HOSEA KAKARETSO EA BUKA 1 Mosali oa Hosea le bana ba hae (1-9) Jezriele (4), Lo-ruhama (6) le Lo-ami (9) Tšepo ea ho tsosolosoa le ho momahana (10, 11) 2 Iseraele e fuoa kotlo (1-13) Iseraele e khutlela ho Jehova e leng monna oa eona (14-23) “U tla re ke monna oa hao” (16) 3 Hosea o lopolla mosali oa hae oa letekatse (1-3) Baiseraele ba tla khutlela ho Jehova (4, 5) 4 Jehova o ahlola Iseraele (1-8) Sechaba ha se tsebe Molimo (1) Baiseraele ba rapela litšoantšo ebile ba etsa boitšoaro bo litšila (9-19) Botekatse bo etsa hore ba khelohe (12) 5 Efraime le Juda lia ahloloa (1-15) 6 Ba khothaletsoa ho khutlela ho Jehova (1-3) Lerato la batho le fela kapele (4-6) Lerato le molemo ho feta sehlabelo (6) Boitšoaro ba batho bo hlabisa lihlong (7-11) 7 Bokhopo ba Efraime boa hlalosoa (1-16) Ha ho na motho ea ka phonyohang letlooa la Molimo (12) 8 Litla-morao tsa ho rapela litšoantšo (1-14) Ba jala moea ’me ba kotula sefefo (7) Iseraele o lebetse Moetsi oa hae (14) 9 Libe tsa Efraime li etsa hore Molimo a ba lahle (1-17) Ba inehetse ho molimo ea hlabisang lihlong (10) 10 Iseraele, sefate sa morara se behang litholoana tse bolileng, se tla felisoa (1-15) Ho jala le ho kotula (12, 13) 11 Molimo o ratile Iseraele ho tloha e sa le moshanyana (1-12) “Ke bitsitse mora oa ka hore a tsoe Egepeta” (1) 12 Efraime o lokela ho khutlela ho Jehova (1-14) Jakobo o ile a loantša Molimo (3) Jakobo o llela hore Molimo a mo hauhele (4) 13 Efraime ea rapelang litšoantšo o lebetse Jehova (1-16) “Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae” (14) 14 Ba kopuoa hore ba khutlele ho Jehova (1-3) Nyehelo ea lithoriso (2) Ho se tšepahale ha Baiseraele hoa felisoa (4-9)