Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • nwt Bakolosse 1:1-4:18
  • Bakolose

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakolose
  • Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bibele—Phetolelo ea Lefatše le Lecha
Bakolose

LENGOLO LE EANG HO BAKOLOSE

1 ’Na Pauluse, eo ke bileng moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo, le Timothea+ ngoan’abo rona, 2 re ngolla bahalaleli le bana ba bo rona ba tšepahalang bao e leng barutuoa ba Kreste ba leng Kolose:

E se eka Molimo Ntate oa rona a ka ba mosa* ho lona le ho le fa khotso.

3 Kamehla re leboha Molimo Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste ha re le rapella 4 hobane re utloile hore le lumela ho Kreste Jesu ebile le rata balumeli-’moho le lona* 5 ka lebaka la moputso oo le o behetsoeng leholimong.+ Le ile la utloa ka moputso oo ha le ne le bolelloa molaetsa oa ’nete oa litaba tse monate 6 tseo le ileng la li utloa. Joalokaha litaba tse monate li eketseha ebile li fihla lefatšeng lohle,+ ke sona se ntseng se etsahala ho lona ho tloha mohla le neng le utloa ’me le tseba ’nete ka mosa oa Molimo. 7 Le ithutile lintho tsena ho Epafrase,+ mohlanka-’moho le rona ea ratehang. Mosebeletsi eo ea tšepahalang oa Kreste o etsa mosebetsi oo re ka beng re o etsa. 8 Hape o re boleletse hore moea o halalelang o le thusa ho ba lerato.

9 Ho tloha mohla re neng re utloa ka lerato le tumelo ea lona, re ile ra lula re le rapella+ hore le be le tsebo e ngata e nepahetseng+ ka thato ea Molimo le bohlale le hore moea oa Molimo o le thuse ho ba le kutloisiso.+ 10 Tsela eo le phelang ka eona e lokela ho thabisa Jehova* ebile le lokela ho etsa lintho tse molemo le be le eketse tsebo ea lona e nepahetseng ka Molimo.+ 11 E se eka Molimo a ka le matlafatsa ka matla a hae a maholo,+ e le hore le tle le mamelle lintho tsohle le tiiselitse ebile le thabile. 12 Le ntse le leboha Ntate, ea entseng hore le tšoanelehe ho amohela lefa la bahalaleli+ ba leseling.

13 O re ntšitse lefifing*+ a re isa ’musong oa Mora oa hae eo a mo ratang, 14 ea ileng a re lefella e le hore re lopolloe libeng, e leng se bolelang hore libe tsa rona li tšoaretsoe.+ 15 Mora enoa o tšoana* le Molimo ea sa bonahaleng+ ebile ke letsibolo la popo eohle+ 16 hobane lintho tse ling tsohle tse leholimong le lefatšeng li ile tsa boptjoa ho sebelisoa eena, lintho tse bonahalang le tse sa bonahaleng,+ ho sa tsotellehe hore na ke literone, borena, mebuso kapa balaoli. Lintho tse ling tsohle li bopiloe ka eena+ ebile li bopetsoe eena. 17 Hape, o bile teng pele ho lintho tse ling tsohle.+ Ho ile ha sebelisoa eena ho bopa lintho tse ling tsohle tse teng 18 ebile ke hlooho ea ’mele, e leng phutheho.+ Ke qalo ea lintho tsohle. Ke letsibolo, e leng oa pele ea ileng a tsosoa bafung+ e le hore e ka ba eena oa pele linthong tsohle 19 hobane Molimo o ne a batla hore makhabane ’ohle a hae a be ho Kreste+ 20 le hore Kreste a etse hore lintho tsohle tse ling, ebang ke tse leholimong kapa tse lefatšeng, li boelane le eena hape+ e le hore ho be le khotso ka lebaka la mali+ ao a ileng a a tšolla palong.*

21 Le kile la ba hole le Molimo ebile le le lira tsa hae hobane le ne le lula le nahana ka liketso tse mpe. 22 Molimo o entse hore le boelane le eena a sebelisa ’mele oa Mora oa hae ea ileng a shoa hore a le tlise ka pel’a hae le halalela, le se na molato ebile ho se na letho leo le ka qosoang ka lona.+ 23 Leha ho le joalo, le lule le e-na le tumelo,+ le tsitsitse motheong,+ le tiile,+ le sa lahle tšepo eo le e fumaneng ha le ne le utloa litaba tse monate tse ileng tsa boleloa lefatšeng lohle.+ ’Na Pauluse, ke khethiloe hore ke bolele litaba tsena tse monate.+

24 Ke thabela ho sotloa molemong oa lona.+ Kaha ke karolo ea ’mele oa Kreste, ke ikemiselitse ho lula ke sotloa. Ke sotloa tjena molemong oa ’mele oa Kreste,+ e leng phutheho.+ 25 Ke bile mosebeletsi phuthehong ena ho latela boikarabelo+ boo Molimo a mphileng bona molemong oa lona. O nkhethile hore ke bolele lentsoe la hae ka botlalo 26 e leng lekunutu le halalelang+ le neng le patiloe ho tloha mehleng ea khale*+ le ho tloha melokong e fetileng. Empa hona joale le senoletsoe bahlanka ba hae.*+ 27 Molimo o tsebisitse lichaba tse ling lekunutu lena le halalelang le nang le maruo a mangata a khanyang.+ Lekunutu lena le halalelang ke Kreste ea momahaneng le lona e leng se bolelang hore le na le tšepo ea ho tlotlisoa le eena.+ 28 Ke eena eo re buang ka eena. Re eletsa batho bohle ka eena ebile re ba ruta bohlale bohle ka eena hore motho e mong le e mong a tle a eme ka pel’a Molimo e le molateli oa Kreste+ ea nang le tumelo e matla. 29 Ke sebetsa ka thata hore ke etse seo ebile kea ikitlaetsa ka thuso ea matla ao a mphang ’ona.+

2 Ke batla hore le tsebe hore na ke loana ka thata hakae molemong oa lona, molemong oa ba leng Laodisia+ le molemong oa bohle ba e-s’o ka ba mpona. 2 Ke etsa seo hore ba tšelisehe+ le hore ba kopanngoe ke lerato.+ Seo se tla etsa hore ba be le maruo a mangata e leng hore ba utloisise hantle le hore ba be le tsebo e nepahetseng ka Kreste e leng lekunutu le halalelang la Molimo.+ 3 Matlotlo ’ohle a bohlale le a tsebo a patiloe ho eena.+ 4 Ke bua tjena e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla le khelosa ka mashano. 5 Le hoja ke se moo le lona, ke lula ke nahanne ka lona. Ke thabela ho utloa hore le etsa lintho ka tsela e hlophisehileng+ le hore le tšepa Kreste ka lipelo tsohle tsa lona.+

6 Ka lebaka leo, joalokaha le amohetse Kreste Jesu Morena, le lule le mo mamela. 7 Joalokaha le ithutile, tumelo ea lona ho Kreste e lokela ho le matlafatsa le ho le tiisa joaloka sefate se nang le metso e tebileng.+ Tumelo ea lona e lokela ho tiea+ le ho feta ha le leboha Molimo kamehla.+

8 Itlhokomeleng e le hore ho se ke ha e-ba le ea tla le tšoasa ka bohlale ba lefatše le ka leshano.+ Lintho tsena ha li tsoe ho Kreste empa li tsoa meetlong ea batho le tseleng eo batho ba tloaetseng ho etsa lintho ka eona 9 hobane Kreste o na le makhabane ’ohle a Molimo.+ 10 Kahoo, ha le haelloe ke letho ka lebaka la hae, eena eo e leng hlooho ea mebuso eohle le balaoli.+ 11 Kaha le balateli ba hae, le ile la bolla empa eseng ka tsela eo batho ba etsang ka eona. Ho e-na le hoo, le ile la bolla ka ho tlohela lintho tse ratoang ke ’mele ea lona e nang le sebe.+ Ena ke tsela eo bahlanka ba Kreste ba tšoanetseng ho bolla ka eona.+ 12 Le ile la patoa le eena ka ho kolobetsoa ka kolobetso e tšoanang le ea hae.+ Kaha le balateli ba hae, le lona le ile la tsosoa+ hammoho le eena hobane le lumela mesebetsing e matla ea Molimo, ea ileng a mo tsosa bafung.+

13 Ho feta moo, le hoja le ne le shoele ka lebaka la libe tsa lona le ka hobane le sa bolla, Molimo o ile a etsa hore le phele e le hore le be ’moho le Kreste.+ O ile a tšoarela libe tsohle tsa rona ho tsoa pelong+ 14 a ba a hlakola tokomane e ngotsoeng ka letsoho,+ e nang le melao+ le e hanyetsanang le rona.+ O e tlositse ka ho e otlella palong.*+ 15 O hlotse mebuso le balaoli ka eona* ’me a bontša batho bohle hore o e hlotse+ eaba e tla e mo setse morao joaloka batšoaruoa.

16 Kahoo, ho se ke ha e-ba le motho ea le ahlolang ka hore na le ja’ng kapa le noa’ng+ kapa ka hore na le keteka mekete ea selemo le selemo, ea ha khoeli e qala+ kapa ea sabatha.+ 17 Lintho tseo ke seriti sa lintho tse tlang+ empa ntho ea sebele ke Kreste.+ 18 Hlokomelang batho ba ikokobetsang hore feela ba bonoe ke batho le ba rapelang mangeloi* hobane ba ka le thibela hore le fumane moputso.+ Batho bao ba khomarela lintho tseo ba li bonang ebile ba ithorisa ka lintho tseo ba li nahanang tse se nang thuso. 19 Ha ba latele hlooho+ e leng ea fang ’mele oohle lintho tseo o li hlokang ebile a o kopanya hammoho ka manonyello le mesifa hore o hole ka matla a Molimo.+

20 Haeba le ile la shoa le Kreste ebile le tlohetse menahano ea lefatše,+ ke hobane’ng ha le phela joalokaha eka le ntse le le karolo ea lefatše, ka hore le ’ne le mamele litaelo tsee:+ 21 “U se ke oa tšoara, oa latsoa kapa oa ama ntho leha e le efe”? 22 Lintho tseo tsohle lia fela ha li sebelisoa ebile ke litaelo le lithuto tsa batho.+ 23 Le hoja lintho tseo li bonahala eka li etsa hore batho ba hlalefe, ha li ba thuse ho loantša litakatso tsa bona tse fosahetseng. Sena se bakoa ke hore batho baa ikhethela hore na ba batla ho rapela Molimo joang. Baa itematsa hobane ba batla hore batho ba re ba ikokobelitse.+

3 Haeba le tsositsoe le Kreste,+ tsoelang pele le batla lintho tse leholimong moo Kreste a lutseng ka letsohong le letona la Molimo.+ 2 Lulang le nahana ka lintho tse leholimong+ eseng tse lefatšeng.+ 3 Le ile la shoa ’me bophelo ba lona bo matsohong a Kreste tumellanong le thato ea Molimo. 4 Ha Kreste ea fanang ka bophelo+ a bonahatsoa, le lona le tla bonahatsoa le eena ka khanya ea hae.+

5 Kahoo, bolaeang litakatso tsa lona tse sa lokang+ e leng boitšoaro bo bobe bo amanang le thobalano,* ho se hloeke, takatso e sa laoleheng ea ho batla ho etsa thobalano,+ takatso ea ho batla ho utloisa batho ba bang bohloko le meharo e leng borapeli ba litšoantšo. 6 Molimo o tla halefela batho ba etsang lintho tseo. 7 Le lona le ne le etsa lintho tsena pele.*+ 8 Empa joale tlohelang lintho tsena tsohle, e leng khalefo, bohale, lintho tse mpe,+ ho bua mantsoe a hlabang+ le a nyonyehang.+ 9 Le se ke la bolellana leshano.+ Hlobolang botho* ba khale*+ le liketso tsa bona 10 le apare botho bo bocha+ boo Molimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka eena. Seo se tla etsa hore re be le makhabane a tšoanang le a hae.+ 11 Motho ea nang le makhabane ana ha a bone ho e-na le phapang pakeng tsa Mogerike kapa Mojuda, ho bolla kapa ho se bolle, molichaba, Moskitha,* lekhoba kapa motho ea lokolohileng. Kreste o linthong tsohle ’me rona re ka tlas’a hae.+

12 Lona ba khethiloeng ke Molimo,+ ba halalelang le ba ratoang, e-bang le qenehelo,+ mosa, boikokobetso,+ bonolo+ le mamello.+ 13 Le tsoele pele ho mamellana le ho tšoarelana+ le haeba ho e-na le motho ea le khopisitseng.+ Le tšoarele batho ba bang ka pelo eohle feela joalokaha Jehova* le eena a le tšoarela.+ 14 Empa ka holim’a lintho tsena tsohle, le ratane+ kaha lerato le etsa hore batho ba utloane.+

15 Lumellang khotso ea Kreste hore e laole lipelo tsa lona+ hobane le bitselitsoe ho eona hore le be ’mele o le mong. Hape lulang le leboha. 16 Lumellang lentsoe la Kreste hore le sebetse ho lona ’me le le etse hore le be bohlale. Tsoelang pele ho ruta le ho khothatsa ba bang ka lipesaleme,+ ka ho rorisa Molimo, ka lipina tsa bolumeli tse binoang ka kananelo le binela Jehova* ka lipelo tsohle tsa lona.+ 17 Ntho leha e le efe eo le e buang kapa eo le e etsang, le e etse ka lebitso la Morena Jesu, le lebohe Molimo Ntate le sebelisa lebitso la hae.+

18 Lona basali, le ikokobeletse banna ba lona+ hobane Morena o lebeletse hore le etse joalo. 19 Banna, le tsoele pele ho rata basali ba lona+ ’me le se ke la ba halefela.*+ 20 Bana, le mamele batsoali ba lona linthong tsohle+ hobane ha le etsa joalo le thabisa Morena. 21 Bo-ntate, le se ke la utloisa bana ba lona bohloko*+ e le hore ba se ke ba nyahama. 22 Basebeletsi, le mamele benghali ba lona linthong tsohle+ eseng feela ha ba le shebile joalokaha eka le batla ho thabisa batho empa le ba mamele ka pelo eohle hobane le hlompha* Jehova.* 23 Ntho leha e le efe eo le e etsang, le e etse ka pelo eohle joalokaha eka le e etsetsa Jehova*+ eseng batho 24 kaha lea tseba hore le tla fuoa lefa ke Jehova* e le moputso.+ Sebeletsang Monghali oa lona e leng Kreste. 25 Joang kapa joang motho ea etsang lintho tse mpe o tla ahloloa ka lebaka la tsona.+ Molimo ha a leeme.*+

4 Benghali, le tšoare makhoba a lona hantle le ka toka le tseba hore le lona le na le Monghali leholimong.+

2 Le lule le rapela+ ebile le se ke la lebala ho rapela le ho leboha,+ 3 le rona le re rapelle+ hore Molimo a re fe monyetla oa ho bolela lentsoe la hae le ho phatlalatsa lekunutu le halalelang le mabapi le Kreste, leo ke leng teronkong ka lebaka la lona+ 4 le hore ke tle ke le phatlalatse ka tsela e hlakileng joalokaha ke tšoanetse.

5 Le be bohlale ka tsela eo le itšoarang ka eona ha le e-na le batho bao e seng karolo ea phutheho ’me le sebelise nako ea lona hantle.*+ 6 Mantsoe ao le a buang e ke e be a mosa kamehla, a nokiloeng ka letsoai+ e le hore le tsebe kamoo le lokelang ho araba motho e mong le e mong kateng.+

7 Tikikase,+ ngoan’eso ea ratehang, mosebeletsi ea tšepahalang le mohlanka ea sebeletsang Morena ’moho le rona, o tla le bolella lintho tsohle ka ’na. 8 Ke mo romela ho lona hore a le bolelle hore na re ntse re ea joang le hore a le tšelise. 9 O tla le Onesimase,+ ngoan’eso ea tšepahalang le ea ratehang, ea tsoang ho lona. Ba tla le bolella lintho tsohle tse etsahalang mona.

10 Aristakase+ ea tšoeroeng le ’na oa le lumelisa, le Mareka+ motsoala oa Barnabase oa le lumelisa (Mareka ke eena eo ke ileng ka le laela hore le mo amohele+ ha a ka tla ho lona), 11 le Jesu ea bitsoang Justase, e leng e mong oa ba bolotseng. Bana ke bona feela basebetsi-’moho le ’na bakeng sa ’Muso oa Molimo ebile ba ntšelisa haholo.* 12 Epafrase,+ mohlanka oa Kreste Jesu ea tsoang ho lona oa le lumelisa. O lula a le rapella ka matla, e le hore le ka ema le tiile le hore le kholisehe ka lintho tsohle tseo Molimo a tl’o li etsa. 13 Ke paki ea hore o sebetsa ka thata molemong oa lona le molemong oa ba leng Laodisia le ba leng Hierapolise.

14 Luka,+ ngaka e ratoang le Demase,+ baa le lumelisa. 15 Ntumelisetseng bana ba bo rona ba leng Laodisia le khaitseli ea rona Nimfa le phutheho e kopanelang ha hae.+ 16 Ha le se le balile lengolo lena, le le fetisetse phuthehong ea Balaodisia hore le bona ba le bale+ ’me le lona le bale le tsoang Laodisia. 17 Hape le bolelle Arkipase+ hore a sebetse ka thata ho phetha mosebetsi oo a o filoeng ke Morena.

18 ’Na Pauluse, ke le ngolla litumeliso ka letsoho la ka.+ Le lule le hopola hore ke teronkong.+ Mosa oa Molimo o ke o be le lona.

Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bahalaleli.”

Sheba Ntlha ea A5.

Ka Segerike: “A re pholosa taolong ea lefifi.”

Kapa: “ke setšoantšo sa.”

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.

Ka Segerike: “ho tloha litsamaisong tsa lintho tse fetileng.” Sheba Tlhaloso.

Ka Segerike: “bahalaleli.”

Kapa: “palong eo batho ba hlokofatsoang ho eona.” Sheba Tlhaloso ea Palo.

Kapa mohlomong: “ka Kreste.”

Kapa: “ba rapelang ka tsela eo mangeloi a rapelang ka eona.”

Ka Segerike ke por·neiʹa. Sheba Tlhaloso.

Kapa: “le ne le phela ka tsela eo.”

Ka Segerike: “motho.”

Kapa: “Tlohelang mekhoa ea khale.”

Lentsoe lena le bua ka batho ba neng ba khelloa fatše ka lebaka la meetlo ea bona le tsela eo ba phelang ka eona.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “la ba buisa hampe.”

Kapa: “halefisa; khopisa.”

Ka Segerike: “tšaba.”

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Sheba Ntlha ea A5.

Kapa: “ha a khetholle.”

Ka Segerike: “le ithekele nako e loketseng.”

Kapa: “baa ’matlafatsa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela