Likotsi Tse Ncha Tsa Aids?
Mohlomong batho ba limillione tse 10 ho isa ho 20 lefatšeng lohle hona joale ba na le kokoana-hloko ea AIDS. Profensing ea Canada ea British Columbia, ho lekanyetsoa hore batho ba 10 000 ho isa ho 20 000 ba tšoaelitsoe, ’me lingaka li tšoenyehile ka hore lenane lea eketseha. Kahoo B.C. ea Thuto ea Bophelo bo Botle haufi-nyane e lokiselitse bukana ea boholo ba makasine, e fanang ka “boitsebiso ba morao-rao ka AIDS.”
Bukana e boetse e pheta litlhokomeliso tse boleloang hangata ka ho kopanela liphate le balekane ba tšoaelitsoeng le ho sebelisa nale e le ’ngoe le motho ea tšoaelitsoeng. Leha ho le joalo, e boetse e hlalosa hore ha e le mona kokoana-hloko ena e le maling, ho na le kotsi e ’ngoe e khethehileng ea lisebelisoa tse hlabang letlalo. Ka mohlala, bukana e bolela lintho tse sebelisoang tse bakang tšoaetso joaloka tse phunyang litsebe, ho ngola letlalo ka nale e sieang enke letlalong le ho phekola ka ho sebelisa linale tsa acupuncture. Bukana ea phaella: “Ho boetse ho kotsi ho sebelisa lehare le le leng kapa borosolo ea meno le motho ea tšoaelitsoeng.”