Ho Thusa ba Nang le AIDS
“BA ANNGOE ke AIDS, Moruti o Fumana Mamati a Koetsoe” e ne e le sehlooho sa taba e ’ngoe ho The New York Times. Koranta eo e ile ea hlalosa pale ea moruti oa Baptist eo mosali oa hae le bana ba hae ba babeli ba neng ba tšoaelitsoe kokoana-hloko ea AIDS ka baka la tšelo ea mali eo a e filoeng ka 1982 (bana ba ile ba tšoaetsoa ka pōpelong). Ka mor’a moo, eena le lelapa la hae ba ile ba thibeloa ho ea likerekeng tse fapaneng tsa Baptist ka lebaka la boloetse boo. A feletsoe ke tšepo, o ile a khaotsa ho ea kerekeng ’me a tlohela ho ba moruti oa Baptist.
Pherekano ea monna enoa ka lebaka la ho hlōleha ha kereke ea hae e phahamisa lipotso tse ’maloa: Na Molimo o tsotella batho ba kulang, ho akareletsa le ba nang le AIDS? Ba ka thusoa joang? Ke mehato efe e sireletsehileng e lokelang ho nkuoa ha ho fanoa ka matšeliso a Bokreste ho ba nang le AIDS?
Lerato la Molimo ho ba Mahlomoleng
Bibele e bontša hore Molimo ea Matla ’Ohle o bontša kutloelo-bohloko e tebileng ho ba utloang bohloko. Ha Jesu a ntse a le lefatšeng, le eena o bontšitse kutloelo-bohloko e tsoang pelong ho ba kulang. ’Me Molimo o ile a mo neha matla a ho folisa batho maloetse ’ohle a bona, joalokaha Bibele e bolela: “Matšoele a mangata a tla ho eena, a tlisa lihlotsa, le lifofu, le limumu, le lihole, le ba bang ba bangata; ba ba bea maotong a Jesu, ’me a ba folisa.”—Mattheu 15:30.
Ho hlakile hore kajeno Molimo ha a neha motho leha e le ofe lefatšeng matla a ho folisa batho ka mohlolo joaloka Jesu. Empa boprofeta ba Bibele bo bontša hore haufinyane, lefatšeng le lecha la Molimo, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24, NW) Bibele ea tšepisa: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko.” (Tšenolo 21:4) Leratong la hae le leholo ho batho, Molimo o lokiselitse pheko ea ka ho sa feleng bakeng sa maloetse ’ohle, ho akareletsa le AIDS.
Pesaleme ea 22:24 e re ka Molimo: “Ha a ka a nyelisa, ha a ka a khesa bohlomohi ba ea hlomohileng, ha a ka a mo patela sefahleho sa hae; empa a ’na a mamela mehoo ee a neng a e phahamisetsa ho eena.” Lerato la Molimo lea fumaneha ho bao ka botšepehi ba hoeletsang ho eena bakeng sa thuso.
Ke Bomang ba Tšoaroang ke Kokoana-hloko ea AIDS?
Boloetse ba AIDS haholo-holo ke bo tsamaeang le mokhoa oa bophelo. Ha ho talingoa liketsahalo tse fetileng, batho ba bangata ba lumellana le Pesaleme ea 107:17 (NW), e reng: “Bao e neng e le maoatla, ka lebaka la tsela ea bona ea ho tlōla molao le ka lebaka la liphoso tsa bona, qetellong ba ipaketse mahlomola.”
Ha motho a lahla litekanyetso tsa Bibele ’me a kopanela likamanong tsa botona le botšehali ntle ho tokisetso ea Molimo ea lenyalo, kotsi ea ho tšoaroa ke AIDS kapa ho e tšoaetsa ba bang e fetoha ea sebele. Hape, ha batho ba arolelana linalete ho ikentela lithethefatsi methapong, ba ka tšoaetsoa AIDS ’me ba ka fetisetsa kokoana-hloko eo ho ba bang. Ho phaella moo, ba bangata ba fumane AIDS ka litšelo tsa mali a tsoang ho batho ba tšoaelitsoeng.
Leha ho le joalo, ho utloisang bohloko ke lipalo tse ntseng li eketseha li sa khaotse tsa batho ba se nang molato ba tšoaelitsoeng kokoana-hloko ea AIDS, le ka litsela tse ling tse ngata. Ka mohlala, balekane ba bangata ba tšepahalang ba leng lenyalong, e se molato oa bona, ba tšoaroa ke AIDS ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le molekane oa bona ea tšoaelitsoeng. Hape, haholo-holo libakeng tse ling, palo e phahameng haholo ea masea e fumana kokoana-hloko ea AIDS ho bo-’mè ba tšoaelitsoeng, e leng ho etsang hore lesea le sa tsoa hlaha le nang le kokoana-hloko ea AIDS e be mohlaseluoa ea hlomolang ka ho fetisisa. Hape, basebetsi ba sepetlele le ba bang ba fumane boloetse bona ka lebaka la likotsi ha ba ne ba sebetsana le mali a silafetseng.
Ka tsela leha e le efe eo motho a fumanang AIDS ka eona, ho hlakile Mangolong hore Molimo ha a ikarabelle ka tšoaetso ea boloetse bona bo bolaeang. Le hoja kajeno boholo ba batho ba tšoaelitsoeng ke AIDS ba ikarabella ka bobona ebile ba tšoaelitse ba bang ka boitšoaro bo sa lumellaneng le litekanyetso tsa Bibele, lipalo li ntse li fetoha, li bontša lipalo tse khōloanyane tsa bahlaseluoa ba se nang molato, joaloka masea le balekane ba tšepahalang.
Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle o bolela hore ho pholletsa le lefatše hona joale basali ba tšoaetsoa kokoana-hloko ea AIDS hoo e ka bang hangata joaloka banna le hore ka selemo sa 2000, karolo e khōlō ea batho ba tšoaelitsoeng e tla be e le basali. Basebeletsi ba bophelo Afrika ba bolela hore karolo ea 80 lekholong ea litšoaetso tsa AIDS moo “li fetisoa ka ho ba le likamano tsa botona le botšehali le motho oa bong bo fapaneng, ’me tse ling kaofela li fetisoa ho tloha ho ’mè ho ea ho ngoana nakong ea ho ima kapa pelehi.”
Leha ho le joalo, le hoja Molimo a hanyetsa tlōlo leha e le efe ea melao ea hae, ho akareletsa le litlōlo tse bakang ho utloa bohloko ho joalo, o potlakela ho atolosetsa letsoho la hae le mohau ho bohle ba mahlomoleng a joalo. Esita le ba fumaneng AIDS ka liketso tse fosahetseng ba ka rua molemo mohaung oa Molimo ka ho baka le ho khaotsa ho etsa bobe.—Esaia 1:18; 1 Bakorinthe 6:9-11.
Se Tsejoang Hona Joale
AIDS ke bothata ba bophelo lefatšeng ka bophara. Le hoja bo-rasaense ba tiisetsa batho hore “HIV ke kokoana-hloko e sa tšoaetsoeng habonolo,” ke matšeliso a se nang phoofo ho ba limilione ba seng ba e-na le eona le ho ba limilione tse ngata ba tla e fumana lilemong tse tlang. Linnete li bontša hore e ntse e nama ho pholletsa le lefatše.
Ha e akaretsa mekhoa e tloaelehileng ea ho tšoaetsoa, khatiso e ’ngoe e re: “Hoo e batlang e le litšoaetso tsohle tsa HIV li fetisoa ka likamano tsa botona le botšehali kapa ka ho pepesetsoa maling a nang le tšoaetso.” Ha e bontša liqeto tsa ba bangata ba sebetsanang le bongaka, tlaleho ea bolela: “Hore tšoaetso e be teng, ho tsoakana ha maro a ’mele ho tlameha hore ho be teng (hoo e ka bang ka mehla e le mali kapa peō ea botona) ho tloha ho motho ea tšoaelitsoeng ho ea ’meleng oa motho ea sa tšoaetsoang.”
Leha ho le joalo, lipoleloana ‘hoo e batlang e le tsohle’ le “hoo e ka bang ka mehla” li bontša hore mekhelo e ka ba teng. Kahoo le hoja kajeno ba lefapha la bongaka ba tseba mekhoa e mengata eo AIDS e fetisoang ka eona, liketsahalong tse fokolang haholo lekholong, mokhoa oa ho fumana kokoana-hloko eo ha o tsejoe. Ka hona, ho ntse ho ka ’na ha hlokahala phalimeho.
U tla Arabela Joang?
Batho ba ka bang limilione tse 12 ho ea ho tse 14 ho potoloha lefatše ba se ba ntse ba tšoaelitsoe kokoana-hloko ea AIDS. ’Me likhakanyetso ke hore ba limilione tse ngata tse eketsehileng ba tla be ba tšoaelitsoe bofelong ba lekholo lena la lilemo. Ka hona, mohlomong haufinyane u tla sebetsana le batho ba nang le boloetse bona kapa u se u ntse u sebetsana le bona. Ka mohlala, motseng ofe kapa ofe o moholo, ho kopana ho tloaelehileng le batho ba joalo ho etsahala ka mehla libakeng tsa mosebetsi, matlung a ho jela, liholong tsa ho bina, libakeng tsa ho bapala, libeseng, litseleng, lifofaneng, le litereneng, hammoho le libakeng tse ling tsa sechaba.
Kahoo, ka ho eketsehileng Bakreste ba ka ’na ba kopana, ’me ba susumeletseha ho thusa batho ba tšoeroeng ke AIDS ba batlang ho ithuta Bibele, ho ba teng libokeng tsa Bokreste, le ho hatela pele ho leba boinehelong ho Molimo. Bakreste ba lokela ho arabela joang litlhokong tsee tsa bahlaseluoa ba AIDS? Na ho na le mehato e sireletsehileng e ka sebetsang molemong oa ea kulang le bakeng sa ba ka phuthehong ea Bokreste?
Ho latela tumellano e fihletsoeng morao tjena, ho kopana ho tloaelehileng ha ho fetise AIDS. Kahoo ho bonahala e le ho utloahalang hore motho a se be le tšabo e sa lokelang ea ho ba ’moho le batho ba nang le AIDS. ’Me kaha batho ba tšoeroeng ke AIDS ba na le tsamaiso e fokolang haholo ea hore ’mele o itšireletse mafung, re tlameha ho ba hlokolosi hore ba se ke ba fumana litšoaetso tse tloaelehileng tsa likokoana-hloko tseo e ka ’nang eaba li teng ka ho rōna. ’Mele oa bona o ka ’na oa lematsoa haholo ke boloetse bo joalo bo tloaelehileng.
Ka lebaka la mokhoa oa AIDS o sokelang bophelo, ke bohlale ho hopola mehato e sireletsehileng e utloahalang ha ho amoheloa motho ea tšoeroeng ke AIDS tšebelisanong ea rōna ea botho kapa tšebelisanong le phutheho ea Bokreste. Tabeng ea pele, le hoja ho se tsebiso e akaretsang e lokelang ho etsoa, re ka ’na ra batla ho tsebisa e mong oa baholo ka phuthehong ka boemo boo e le hore a ka itokisetsa ho fana ka karabelo e mosa le e loketseng ho motho leha e le ofe ea ka ’nang a botsa ka taba eo.
Kaha kokoana-hloko eo e ka fetisoa ka mali a motho ea tšoaelitsoeng, e ka ba ho utloahalang hore liphutheho li sebelise ho bitsoang mehato e sireletsehileng e sebelisoang hohle, ha ho hloekisoa matloana le meqaphaletso, haholo-holo haeba meqaphaletso eo e na le mali. “Mehato e sireletsehileng e sebelisoang hohle” ke polelo e khethiloeng ke lingaka ho hlalosa melao moo mali ’ohle a tsoang ho motho leha e le ofe a talingoang a silafetse ebile a ka hlahisa kotsi ’me ka hona a tšoaroa ka tsela e khethehileng. Kaha Holo ea ’Muso ke mohaho oa batho bohle, e ka ba bohlale hore lisebelisoa tsa ho hloekisa li lule li fumaneha hammoho le lebokose la Latex kapa lihanekausi tsa rekere bakeng sa ho fana ka tlhokomelo e loketseng le tlhoekiso haeba ho hlaha kotsi ea tšohanyetso. Karolo ea 10 lekholong ea motsoako o soeufatsang (Jik) ka kakaretso ke oona o buelloang ho hloekisa moo ho nang le meqaphaletso ea mali.
Litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba bang, ho akareletsa le bahlaseluoa ba AIDS, Bakreste ba laeloa ho latela mohlala oa Jesu. Kutloelo-bohloko eo a neng a e-na le eona ho ba neng ba le mahlomoleng, empa ba tšepahala takatsong ea bona ea ho khahlisa Molimo, re lokela ho mo etsisa ka ho e bontša. (Bapisa le Mattheu 9:35-38; Mareka 1:40,41.) Leha ho le joalo, kaha hona joale ha ho na pheko bakeng sa AIDS, ho loketse hore Mokreste a nke mehato e sireletsehileng e utloahalang ha a bontša thuso e nang le kutloelo-bohloko ho ba tšoeroeng ke eona.—Liproverbia 14:15.
Bahlaseluoa ba AIDS le Bona ba ka Thusa
Motho ea masene ea tšoeroeng ke AIDS oa hlokomela hore ba bang ba tšaba boloetse bona. Ka hona, ka lebaka la ho hlompha maikutlo a batho ba batlang ho mo thusa, ho tla ba molemo ho mohlaseluoa oa AIDS ho se ithaopele ho bontša kameho e tloaelehileng pontšeng joaloka ho kopa le ho aka. Esita le haeba ho na le monyetla o monyenyane kapa o le sieo oa hore lipontšo tse joalo li ka fetisa boloetse, ho ithiba hona ho tla bontša hore mohlaseluoa o nahanela ba bang, ka hona a etsa hore ba bang ba be le kameho e tšoanang ka eena.a
A hlokomela hore batho ba bangata ba tšaba ntho e sa tsejoeng, motho ea nang le AIDS ha a lokela ho khopeha kapele haeba a sa memeloe mahaeng a batho hang-hang kapa haeba ho bonahala hore motsoali o hanela ngoana ho ba setsoalleng se haufi le eena. ’Me haeba e ’ngoe ea Lithuto tsa Buka tsa Phutheho e tšoareloa Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova, e ka ’na ea e-ba bohlale ho motho ea nang le AIDS ho khetha ho ea moo, ho e-na le lehaeng la motho, ntle le haeba motho eo a buisane le mong’a ntlo ka boemo boo.
Ka mohlala, batho ba tšoeroeng ke AIDS ba boetse ba lokela ho bontša kameho e seli ho ba bang haeba ba na le ho hohlola ho ntšang mamina ’me ho tsebahala hore ba na le lefuba. Ka hona ba tla batla ho sebelisa litataiso tsa bophelo tsa sechaba mabapi le boemo bona ha ho tluoa litaelong tsa ho ikarola ho ba bang.
Boemo bo bong boo ho bona motho ea se nang molato a ka tšoaetsoang ke ka ho nyalana le e mong ea nang le kokoana-hloko ea AIDS ’meleng a sa tsebe. Ho hlokahala temoho ka ho khethehileng maemong a joalo haeba e mong kapa ka bobeli ho batho ba rerileng ho nyalana ba ne ba itšoere hampe kapa ba sebelisa linalete bakeng sa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi pele ba tla ’neteng e nepahetseng ea Lentsoe la Molimo. Kaha ho na le palo e hōlang ea batho ba nang le tšoaetso e patehileng ea HIV (ke hore, ba e-song ho be le matšoao a bonahalang ka ntle), e tla ba ho loketseng hore motho ka mong kapa batsoali ba tsotellang ba kōpe tlhahlobo ea mali bakeng sa AIDS ho molekane oa ka moso pele ho tebeletsano kapa lenyalo. Ka lebaka la mokhoa o sehlōhō, o bolaeang oa boloetse bona, molekane oa ka moso oa lenyalo ha a lokela ho khopeha haeba ho etsoa kōpo eo.
Haeba tlhahlobo e joalo e bontša hore tšoaetso e teng, e ke ke ea e-ba ho loketseng hore molekane ea tšoaelitsoeng a hatelle molekane oa nako e tlang ho ntšetsa lefereho pele kapa tebeletso haeba joale molekane eo oa ka moso a lakatsa ho khaotsa kamano. ’Me e tla be e le bohlale hore motho leha e le ofe eo pele a neng a phela bophelo bo kotsi haholo, ea neng a itšoere hampe kapa a sebelisa lithethefatsi ka ho li entela methapong, a khethe ka boithaopo ho hlahlobjoa pele a qalisa lefereho. Ka tsela ena, ho ka qojoa maikutlo a utloisang bohloko.
Ka hona, joaloka Bakreste re batla ho bontša kutloelo-bohloko le ho se nene batho ba nang le AIDS, leha ho le joalo, re hlokomela hore maikutlo a batho ka bomong a ka ’na a fapana tabeng ena e ka utloisang maikutlo bohloko habobebe. (Ba-Galata 6:5) Mabapi le boloetse bo kang AIDS, ha se lintho tsohle tse tsejoang, kahoo ba bang ba ka ’na ba e-ba leqe ha ba sebetsana le litaba tse amehang. Pono e leka-lekaneng ka taba ena ke ho tsoela pele ho amohela bahlaseluoa ba AIDS phuthehong ea Bokreste le ho ba bontša lerato le mofuthu, ha ka nako e tšoanang re ntse re nka mehato e sireletsehileng e utloahalang ho itšireletsa le ho sireletsa malapa a rōna boloetseng bona.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ke eng seo motho ea tsebang hore o na le AIDS a lokelang ho se etsa haeba a batla ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova le ho kolobetsoa? Ka lebaka la ho hlompha maikutlo a ba bang, e ka ’na ea e-ba bohlale ho bona hore ba kōpe ho kolobetsoa ba le bang, le hoja ho se na bopaki bo bontšang hore AIDS e ile ea fetisoa matangoaneng a ho sesa. Le hoja Bakreste ba bangata ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba kolobetsoa lipokanong tse khōlō tsa sechaba, ba bang ba ile ba kolobetsoa moo ba leng bang ka lebaka la maemo a fapa-fapaneng. (Liketso 2:38-41; 8:34-38; 9:17,18) Khetho e ’ngoe e ka ba hore motho ea eang kolobetsong ea nang le AIDS a kolobetsoe qetellong.
[Lebokose le leqepheng la 21]
Ke Ile ka mo Utloela Bohloko
Ka letsatsi le leng ha ke le mosebetsing oa phatlalatsa, ke ile ka atamela mosali e mocha ea ka bang lilemo li 20. Mahlo a hae a maholo a masootho a ne a bonahala a sa thaba. Ha ke leka ho qalisa moqoqo ka ’Muso oa Molimo, ke ile ka mo bontša e ’ngoe ea lipampitšana tseo ke neng ke li tšoere. Ntle ho qea-qeo o ile a khetha Matšeliso ho ba Tepelletseng Maikutlong. O ile a sheba pampitšana ena eaba oa ncheba, ’me ka moea o robehileng a re: “Ngoan’eso o sa tsoa bolaoa ke AIDS.” Pele ke qetella ho bontša kutloelo-bohloko ea ka, o ile a re: “Le ’na ke tlil’o bolaoa ke AIDS, ’me ke na le bana ba banyenyane ba babeli.”
Ke ile ka mo utloela bohloko, ’me ke ile ka ’malla Bibele ka bokamoso boo Molimo a bo tšepisitseng moloko oa batho. O ile a phasoloha ’me a re: “Ke hobane’ng ha Molimo a ka ntsotella hona joale ha ’na ke sa ka ka mo tsotella le ka mohla?” Ke ile ka ’molella hore ho tsoa thutong ea Bibele, o tla utloisisa hore Molimo o amohela e mong le e mong eo ka botšepehi a bakang ’me a mo tšepa ebile a tšepa sehlabelo sa thekollo sa Mor’a hae. O ile a arabela: “Kea tseba hore na u mang. U tsoa Holong ea ’Muso e leng seterateng sena—empa na motho ea kang ’na o tla amoheloa Holong ea lōna ea ’Muso?” Ke ile ka mo tiisetsa hore o tla amoheloa.
Qetellong ha a ikela ka tsela ea hae, a tšoere buka Bibele—Lentsoe la Molimo Kapa la Motho? le pampitšana ea hae, ke ile ka nahana, ‘Ekare a ka fumana matšeliso a ka fanoang ke Molimo feela.’