Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Bafilippi 1:1-4:23
  • Bafilipi

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bafilipi
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bafilipi

LENGOLO LE EANG HO BAFILIPI

1 ’Na Pauluse hammoho le Timothea, bahlanka ba Kreste Jesu, re ngolla bahalaleli bohle ba Kreste Jesu ba leng Filipi+ hammoho le balebeli le bahlanka ba sebeletsang:+

2 E se eka Molimo Ntate oa rona le Morena Jesu Kreste ba ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.

3 Ke leboha Molimo oa ka kamehla ha ke le hopola. 4 Nako le nako ha ke etsetsa e mong le e mong thapeli, ke e etsa ke thabile+ 5 hobane le tšehelitse mosebetsi oa ho bolela* litaba tse monate ho tloha letsatsing la pele ha le ne le li utloa ho fihlela hona joale. 6 Ke kholisehile hore Molimo ea qalileng mosebetsi o motle ho lona o tla o qetela+ ho fihlela letsatsi la Kreste Jesu le fihla.+ 7 Ke hantle hore ebe ke ikutloa tjena ka lona hobane ke le rata haholo. Le ne le ntšehelitse ha ke le teronkong+ le ha ke ne ke sebelisa molao ho fumana tokelo ea ho bolela litaba tse monate.+ Ka tsela ena, ’na le lona re ile ra thabela mosa o tsoang ho Molimo.

8 Molimo oa tseba* hore ke le hopotse kaofela hobane ke le rata ka tsela eo Kreste Jesu a le ratang ka eona. 9 Ke lula ke rapella hore lerato la lona le ’ne le hole le ho feta+ le hore tsebo ea lona e nepahetseng+ le temoho ea lona+ li ’ne li eketsehe. 10 Ke rapella hore le khone ho lemoha hore na lintho tsa bohlokoa haholo ke life+ e le hore le se ke la ba molato kapa la khopisa ba bang+ ho fihlela letsatsi la Kreste le fihla. 11 Hape, ke rapella hore lintho tse ntle tseo re li etsang re thusoa ke Jesu Kreste+ tse etsang hore Molimo a halaletsoe a be a tlotlisoe, li le tsoele molemo.

12 Bana beso, ke batla le tsebe hore lintho tse nketsahaletseng li entse hore litaba tse monate li boleloe le ho feta. 13 Balebeli bohle ba Moemphera le batho ba bang bohle baa tseba+ hore ke teronkong+ hobane ke le molateli oa Kreste. 14 Bana ba bo rona ba bangata ba sebeletsang Morena ba khothalitsoe ke hore ebe ke teronkong. Ba bolela lentsoe la Molimo ba le sebete haholo ebile ba sa tšabe letho.

15 Ke ’nete hore ba bang ba bolela ka Kreste hobane ba le mona ebile ba hlolisana empa ba bang ba etsa seo ka morero o motle. 16 Ba bolelang ka Kreste ka morero o motle, ba etsa joalo hobane ba mo rata ebile baa tseba hore ke khethiloe hore ke sireletse litaba tse monate.+ 17 Ba bolelang ka lebaka la mona le ho hlolisana, ba etsa joalo ka morero o mobe le hobane ba rata liqabang, ba batla ho mpakela mathata ha ke ntse ke le teronkong. 18 Seo se felletse ka eng? Ka hore ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe ho boleloe ka Kreste ebang ke ka morero o motle kapa o mobe. Ha e le hantle, ke thabela seo ebile ke tla lula ke thabile 19 hobane kea tseba hore ke tla pholosoa ka lebaka la lithapeli tsa lona+ le ka lebaka la thuso ea moea oa Jesu Kreste.+ 20 Ke kholisehile ebile ke na le tšepo eo nke keng ka hlajoa ke lihlong ka lebaka la eona. Ke tla lula ke bua ka bolokolohi e le hore nka tlotlisa Kreste hona joale joaloka nakong e fetileng ebang kea phela kapa kea shoa.+

21 Ha e le ’na, ke phelela Kreste.+ Leha ho le joalo, ho ka ba molemo le ho feta ha nka shoa.+ 22 Haeba ke tla ’ne ke phele mona lefatšeng, seo se bolela hore ke tla khona ho etsa mosebetsi o mongata. Empa ha ke tsebe hore na nka khetha eng. 23 Ha ke tsebe hore na ke khethe efe pakeng tsa lintho tsena tse peli hobane ke lakatsa ho lokoloha ke e’o ba le Kreste+ e leng ntho e molemo ka ho fetisisa.+ 24 Leha ho le joalo, ke habohlokoa hore ke ’ne ke phele mona lefatšeng molemong oa lona. 25 Ka lebaka leo, kea tseba hore ke tla ’ne ke phele. Ke tla ’ne ke be le lona kaofela e le hore le ’ne le sebeletse Molimo le hore le thabe ka lebaka la tumelo ea lona. 26 Ha ke e-na le lona, le tla tšepa Kreste Jesu le ho feta ka lebaka la ka.

27 Itšoareng* ka tsela e tšoanelang litaba tse monate tse mabapi le Kreste+ e le hore ebang kea tla ke tl’o le bona kapa ha ke tle, ke ’ne ke utloe litaba tse thabisang ka lona, tsa hore le eme le tiile, lea utloana,+ le nahana ka tsela e tšoanang ebile lea tšehetsana hore le lule le e-na le tumelo litabeng tse monate. 28 Le se ke la tšosoa ke bahanyetsi ba lona. Boo ke bopaki ba hore ba tla felisoa+ empa lona le tla pholosoa.+ Bopaki bona bo tsoa ho Molimo. 29 Ha lea fuoa monyetla oa ho lumela ho Kreste feela empa le boetse le fuoe monyetla oa ho utloa bohloko ka lebaka la hae.+ 30 Le kopana le mathata a tšoanang le ao le mponeng ke kopana le ’ona,+ ao le ntseng le utloa hore ke ntse ke kopana le ’ona le hona joale.

2 Kaha le bonngoeng le Kreste, etsang sohle seo le ka se khonang hore le khothatsane, le tšelisane ka lerato, le tsotelle ba bang, le ba rate ’me le ba utloele bohloko. 2 Haeba le ka etsa joalo, ke tla thaba haholo. Le be le khotso har’a lona, le ratane ’me le etse lintho hammoho le be le nahane ka tsela e tšoanang.+ 3 Le se ke la etsa ntho leha e le efe hobane le rata liqabang+ kapa le ikhohomosa.+ Ho e-na le hoo, le ikokobetse ’me le nke ba bang e le ba bohlokoa ho le feta.+ 4 Le se ke la ameha feela ka lintho tse le tsoelang molemo+ empa le amehe le ka lintho tse tla tsoela batho ba bang molemo.+

5 Lulang le nahana ka tsela e tšoanang le eo Kreste Jesu a neng a nahana ka eona.+ 6 Le hoja a ne a tšoana le Molimo,+ le hanyane feela ha aa ka a nahana ka hore a leke ho lekana le Molimo.+ 7 O ile a tlohela lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona, a ba joaloka lekhoba+ ’me ea e-ba motho.*+ 8 Ho feta moo, ha a tla e le motho,* o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho fihlela a shoa,+ a shoela palong.*+ 9 Ka lebaka leo, Molimo o ile a mo fa boemo bo phahameng+ ’me a mo fa lebitso le fetang mabitso a mang ’ohle+ 10 e le hore bohle ba leholimong, ba lefatšeng le ba ka tlas’a lefatše* ba tle ba khumame ka lebitso la Jesu+ 11 le hore bohle ba tsebe hore Jesu Kreste ke Morena+ e leng se tla tlotlisa Molimo Ntate.

12 Bana beso bao ke ba ratang, le lula le mamela eseng feela ha ke e-na le lona empa haholo-holo ha ke le sieo. E mong le e mong oa lona a ’ne a sebetse ka thata hore a tle a pholohe, a etsa joalo ka tlhompho le ka tšabo. 13 Molimo ke eena ea le matlafatsang. O etsa hore le be le tabatabelo ebile o le fa matla a hore le etse lintho tse mo khahlisang. 14 Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle+ ebile le sa ngangisane+ 15 e le hore le ka ba bana ba Molimo+ ba sa tšoauoeng phoso le ba se nang molato har’a batho ba khopo ba mehleng ena+ ba etsang lintho tse mpe, bao har’a bona le khanyang joaloka maseli lefatšeng.+ 16 Le tšoare lentsoe la bophelo ka thata.+ Ha le etsa joalo, ke tla ba le lebaka la ho thaba ka letsatsi la Kreste, ke tseba hore boiteko ba ka le mosebetsi oa ka o boima e ne e se oa lefeela. 17 Leha nka tšolloa joaloka nyehelo ea seno,+ ke kenya letsoho sehlabelong seo le se etsang+ le tšebeletsong eo le e etsetsang Molimo ka botšepehi. Kahoo, ke thabile ebile ke thaba le lona kaofela. 18 Joale le lona le thabe le ’na.

19 Ke tšepa hore Morena Jesu o tla ntumella hore ke romele Timothea+ ho lona haufinyane hore ke tle ke khothale ha ke utloa ka lona. 20 Ha ke na motho e mong ea tšoanang le eena ea ka le hlokomelang ka lintho tseo le li hlokang. 21 Ba bang kaofela ba nahana ka lintho tse ka tsoelang bona molemo feela eseng tseo Jesu Kreste a li batlang. 22 Empa lea tseba hore eena o bontšitse hore ha a joalo. Joalokaha ngoana+ a sebetsa le ntate oa hae, o ile a sebetsa le ’na ka thata ho bolela litaba tse monate libakeng tse ngata. 23 Ka lebaka leo, ke eena eo ke nahanneng ho mo romela ho lona hang feela ha ke bona hore na ho tla etsahala’ng ka ’na. 24 Ke kholisehile hore Morena o tla ntumella hore ke tle ho lona haufinyane.+

25 Empa hona joale ke bona ho hlokahala hore ke le romelle Epafroditase eo e leng ngoan’eso, mosebetsi-’moho le ’na, lesole la Kreste joaloka ’na, moromuoa oa lona le mohlanka oa ka ea nthusang.+ 26 O le hopotse haholo ebile o nyahame hobane le utloile hore o ile a kula. 27 Ke ’nete hore o ile a kulela lefu empa Molimo o ile a mo hauhela. Ha e le hantle, ha aa ka a hauhela eena feela empa le ’na o nkhauhetse e le hore ke se ke ka utloa bohloko haholo. 28 Kahoo, ke mo romela ho lona ka potlako e le hore le ka boela la thaba ha le mo bona le hore ke se ke ka hlola ke tšoenyeha haholo ka lona. 29 Mo amoheleng ka thabo joalokaha le tloaetse ho amohela balateli ba Morena ’me le ’ne le bontše banna ba tšoanang le eena hore lea ba rata+ 30 hobane o batlile a shoa ka lebaka la mosebetsi oa Kreste,* a beha bophelo ba hae kotsing ka lebaka la ka hobane le ne le sa khone ho tla mona ho tla nthusa.+

3 Qetellong bana beso, le ’ne le sebeletse Morena le thabile.+ Ha ke na bothata ba ho le ngolla lintho tseo ke seng ke le ngolletse tsona hobane ke li ngola molemong oa lona.*

2 Itlhokomeleng ho ba joaloka lintja. Itlhokomeleng ho batho ba kotsi le be le itlhokomele ho batho ba batlang hore le bolle.+ 3 Ke rona ba bolotseng e le kannete,+ rona ba sebeletsang Molimo ba tataisoa ke moea oa hae le ba tšepileng Kreste Jesu+ eseng lintho tseo batho ba li tšepileng. 4 Empa har’a batho bohle, ke ’na ea nang le mabaka a ho tšepa lintho tseo batho ba li tšepileng.

Haeba ho na le motho ea nahanang hore o na le mabaka a ho tšepa lintho tseo, ’na ke na le mabaka a fetang a hae. 5 Ke bololitsoe ka letsatsi la borobeli,+ ke oa sechaba sa Iseraele, ke oa leloko la Benjamine, ke Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu,+ ke ne ke le Mofarisi+ ke latela molao. 6 Kaha ke ne ke cheseha haholo, ke ne ke hlorisa phutheho.+ Ke ne ke bontša hore ha ke na molato ka ho etsa lintho tse lokileng ho ea ka molao. 7 Leha ho le joalo, lintho tseo ke neng ke li nka e le tsa bohlokoa, ke se ke li nka li se na thuso* ka lebaka la Kreste.+ 8 Ha e le hantle, ke nka lintho tsohle li se na thuso hobane lintho tseo ke li tsebang ka Kreste Jesu Morena oa ka li bohlokoa ho feta lintho tseo kaofela. Ke tlohetse lintho tsohle ka lebaka la hae ’me ke li nka e le toti* e ngata hore Kreste a tle a nkamohele 9 le hore ke be molateli oa hae. Ha ke nkoe ke le motho ea lokileng hobane ke mamela molao empa hobane ke lumela+ ho Kreste.+ Molimo o nka ke lokile hobane ke na le tumelo.+ 10 Ke batla ho tseba Kreste le matla a ea mo tsositseng+ ebile ke batla ho utloa bohloko+ le ho shoa joaloka eena+ 11 ka tšepo ea hore ke tla tsosoa tsohong ea pele ea bafu.+

12 Ha ke e-s’o fumane moputso oo ebile ha ke e-s’o etse lintho tseo ke ikemiselitseng ho li etsa.+ Ke etsa sohle seo nka se khonang hore ke phethe seo Kreste Jesu a nkhethetseng sona.+ 13 Bana beso, ha ke nke hore ke se ke fumane moputso oa ka. Empa ke kholisehile ka ntho e le ’ngoe: Ke lebala lintho tse fetileng+ ’me ke hahamalla lintho tse ka pele.+ 14 Ke leka ka matla hore ke fumane moputso+ o tsoang ho Molimo e leng bophelo+ ba leholimong boo a mpitselitseng bona ka Kreste Jesu. 15 Kahoo, rona bohle ba nang le tumelo e matla,+ a re nahaneng ka tsela ena. Ha le sa nahane ka tsela eo, Molimo o tla le thusa hore le nahane joalo. 16 Leha ho le joalo, a re tsoeleng pele ka seo re seng re se fihletse.

17 Bana beso, etsisang mohlala oa ka+ ’me le etsise le ba latelang mohlala oo re le behetseng oona. 18 Ho na le batho ba bangata ba nyefolang hore Kreste o shoetse palong.* Ke ne ke hlola ke bua ka bona hangata empa hona joale ke bua ka bona ke lla. 19 Qetellong ba tla felisoa. Limpa tsa bona ke melimo ea bona. Ba ithorisa ka lintho tse hlabisang lihlong tseo ba li etsang ebile ba nahana ka lintho tsa lefatše feela.+ 20 Empa rona leholimong+ ke habo rona+ ebile re letetse mopholosi oa rona ea leholimong ka tabatabelo e leng Morena Jesu Kreste.+ 21 O tla sebelisa matla a hae a maholo ao a a fuoeng ho laola lintho tsohle+ ’me o tla fetola ’mele ea rona e fokolang hore e tšoane le* ’mele oa hae o halalelang.+

4 Bana beso bao ke ba ratang le bao ke ba hopotseng, lea nthabisa ebile ho ’na le joaloka korone.+ Baratuoa, ke le khothaletsa hore le ’ne le tšepahalle+ Morena.

2 Ke khothaletsa Evodia le Sintike e leng balateli ba Morena hore ba rarolle liqabang tsa bona.*+ 3 Le uena mosebetsi-’moho le ’na ea tšepahalang, ke kopa hore u ’ne u thuse basali bana. Bona, Clemente le ba bang bohle ba ne ba sebetsa le ’na ka thata ho bolela litaba tse monate ebile mabitso a bona a bukeng ea bophelo.+

4 Lulang le thabile ka lebaka la Morena. Ke boetse ke re, thabang.+ 5 Batho bohle ba ke ba bone hore ha le batho ba tsitlellang maikutlong a lona.+ Morena o haufi le rona. 6 Le se ke la tšoenyeha ka letho.+ Ho e-na le hoo, le rapele Molimo kamehla, le mo kope ka tieo* hore a le tataise linthong tsohle ’me le mo lebohe kamehla.+ 7 Ha le etsa joalo, Molimo o tla lebela lipelo tsa lona+ le menahano ea lona* ka ho le fa khotso+ eo batho ba ke keng ba e utloisisa, a sebelisa Kreste Jesu.

8 Qetellong bana beso, le lule le nahana ka lintho tsa ’nete, tsa bohlokoa haholo, tse lokileng, tse hloekileng, tse ratehang, tseo ho buuoang hantle ka tsona, tse molemo le tse tšoaneloang ke thoriso.+ 9 Le etse lintho tseo le ileng la ithuta tsona, la li amohela, la li utloa la ba la li bona ho ’na+ ’me Molimo oa khotso o tla ba le lona.

10 Ke thabile haholo ebile ke leboha Morena hore ebe le ile la boela la bontša hore lea ntsotella.+ Le hoja le ne le tšoenyehile ka ’na, ha lea ka la fumana monyetla oa ho mpontša seo. 11 Ha ke bue sena hobane ho na le seo ke se hlokang. Ke ithutile ho khotsofala ho sa tsotellehe hore na maemo a ka ke afe.+ 12 Kea tseba hore na ho joang ho ba le lintho tse seng kae+ le ho ba le lintho tse ngata. Ke ithutile seo batho ba bangata ba sa se tsebeng: Hore na ho khora le ho lapa ho joang le hore na ho ba le lintho tse ngata le ho hloka ho joang. 13 Ke na le matla a ho etsa lintho tsohle ka lebaka la ea mphang matla.+

14 Leha ho le joalo, le entse hantle ka ho nthusa ha ke ne ke le mahlomoleng. 15 Ha e le hantle, lona Bafilipi, lea tseba hore ha ke ne ke tloha Macedonia, ha le ne le utloa litaba tse monate ka lekhetlo la pele, ha ho na phutheho e ’ngoe e ileng ea nthusa ntle le ea lona.+ 16 Ha ke ne ke le Thesalonika, le ile la nthomella lintho tseo ke li hlokang eseng hanngoe feela empa habeli. 17 Ha se hore ke batla le mphe limpho. Ke mpa feela ke batla hore le fumane moputso o tlisoang ke ho fana. 18 Leha ho le joalo, ke na le lintho tsohle tseo ke li hlokang ebile li ngata haholo. Ke khotsofaletse lintho tseo le nthomeletseng tsona ka Epafroditase.+ Mpho ea lona e tšoana le monko o nkhang hamonate+ ebile ke sehlabelo se thabisang Molimo. 19 Molimo oa ka ea nang le lintho tse ngata o tla le fa lintho tsohle+ tseo le li hlokang a sebelisa Kreste Jesu. 20 Molimo oa rona le Ntate oa rona o tšoaneloa ke ho fuoa khanya ka ho sa feleng. Amen.

21 Ntumelisetseng bahalaleli bohle e leng barutuoa ba Kreste Jesu. Bana beso ba nang le ’na baa le lumelisa. 22 Bahalaleli bohle baa le lumelisa, haholo-holo ba ntlo ea boreneng ea Sesare.+

23 Mosa oa Morena Jesu Kreste o ke o be le lona ka lebaka la moea o motle oo le u bontšang.

Sheba Tlhaloso.

Kapa: “le fane ka monehelo bakeng sa.”

Ka Segerike: “ke paki ea ka.”

Kapa: “Le ’ne le be baahi ba itšoereng.”

Kapa: “a tšoana le batho.”

Ka Segerike: “ha a iphumana a tšoana le motho.”

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.

E leng bafu ba tlang ho tsosoa.

Kapa mohlomong: “mosebetsi oa Morena.”

Kapa: “ho le sireletsa.”

Kapa mohlomong: “ke khethile ho li tlohela.”

Kapa: “lithole; matlakala.”

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.

Ka Segerike: “e lumellane le.”

Ka Segerike: “ba be le monahano o tšoanang.”

Kapa: “le etse thapeli.”

Kapa: “likelello tsa lona.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela