HOSEA
1 Jehova a bua le Hosea* mora oa Beri mehleng ea Uzia,+ Jothame,+ Akaze+ le Ezekiase+ e leng marena a Juda+ le mehleng ea Jeroboame+ mora oa Joashe,+ morena oa Iseraele. 2 Ha Jehova a qala ho bua a sebelisa Hosea, Jehova o ile a re ho eena: “Tsamaea u e’o nyala mosali eo e tla ba letekatse* le ea tla u tsoalla bana ka lebaka la botekatse* ba hae hobane ka tsela e tšoanang, batho ba naha ena ba entse botekatse ’me ba tlohetse ho sebeletsa Jehova.”+
3 Hosea a nyala Gomere morali oa Diblaime. A ima eaba o mo tsoalla mora.
4 Jehova a re ho Hosea: “Mo rehe Jezriele* hobane ka mor’a nakoana e seng kae ke tla etsa hore ba lelapa la Jehu+ ba ikarabelle ka lebaka la ho bolaoa ha batho ba Jezriele ebile ke tla felisa ’muso oa Iseraele.+ 5 Letsatsing leo ke tla roba seqha sa Iseraele Khohlong* ea Jezriele.”
6 A ima hape eaba o tsoala morali. Molimo a re ho Hosea: “Mo rehe Lo-ruhama* kaha ha ke sa tla hlola ke hauhela+ Baiseraele* empa ke tla ba leleka.+ 7 Empa ke tla hauhela sechaba* sa Juda+ ’me ’na Jehova Molimo oa bona ke tla ba pholosa.+ Nke ke ka ba pholosa ka seqha, ka sabole, ka ntoa, ka lipere kapa ka bapalami ba lipere.”+
8 Ka mor’a ho khoesa* Lo-ruhama, Gomere a ima ’me a tsoala mora. 9 Molimo a re: “Mo rehe Lo-ami* hobane ha le sechaba sa ka ebile nke ke ka ba Molimo oa lona.
10 Baiseraele* ba tla ba bangata joaloka lehlabathe la leoatle le ke keng la lekanngoa kapa la baloa.+ Sebakeng seo ho sona ho ileng ha thoe ho bona, ‘Ha le sechaba sa ka,’+ ho tla thoe ho bona, ‘Le bana ba Molimo ea phelang.’+ 11 Batho ba Juda le ba Iseraele ba tla bokana ba be ’moho.+ Ba tla ikhethela moeta-pele ’me ba tsoe naheng hobane letsatsi la Jezriele+ le tla ba leholo.”
2 “E-reng ho bana ba bo lona, ‘Le sechaba sa ka.’*+
Le re ho likhaitseli tsa lona, ‘Le basali ba hauhetsoeng.’*+
O lokela ho tlohela botekatse,*
A tlohele le ho etsa bofebe,
3 Ho seng joalo ke tla mo hlobolisa hore a be joaloka mohla a neng a tsoaloa.
Ke etse hore a be joaloka lehoatata,
A be joaloka naha e se nang metsi
Le hore a bolaoe ke lenyora.
5 ’Mè oa bona o entse botekatse.+
Ea neng a ba imme o entse ntho e hlabisang lihlong+ hobane o itse,
‘Ke tla sala bao ke ratanang le bona morao,+
Ba mphang lijo le metsi,
Liaparo tsa ulu le tsa line, oli le veine.’*
6 Ke tla thiba tsela ea hae ka sehlahla se meutloa.
Ke tla haha lebota la majoe hore le mo thibe
E le hore a se ke a bona tsela.
7 O tla lelekisa bao a ratanang le bona empa a ke ke a ba tšoara.+
O tla ba batla empa a ke ke a ba fumana.
Kahoo o tla re, ‘Ke tla khutlela ho monna oa ka oa pele+
Hobane lintho li ne li ntsamaela hantle ka nako eo ho feta hona joale.’+
8 O ne a sa hlokomele hore ke ’na ea mo fileng koro,+ veine e ncha le oli
Le hore ke ’na ea mo fileng silevera e ngata
Le khauta eo ba ileng ba e sebelisetsa ho rapela Baale.+
9 ‘Ka lebaka leo, ke tla mo nkela koro ea ka e butsoitseng
Le veine ea ka e ncha ka nako ea eona+
Ebile ke tla phamola liaparo tsa ka tsa ulu le tsa line tseo a neng a li apara.
10 Ke tla mo hlobolisa ka pel’a bao a ratanang le bona.
Ha ho na monna ea tla mo pholosa ho ’na.+
11 Ke tla felisa thabo eohle ea hae
E leng mekete ea hae+ ea ha khoeli e qala, lisabatha tsa hae le linako tsohle tsa hae tsa mekete.
12 Ke tla senya lifate tsa hae tsa morara le tsa feie* tseo a itseng ka tsona:
“Ona ke moputso oa ka oo ke o filoeng ke bao ke ratanang le bona.”
Ke tla li etsa moru
’Me liphoofolo tse hlaha li tla li ja.
13 Ke tla etsa hore a ikarabelle ka lebaka la matsatsi ao ka ’ona a ileng a etsetsa litšoantšo tsa Baale mahlabelo,+
Matsatsi ao ka ’ona a neng a ikhabisa ka lireng le ka mekhabiso ebe o sala bao a ratanang le bona morao.
Ka nako eo, o ne a ntebetse,’+ ke Jehova ea chong.
15 Ka mor’a moo, ke tla khutlisetsa lifate tsa hae tsa morara ho eena+
Ebile ke tla etsa hore a fete Khohlong* ea Akore+ hore a kene naheng e fanang ka tšepo.
O tla nkaraba a le moo joaloka mehleng ea hae ha a sa le mocha
Joaloka mohla a neng a tsoa naheng ea Egepeta.+
16 Letsatsing leo, u tla re ke monna oa hao
’Me u ke ke oa hlola u re ke mong’a hao,’* ke Jehova ea chong.
17 ‘Nke ke ka mo lumella hore a bitse mabitso a litšoantšo tsa Baale+
Ebile a ke ke a hlola a hopola mabitso a tsona.+
18 Letsatsing leo, ke tla etsa selekane bakeng sa bona le liphoofolo tse hlaha,+
Linonyana le liphoofolo tse hahabang.+
19 Ke tla u nka hore u be mosali oa ka ka ho sa feleng.
Kea u tšepisa hore ke tla u tšoara hantle le ka toka,
Ke u rate ke be ke u hauhele.+
20 Ke tšepisa hore ke tla u tšepahalla.
U tla tseba hore ke ’na Jehova.’+
Ke tla re ho batho bao e seng sechaba sa ka: “Le sechaba sa ka,”*+
Bona ba tla re: “U Molimo oa rona.”’”+
3 Jehova a re ho ’na: “Tsamaea hape, u rate mosali ea ratoang ke monna e mong a bile a etsa bofebe+ joalokaha Jehova a rata sechaba sa Iseraele+ leha se ntse se ea ho melimo e meng+ ebile se rata lipolokoe tsa morara o omisitsoeng.”*
2 Ke ile ka ithekela eena ka likotoana tse 15 tsa silevera le ka lilithara tse 330* tsa harese. 3 Ka re ho eena: “U tla lula u le oa ka ka matsatsi a mangata. U se ke oa etsa botekatse* kapa oa robala le monna e mong ’me le ’na nke ke ka robala le uena.”
4 Lebaka ke hore sechaba sa Iseraele se tla qeta nako e telele* se se na morena,+ khosana, sehlabelo, pilara, efoda+ le litšoantšo tsa terafime.*+ 5 Ka mor’a moo, Baiseraele ba tla khutla, ba batle Jehova Molimo oa bona+ le Davida morena oa bona.+ Matsatsing a ho qetela, ba tla tla ho Jehova ba thothomela ba batla hore a ba hlohonolofatse.+
4 Utloang lentsoe la Jehova lona sechaba sa Iseraele.
Jehova o tl’o ahlola baahi ba naha+
Hobane ha ba tšepahale, ha ba na lerato* ebile ha ba tsebe Molimo.+
Batho ba bolaeana ba sa tsoa bolaeana.+
Liphoofolo tse hlaha le linonyana
Esita le litlhapi li tla shoa.
4 “Leha ho le joalo, ho se ke ha e-ba le motho ea le hanyetsang kapa ea le khalemelang+
Hobane le tšoana le batho ba hanyetsang moprista.+
5 O tla khoptjoa motšehare.
Moprofeta le eena o tla khoptjoa le lona joalokaha eka ke bosiu.
Ke tla bolaea ’mè oa lona.
6 Batho ba ka ba tla felisoa hobane ha ba ntsebe.
Kaha ba hanne ho ntseba,+
Ke tla ba lahla hore e se ke ea e-ba baprista ba ka.
7 Ha ba ntse ba eketseha ba ne ba ntšiteloa le ho feta.+
Ke tla etsa hore ba tlotlolloe ho e-na le hore ba tlotlisoe.*
8 Ba ja mahlabelo a sebe seo batho ba ka ba se etsang
Ebile ba lakatsa hore batho ba ka ba ’ne ba etse libe.
9 Batho bana le baprista ba tla hlaheloa ke ntho e tšoanang.
Ke tla ba fa kotlo ka lebaka la boitšoaro ba bona
Ebile ke tla etsa hore ba fumane litla-morao tsa liketso tsa bona.+
10 Ba tla ja empa ba ke ke ba khora.+
11 Ho etsa botekatse* le ho noa veine ea khale kapa e ncha
Ho etsa hore motho a se ke a lakatsa ho etsa se nepahetseng.+
12 Batho ba ka ba bua le melimo ea bona e entsoeng ka patsi.
Ba etsa seo melamu* ea bona e ba bolellang sona
Hobane ho etsa botekatse ho etsa hore ba khelohe.
Ka lebaka la botekatse ba bona ba hana ho mamela Molimo oa bona.
13 Ba etsa mahlabelo holim’a lithaba+
Le mahlabelo a kubellang mosi maralleng,
Tlas’a lifate tsa ouku,* tsa storaxe le tlas’a lifate tsohle tse kholo+
Hobane moriti oa tsona o monate.
Ke ka lebaka leo barali ba lona ba etsang botekatse
Le lingoetsi tsa lona li etsang bofebe.
14 Nke ke ka fa barali ba lona kotlo ka lebaka la botekatse ba bona
Kapa ka otla lingoetsi tsa lona ka lebaka la bofebe ba tsona
Hobane banna ba tsamaea le matekatse
Ebile ba etsa mahlabelo le matekatse a tempele.
Batho bao ba se nang kutloisiso+ ba tla felisoa.
15 Uena Iseraele, le hoja u etsa botekatse,+
Juda e se ke ea e-ba molato.+
U se ke oa tla Gilgale+ kapa Bethe-avene+
Ebile u se ke oa ikana oa re, ‘Ka Jehova ea phelang.’+
16 Baiseraele ba manganga joaloka khomo e manganga.+
Na joale Jehova o tla ba lisa joaloka ramo e nyenyane lekhulong le leholo?*
17 Efraime o rapela melimo ea litšoantšo.+
Le khaohane le eena.
Baeta-pele* ba bona ba rata ho etsa lintho tse hlabisang lihlong.+
19 Moea o tla ba thatela* ka mapheo a oona.
Ba tla soabela mahlabelo a bona.”
Mamelang lona sechaba sa Iseraele,
Le mamele lona ba ntlo ea morena
Hobane kahlolo ena e ama lona.
Le leraba ho Mizpa
Ebile le letlooa le aliloeng holim’a Tabore.+
3 Ke tseba Efraime,
Baiseraele ba ke ke ba ipatela ’na.
Uena Efraime, u entse botekatse.*
Baiseraele ba itšilafalitse.+
4 Liketso tsa bona ha li ba lumelle ho khutlela ho Molimo oa bona
Ebile ha ba tsotelle Jehova.
5 Boikhohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o khopo.+
Baiseraele le Baefraime ba khopiloe ka lebaka la phoso ea bona
Bajuda le bona ba khopiloe.+
6 Ba ile ba nka linku le likhomo tsa bona ho ea etsetsa Jehova sehlabelo ka tsona hore a ba hauhele
Empa ha aa ka a ba hauhela.
O ne a suthetse hole le bona.+
Ba tla felisoa ka khoeli e le ’ngoe hammoho le masimo* a bona.
8 Letsang lenaka+ Gibea le terompeta Rama.+
Etsang molumo oa ntoa Bethe-avene,+ uena Benjamine etella pele.
9 Efraime, u tla ba ntho e tšosang mohlang u fumanang kotlo.+
Ke boleletse maloko a Iseraele se tla etsahala.
10 Likhosana tsa Juda li bolotsana joaloka batho ba chechisang moeli.+
Ke tla ba halefela haholo joalokaha eka ke qhalla metsi holim’a bona.
11 Efraime o hateletsoe, o silakantsoe ka toka
Hobane o ne a ikemiselitse ho sala lira tsa hae morao.+
13 Ha Efraime a bona boloetse ba hae le Juda a bona seso sa hae,
Efraime a ea Asiria+ ’me a romela baromuoa ho morena e moholo.
Empa morena eo ha aa ka a khona ho le folisa
Kapa ho phekola seso sa lona.
14 Ke tla ba joaloka taoana ho Efraime,
Ke be joaloka tau e matla ho batho ba Juda.
Ke tla ba khaola likoto ebe kea tsamaea.+
Ke tla ba nka ’me ha ho na ea tla ba pholosa.+
15 Ke tla tsamaea ke khutlele sebakeng sa ka ho fihlela ba fumana litla-morao tsa molato oa bona.
Ka nako eo, ba tla batla hore ke ba hauhele.*+
Ha ba le mathateng, ba tla batla thuso ea ka.”+
6 “Tloong, re khutleleng ho Jehova.
O re khaotse likoto+ empa o tla re folisa.
O re otlile empa o tla tlamisa maqeba a rona.
2 O tla re fa matla ka mor’a matsatsi a mabeli.
Letsatsing la boraro o tla re phahamisa.
Re tla phela hape ’me o tla re amohela.
3 Re tla tseba Jehova. Re tla leka ka hohle hore re mo tsebe.
O tla tla ho rona joalokaha letsatsi le chaba hoseng.
A tle ho rona joaloka pula e tšolohang
Le joaloka pula ea selemo e nosetsang lefatše.”
4 “Ke etse’ng ka uena Efraime?
Ke etse’ng ka uena Juda?
Lerato la hao le tšoana le maru a hoseng
Ebile le joaloka phoka e nyamelang kapele.
5 Ke ka lebaka leo ke tla ba otla ke sebelisa baprofeta.+
Ke tla ba bolaea ka mantsoe a tsoang molomong oa ka.+
Likahlolo tseo ke tla ba fa tsona li tla khanya joaloka leseli.+
6 Ke thabisoa ke lerato* eseng sehlabelo.
Ke thabisoa ke ha batho ba tseba Molimo ho e-na le linyehelo tse feletseng tsa secheso.+
7 Batho ba ka joaloka batho ba bang, ba fetohetse selekane seo ke se entseng le bona.+
Ba ntlhanohetse naheng ea bona.
9 Sehlopha sa baprista se joaloka likebekoa tse ipatileng hore li hlasele motho.
Ba bolaea batho tseleng ea Shikeme.+
Boitšoaro ba bona bo hlabisa lihlong.
10 Ke bone ntho e tšosang sechabeng sa Iseraele.
Efraime e etsa botekatse.+
Iseraele e itšilafalitse.+
2 Ha ba nahane hore ke tla hopola lintho tsohle tse mpe tseo ba li etsang.+
Ba tšoasitsoe ke bokhopo ba bona.
Ke bona lintho tsohle tseo ba li etsang.
3 Ba thabisa morena ka lintho tse mpe tseo ba li etsang
Ebile ba thabisa likhosana ka mashano a bona.
4 Kaofela ha bona ba etsa bofebe,
Litakatso tsa bona li tuka joaloka onto e besitsoeng ke motho ea bakang bohobe,
Eo ho sa hlokahaleng hore a e beselletse ho tloha ha a ntse a luba hlama ho fihlela e betse.
5 Ka letsatsi la mokete oa morena oa rona, likhosana li ile tsa kula.
Li ile tsa halefa haholo ka mor’a ho noa veine.+
Morena ke motsoalle oa basomi.
6 Ba tla ho morena ka lipelo tse tukang joaloka onto.*
Motho ea bakang bohobe o robala bosiu bohle.
Empa hoseng onto e ntse e tuka joaloka lelakabe la mollo.
Marena ’ohle a bona a oele.+
Ha ho le ea mong ho bona ea kopang thuso ho ’na.+
8 Efraime o itsoakanya le lichaba tse ling.+
Efraime o tšoana le likuku tse bakuoeng ka lehlakoreng le le leng feela.
9 Batho bao a sa ba tsebeng ba mo nketse matla+ empa ha a tsebe.
Moriri oa hae o se o le moputsoa empa ha a hlokomele.
10 Boikhohomoso ba Iseraele bo fane ka bopaki ba hore o khopo+
Empa ha aa khutlela ho Jehova Molimo oa hae+
Ebile ha aa mo batla ho sa tsotellehe lintho tsena tsohle tse mo etsahaletseng.
11 Efraime o tšoana le leeba le se nang kelello, le seng bohlale.+
O kopile thuso ho Egepeta+ le ho Asiria.+
12 Ke tla ba koahela ka letlooa la ka hohle moo ba eang,
Ke ba theole joaloka linonyana.
Ke tla ba khalemela joalokaha ke ba lemositse.+
13 Ho malimabe bona hobane ba mpalehile.
Ba tla felisoa hobane ba ntšitetsoe.
Ke ne ke ikemiselitse ho ba lopolla empa ba buile mashano ka ’na.+
Ba ne ba itšeha ba tšepile hore ba tla fumana koro le veine e ncha.
Ba ile ba mphetohela.
15 Le hoja ke ile ka ba khalemela le ho ba matlafatsa,
Ba fetohile lira tsa ka ’me ba ntherela lintho tse mpe.
16 Ba fetohile empa ha baa tla borapeling ba ’nete.
Ba ne ba sa tšepahale joaloka seqha se khoehlang.+
Likhosana tsa bona li tla bolaoa ka sabole hobane li bua ka ho tella.
Ka lebaka leo, ba tla tšehoa naheng ea Egepeta.”+
Ho na le sera se tlang joaloka ntsu ho tla hlasela batho* ba Jehova+
Hobane ba fetohetse selekane sa ka+ ebile ba tlotse molao oa ka.+
2 Ba hoeletsa ho ’na ba re, ‘Molimo oa rona, rona Baiseraele rea u tseba.’+
3 Baiseraele ba lahlile se molemo.+
Sera se ke se ba lelekise.
4 Ba ipehetse marena ba sa mpotsa.
Ba ikhethela likhosana ke sa ba lumella.
5 Samaria, ke lahlile setšoantšo sa namane seo u neng u se rapela.+
Ke u halefetse haholo.+
U tla hloleha ho itlhoekisa ho fihlela neng?
6 Namane ena e tsoa Iseraele.
E entsoe ke setsebi sa mosebetsi oa matsoho ’me ha se Molimo.
Namane ea Samaria e tla silakanngoa.
7 Ba etsa lintho tse mpe e leng se tšoanang le ho jala moea.
Ba tla kotula moea oa sefefo.+
Ha ho na lehlaka le hlahisang koro e butsoitseng.+
Ntho leha e le efe e melang ha e hlahise phofo.
Haeba e e hlahisa, balichaba ba tla e felisa.+
Ba tla ba har’a lichaba+
Joaloka sejana se sa batloeng.
9 Ba ile Asiria+ joaloka tonki e hlaha e itsamaelang e le ’ngoe.
Efraime o hirile matekatse.+
10 Le hoja ba a hira har’a lichaba,
Ke tla ba phutha.
Ba tla sotleha+ ka lebaka la moroalo oo ba o filoeng ke morena le likhosana.
11 Baefraime ba ekelitse lialetare e le hore ba etse sebe.+
Li fetohile lialetare tseo ba li sebelisetsang ho etsa sebe.+
Ke tla hopola phoso ea bona ’me ke ba fe kotlo ka lebaka la libe tsa bona.+
14 Iseraele o lebetse Moetsi oa hae+ ’me o hahile litempele.+
Juda o ekelitse metse e sirelelitsoeng ka thata.+
Empa ke tla tlisa mollo metseng ea hae
’Me o tla chesa litora tsa metse eo.”+
9 “Le se ke la thaba lona Baiseraele.+
Le se ke la thaba joaloka batho ba lichaba tse ling.
Le tlohetse Molimo ka lebaka la ho etsa botekatse.*+
Le rata moputso oa botekatse oo le o fuoang seotlong* se seng le se seng sa koro.+
2 Empa seotlo le sehatelo sa veine li ke ke tsa ba fepa.
Veine e ncha e tla ba soetsa.+
3 Ba ke ke ba tsoela pele ba lula naheng ea Jehova.+
Ho e-na le hoo, Baefraime ba tla khutlela Egepeta
Ebile ba tla ja lintho tse sa hloekang Asiria.+
4 Ba ke ke ba hlola ba etsetsa Jehova mahlabelo a veine.+
Mahlabelo a bona a ke ke a mo khahlisa.+
A tšoana le bohobe boo batho ba bo jang ha ba utloile bohloko.
Bohle ba bo jang ba tla itšilafatsa
Hobane bohobe ba bona ke ba bona ba le bang.
Bo ke ke ba tla ka tlung ea Jehova.
5 Le tla etsa’ng ha nako ea hore le kopane e fihla,
Ka letsatsi la mokete oa Jehova?
6 Ba tla baleha hobane sera se tla tla se tl’o ba felisa.+
Egepeta e tla ba bokella,+ Memfise e ba pate.+
Semela se meutloa se tla hola se koahele lintho tsa bona tsa bohlokoa tsa silevera.
Lihlahla tse meutloa li tla mela ka litenteng tsa bona.
Iseraele e tla tseba seo.
Moprofeta oa bona e tla ba sethoto ’me motho ea ipolelang hore o bua litaba tse tsoang ho Molimo, o tla fetoha lehlanya.
Kaha phoso ea hao e kholo, le batho ba u hloileng ba bangata.”
8 Molebeli+ oa Efraime o ne a e-na le Molimo oa ka.+
Empa litsela tsohle tsa baprofeta+ ba hae li tšoana le maraba a motho ea tšoasang linonyana.
Ho tletse lehloeo ka tlung ea Molimo oa hae.
9 Ba etsa lintho tse tl’o etsa hore ba felisoe joaloka mehleng ea Gibea.+
O tla hopola phoso ea bona, a ba otlele libe tsa bona.+
10 “Ha ke ne ke fumana Baiseraele,+ ba ne ba tšoana le morara lefeelleng.
Ke ile ka bona baholo-holo ba bona ba tšoana le lifeie* tse butsoang pele sefateng sa lifeie.
Empa joale ba ile ba ea ho Baale oa Peore.+
Ba inehetse nthong e hlabisang lihlong.*+
Ba ile ba nyonyeha joaloka ntho eo ba e ratang.
11 Khanya ea Efraime e fofa joaloka nonyana.
Ha ho na mosali ea emolang, ea imang kapa ea bang le ngoana.+
Ba tla ba mahlomoleng ha ke ba furalla.+
13 Efraime o ne a jetsoe lekhulong, ho ’na a tšoana le Tire.+
Empa joale o tlameha ho tlisa bana ba hae hore ba tl’o bolaoa.”
14 Jehova, u ba fe se ba tšoanelang.
U ba fe popelo e senyeheloang le matsoele a se nang lebese.*
15 “Ba entse lintho tsohle tse khopo Gilgale+ e leng hona moo ke qalileng ho ba hloea.
Ke tla ba leleka ntlong ea ka ka lebaka la liketso tsa bona tse mpe.+
Nke ke ka hlola ke ba rata.+
Likhosana tsohle tsa bona li manganga.
Motso oa bona o tla omella ebile ba ke ke ba beha litholoana.
Leha ba ka beleha, ke tla bolaea bana ba bona bao ba ba ratang.”
E tla ba babalehi lichabeng tse ling.+
10 “Baiseraele ke sefate sa morara se behang litholoana tse bolileng.*+
Ha litholoana tsa bona li eketseha, ba eketsa lialetare tsa bona.+
Ha masimo a bona a beha litholoana, ba eketsa lipilara tsa bona tse halalelang.+
Ba tla fumanoa ba le molato.
Ho na le motho ea tla liha lialetare tsa bona a be a senye lipilara tsa bona.
3 Joale ba tla re, ‘Ha re na morena+ hobane ha rea sebeletsa Jehova.
Ke eng eo morena a neng a ka re etsetsa eona?’
4 Ba bua mantsoe a se nang thuso, ba etsa likano tsa leshano+ ebile ba etsa litumellano.
Ho hloka toka ho atile joaloka limela tse chefo masimong a lenngoeng.+
5 Baahi ba Samaria ba tla tšohela setšoantšo sa namane sa Bethe-avene.+
Batho ba sona ba tla se llela,
Baprista ba molimo oa balichaba ba neng ba se thabela ba bile ba se tlotlisa
Le bona ba tla se llela hobane se tla tloha ho bona se isoe botlamuoeng.
6 Setšoantšo seo se tla tlisoa Asiria e le mpho ea morena e moholo.+
Efraime e tla hlajoa ke lihlong
Le Iseraele e tla hlajoa ke lihlong ka lebaka la keletso eo e e latetseng.+
8 Libaka tse phahameng tsa Bethe-avene+ tse etsang hore Iseraele e etse sebe,+ li tla felisoa.+
Meutloa le lihlabahlabane li tla mela lialetareng tsa bona.+
Batho ba tla re ho lithaba, ‘Re pateng!’
Le ho maralla, ‘Re oeleng holimo!’+
9 Haesale Baiseraele ba etsa sebe ho tloha mehleng ea Gibea.+
Ha baa ka ba fetoha moo.
Ntoa e neng e le Gibea ha ea ka ea felisa batho bohle ba sa lokang.
10 Ke tla ba khalemela ha ke batla.
Batho ba tla ba hlasela,
Ha ba tlamelloa liphosong tsa bona tse peli.*
11 Efraime e ne e le khomo ea sethojana* e koetlisitsoeng e neng e rata ho pola.
Kahoo, ha kea ka ka beha joko molaleng oa hae o motle.
Ke tla etsa hore motho e mong a palame* Efraime.+
Juda o tla lema, Jakobo o tla mo thuhela makote.
12 Itjalleng ho loka le kotule lerato.
Itemeleng naha e ka lengoang,+
Le batle Jehova nako e sa le teng,+
Ho fihlela a tla ’me a le ruta ka ho loka.+
Le ile la itšepa,
La tšepa masole a lona a mangata.
14 Batho ba hao ba tla etsetsoa moferefere
Le metse ea hao e sirelelitsoeng ka thata e tla senngoa+
Joaloka tšenyo e bakiloeng ke Shalmane oa Bethe-Arbele
Mohla ho neng ho loanoa, bo-’mè ba robakanngoa le bana ba bona.
15 Sena ke se tla le etsahalla lona batho ba Bethele+ hobane le khopo haholo.
Hoseng morena oa Iseraele o tla be a qetile ka lona.”*+
3 Ke ’na ea rutileng Baefraime ho tsamaea,+ ke ba nka ka matsoho a ka.+
Leha ho le joalo, ha baa ka ba hlokomela hore ke ’na ea ba folisitseng.
4 Ka ’na ka ba hulela ho ’na ka mosa le ka lerato joalokaha eka ke ba hula ka liropo.*+
Ke ile ka tlosa joko mehlahareng ea bona
Eaba ke tlisetsa e mong le e mong oa bona lijo ka mosa.
5 Ba ke ke ba khutlela naheng ea Egepeta empa Asiria e tla ba morena oa bona+
Hobane ba hanne ho khutlela ho ’na.+
6 Lira li tla hlasela metse ea bona ka sabole.+
Li tla senya mekoallo ea bona li be li ba felise ka lebaka la maqheka a bona.+
7 Batho ba ka ba ikemiselitse ho se ntšepahalle.+
Leha ba bitsoa hore ba khutlele ho Ea Phahameng ka ho Fetisisa,* ha ho na ea phahamang.
8 Nke ke ka khona ho u tlohela, uena Efraime.+
Nke ke ka khona ho fana ka uena, uena Iseraele.
Nke ke ka khona ho u tšoara joaloka Adma.
Nke ke ka khona ho etsa hore u be joaloka Zeboime.+
Ke ne ke batla ho le felisa
Empa joale ke le qenehetse haholo.+
9 Nke ke ka ntša bohale ba ka.
Nke ke ka felisa Efraime hape+
Hobane ke Molimo, ha ke motho.
Ke ’na Mohalaleli har’a lona.
Nke ke ka tla ho lona ke halefile.
10 Ba tla sala Jehova morao ’me o tla rora joaloka tau.+
Ha a rora, bana ba hae ba tla tla ba thothomela ba tsoa bophirimela.+
11 Ha ba tsoa Egepeta ba tla thothomela joaloka nonyana
Le joaloka leeba ha ba tsoa naheng ea Asiria.+
Ke tla etsa hore ba lule matlong a bona,” ke Jehova ea chong.+
Empa Juda o ntse a tsamaea le Molimo
Ebile o tšepahalla Ea Halalelang ka ho Fetisisa.”+
12 “Efraime o tšepile ntho e se nang thuso.*
O qeta letsatsi lohle a lelekisa moea oa bochabela.
O rata leshano le ntoa haholo.
O etsa selekane le Asiria+ ’me o romela oli Egepeta.+
2 Jehova o na le nyeoe le Juda.+
O tla fa Jakobo kotlo ka lebaka la liketso tsa hae,
A mo putse ho ea ka mesebetsi ea hae.+
4 A ’na a loana le lengeloi ’me a hlola.
A lla, a kopa hore le mo hauhele.”+
Molimo a mo fumana Bethele eaba o bua le rona moo.+
U tšepe Molimo oa hao ka linako tsohle.
7 Rakhoebo o sebelisa likala tse sa tšepahaleng.
O rata ho qhekella.+
8 Efraime o ntse a re, ‘Ke ruile.+
Ke fumane maruo.+
Mosebetsing oohle oa ka o boima, ba ke ke ba fumana letho le phoso kapa sebe.’
9 ’Na Jehova haesale ke le Molimo oa hao ho tloha ha u le naheng ea Egepeta.+
Ke tla etsa hore u lule litenteng hape
Joaloka linakong tseo ho nang le mokete.
10 Ke ile ka bua le baprofeta,+
Ka eketsa lipono tsa bona
Ka ba ka etsa lipapiso ke sebelisa baprofeta.
11 Ho na le bolotsana* le mashano Gileade.+
Ba entse mahlabelo a lipoho Gilgale.+
Lialetare tsa bona li tšoana le liqubu tsa majoe liforong tsa masimo.+
12 Jakobo o ile a balehela naheng* ea Arame.*+
13 Jehova o ntšitse Iseraele Egepeta a sebelisa moprofeta+
A ba a mo hlokomela a sebelisa moprofeta.+
14 Efraime o nkhalefisitse haholo.+
O tla lula a le molato ka lebaka la ho bolaea.
Morena oa hae o tla mo fa kotlo ka lebaka la ho mo nyefola.”+
13 “Ha Efraime a bua, batho ba ne ba thothomela.
Ba etsa melimo ea litšoantšo ka bohlale. Kaofela e entsoe ke litsebi tsa mesebetsi ea matsoho.
Ba re, ‘Batho ba etsang mahlabelo ba ke ba sune manamane.’+
3 Ba tla ba joaloka maru a hoseng,
Joaloka phoka e nyamelang kapele,
Joaloka ’moko o fefoloang ke sefefo seotlong*
Le joaloka mosi o tsoang lesobeng la marulelo.
4 ’Na Jehova, haesale ke le Molimo oa hao ho tloha ha u le naheng ea Egepeta.+
U ne u sa tsebe Molimo e mong ntle ho ’na
Ebile ha ho na mopholosi e mong ntle ho ’na.+
5 Ke u tsebile ha u le lefeelleng,+ naheng e omeletseng.
6 Ba ne ba khotše ka lebaka la lijalo tsa masimo a bona.+
Ha ba se ba khotše, ba ile ba ikhohomosa
Eaba baa ntebala.+
8 Ke tla ba hlasela joaloka bere e lahlehetsoeng ke malinyane a eona
Ebile ke tla harola lifuba tsa bona.
Ke tla ba ja joaloka tau.
Sebata se hlaha sa naheng se tla ba khaola likoto.
9 Se tla u felisa, uena Iseraele
Hobane u fetohetse ’na mothusi oa hao.
10 O hokae joale morena oa hao hore a u pholose metseng eohle ea hao?+
12 Phoso ea Efraime e ke ke ea lebaloa.*
Sebe sa hae se bolokiloe.
13 O tla tleloa ke bohloko ba pelehi.
Ke ngoana ea seng bohlale.
Ha a hlahe ha nako ea hore a tsoaloe e fihla.
Lefu, metsu ea hao e hlabang e hokae?+
Lebitla, matla a hao a ho felisa a hokae?+
Nke ke ka le qenehela.
15 Leha Efraime a ka mela har’a lehlaka,
Jehova o tla tlisa moea oa bochabela.
O tla be o tsoa lehoatateng ho tla chesa seliba sa hae le mohloli oa hae oa metsi.
Matlotlo ’ohle a hae a tla utsuoa.+
16 Basamaria ba tla nkoa ba le molato+ hobane ba fetohetse Molimo oa bona.+
2 Khutlelang ho Jehova ’me le re ho eena,
‘Re kopa hore u re tšoarele ka lebaka la phoso+ ea rona ’me u bone liketso tsa rona tse ntle.
Lithoriso tsa rona+ li ke li be joaloka lipohoana tseo re u etsetsang mahlabelo ka tsona.
3 Asiria e ke ke ea re pholosa.+
Re ke ke ra palama lipere,+
Ebile re ke ke ra hlola re re lintho tseo re li entseng ka matsoho a rona ke Molimo oa rona
4 Ke tla ba folisa ’me ba tla tšepahala.+
5 Ke tla ba joaloka phoka ho Iseraele.
O tla thunya joaloka palesa.*
Metso ea hae e tla teba joaloka ea lifate tsa Lebanone.
6 Makala a hae a tla nama,
A be motle joaloka sefate sa mohloaare.
Monko oa hae o be monate joaloka oa Lebanone.
7 Ba tla lula moriting oa hae hape.
Ba tla jala koro* ’me ba atlehe joaloka sefate sa morara se thuntseng.+
O tla tuma joaloka veine ea Lebanone.
8 Efraime e tla re, ‘Ke sa tla etsa’ng ka melimo ea litšoantšo?’+
Ke tla mo araba ebile ke tla mo hlokomela.+
Ke tla ba joaloka sefate sa junipere se behang haholo.
Ke ’na ea tla mo fa litholoana.”
9 Motho ea bohlale a ke a utloisise lintho tsena.
Ea nang le kutloisiso a ke a li tsebe.
Litsela tsa Jehova li lokile,+
Ba lokileng ba tla tsamaea ho tsona
Empa ba etsang lintho tse mpe ba tla khoptjoa ho tsona.
Ke khutsufatso ea Hoshaia e bolelang “Ho Pholosoa ke Jah; Jah o Pholositse.”
Kapa: “ea tla etsa boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
E bolelang “Molimo o Tla Jala Peo.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Ha aa Hauheloa.”
Ka Seheberu: “ntlo ea Iseraele.”
Ka Seheberu: “ntlo.”
E leng ha ngoana a tlohelisoa ho nyanya.
E bolelang “Ha le Sechaba sa Ka.”
Ka Seheberu: “Bara ba Iseraele.”
Sheba naletsana ea Hosea 1:9.
Sheba naletsana ea Hosea 1:6.
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “seno.”
Kapa: “feiga.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “Baale oa Hao.”
E bolelang “Molimo o Tla Jala Peo.”
Sheba naletsana ea Hosea 1:6.
Sheba naletsana ea Hosea 1:9.
E leng tse sebelisoang borapeling ba bohata.
Ka Seheberu: “homere e le ’ngoe le halofo.” Homere e le ’ngoe e lekana le lilithara tse 220. Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “matsatsi a mangata.”
Kapa: “melimo ea litšoantšo ea ka tlung.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “taelo.”
Kapa mohlomong: “Ba ntlotlolotse ho e-na le hore ba ntlotlise.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; ba tla ithekisa.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Kapa: “molamu o sebelisoang ke molimo.”
Kapa: “eike.”
Ka Seheberu: “sebakeng se bulehileng.”
Kapa: “joala ba koro.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ka ho feteletseng ba thobalano; baa ithekisa.”
Ka Seheberu: “Lithebe.”
Kapa: “o tla ba fefola.”
Kapa: “Ba khelohang.”
Kapa: “khalemela.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano; u ithekisitse.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Ka Seheberu: “bara ba balichaba.”
Kapa: “likabelo.”
Kapa: “ ’moto.”
Ka Seheberu: “batla sefahleho sa ka.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso. Kapa: “mohau.”
Kapa mohlomong: “Lipelo tsa bona li joaloka onto ha ba tla ka maqheka a bona.”
Ka Seheberu: “baahloli.”
Kapa: “tempele.”
Kapa: “litaelo.”
Kapa mohlomong: “Ba tla khutlela.”
Kapa: “boitšoaro bo bobe ba thobalano.”
Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
Kapa: “lifeiga.”
Kapa: “ho molimo ea hlabisang lihlong.”
Kapa: “a omeletseng.”
Kapa mohlomong: “se nammeng.”
Kapa: “Lipelo tsa bona li tletse boikaketsi.”
Ka Seheberu: “khutsisoa.”
E leng ha ba jara kotlo ea bona joaloka joko.
Khomo e e-s’o be le namane.
Kapa: “a tlame.”
Ka Seheberu: “a le khutsisitse.”
E leng baprofeta le ba bang ba neng ba rometsoe ho fa Baiseraele litaelo.
Kapa: “liropo tsa mosa” e leng liropo tseo motsoali a li sebelisang ho ruta ngoana oa hae ho tsamaea.
E leng borapeling bo phahameng.
Ka Seheberu: “Efraime o ja moea.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lintho tse sa tloaelehang; boselamose.”
Ka Seheberu: “tšimong.”
Kapa: “Siria.”
Kapa: “liemahale tse entsoeng ka ho qhibilihisoa.”
Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
Ka Seheberu: “baahloli.”
Kapa: “e bolokiloe.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bana ba se nang bo-ntate.”
Kapa: “khahla.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.