko, ba tla fumana thusonyana. Ba bangata ba tla ikopanya le bona ka ho ba qhekella.* 35 Ba bang ba bohlale ba tla khoptjoa e le hore batho ba lekoe,* ba hloekisoe ba be ba soeufatsoe+ ho fihlela ka nako ea bofelo hobane e ntse e tla tla ka nako e behiloeng.

36 Morena oa leboea o tla etsa seo a se ratang. O tla iphahamisa a be a ikhohomosetse melimo e meng eohle. O tla bua lintho tse makatsang ka Molimo oa melimo+ a be a atlehe ho fihlela nako ea khalefo e fela hobane seo Molimo a se rerileng se tlameha ho phethahala. 37 A ke ke a hlompha Molimo oa baholo-holo ba hae ebile a ke ke a tsotella lintho tseo basali ba li lakatsang kapa a tsotelle molimo leha e le ofe. Ho e-na le hoo, o tla ikhohomosetsa batho bohle. 38 O tla tlotlisa molimo oa libaka tse sirelelitsoeng ka thata. A tlotlise molimo eo baholo-holo ba hae ba neng ba sa mo tsebe ka ho mo fa khauta, silevera, majoe a bohlokoa le lintho tsa bohlokoa. 39 O tla hlasela libaka tse sirelelitsoeng ka thata haholo a thusoa ke molimo e mong. Ba mo hlomphang* o tla ba tlotlisa haholo, a ba behe hore ba buse batho ba bangata ’me a arolele batho naha ka ho ba patalisa.

40 Nakong ea bofelo, morena oa boroa o tla sututsana le morena oa leboea* ’me morena oa leboea o tla mo futuhela ka likariki tsa ntoa, ka bapalami ba lipere le ka likepe tse ngata. O tla kena linaheng tse ngata, a hohole joaloka moroallo. 41 O tla boela a kene naheng ea Mokhabiso*+ ebile o tla hlola linaha tse ngata. Empa ba tla phonyoha letsohong la hae ke Edomo, Moabe le batho ba bohlokoa ba Baamone. 42 O tla ’ne a hlasele linaha tseo. Naha ea Egepeta e ke ke ea phonyoha. 43 O tla laola matlotlo a patiloeng a khauta le silevera le lintho tsohle tsa bohlokoa tsa Egepeta. Balibia le Baethiopia ba tla mo sala morao.

44 Empa o tla tšoenngoa ke litaba tse tsoang ka bochabela le ka leboea. Ka lebaka leo, o tla tsoa a halefile haholo hore a e’o felisa ba bangata. 45 O tla hloma litente tsa hae tsa borena* pakeng tsa leoatle le leholo le thaba e halalelang ea Mokhabiso*+ ’me o tla felisoa ebile ha ho na motho ea tla mo thusa.

12 Ka nako eo, Mikaele*+ o tla ema,* khosana e kholo+ e emelang batho ba heno.* Ho tla ba le nako ea mahlomola e e-s’o ka e e-ba teng ho tloha ha ho ne ho e-ba le sechaba ho fihlela ka nako eo. Ka nako eo, batho bohle ba heno ba fumanoang ba ngotsoe bukeng+ ba tla phonyoha.+ 2 Bafu ba bangata* ba tla tsoha. Ba bang ba tla tsoha hore ba phele ka ho sa feleng ’me ba bang ba tla tsohela hore ba hlajoe ke lihlong ka ho sa feleng.

3 Batho ba bohlale ba tla khanya joaloka sepaka-paka ’me ba thusang ba bangata hore ba etse lintho tse lokileng, ba tla khanya joaloka linaleli ka ho sa feleng.

4 Daniele, u boloke mantsoe ana e le sephiri ’me u koale buka ena ho fihlela nakong ea bofelo.+ Ba bangata ba tla hlahlobisisa* buka eo ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata.”+

5 Ke ile ka bona ba bang ba babeli ba eme haufi le noka, e mong a eme ka lehlakoreng lena la noka ’me e mong a eme ka lehlakoreng lane.+ 6 E mong oa bona a bua le monna ea apereng liaparo tsa line+ ea neng a le holim’a metsi a noka, a re: “Lintho tsee tse hlollang li tla nka nako e kae?” 7 Monna ea neng a apere liaparo tsa line a le holim’a metsi a noka, o ile a phahamisetsa letsoho la hae le letona le le letšehali leholimong eaba ke utloa a ikana ka Molimo ea phelang ka ho sa feleng+ a re: “Li tla nka linako tse tharo le halofo.* Lintho tsena tsohle li tla fela hang ha a qetile ho robakanya matla a batho ba halalelang.”+

8 Ke ile ka utloa empa ke ne ke sa utloisise+ eaba ke re: “Moren’a ka, lintho tsee li tla fella joang?”

9 A re ho ’na: “Tsamaea Daniele, u koale buka ena ’me u boloke mantsoe a eona e le sephiri ho fihlela nakong ea bofelo.+ 10 Batho ba bangata ba tla itlhoekisa, ba etse lintho tse lokileng ’me ba phele bophelo bo hloekileng.+ Ba khopo ba tla etsa lintho tse khopo ebile ha ho na le ea mong oa bona ea tla utloisisa lintho tsena. Ba bohlale ke bona ba tla li utloisisa.+

11 Ho tla feta matsatsi a 1 290 ho tloha ha ho khaotsoa ho etsoa sehlabelo se nyeheloang kamehla+ ’me ho hlonngoa ntho e nyonyehang le e senyang.+

12 Ho thaba ea tla mamella* ho fihlela matsatsi a 1 335 a fela.

13 Daniele, u mamelle ho fihlela qetellong. U tla shoa* empa u tla tsoha qetellong ea matsatsi hore u fuoe lefa la hao.”+

Kapa: “tempele.”

E leng Babilonia.

Kapa: “tempele.”

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”

Ka Seheberu: “bana.”

Kapa mohlomong: “feptjoa.”

Ka Seheberu: “ho bara ba.”

E bolelang “Moahloli oa ka ke Molimo.”

E bolelang “Jehova o Bontšitse Mohau.”

Mohlomong e bolela “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”

E bolelang “Jehova o Thusitse.”

E leng mabitso a Bababilona.

Kapa: “a be mosa ho.”

Ka Seheberu: “bana.”

Ka Seheberu: “bana.”

Ka Seheberu: “nonne.”

Ka Seheberu: “bana.”

Ka Seheberu: “bana.”

E leng sehlopha sa litsebi tsa bonohe le bolepi ba linaleli.

Qalong Da 2:4b ho ea ho 7:28 e ne e ngotsoe ka puo ea Searame.

Kapa mohlomong: “moo ho lahleloang matlakala teng; qubu ea bolokoe.”

Ka Searame: “menahano ea hao e u bontšitse.”

Kapa: “seemahale.”

Kapa: “letsopa le bopiloeng.”

A thetsitse fatše ka hlooho.

Kapa: “seemahale.”

Ka Searame: “litsoe tse 60.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.

Ka Searame: “litsoe tse tšeletseng.” Sheba Ntlha ea B14.

Kapa: “senya Bajuda lebitso.”

Kapa: “hoo a ileng a ba sosobanyetsa sefahleho.”

Kapa mohlomong: “moo ho lahleloang matlakala teng; qubu ea bolokoe.”

Ka Searame: “a atlehisa.”

E leng sehlopha sa litsebi tsa bonohe le bolepi ba linaleli.

E leng sehlopha sa litsebi tsa bonohe le bolepi ba linaleli.

E leng sehlopha sa litsebi tsa bonohe le bolepi ba linaleli.

Ka Searame: “ho tlamolla mafito.”

Ka Searame: “ho tlamolla mafito.”

Kapa: “o haelloa.”

Kapa mohlomong: “ha hoa ka ha tlisoa libini.”

Kapa: “ba etsellelitse.”

Kapa: “bobusi.”

Ka Searame: “likete tse leshome tse iphetileng ka makhetlo a likete tse leshome.”

Ka Seheberu: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”

Kapa: “Susa.”

Kapa: “phaleising.”

Ka Seheberu: “letsoho.”

Kapa: “poli e tona.”

Ka Seheberu: “meea e mene ea leholimo.”

Kapa: “Botle.”

Ka Seheberu: “mantsiboea le meso.”

Kapa: “ea tsebang ho loha maano.”

Kapa mohlomong: “ntle ho temoso.”

E leng libuka tse halalelang.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “tšabehang.”

Ka Seheberu: “baahloli ba rona ba ileng ba re ahlola.”

Kapa: “ea khahlehang haholo.”

Mona beke e le ’ngoe ke lilemo tse supileng.

Ka Seheberu: “moprofeta.”

Kapa: “Sehalalelisiso.”

Kapa: “Motlotsuoa.”

Ka Seheberu: “Hidekele.”

Ka Seheberu: “mabone a mollo.”

Kapa: “oa bohlokoa haholo.”

E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”

Kapa: “oa bohlokoa haholo.”

E leng Mikaele.

Kapa: “ho tla ema.”

Ka Seheberu: “meea e mene ea leholimo.”

Kapa: “tokisetso e nang le toka.”

Kapa: “liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.”

Kapa: “matlotlo a bohlokoa.”

Ho bonahala ho buuoa ka morena oa leboea.

Ho bonahala ho buuoa ka morena oa boroa.

Kapa: “Bara ba masholu.”

Ka Seheberu: “khoptjoa.”

Kapa: “ea Botle.”

“Molefisi,” mohlomong oa lekhetho.

Kapa mohlomong: “a sa lebelloa.”

Kapa mohlomong: “a sa lebelloa.”

Kapa: “a tla hoholoa.”

Ka Seheberu: “Matsoho.”

Kapa: “ka leleme le monate.”

Kapa: “ka leleme le monate.”

Ka Seheberu: “ho etsoe mosebetsi oa ho hloekisa ka lebaka la bona.”

Kapa mohlomong: “bao a ba hlomphang.”

Kapa: “o tla thulana le eena ka manaka.”

Kapa: “Botle.”

Kapa: “tse kholo.”

Kapa: “Botle.”

E bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”

Kapa: “raoha.”

Ka Seheberu: “bara ba sechaba sa heno.”

Ka Seheberu: “Ba bangata ba robetseng leroleng la lefatše.”

Kapa: “ba tla phenya.”

Ka Seheberu: “nako, linako tse peli le halofo ea nako.”

Kapa: “ea lulang a lebelletse.”

Ka Seheberu: “o tla phomola.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela