Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g88 10/8 leq. 3
  • AIDS—’Molai oa Lefatše Lohle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • AIDS—’Molai oa Lefatše Lohle
  • Tsoha!—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Thusa ba Nang le AIDS
    Tsoha!—1994
  • Ba Nang le AIDS—ke ba Bakae ba ka Shoang?
    Tsoha!—1988
  • AIDS—Tlokotsi Bakeng sa Bacha
    Tsoha!—1991
  • Ke Hobane’ng ha AIDS e Atile Hakana?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—1988
g88 10/8 leq. 3

AIDS—’Molai oa Lefatše Lohle

BALAOLI ba bang ba meriana ba nahana hore AIDS e lintšing tsa ho ba koluoa ea lefatše lohle. “AIDS e ka ba koluoa ea bophelo bo botle ba mehla ea ho phela ha rōna,” ho bolela The New York Times. Dr. William O’Connor, setsebi sa mahlale sa likokoana-hloko, o itse: “Seo re sebetsanang le sona ho bonahala e le koluoa e khōlōhali e kileng ea oela lefatše.”

Dr. Halfdan Mahler oa WHO (World Health Organization [Mokhatlo oa Lefatše oa Bophelo bo Botle]) o boletse: “Re eme re hlobotse ka pel’a lefu le kotsi le aparetseng karolo e khōlō ea lefatše le le bolaeang ho feta lefu leha e le lefe le kileng la e-ba teng. . . .Ntho e ’ngoe le e ’ngoe ea mpefala ka AIDS.”

Selemong se seng le se seng se fetang, palo ea ba shoang ea eketseha. Kapelenyana, palo ea ba shoang ho bonahala e tla ipheta ka makhetlo a mangata. ’Me ho ka ba joalo esita le haeba ho ne ho ka se be le motho e mong hape ea tšoaetsoang ke kokoana-hloko ea AIDS. Hobane’ng? Ka lebaka la palo e khōlō ea batho ba seng ba ntse ba e-na le kokoana-hloko ena, e bang teng ka hare ho motho bophelo bohle ba hae.

Ke ba bakae ba seng ba ntse ba e-na le kokoana-hloko ena? Ba bang ba boletse hore ke ba limillione tse leshome lefatšeng lohle. Tlaleho AIDS and the Third World e lekanyetsa hore haufinyana, AIDS “e tla be e tšoaelitse batho ba limillione tse 50 ho ea ho tse 100.”

Tekanyetso eo e theiloe ho se etsahetseng Afrika, Europa, le Amerika Leboea. Empa AIDS e boetse e kene Latin America le Asia. Politiken ea Denmark ea hlalosa: “Ke’ng se tla etsahala haeba lefu lena la seoa le ka kena ka litekanyetso tse khōlō Amerika Boroa le Asia? . . . Palo ea ba tšoaelitsoeng e ke ke ea e-ba ka tlase ho limillione tse 50 ho ea ho 100.” Esita le haeba lipalo-palo tse joalo li feteletsoa, ha ho pelaelo hore ho na le batho ba limillione ba seng ba ntse ba tšoaelitsoe. ’Me ho na le ba bang hape ba limillione tse ngata ba tla tšoaetsoa lilemong tse tlang.

Hape, batho ba bangata ba seng ba ntse ba e-na le kokoana-hloko ena ea AIDS ha ba tsebe hore ba na le eona. Ho bonahala ba phetse hantle ’meleng empa ba ka fetisetsa kokoana-hloko ena ho ba bang. Kahoo palo ea batho ba tšoaelitsoeng ke kokoana-hloko ena ea AIDS ho tiile hore e tla phahama haholo.

Ngaka e buoang e ka sehloohong Lefapheng la Meriana United States, C. E. Koop e boletse: “Ha ho lefu le kileng la se utloisisoe, la bolaea, le le hanang ho phekoleha ka meriana le ka moento.” O boletse: “Ha re e-s’o ka re e-ba le ntho e ka phekolang, kapa moriana oa ho entela—’me ho bonahala re ke ke ra e-ba le o le mong o fumanehang pele ho bofelo ba lekholo lena la lilemo. U se ke ua etsa phoso. AIDS ea bolaea ’me e ea ata.” Hape Dr. Koop o boletse: “Ke bile ngaka ka lilemo tse batlang li e-ba 50, ’me ha ke e-s’o bone tšokelo e joalo ka AIDS.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela