JOELE
1 Jehova o ile a laela Joele* mora oa Pethuele hore a bue mantsoe ana:
Na le kile la hlaheloa ke ntho e tjee mehleng ea lona?
Kapa na ho kile ha hlaha ntho e tjee mehleng ea baholo-holo ba lona?+
3 E pheteleng bana ba lona
Le bana ba lona ba e phetele bana ba bona,
Bana bao le bona ba e phetele moloko o hlahlamang.
4 Sehlopha sa pele sa litsie* sa ja sa siea, sa bobeli le sona sa ja sa siea,
Sa boraro sa ja sa siea,
Sa bone sa ja eaba se kokona sohle.+
6 Ho na le sechaba se hlasetseng naha ea ka, se matla ebile se sengata hoo se se nang palo.+
Meno a sona ke a tau+ le mehlahare ea sona ke ea tau.
7 Se sentse lifate tsa ka tsa morara, sa siea sefate sa ka sa feie* e le kutu,
Sa li siea li hlobotse sa ba sa li lahla,
Sa li ebola makala sa a siea a le masoeu toa!
9 Ha ho sa tlisoa linyehelo tsa lijo*+ le linyehelo tsa seno+ ntlong ea Jehova,
Baprista e leng basebeletsi ba Jehova, ba utloile bohloko.
11 Lihoai li soabile, balemi ba morara baa lla
Hobane koro le harese ha li sa le eo,
Lijalo li senyehetse masimong.
12 Sefate sa morara se omeletse,
Sefate sa feie se ponne.
Sefate sa kharenate, sa palema, sa apole
Le lifate tse ling tsohle tse masimong li omeletse+
Hobane thabo ea baahi e fetohile masoabi.
13 Lona baprista, aparang lesela le hoashang* le utloe bohloko,*
Bokollang lona basebeletsi ba aletare.+
Lona basebeletsi ba Molimo, kenang le qete bosiu le apere lesela le hoashang*
Hobane linyehelo tsa lijo+ le linyehelo tsa seno+ ha li sa tlisoa ntlong ea Molimo.
14 Phatlalatsang hore batho ba itime lijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e khethehileng.+
Bitsang baholo le sechaba kaofela,
Le ba bitsetse ntlong ea Jehova Molimo oa lona+ ebe le kopa Jehova hore a le thuse.
15 Letsatsi leo e tla ba le tšosang.
Letsatsi la Jehova le haufi,+
Mohlang oo, Ea Matla ’Ohle o tla felisa batho.
16 Re amohuoe lijo re ntse re shebile,
Ra amohuoa thabo le nyakallo ntlong ea Molimo oa rona.
17 Ha ba phethola mobu ba fumane peo ea lifeie e omeletse.*
Litoro* li omme,
Litoro tsa lijo li qhaqhiloe hobane lijo ha li sa le eo.
18 Esita le liphoofolo lia lla.
Mehlape ea likhomo ea hlahlathela ka lebaka la ho ferekana, e hloka makhulo.*
Linku le tsona li sotlehile.
19 Ke tla kopa thuso ho uena Jehova+
Hobane mollo o chesitse makhulo naheng,
Oa chesa le lifate tsohle masimong.
20 Esita le liphoofolo tse hlaha li llela hore u li thuse
Hobane metsi a linoka a pshele
Hape mollo o chesitse makhulo ’ohle naheng.”
Hoeletsang le le thabeng ea ka e halalelang,
Le phatlalatse hore ho tla ba le ntoa. Baahi bohle ba lefatše ba ke ba ferekane
Hobane letsatsi la Jehova lea tla,+ le haufi.
2 Letsatsing leo, ho tla ba le lefifi le tšabehang,+
Ho be maru le lefifi le letšo-letšo,+
Le tla hlaha joaloka mafube lithabeng.
Ho na le batho ba bangata ba matla,+
Ha ho e-s’o ka ho e-ba le ba tšoanang le bona
Ebile ba ke ke ba hlola ba e-ba teng
Molokong ofe kapa ofe.
Naha e ka pel’a bona e joaloka Edene,+
Ka mor’a bona ke lithako.
Ha ho letho le ka pholohang.
Ba tšoana le batho ba matla ba itokiselitseng ntoa.+
6 Batho ba tla hlonama ka lebaka la bona.
Batho bohle ba tla bonahala le mahlong hore ba tšohile.
7 Ba matha joaloka bahlabani,
Ba hloa lerako joaloka masole,
E mong le e mong oa tseba hore na o lokela ho etsa’ng,
Ha ho na ea khelohang tsela.
8 Ha ba sutumetsane,
E mong le e mong o tsamaea tseleng ea hae.
Ha e mong a bolaoa ke lerumo,
Ba bang ha ba khelohe tsela.
9 Ba potlakela motseng, ba matha holim’a marako.
Ba hloella matlo, ba kena ka lifensetere joaloka masholu.
10 Ha ba hlasela, lefatše lea reketla, leholimo lea thothomela,
Letsatsi le khoeli lia fifala,+
Linaleli le tsona lia fifala.
11 Jehova o tla phahamisa lentsoe ha a bua le masole a hae+ hobane lebotho la hae le leholo haholo.+
Ea phethang lentsoe la hae o matla.
Letsatsi la Jehova le leholo ebile lea tšosa.+
Ke mang ea ka le mamellang?”+
12 Jehova o re: “Le sa na le nako ea ho khutlela ho ’na, le khutlele ho ’na ka lipelo tsohle,+
Itimeng lijo,+ le lle, le bokolle.
13 Le bontše hore le soabile ho tloha pelong,+ le se ke la tabola liaparo tsa lona feela,+
Khutlelang ho Jehova Molimo oa lona
Hobane o na le kutloelo-bohloko,* o mohau, o lieha ho halefa+ ’me o lerato,*+
O tla fetola maikutlo a hae ebe ha a le tlisetse tlokotsi.
14 Ho tseba mang? Mohlomong o tla fetola qeto eo a e entseng+
Ebe oa le hlohonolofatsa
E le hore le ka etsetsa Jehova Molimo oa lona nyehelo ea lijo* le nyehelo ea seno.
15 Letsang lenaka Sione.
Phatlalatsang hore batho ba itime lijo, tsebisang batho hore ho na le kopano e khethehileng.+
16 Bokellang sechaba le se hloekise e le hore phutheho e halalele.+
Bokellang banna-baholo,* bana le masea.+
Monyali le monyaluoa le bona ba tsoe ka kamoreng ea bona.
‘Hauhela batho ba hao Jehova.
U se ke oa lumella hore batho ba hao ba nyefoloe,
Ba busoe ke lichaba tse ling
Esere lichaba tseo tsa ba soma tsa re: “O kae Molimo oa bona?”’+
19 Jehova o tla araba batho ba hae a re:
‘Ke tla le fa lijo, veine le oli,
Le tla ja le be le li shebe feela.+
Lichaba li ke ke tsa hlola li le nyefola.+
20 Ea hlaselang a tsoa leboea ke tla mo suthisetsa hole le lona,
Ke mo lelekele sebakeng se omeletseng, se se nang metsi,
Ke tla mo shebisa leoatleng le ka bochabela,*
Ke mo furallise leoatleng le ka bophirimela.*
21 Uena naha, u se ke oa tšoha,
U thabe ’me u nyakalle hobane Jehova o tla etsa lintho tse kholo.
23 Bana ba Sione, thabang le nyakalle ka lebaka la lintho tseo Jehova Molimo oa lona a tla li etsa,+
Ka hoetla o tla le nesetsa pula eo le e hlokang,
A le nesetse pula ea litloebelele,
A le nesetse pula ea hoetla le ea selemo joaloka pele.+
25 Ke tla le buseletsa lintho tsohle tseo le lahlehetsoeng ke tsona lilemo tsena tsohle,
Tse jeoeng ke lebotho la ka le leholo la litsie* tsa mefuta-futa tseo ke neng ke li rometse ho lona.+
Le rorise lebitso la Jehova Molimo oa lona+
Ea le etselitseng lintho tse kholo.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefoloa.+
27 Le tla tseba hore ke na le Baiseraele,+
Le tsebe hore ke ’na Jehova Molimo oa lona+ ’me ha ho e mong.
Batho ba ka ba ke ke ba hlola ba nyefoloa.
28 Ka mor’a moo, ke tla fa motho e mong le e mong moea o halalelang,+
Bara le barali ba lona ba tla profeta,
Banna-baholo ba lona ba tla lora litoro.
Bahlankana ba lona ba bone lipono.+
29 Ka nako eo, ke tla fana ka moea oa ka
Esita le ho makhoba a ka a banna le a basali.
31 Pele letsatsi le leholo le le tšosang la Jehova le fihla,+
Letsatsi le tla fifala, khoeli e be khubelu joaloka mali.+
32 E mong le e mong ea tšepetseng* lebitsong la Jehova o tla pholoha+
Hobane Thabeng ea Sione le Jerusalema ho na le ba tla pholoha+ feela joalokaha Jehova a boletse,
Ke bao Jehova a tla ba bitsa.”
3 “Mehleng eo, ka eona nako eo
Ha ke khutlisa batšoaruoa ba Juda le Jerusalema,+
2 Ke tla boela ke bokelle lichaba tsohle,
Ke tla li ahlolela moo,+
Ke li ahlolele lintho tseo li li entseng ho sechaba sa ka sa Iseraele
Hobane li ile tsa hasanya Baiseraele
Eaba li ikaba ka naha ea ka.+
3 Li lahla lotho hore li ikabe ka batho ba ka,+
Li rekisa ngoan’a moshanyana e le hore li patale letekatse,
Li rekisa oa ngoanana hore li reke veine li tle li noe.
4 Lona Tire, Sidone le lona libaka tsohle tsa Filistia,
Le se nka kae sebete sa ho nketsa tjee?
Na ho na le ntho e mpe eo ke le entseng eona?
Na lea iphetetsa? Haeba ho joalo,
Ke tla iphetetsa ka lebaka la lintho tseo le ba entseng tsona.+
5 Kaha le nkile silevera ea ka le khauta ea ka,+
La isa lintho tsa ka tsa bohlokoa litempeleng tsa lona,
6 La rekisa baahi ba Juda le ba Jerusalema, la ba rekisetsa Bagerike+
E le hore le ba ise hole le naha ea habo bona,
7 Ke tla ba lata moo le ba rekiselitseng teng,+
Ke iphetetse ka lebaka la lintho tseo le ba entseng tsona.
8 Ke tla rekisetsa Bajuda bara ba hao le barali ba hao,+
Ba tla ba rekisetsa batho ba Sheba, batho ba lulang hole.
’Na Jehova kea le tiisetsa.
9 Phatlalatsang hohle lichabeng le re:+
‘Itokisetseng ntoa. Bitsang banna ba matla.
Atametsang masole e le hore a hlasele.+
10 Etsang lisabole ka mehoma ea lona, le etse marumo ka likere tse kutang limela.
Motho ea fokolang a ke a re o matla.
11 Lona lichaba tsohle tse haufi, tloong le tl’o thusa.’+
Jehova, romela batho ba hao ba matla* sebakeng seo.
12 Lichaba li ke li itokise, li theohele Khohlong* ea Josafate
Hobane ke tla lula teng ke ahlole lichaba tsohle tse haufi.+
13 Akhelang sekele hobane e se e le nako ea ho kotula.
Tloong le tl’o hatakela morara hobane sehatelo se tletse.+
Linkho tse khakeletsang veine li tletse hobane bokhopo ba lichaba tseo bo bongata haholo.
14 Lichaba li se li le ka khohlong* ea kahlolo
Hobane haufinyane letsatsi la Jehova le tla tla khohlong ea kahlolo.+
15 Letsatsi le khoeli li tla fifala,
Linaleli le tsona li tla fifala.
16 Jehova o tla bua ka lentsoe le matla a le Sione,
A hoeletse a le Jerusalema.
Leholimo le lefatše li tla reketla
Empa Jehova e tla ba setšabelo ho batho ba hae,+
E be sebaka se sireletsehileng ho bana ba Iseraele.
17 Le tla tseba hore ke ’na Jehova Molimo oa lona, ea lulang Sione, thabeng ea ka e halalelang.+
18 Letsatsing leo, lithabeng ho tla rotha veine e monate,+
Ho phalle lebese maralleng,
Linokana li phalle metsi Juda.
19 Egepeta eona e tla lula e se na baahi,+
Edomo e fetohe lithako
Hobane li ile tsa tšoara Bajuda hampe,+
Bao naheng ea bona ho ileng ha bolaoa batho ba se nang molato.+
21 Le hoja ke ne ke ba nka ba le molato, ke tla ba nka ba se molato,*+
’Na Jehova ke tla lula Sione.”+
E bolelang “Jehova ke Molimo.”
Kapa: “baahi bohle ba lefatše.”
Ka Seheberu ho sebelisitsoe mefuta e mene ea litsie.
Kapa: “feiga.”
Kapa: “moroetsana.”
Kapa: “monyali.”
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “itlameng.”
Kapa: “ikotle lifuba.”
Kapa mohlomong: “lifeie tse omeletseng.”
Kapa: “Matlo a polokelo.”
Kapa: “ha ho na moo e fulang teng.”
Kapa: “mosa.”
Kapa: “o na le lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “baholo.”
E leng Leotle le Shoeleng.
E leng Leoatle la Mediterranean.
Kapa: “feiga.”
Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
Mona Seheberu se bua ka mefuta e mene ea litsie.
Kapa: “ipiletsang.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Jehova ke Moahloli.”
Kapa: “bahlabani.”
Kapa: “Phuleng.”
Kapa: “phuleng.”
Ka Seheberu: “ke tla nka mali a bona a se na molato.”