AIDS—Tlokotsi Bakeng sa Bacha
SEOA sa AIDS ha se khethe batho ba lilemo tse itseng kapa ba moloko o itseng. Litlaleho tsa lefatše lohle li fana ka bopaki bo hlomolang pelo ba hore “AIDS e Ntse e Ata Har’a Bacha ba ka Tlaase ho Lilemo tse 20, e Leng Phetoho e Ncha e Tšosang Litsebi,” joalokaha ho ile ha phatlalatsoa sehloohong se buang ka AIDS makasineng oa New York Times. Ho ata ha lefu le tšoaetsanoang la AIDS bacheng ba ka tlaase ho lilemo tse 20 “e tla ba tlokotsi e latelang,” ho ea kamoo Dr. Gary R. Strokash, mookameli oa bongaka ba bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 oa setsi sa bongaka se tsebahalang sa Chicago a boletseng ka teng. O ile a re: “Ea tšosa ’me e tla ba e ferekanyang.” Mookameli ea ka sehloohong oa kliniki ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ea Setsi sa Bongaka sa Kaiser Permanente se San Francisco, Dr. Charles Wibbelsman, o ile a re ka pelo e bohloko: “Ha ho pelaelo hore seoa sa AIDS sa lilemo tsa bo-1990, haeba ho se na ente e se thibelang, se tla hlasela . . . bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.” Morupeli ea tsebahalang oa AIDS Motseng oa New York o ile a bua tjena ka bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba tšoaelitsoeng AIDS: “Re nahana hore ke boemo ba tlokotsi ea tšohanyetso.”
The Toronto Star ea Canada, sehloohong sa eona sa litaba e bontšitse hore ho na le tebello e nyahamisang ha AIDS e ntse e ata har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20. Ngaka e ’ngoe e itse: “Hona joale, ho se ho le hobe haholo ho feta kamoo mang le mang a elelloang ka teng. Ke nahana hore ke bothata bo boholo boo ka sebele re ke keng ra bo laola. Qetellong re tla bona hore na bo bobe hakae.” Polelo e bonolo ea ngaka e fetoha maikutlo a akaretsang a liofisiri tsa bophelo bo botle le a babusi lefatšeng lohle ha AIDS e ntse e ja setsi.
Ho fihlela haufinyane tjena, litsebi tsa AIDS li ne li sa nahane ka bacha e le ba leng kotsing e phahameng ea ho tšoaetsoa kokoana-hloko ea HIV (human immunodeficiency virus [kokoana-hloko e felisang boitšireletso ba motho mafung]), e bakang AIDS. Ngaka e ’ngoe ea Motse oa New York e itse: “Re bua ka ntho eo selemong se fetileng e neng e le ntho eo ho nahanoang feela hore e ka etsahala.” Leha ho le joalo, The New York Times e ile ea tlaleha: “Lingaka tseo selemong se fetileng li neng li se na mokuli ea ka tlaase ho lilemo tse 20 ea tšoaelitsoeng joale li na le ba 12 kapa ba fetang moo.”
Bafuputsi ba na le maikutlo a hore le hoja boitsebiso bo fumanoeng ka bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba nang le kokoana-hloko ea AIDS bo tšosa, tseo ke linyane, kaha hangata matšoao ha a bonahale ho fihlela ka mor’a lilemo tse supileng kapa tse leshome motho a tšoaelitsoe lefu leo. Kahoo bao ba tšoaelitsoeng kokoana-hloko ea HIV ha ba le lilemong tse qalang tsa boroetsana kapa bohlankana ba bona ba ka ’na ba se ke ba ba le matšoao a felletseng a AIDS ho fihlela ha ba se ba le haufi le ho ba lilemo li 20 kapa ba le qalong ea lilemo tsa bona tsa bo20.
Ka mohlala, tlhahlobong ea morao-rao ea bana bohle ba hlahang naheng ea New York ho tloha ka 1987, Lekala la Bophelo bo Botle la Naha ea New York le ile la fumana hore lesea le le leng ho a sekete ao bo-’mè ba ’ona ba leng lilemo li 15 le ne le e-na le lithibela mafu tsa kokoana-hloko ea AIDS, tse bontšang hore ’mè oa lesea lena o ne a tšoaelitsoe lefu leo. Ho tšosang ke hore tlhahlobo eona eo e senotse hore lesea le le leng ho a lekholo ao bo-’mè ba ’ona ba leng lilemo li 19 le ne le e-na le lithibela mafu tsa kokoana-hloko ea AIDS. Tlhahlobo e tsoelang pele ea CDC (U. S. Centers for Disease Control [Litsi tsa ho Thibela Mafu tsa United States]) e senotse hore karolo ea 20 lekholong ea banna ba Maamerika le ea 25 lekholong ea basali ba Maamerika ba nang le AIDS ke ba lilemong tsa bona tsa bo-20. CDC e tlaleha hore maemong a mangata, boloetse bona bo ile ba fumanoa nakong ea bocha.
Leha ho le joalo, seo se ka ba joalo joang, kaha ke ka seoelo, haeba ke ntho e ka etsahalang, masea a hlahang a e-na le kokoana-hloko ea AIDS a phelang ho fihlela e e-ba bacha? Mabaka a sena aa ferekanya!
The New York Times e tlaleha hore bafuputsi le lingaka ba fana ka bopaki ba hore bacha ba kajeno ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba “kopanela likamano tsa botona le botšehali ka ho fetelletseng, joalokaha litekanyo tsa maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ao ba nang le ’ona li bontša.” Setsi sa Boikhethelo ba Sechaba se tlaleha hore selemo ka seng mocha a le mong ho ba tšeletseng ba ka tlaase ho lilemo tse 20 o ba le boloetse bo tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ’me ngoanana a le mong ho ba tšeletseng ba kenang sekolo se phahameng ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali o bile le bonyane balekane ba bane ba fapaneng.
U.S.News & World Report e ile ea tlaleha: “Ho sa tsotellehe likeletso tse mo phehellang hore a ‘hane,’ mocha oa Leamerika ka tloaelo o lahleheloa ke boroetsana ba hae ha a le lilemo li 16.” Makasine oo o ile oa re: “Kaha ke bacha ba seng bakae feela ba hlahlojoang, ba bangata ho ba tšoaelitsoeng ha ba tsebe hore ba na le kokoana-hloko ea HIV.” Setsebi se seng sa AIDS se ile sa ngola hore ho sa tsotellehe hore na ke ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le motho ofe kapa ofe ka baka la ho sebelisa crack cocaine kapa che, kapa hore na ke ba tsoileng taolong kapa che, “bacha ba Maamerika ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba hlaseloa habonolo ke AIDS. Ba se ba ntse ba latsoa phihlelo ea ho kula ha ba limillione tse 2,5 ba tšoeroeng ke maloetse a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali selemo le selemo.” Dr. Gary Noble oa CDC o ile a hlokomela: “Rea tseba hore boitšoaro ba bona ba botona le botšehali bo fella ka ho ipeha kotsing e khōlō ea ho tšoaetsoa mafu.”
Ba eketsang lenane le ntseng le hōla ka potlako la batho ba fetisetsang kokoana-hloko ea AIDS ho ba bang ke bashemane le banana ba hlalefetseng lintho tsa seterateng, ba bang ba bona e le bao e e-s’o be baroetsana kapa bahlankana, ba bangata ba bona e le ba balehileng ho hleka-hlekoa ke batsoali ba bona. Har’a bona ho bile le keketseho e khōlō ea lenane la ba sebelisang crack cocaine. Ba bangata ba fetohile liotsoa e le hore ba ka tšehetsa temalo ea bona kapa bakeng sa ho fumana sebaka sa ho robala. Ka mohlala, South America, moeletsi oa bana ba Brazil o itse: “Hangata banana ba lilemo li robong le ba lilemo li leshome ba sebetsa joaloka liotsoa, ka linako tse ling bakeng sa poleiti ea lijo.” O ile a re: “Ba bangata ba bona ba tseba ho honyenyane feela ka AIDS kapa likamano tsa botona le botšehali. Nkile ka ba le banana ba neng ba imme ’me ba nahana feela hore ho ima hoo ba ho ‘fumane’ joaloka sefuba.”
Dr. Philip Pizzo, eo e leng setsebi sa AIDS e bile e le mookameli ea ka sehloohong oa lekala la bongaka la mafu a bana Setsing sa Sechaba sa Kankere, o ile a re ho phahama ha palo ea bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba tšoaelitsoeng HIV ba balehileng mahae ke litaba tse bohloko tsa seoa sena sa AIDS. “Ho na le bana ba fetang millione ba balehileng mahae ba phelang ka bootsoa. Ha ho pelaelo hore ba bangata ba bona ba tla busetsoa sechabeng.”
Na hoa makatsa hore ebe seoa sa AIDS se eketseha ka potlako e khōlō har’a bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 lefatšeng lohle? Na sesosa sa sona ke se ke keng sa felisoa? Ho tla ba joalo hafeela ba tšoaelitsoeng kokoana-hloko ea AIDS le ba ke keng ba hana likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo ba ntse ba tsoela pele ho iphapanya le ho bontša boikutlo ba ho se tsotelle. Ka mohlala, nahana ka tlaleho ena ea The Sunday Star ea Johannesburg, Afrika Boroa. Phuputsong ea haufinyane e ileng ea etsoa bakuling ba 1 142 ba kliniki ba nang le mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali, karolo ea 70 lekholong e ile ea lumela hore e ba le likamano tsa botona le botšehali le balekane ba 3 ho ea ho ba 80 ka khoeli. Ba bang ba bona ba ne ba ntse ba kopanela likamano tsa botona le botšehali ’me ba tšoaetsa ba bang.
Ka bomalimabe, bacha ba bangata ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ha baa ameha hakaalo ka ho tšoaroa ke AIDS. Ho bona letsatsi le leng le le leng ke la ho loanela ho phela—kaha ho na le mekhoa e mengata ea ho shoa seterateng—hoo ba ke keng ba ameha haholo ka ntho e ka ’nang ea ba bolaea lilemo tse itseng hamorao. Ba na le boikutlo ba hore ha nako e ntse e ea ho tla fumanoa pheko e tlang ho ba pholosa. Setsebi se seng sa AIDS se itse: “Bahlankana le baroetsana ke mohlala o ka sehloohong oa sehlopha se sa shebeleng litaba pele lilemong tse leshome tse tlang.”
Ho na le ho hloka kutloisiso ho utloisang bohloko har’a ba bangata ba nahanang hore balekane bao ba kopanelang likamano tsa botona le botšehali le bona ha ba ba thetse ha ba re ha ba na kokoana-hloko ea AIDS. Hangata sena hase ’nete. Esita leha boloetse bona bo se bo le boemong bo kotsi, bahlaselula ba bangata ba tšoaetsa ba bang ka boikemisetso ka baka la ho utloa bohloko kapa ho iphetetsa.
Ba bang ba sa lokelang ho hlokomolohuoa ke ba nkileng kokoana-hloko ena lienteng tse silafetseng tse sebelisetsoang ho kenya lithethefatsi methapong—e leng mocha o seng o bolaile ba bangata. ’Me qetellong, ho na le kotsi e teng ka mehla ea ho fumana AIDS ka litšelo tsa mali. Bahlaseluoa ba bangata ba se nang molato ba se ba bolailoe ke boloetse bona, ’me ba bang ba tla bolaoa ke mali a silafetseng a nang le kokoana-hloko ea HIV. Lingaka tse ngata le baoki ba tšaba ho itlhaba ka liente tse nang le kokoana-hloko ea AIDS, e ka fetolang bophelo ba bona ka ho felletseng. Na hoa makatsa hore ebe AIDS e bitsoa tlokotsi ea lilemo tsa bo-1990 le ea lilemo tse ling tse tlang?