Kopano ea Pele ea Machaba ea Lipaki tsa Jehova Russia
ST. PETERSBURG, Russia, e tsejoa haholo ka hoo baahi ba teng ba ho bitsang “masiu a khanyang”—hoo e ka bang libeke tse tharo ka June ha leholimo le sa be lefifi ka ho feletseng. Empa June 26 ho ea ho 28 ka 1992 e ne e khethehile.
Matsatsing ao, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tšoara kopano e neng e lebisa tlhokomelo, eseng leseling la sebele le khantšang toropo ea St. Petersburg motšehare le bosiu, empa leseling la moea le khantšoang ke Bakreste ba ’nete. Ke kahoo sehlooho sa kopano se neng se re: “Bajari ba Leseli.”
Ena e ne e le kopano ea pele ea machaba ea Lipaki tsa Jehova naheng eo pele e neng e le Soviet Union. Ho ne ho na le batho ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng tse ka bang 30 lefatšeng lohle, ho akareletsa Brithani, Canada, Denmark, Finland, Italy, Japane, Jeremane, Netherlands, Norway, Sweden, Switzerland, le United States.
Ho phaella moo, Lipaki tse ka bang 29 000 tse tsoang naheng eo pele e neng e le Soviet Union li ne li le teng. Tse ling li ne li tsoa Estonia, Georgia, Latvia, Lithuania, Moldova le Ukraine. Ho ile ha tla batho ba bangata ka mokhoa o makatsang ha re nahana hore Russia e ne e feta liphetohong tse khōlō tsa moruo. Ho neng ho hlaheletse e ne e le ho ba teng ha batho ba tlileng kopanong ba tsoang Russia ba ileng ba tsamaea leeto la lik’hilomithara tse ka bang 8 000 ba tsoa Vladivostok le libakeng tse ling tse sikileng le lebōpo le ka bochabela la Russia.
Batho ba bangata ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ne ba tsoa Finland e haufinyane ’me ba ne ba etsa kakaretso ea batho ba fetang 10 000. Lebala la lipapali le ile la aroloa ka likarolo tse peli—ba buang Serussia le ba buang Sefinnishe, karolo ka ’ngoe e na le sethala sa eona moo lenaneo le neng le fanoa teng.
Litokisetso
Lebala la kopano e ne e le Lebala la Lipapali la Kirov le nang le lilemo tse 42 le le teng, le sehleke-hlekeng sa Krestovsky, le leng lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha bohareng ba St. Petersburg. Le na le litulo tse ka lulang batho ba ka bang 60 000 ’me ke lebala la lipapali la bobeli ho a maholo ka ho fetisisa naheng eo pele e neng e le Soviet Union. Ka morao ho bonahala metsi a Nōka ea Neva moo a phallelang Koung ea Finland.
Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala hore lebala lena la lipapali le lokisoe. Lipeipi tsa likhoere-khoere li ile tsa thibolloa, ’me ho ile ha hahuoa matloana a eketsehileng. Sebaka sa lebala la lipapali sa litulo tse hlophisitsoeng ka mela sa bolelele ba lik’hilomithara tse 30 se ne se lokela ho pentoa. Ho phaella moo, lihlahla tse pota-potileng lebala la lipapali li ile tsa kutoa hantle, le joang bo ile ba kutoa. Ho ile ha nka libeke tse ngata ho phetha mosebetsi ona.
Lipalangoang le Bolulo
Ka baka la batho ba memiloeng ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ka bang 17 000, litokisetso tsa lipalangoang le bolulo li ile tsa ipaka e le mosebetsi o moholo haholo. Ba boholong Russia ba ne ba ikemiselitse ho thusa haholo eseng feela liofising tse fapaneng tsa ’muso linaheng tse ling empa le libakeng tsa moeli oa naha le boema-fofaneng ba machaba St. Petersburg.
Ho ile ha etsoa litokisetso le lihotele tse 32 bakeng sa ho fa bongata ba batho ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba 17 000 bolulo. Batho ba tlileng kopanong ba 29 000 ba tsoang libakeng tse fapaneng tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union ba ile ba fuoa bolulo likolong tse 132 le litsing tsa tlhokomelo ea bana. Batho ba tlileng kopanong ba ne ba hloka lipalangoang tse ba isang lebaleng la kopano letsatsi le leng le le leng, ’me libese tse ka bang 390 li ile tsa hiroa bakeng sa morero ona.
Batho ba bangata ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ne ba jella lihoteleng tseo ba fihletseng ho tsona. Leha ho le joalo, likhoeli tse ’maloa pele ho kopano, ba boholong St. Petersburg ba ile ba bontša kameho ea bona ka bothata ba ho fepa likete tse ngata tsa batho ba tlileng kopanong ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union. Ba ile ba bolela hore ho ne ho ke ke ha ba le lijo tse lekaneng toropong le hore Lipaki li ne li tla lokela ho tlisa lijo ho tsoa sebakeng se seng.
Ha e le hantle ke sona seo li ileng tsa se etsa. Makala a mangata a Mokhatlo oa Watch Tower a ile a nehela lijo tse ngata ka ho li romella ka sekepe. Lekala la Finland le ile la fana ka litone tse 200 tsa lijo bakeng sa kopano! Ho phaella moo, batho ba bangata ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ile ba tlisa liphutheloana tse nyenyane tsa nama e ka makoti-koting, litholoana tse omisitsoeng le li-nut, bohobe, le lijo tse ling tse jeoang ka mehla. Letsatsing la ho qetela la kopano, lijo tse ka mabokoseng tse tlisitsoeng ka teraka li ile tsa fuoa batho ba tlileng kopanong ba tsoang naheng eo pele e neng e le Soviet Union lebaleng la lipapali hore ba be le lijo bakeng sa leeto la bona la ho khutlela hae.
Phutuho e Feletseng ea Phatlalatso
St. Petersburg ke toropo ea bobeli ho tse khōlō ka ho fetisisa Russia, e nang le baahi ba ka bang limillione tse hlano. Ka lekhetlo la pele, Lipaki tsa Jehova Russia li ile tsa lumelloa ho ba le phutuho e feletseng ea phatlalatso.
Phutuho ena eo ho seng e kileng ea lekana le eona e ile ea qala libeke tse ’maloa pele ho kopano. Limemo tse ka bang millione li ile tsa hatisoa ka Serussia ’me tsa abuoa. Leqepheng le ka pele la sememo ho ne ho na le memo bakeng sa puo ea phatlalatsa ea motšehare oa mantsiboea ka Moqebelo. Leqepheng le ka morao, ho ne ho na le tlhaloso ea lenaneo la Sontaha. Ho phaella moo, likopi tse ka bang 750 000 tsa pampitšana Ke Eng Seo Lipaki tsa Jehova li se Lumelang? li ile tsa fuoa baahi ba St. Petersburg. Hona ho ile ha ba tloaetsa lithuto tsa Lipaki.
Batho ba bangata ba tlileng kopanong ba ile ba fihla St. Petersburg pakeng tsa letsatsi le le leng le matsatsi a mane pele ho kopano. Matsatsing ao, batho ba tlileng kopanong ba likete ba ne ba le literateng ba fana ka limemo ebile ba fana ka lipampitšana le libuka tse ling tsa Serussia. Ho phaella moo, mamatjana a maholo a phatlalatsang kopano a ile a etsoa ’me a behoa ka thōko ho literata tse phetheselang haholo tsa toropo ea St. Petersburg. A ne a ka ba bolelele ba limithara tse 3 le bophara ba limithara tse 1,5, a bontšitse puo ea phatlalatsa e mebala e metle ka pele le ka morao. A mang a ile a kenngoa menyakong ea liteishene tsa terene.
Lenaneo
Qetellong, letsatsi la pele la kopano le ile la fihla, ’me ba bileng teng ba ne ba le ka holimo ho 45 000! Ho ile ha etsoa liphetoho tse itseng lenaneong e le hore ba bangata ba tlileng kopanong ba sa bueng Serussia le Sefinnishe ba ka fumana molemo ho lona. Ka mohlala, lipuo tse ’maloa li ile tsa fanoa ka Senyesemane ’me tsa fetoleloa ho Sefinnishe le Serussia. Litho tse supileng tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka lipuo tse ’maloa ho tsena.
Letsatsi le leng le le leng la kopano, ho ne ho na le litlaleho le liphihlelo tse tsoang linaheng tse ling tse neng li totobatsa kamoo Jehova a hlohonolofatsang mosebetsi oa ho bolela linaheng tseo. Litlaleho tsena, hammoho le liphihlelo tse ngata, li ile tsa fanoa ka Senyesemane ’me tsa fetoleloa ho Serussia le Sefinnishe.
Puo ea phatlalatsa karolong ea Serussia e ne e tšohla potso eo Marussia a mangata a amehileng ka eona haholo kajeno. Sehlooho e ne e le “Na Ruri Molimo oa Re Tsotella?” Ka mor’a puo batho ba tlileng kopanong ba ile ba thabela ho fumana bukana e ncha e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa Re Tsotella? ka Serussia le Sefinnishe.
Buka ea lipina e sebelisoang ke Lipaki tsa Jehova libokeng tsa tsona ha e e-s’o fumanehe ka Serussia. Kahoo, Mokhatlo oa Watch Tower o ile oa lokisetsa bukana e lekanang le makasine e khethehileng e nang le mantsoe a lipina tsohle tse neng li tla binoa kopanong. Marussia a ile a fumana likopi tsa botho ha a kena lebaleng la lipapali. E ne e le ho tsotehang hakaakang ho mamela batho ba 46 000 ba tsoang linaheng tse fapaneng tse ka bang 30 ba binela Jehova Molimo lithoriso ka lipuo tsa bona, ho akareletsa le Serussia!
Ka mashome a lilemo thuto ea ho iphetola ha lintho e ’nile ea rutoa likarolong tse ngata tsa lefatše, ho akareletsa le likarolo tsa naha eo pele e neng e le Soviet Union. Hona joale Lipaki tsa Jehova linaheng tsena li se li hlometse hamolemonyana bakeng sa ho pepesa mashano a thuto ena le ho phatlalatsa linnete ka ’Mōpi oa bophelo. Batho ba tlileng kopanong ba ne ba nyakaletse hakaakang bofelong ba karolo ea lenaneo la hoseng ha Sontaha ha setho sa Sehlopha se Busang se lokolla buka Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation? ka Serussia! Bohle ba ile ba fuoa mpho ea kopi.
Batho ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba ile ba bolelloa esale pele hore Lipaki tse ngata tsa Russia ha li na Libibele. Kahoo Libibele tse likete tsa Serussia li ile tsa tlisoa e le limpho. Libibele li ile tsa bokelloa sebakeng sa pokello se seholo ’me hamorao tsa isoa liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova le ho fuoa ba hlokang kopi.
Ba ne ba Maketse!
Ka Moqebelo, ho pholletsa le nako eohle ea hoseng le karolo e qalang ea motšehare oa mantsiboea, ho ne ho na le batho ba bangata ba etileng bao eseng Lipaki ba neng ba kena lebaleng la lipapali. Ba ne ba batla ho tseba ’me ba batla ho bona ka mahlo a bona se neng se etsahala. Ba bangata ba ne ba maketse. Ba bangata ho bona ba ne ba e-s’o utloe ka Lipaki tsa Jehova pele ba fumana memo ea ho ea puong ea phatlalatsa. Ba bang ba utloile ka kopano ka khaso ea litaba tsa thelevishene. Tlhōrō ea ba bileng teng kopanong e ne e le 46 214.
Moroetsana e mong ea kenang Kereke ea Orthodox ea Russia o ile a hlalosa: “Ke khahliloe ke Lipaki haholo. Ke batho ba nang le khotso, ba mosa, ba bileng ba itlhomphang.” Moeti e mong o itse: “Re tšepa hore Lipaki tsa Jehova li tla ba le likopano tse ling tse ngata mona St. Petersburg.” Sajene ea Sepolesa sa Russia e khōlō, kapa militia, e neng e abetsoe ho sebetsa lebaleng la kopano e ile ea bolela hore e ne e le ho “khahlisang ho ba mona kopanong.”
Mohlanka oa ’muso oa sebaka seo o ile a hlalosa hore ‘Lipaki tsa Jehova li talingoa joaloka sehlotšoana sa mofuta o mong se lefifing ’me se tšoara bana hampe le bona ka bobona. Empa ke bona batho ba phelang hantle, ba bososelang, ba molemo le ho feta batho bao ke ba tsebang. Ba na le khotso hape ba na le khutso, ’me ba ratana haholo.’ A phaella: “Ruri ke sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha batho ba bua mashano a makana ka lōna.”
Moqebelo motšehare oa mantsiboea bahanyetsi ba bang ba ile ba leka ho sitisa kopano. Ba ne ba tšoere masela a maholo a ngotsoeng liqoso tsa bohata khahlanong le Lipaki. Ha letšoele la bahanyetsi ba phatlalatsa le eketseha le lerata le eketseha, mapolesa a ile a bitsa mapolesa a eketsehileng ho sireletsa batho ba tlileng kopanong. Bahanyetsi ba phatlalatsa ha baa ka ba finyella hekeng e ka pele. Bofelong ba letsatsi leo, ba ile ba tsamaea, ba ferekane.
E mong oa batho ba tlileng kopanong ea boneng se etsahetseng o ne a khahliloe ka ho khethehileng ke moea oa tšebelisano oa militia. “Ke ne ke hloletsoe haholo ha ke bona militia e etsa boiteko bo khethehileng ho re sireletsa. Lilemo tse ’maloa feela tse fetileng, Lipaki tsa Jehova li ne li talingoa e le lira tsa Naha. Empa ha e le hantle militia e ile ea re sireletsa!” Ofisiri ea militia e ile ea hlahisa maikutlo a eona ka botšepehi ha e ne e bolella batho ba bangata ba tlileng kopanong: “Ha re batle hore le re tšabe. Re mona ho le sireletsa le ho tiisa hore tsohle li tsamaea hantle.”
Tsohle li ile tsa tsamaea hantle. Esita le boemo ba leholimo e ne e le bo botle. Letsatsing le leng le le leng la kopano, ho ne ho omme, ho futhumetse, le bile le sele.
Ho Kolobetsoa Likete
Ho ba bangata ntho e neng e hlaheletse kopanong e ne e le kolobetso ea ba likete. Phutheho e ’ngoe ea St. Petersburg, e nang le bahoeletsi ba 254, e ile ea tlaleha hore ho kolobelitsoe ba 108! Ho thata ho hlalosa boikutlo bo tebileng ba batho ba tlileng kopanong ha ba ne ba bona batho ba eang kolobetsong ba 3 256 ba ema. Sebui se ile sa botsa lipotso tse peli mabapi le boinehelo ba bona ho Jehova, ’me ba ile ba araba ka “da” (e) e phahameng.
Ka mor’a thapelo, bakolobetsuoa ba basali ba ile ba tataisoa ka tsela e ’ngoe ho ea libakeng tseo ho tsona ba tla apara liaparo tsa kolobetso, ’me bakolobetsuoa ba banna ba ile ba tsamaea ka tsela e ’ngoe esele ho ea libakeng tseo ho tsona ba tla apara liaparo tsa kolobetso. Ha ba makholo ba ntse ba tsoa lebaleng, ba ile ba lumelisana le bamameli ka ho phahamisa matsoho a bona.
Batho ba bangata ba tlileng kopanong ba ile ba keleketlisa meokho ea thabo. Ba bang ba ile ba opa liatla ka ho sa khaotseng ka metsotso e fetang 45. Monna e mong ea tlileng kopanong ea tsoang Finland o ile a hlōleha ho laola maikutlo a hae ’me a qala ho lla. Oa hlalosa: “Ka 1943, ke ile ka kenngoa lebothong la Finland ho loana khahlanong le Russia. E ne e le ntoa e tšabehang. ’Me joale, kopanong ena, ke bone Marussia a likete a nehela bophelo ba ’ona ho Jehova! Ke ile ka lla ha ke bona ba bang ba bona ba tsamaea ka litulo tsa lihole ’me ba bang ba hlotsa. Ke ile ka ipotsa: ‘Na le bona e ne e le masole a ntoa a khale? Na ba lemalitsoe ke masole a Finland?’ Mohlomong Jehova a ka nthusa joale hore ke thuse baena ba ka ba Russia.”
Na baena ba buang Serussia ba ile ba ananela tokisetso ena ea Jehova ea mokete oa moea oa matsatsi a mararo o neng o lokiselitsoe bona, kopanong ena e khōlō ea pele St. Petersburg? Ha sebui sa ho qetela se bua mantsoe a koalang, se ile sa re: “Ka holimo ho tsohle re leboha Jehova Molimo bakeng sa kopano ena e tsotehang.” Batho ba tlileng kopanong ba ile ba ema ’me ba opa liatla ka cheseho ka metsotso e fetang e mehlano. E ne e le litlatse bakeng sa Jehova!
Kannete Jehova Molimo, Mohloli oa leseli, o tšehetsa bajari ba leseli ba likete linaheng tsena tseo pele e neng e le karolo ea Soviet Union. Ka mor’a lilemo tse ka holimo ho 70 tsa lithibelo le mahloriso joale hoa hlaka hore ka nako e telele Jehova o ne a phethahatsa tšepiso ea hae ea Esaia 60:22, moo a reng: “E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ea nyatsehang a fetohe sechaba se sengata. ’Na Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ea teng.”
Haeba ka mor’a ho bala makasine ona u na le lipotso leha e le life tsa Bibele, ka kōpo ikutloe u lokolohile ho iteanya le Lipaki tsa Jehova Holong ea ’Muso e leng sebakeng sa heno, kapa u ngolle bahatisi ba makasine oona. (Bona leqephe 5.)
[Lebokose le leqepheng la 31]
Likopano tse Ling
Likopano tse tšeletseng li ile tsa tšoaroa naheng eohle eo pele e neng e le Soviet Union lehlabuleng le fetileng. Kakaretso eohle ea ba bileng teng e ne e le 91 673, ’me ba 8 562 ba ile ba kolobetsoa. Hona ho bolela hore karolo ea 9,3 lekholong ea palo ea ba bileng teng likopanong tsena e ile ea kolobetsoa. Ho hlakile hore karolo ena e ka be e ile ea eketseha hoja batho ba tlileng kopanong ba tsoang linaheng lisele ba 17 000 ba sa ka ba ba teng feela kopanong ea machaba e St. Petersburg.
Visoki Zamok, e hatisoang Lviv (eo pele e neng e le Lvov), e ile ea hlokomela: “Mosa le ho tšepahala kannete li ne li busa lebaleng la lipapali matsatsing a mararo a kopano. Ho sa tsotellehe batho ba bangata ba bileng teng, mabala a ne a ntse a hloekile joaloka pele ho kopano. Tlhophiso le khotso tse behang mohlala li ne li bonoa hohle.”
Kaha Lipaki tsa Jehova joale li thabela tokoloho ea ho rapela Molimo phatlalatsa naheng eo pele e neng e le Soviet Union, ba bangata ba na le monyetla oa ho iponela ka bobona kamoo ruri Lipaki li leng ka teng. Koranta ea Russia Krasnoyarskii Komsomolets, e itse: “Ke batho ba khahlisang, ba nang le botsoalle bo boholo, hape ba sa thahaselleng lipolotiki; ba khothaletsa mafolo-folo, eseng ho hahamalla ‘chelete e fumanoang habonolo.’”
Likopano Naheng eo Pele e Neng e le Soviet Union
TLHŌRŌ EA BA BA KOLOBE
MATSATSI MOTSE BILENG TENG LITSOENG
June 26-28 St. Petersburg, Russia 46 214 3 256
July 10-12 Lviv, Ukraine 15 011 1 326
Alma-Ata, Kazakhstan 6 605 829
July 17-19 Kharkov, Ukraine 17 425 2 577
July 24-26 Irkutsk, Siberia 5 051 536
Tallinn, Estonia 1 367 38
KAKARETSO 91 673 8 562
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Mamatjana a maholo ao ho phatlalatsoang lintho tsa khoebo ho ’ona a ile a sebelisoa bakeng sa ho phatlalatsa kopano
[Litšoantšo tse leqepheng la 29]
Motho ea tlileng kopanong ea tsoang Russia o fumana kopi ea hae ea Bibele
Ho ne ho sebelisoa libukana tsa lipina tse khethehileng tse lekanang le makasine
[Litšoantšo tse leqepheng la 30]
Lenane le khahlisang la batho ba 3 256 le ile la kolobetsoa