“Lipaki tsa Jehova tse Tsoang USSR—Matsatsi a Khanyang Haholoanyane ka Pele”
SEO e ne e le sehlooho sa koranta ea Senyesemane The Warsaw Voice ea la 19 August, 1990, e hatisitsoeng Poland. Mongoli oa eona, Anna Dubrawska, o ile a bua ka Kopano ea Lipaki tsa Jehova ea “Puo e Hloekileng” e neng e le Warsaw ka August 1990. O ile a buisana le Lipaki tse tsoang Soviet Union, tse ling tsa tsona li ne li qetile lilemo tse 15 literonkong le likampong tsa mosebetsi o boima ka baka la litumelo tsa tsona. Empa joale ba ne ba hatisa liphetoho tse molemo tse etsahalang naheng ea habo bona.
Grigor Goryachek, mosebetsi oa konterakeng ea tsoang Crimea ea hōlisitsoeng e le Paki, o ile a lelekoa ha habo ’me a isoa Siberia ka lilemo tse 15. O ile a re: “Joale re lebelletse linako tse molemo haholoanyane hore li tle.” Paki e ’ngoe, Anton Pohanich, o itse: “Linako tse molemo haholoanyane li se li ntse li le teng. Joale nka isa molaetsa oa rōna ka ntlo le ntlo ke lokolohile, e leng ho neng ho ke ke ha etsahala nakong e fetileng.”
Dubrawska o qotsa Igor Cherny, Paki e lilemo li 17 e tsoang Caucasus: “Ka lilemo tse 70 batho, haholo-holo bacha, ba ne ba ikhutse ho Molimo ka matla hoo joale ba batlang ho khutlela ho Oona ka matla a tšoanang hantle, kapa bonyane ho qala ho utloa litaba tsa Oona.”
Makasine oa Sepolish Dziennik Wieczorny (Koranta ea Mantsiboea) e ile ea tlaleha, tlas’a sehlooho se reng Radość braci (Thabo ea Baena), hore mosebeletsi oa lebala la lipapali la Zawisza motseng oa Bydgoszcz, o ile a re: “Ke thabisitsoe ke puo e hloekileng e sebelisoang le mekhoa e metle e bontšoang ke bacha.”
Zofia Uszynska ha a ngola koranteng ea letsatsi le letsatsi ea Sepolish Trybuna tlas’a sehlooho Głosiciele Królestwa (Baboleli ba ’Muso), o ile a re: “Ka metsotso e 30 ke ile ka fuoa lijo tse bobebe le kofi ka makhetlo a leshome. Ka makhetlo a mahlano ho ne ho na le ea batlang ho sutha setulong sa hae hore ke lule. Ka matsatsi a mane a latellanang batho ba fetang 30 000 ba ile ba kopanela Lebaleng la Lipapali la Dziesieciolecia moketeng [oa bolumeli] Warsaw. Basali ba baimana ba seng ba le haufi le ho beleha, malapa a nang le bana ba banyenyane, batho ba baholo le bacha. E monyenyane ho ba ileng ba kolobetsoa o ne a le lilemo li 11, ea moholo ka ho fetisisa o ne a le lilemo li 80.”
Sehlooho se ile sa tsoela pele: “Likete tse ngata tsa Marussia [ha e le hantle tse fetang 16 000] li ile tsa tla kopanong ea selemo sena. Selemong se fetileng ba ne ba le 6 000. Basebetsi ba ka sehloohong ba moeli oa Russia ba ile ba lumella libese tsohle hore li fete li sa eme meleng e bolelele ba lik’hilomithara tse ngata bakeng sa ho hlahlojoa. Baemeli ba etileng ba tsoang likarolong tsohle tsa Soviet Union ba ile ba tla: ba tsoa Vladivostok, Khabarovsk, Vorkuta. Ba bang ba ile ba qeta matsatsi a mane kapa a mahlano tereneng.”
Koranta eona eo e qotsa Ivan M. Grevniak ka mantsoe ana: “Ke bone ho hloka toka ho seo bapapa le baprista ba ileng ba se etsa ’me ke ile ka batla botšepehi.” Tlaleho e tsoela pele: “O ile a hlokomela tumellano pakeng tsa mantsoe le liketso boitšoarong ba Lipaki tsa Jehova.” Joale Ivan o ile a phaella: “Ke leboha Molimo ka ho ntumella ho ithuta ’nete.”
Trybuna e tlaleha hore Ivan ke moholo phuthehong ea Lvov, moo “ho nang le liphutheho tse 13 le balumeli ba fetang 2 000. . . . Grevniak o re, ‘lihlopheng tsohle tsa bolumeli libakeng tsohle ho busa moea oa bochaba. Leha ho le joalo ha o eo har’a balumeli-’moho le ’na.’”
Bonngoe bona bo ile ba bonahala kopanong ea Lipaki tsa Jehova ea Warsaw moo lenaneo le ileng la fanoa ka Sepolish le Serussia ka nako e le ’ngoe likarolong tse sa tšoaneng tsa lebala la lipapali. Ho ne ho se khohlano ea bochaba ho hang.
Zofia Uszynska o ile a boela a khahloa ke tlhophiso e neng e hlokahala ho fana ka bolulo, ho fepa haesita le ho hlokomela phekolo ea meriana ea batho ba fetang 35 000 ba neng ba le teng kopanong. O ile a phetha ka hore: “Ha ke e-s’o ka ke kopanela pōkanong ea pontšeng e ntle le e nang le botsoalle hakana.”
Koranta ea letsatsi le letsatsi ea Sepolish Sztandar Młodych (Tekanyetso ea Bacha) e ile ea hlalosa mosebetsi o ileng oa etsoa e le hore lebala la lipapali le lokele ho amohela baeti ba bangata hakaalo: “Ka morero oa ho ntšetsa pele boiketlo ba sechaba . . . balateli ba Jehova ba ile ba haha libenche bocha, ba lokisa liforo le matloana, ba hloekisa lebala la mohloa. Ba nehelana ka chelete ea bona bakeng sa litšenyehelo tsa kopano. Lipaki tsa Jehova li ile tsa lokisetsa libaka tsa botho tse 22 000 tsa ho robala bakeng sa baeti, tsa hlokomela bolulo bakeng sa baahi ba Soviet Union ’me li ne li na le lefapha la tsona la meriana.”
Re ka tiisa hore Lipaki tsa Jehova li se li ntse li thabela “matsatsi a khanyang haholoanyane” Europe Bochabela ’me re rapela hore boemo ba tsona bo bocha bo lumelletsoeng ka molao linaheng tse kang Romania, Hungary, le Poland bo atolohele Czechoslovakia, Albania, Bulgaria, le Soviet Union haufinyane.—2 Ba-Thessalonika 3:1; 1 Timothea 2:1, 2.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
Lipaki tsa Soviet Kopanong ea “Puo e Hloekileng” Warsaw, ho kopanyelletsa le ba eang kolobetsong (setšoantšong se ka holimo le se ka har’a se seholo), sebui sa Russia, lenaneo, le baeti ba tsoang Soviet ka pel’a libese tsa bona