Moriana oa Methapo e Kulang ea Boko
Mathateng ’ohle ao batho ba nang le ’ona mehleng ena, ha ho makatse hore a mangata ke a amanang le ho khathala maikutlong. Nkhono oa Canada o hlalosa boemo ba hae le kamoo a fumaneng pheko kateng.
“Ke hōlisa setloholo sa moshanyana se lilemo li 11, ’me ke sa tsoa fumana sa ngoanana se lilemo li 14 ho tla nthusa. Ke na le methapo e kulang ea kelello, empa ke batla feela ho le bolella hore ha ke ikutloa ke nyahama, ha ke rapele Jehova feela empa ke fumana se seng hape se hlileng se thusang.
“Ke tlohela seo ke ntseng ke se etsa ebe kea paqama kapa ke lula fatše ke buletse litheipi tsa Kingdom Melodies. Ke koala mahlo ’me ke ntša menahano e meng ka kelellong ea ka ka ho hopola mantsoe ao ke a khonang ha ’mino o ntse o bapala. Ha ke tsoha, ke ikutloa ke hlaphohetsoe haholoanyane ’me ke tseba ho tsoela pele hape.”
Le uena u ka fumana molemo litokisetsong tsena tsa ’mino o motle, le o khathollang. K’hasete ka ’ngoe ea tse 8, Kingdom Melodies 1, 2, 3, 4, 5, 6, 7, le 8, e ja feela R5 ’me e bapala hora. Iphumanele lik’hasete tse thathamisitsoeng ka tlaase ka ho tlatsa le ho romela setlankana sena.
Ka kōpo nthomelleng, (li)k’hasete tse bontšitsoeng ka tlaase, poso e lefelletsoe. Bakeng sa k’hasete ka ’ngoe e odoriloeng ke kentse R5 ho koahela litšenyehelo.
[ ] Kingdom Melodies 1 [ ] Kingdom Melodies 2
[ ] Kingdom Melodies 3 [ ] Kingdom Melodies 4
[ ] Kingdom Melodies 5 [ ] Kingdom Melodies 6
[ ] Kingdom Melodies 7 [ ] Kingdom Melodies 8