Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g91 1/8 maq. 14-15
  • Ba Utloa Molaetsa Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Utloa Molaetsa Ofe?
  • Tsoha!—1991
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšepo e Sebetsang ea Bibele Bakeng sa Bokamoso
  • Lefatše le Lecha leo Molimo a le Tšepisitseng
    Le Lule le Lebetse!
  • Lefatše le Lecha le Haufi!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Lefatše le Lecha la Paradeise le Haufi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (Ea Batho ka Kakaretso)—2021
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
Bala Tse Ling
Tsoha!—1991
g91 1/8 maq. 14-15

Ba Utloa Molaetsa Ofe?

U RATA ho phela lefatšeng la mofuta ofe? Ke bokamoso ba mofuta ofe boo u bo batlelang bana ba hao? Haeba u ne u ka ba le bophelo bo phethahetseng le hore u se ke oa shoa, na u ne u tla khetha bona?

U ne u tla arabela lipotso tseo joang? Ho sa tsotellehe setso sa bolumeli kapa sa lipolotiki, batho ba bangata ba batla ho phela lefatšeng le nang le khotso le nala e ngata. Ba ne ba tla amohela lefatše la toka le kutloano, moo ho neng ho ke ke ha e-ba le bolotsana; kapa moo ho nang le molao o mong bakeng sa barui le molao o mong bakeng sa mafutsana.

’Me bakeng sa bana ba hao, ntle ho pelaelo u ne u tla rata hore ho be le lijo tse ngata, lehae le letle, le thuto e molemo. Ka mantsoe a mang, u ne u tla batla bokamoso bo tiileng bakeng sa hao le bana ba hao. ’Me haeba u ne u ka fuoa monyetla, u ne u tla khetha bophelo bo phethahetseng le ho phela nako e telele ka ho lekaneng hore u phethahatse litaba-tabelo tsa hao le litakatso tsohle, esita le ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise le nang ke khotso.

Sena sohle hase toro feela e ke keng ea etsahala. Ke molaetsa oa Bibele oo Lipaki tsa Jehova li o bolelang lefatšeng ka bophara, ho kopanyelletsa linaha tsa Europe Bochabela.

Tšepo e Sebetsang ea Bibele Bakeng sa Bokamoso

Boprofeta ba Bibele bo tšepahalang bo tlalehiloeng makholong a mangata a lilemo a fetileng, bo boletse esale pele liketsahalo tsa lekholo la rōna la bo-20 la lilemo, ‘lintoa le melumo ea lintoa’; ‘litšisinyeho tsa lefatše le likhaello tsa lijo libakeng ka ho latellana’; ‘tsieleho ea lichaba, li sa tsebe tsela ea ho tsoa, ha batho ba nehela moea ke tšabo le tebello ea lintho tse tla oela lefatše’; ‘ho senya lefatše le ho le silafatsa.’—Luka 21:10-33; Tšenolo 11:18.

Leha ho le joalo, liketsahalo tsena tsohle le tse ling tse ngata ke pontšo ea sebele ea hore lefatše le lecha la Molimo le tšepisitsoeng le haufi. Sena se kopanyelletsa “maholimo a macha le lefatše le lecha,” ke hore, puso ea lefatše le lecha, puso ea leholimo, le mokhatlo oa batho o fetotsoeng ‘moo ho loka ho ikahetseng teng.’ Sena se bolela lefatše le lecha leo ho lona ‘bohloko, lefu le masoabi li ke keng tsa hlola li e-ba teng.’—Esaia 65:17-25; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:1-4.

Ka ho hlakileng, ha ho mokhatlo oa bopolotiki, ho sa tsotellehe hore na o tšepahala hakae le hore na o mafolo-folo hakae, o tšoanelehang ho finyella lenaneo lena. Ke feela Morena e Moholo oa bokahohle, Jehova Molimo, ea nang le takatso le matla a ho finyella sena. Ke ka lebaka leo Mor’a hae, Kreste Jesu, a ileng a ruta balateli ba hae ho rapela tjena: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:9, 10.

Thato ea Molimo ke hore lefatše e be lebenyane le khanyang bokahohleng, hore le hahuoe ke lelapa la motho le ratang khotso. Haufinyane Molimo o tla nka khato ea ho tlisa sena. E tla ba khato ea ho hloekisa lefatše tšilafalong eohle le ho ba le silafatsang. Tšilafalo eohle, ho sa tsotellehe hore na ke ea nama kapa ea boitšoaro, e tla felisoa lefatšeng. Ke bo-mang ba tla sala lefatšeng? Jesu o itse: “Ho thabile ba bonolo, kaha ba tla rua lefatše.”—Mattheu 5:5, NW; Tšenolo 16:14-16.

Na u rata ho ba har’a batho ba bonolo ba tla fumana tlhohonolofatso ea Molimo? Ka ntle ho tika-tiko, ikopanye le Lipaki tsa Jehova tse leng sebakeng sa heno ’me u kōpe thuto ea Bibele ea lehae e sa lefelloeng. Inoese ka nkho hore na ‘thato e molemo le e amohelehang le e phethahetseng ea Molimo’ ke efe. E be ua e etsa.—Ba-Roma 12:2.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela