Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 8/8 maq. 25-26
  • AIDS—Seo Batsoali le Bana ba Lokelang ho se Tseba

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS—Seo Batsoali le Bana ba Lokelang ho se Tseba
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Seo U Lokelang ho se Tseba
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • AIDS—Tlokotsi Bakeng sa Bacha
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
  • AIDS—Na Ke Kotsing?
    Tsoha!—1993
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 8/8 maq. 25-26

AIDS—Seo Batsoali le Bana ba Lokelang ho se Tseba

KA BOMALIMABE bakeng sa bacha ba bangata ba nang le AIDS, hangata mathata a bona a bakiloe ke monahano o sa leka-lekanang oa batho ba baholo ba sa tsebeng letho ka AIDS. Maemong a mangata batsoali ba kentse khethollo likelellong tsa bana ba bona khahlanong le batho ba tšoeroeng ke lefu leo. Esita le ka mor’a hore lingaka li re ha ho na kotsi, baokameli le lihlooho tsa likolo li hanne ho amohela liithuti tse nang le kokoana-hloko ea AIDS. Kahoo ho boloka taba ena e le lekunutu ke lepetjo la batsoali ba bana ba nang le kokoana-hloko ea HIV. Ba tšohile, ’me maemong a mang e le ka mabaka a matle, hore bana ba bona ba tla khesoa, ba hleka-hlekoe, kapa ba etsoe ho hobe ho feta moo.

Ka mohlala, ’mè e mong eo morali oa hae a neng a e-na le AIDS o ne a tšohile hore o tla khathatsoa ke baahelani hoo a bileng a thibela morali oa hae ho bapala le bana ba bona. “Ha u batle hore batho ba lulang pel’a hao ba tsebe hore ngoana oa hao o na le AIDS, hobane batho ba etsa lintho tse makatsang.” Ho latela litlaleho, hona hase ho fetelletsa litaba. Metsoalle ea hlooho ea khomo le baahelani ba ’nile ba qoba ho kopana le batsoali ba joalo. Metsoalle e ’nile ea ba koekoetla seterateng ho e-na le ho bontša hore ea ba tseba kapa ho ba lumelisa. Khethollo e bakoang ke bohloko ba AIDS e tebile hoo batho ba jellang matlong a thekiso ea lijo ba ileng ba tsoa ho ’ona ba rohakana ha lelapa le nang le ngoana ea nang le AIDS le kena. Bo-ntate ba felletsoe ke mesebetsi. Ba bang ba ile ba fumana litšokelo tsa ho hlaseloa ka liqhomane. Mahae a ba bang a chesitsoe.

Bana ba nang le AIDS ba ’nile ba hlaseloa ka mesoaso e bohloko e etsoang ke bana bao ba kenang sekolo le bona. Bana ba kenang sekolo le mohlaseluoa e mong ea joalo oa AIDS, ea ileng a fumana boloetse bona ka tšelo ea mali, ba ne ba mo qosa hangata ka hore ke mosodoma. Ba ne ba ee ba mo some: “Rea tseba hore na ha e le hantle u fumane AIDS joang.” Lelapa lena le ile la khesoa ke litho tsa kereke ea lona. Le ile la fumana mangolo a sa thabiseng le a utloisang bohloko a tsoang ho batho ba sa tsejoeng. Liqubu tsa litšila li ile tsa lahleloa serapeng sa bona sa mohloa. E mong o ile a thunya fensetere e ka pele ea ntlo ea bona.

’Mè e mong ea nang le ngoana ea nang le AIDS o itse: “Ho boloka taba ena e le lekunutu ke hona ho e etsang hore e be e hlomolang hakana.” The New York Times ea eketsa: “Ba bangata har’a bana ba Maamerika ba 1 736 ba ka tlaase ho lilemo tse 13 ba nang le AIDS ba arohantsoe le batho ke boloetse ba bona, ba tlameha ho pata boemo ba bona metsoalleng ea bona e phelang hantle kapa baneng ba kenang sekolo le bona ba ka ’nang ba ba khesa.” ’Me, qetellong, The Toronto Star e ile ea hlokomela sena: “Esita leha mocha a se a shoele, malapa a mangata a tšaba ho senola ’nete, e leng se eketsang bohloko le ho ikarola ho batho ba bang ho tsamaeang le ho lahleheloa ke ngoana ofe kapa ofe.”

Seo U Lokelang ho se Tseba

Re lokela ho hlokomela hore AIDS ha e hlomphe batho. E ka hlasela barui, bafutsana, bacha, ba banyenyane haholo, le ba hōlileng. Linaheng tse ling, bacha ha ba na tsebo e ntle le e lekaneng ka AIDS. Setsebi se seng sa AIDS sa Motse oa New York se boletse hore batho ba bangata “ha ba utloisise boholo ba kotsi ea AIDS ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20.”

Ka mohlala, tlhahlobo e entsoeng ho bacha ba motse o mong o moholo oa Amerika e senotse hore karolo ea 30 lekholong ea bacha ba ileng ba hlahlojoa ba lumela hore AIDS e ka phekoloa ha e le boemong ba eona bo qalang. Pheko ea AIDS ha e e-s’o fumanoe hona joale. Karolo ea boraro e ne e sa tsebe hore motho a ke ke a fumana AIDS feela ka ho tšoara motho ea nang le boloetse boo kapa ka ho sebelisa kama ea hae. Phuputsong e ’ngoe e entsoeng ho bacha ba ka tlaase ho lilemo tse 20 ba 860, ba lilemo li 16 ho ea ho 19, karolong e ’ngoe ea United States ho fumanoe hore karolo ea 22 lekholong e ne e sa tsebe hore kokoana-hloko ea AIDS e ka fetisetsoa ho motho e mong ka peō ea monna ea botona ’me karolo ea 29 lekholong e ne e sa hlokomele hore e ka fetisetsoa ho motho e mong ka maro a tsoang sethong sa botšehali.

Ho tloha nakong ea ho tšoaetsoa ho fihlela ha AIDS e se e hlile e bonahala, bahlaseluoa ba ka fetisetsa kokoana-hloko ea AIDS ho batho ba bang. Leha ho le joalo, e ke ke ea fetela ho motho e mong ka hore a tšoare mohlaseluoa oa AIDS ka letsoho kapa ka ho mo kopa, kaha kokoana-hloko ena e shoa kapele ha e le ka ntle ho ’mele. Ka ho tšoanang, kokoana-hloko ena e ke ke ea phela holim’a litulo tsa matloana, e leng seo ba bang ba se tšabang. Na lihlooho le baokameli ba likolo ba tšaba hore liithuti tse se nang AIDS li ka fumana boloetse boo ka ho noa metsi a tsoang pompong eo mohlaseluoa oa AIDS a qetang ho e sebelisa? Litsebi li re ho tšaba lintho tse joalo ha ho utloahale kaha kokoana-hloko ena ha e na mokhoa oa ho kena tsamaisong ea mali ea motho ea sa tšoaetsoang.

Hangata lingaka li botsoa ka kotsi ea ho phunngoa ha litsebe, kaha li phunngoa ka nale. Litsebi li lumela hore haeba thepa e silafetseng e sebelisoa, ona e ka ba mocha oa ho fumana kokoana-hloko ea AIDS. ’Me ho thoe’ng ka ho aka? Setsebi se seng se itse: “Haeba motho ea nang le AIDS kapa ea nang le kokoana-hloko ea HIV a u aka, ’me u e-na le leqeba le tsoang mali kapa seso molomong oa hao kapa ka hanong u ka tšoaetsoa, empa monyetla oa hore seo se etsahale oa fokola.” Leha ho le joalo, se ka etsahala.

Tsela feela ea ho tseba hore na u tšoaelitsoe, esita le ka mor’a ho hlaha ha matšoao a belaetsang, ke ka ho hlahlojoa ka mokhoa o hlokolosi ke ngaka le ka tlhahlobo ea mali.

’Me qetellong, haeba u le ngoana, bolella batsoali ba hao ’nete. Ha ba bang kaofela ba u khesa, ke bona ba ka u khomarelang le ho u fa khothatso le thuso tseo u tla li hloka. Hlalefa ’me u hane lithethefatsi le likamano tsa botona le botšehali pele ho lenyalo. Seo se ka boloka bophelo ba hao. Bacha ba bangata ba fumaneng kokoana-hloko ea AIDS ka likamano tsa botona le botšehali kapa liente tse silafetseng ba ile ba lumela hore ba susumelitsoe ke litloaelano tse mpe. Ruri, hona joale mantsoe a moapostola Pauluse a na le moelelo o tebileng ho bona. “Le se ke la lahleha: litloaelano tse mpe li bolisa mekhoa e metle”—’me maemong a mang, li ka etsa hore u lahleheloe ke bophelo ba hao.—1 Ba-Korinthe 15:33.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela