Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • jv khao. 17 leq. 254-leq. 282 ser. 4
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
  • Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Likopano tsa Pele tsa Liithuti tsa Bibele
  • Ho Qalisa Phutuho ea Lefatše ka Bophara ea Boboleli ba ’Muso
  • Liketsahalo tsa Bohlokoa Khōlong ea Moea
  • Tšusumetso Mosebetsing oa Boevangeli
  • Likopano tsa ka Mor’a Ntoa Europe
  • Likopano tse Ling tse sa Lebaleheng
  • Ho Hlophisa Lipokano tsa Machaba
  • Likopano li Hatela Pele
  • Ho Hlophisoa Bakeng sa Thoriso ea Machaba e Eang ho Jehova
  • Menyetla ea Khatholoho ea ka Mehla ea Moea
  • Bopaki ba Boena ba ’Nete
  • Jehova o Phutha Batho ba Hae ba Thabileng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • “Ba ne ba Arohane ka Lipuo Empa ba Kopantsoe ke Lerato”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
  • Likopano ke Liketsahalo Tse Thabisang Tse Pakang Hore re Mokhatlo oa Bara ba Motho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
jv khao. 17 leq. 254-leq. 282 ser. 4

Khaolo 17

Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna

LIKOPANO li fetohile tšobotsi ea ka mehla ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki tsa Jehova. Empa lipokano tsa lehae le tsa machaba tsa barapeli ba Jehova li bile teng nako e telele pele ho lekholo la bo20 la lilemo.

Jehova o ne a hloka hore banna bohle Iseraeleng ea boholo-holo ba bokane Jerusalema bakeng sa mekete e meraro e behetsoeng linako selemo le selemo. Banna ba bang ba ne ba tla le malapa a bona kaofela. Ha e le hantle, Molao oa Moshe o ne o hloka hore setho se seng le se seng sa lelapa—banna, basali, le bana—se be teng liketsahalong tse itseng. (Ex. 23:14-17; Deut. 31:10-13; Luka 2:41-43) Qalong, ba bang teng e ne e le batho ba phelang meeling ea Iseraele. Hamorao, ha Bajode ba qhalakana ka ho pharalletseng, ba bang teng ba ne ba tsoa lichabeng tse ngata. (Lik. 2:1, 5-11) Ba ne ba susumelletseha hore ba bokane ’moho eseng feela hobane Iseraele le Abrahama e le bo-ntat’a bona moholo empa hobane ba ne ba hlokomela Jehova e le Ntate oa bona e moholo oa leholimo. (Esa. 63:16) Mekete ena e ne e le liketsahalo tse thabisang. Hape e ile ea thusa bohle ba leng teng ho tsepamisa likelello tsa bona lentsoeng la Molimo le hore ba se ke ba tšoaseha haholo litabeng tsa letsatsi le letsatsi tsa bophelo hoo ba ka lebalang litaba tsa moea tsa bohlokoa ka ho fetisisa.

Ka mokhoa o tšoanang, likopano tsa Lipaki tsa Jehova kajeno li thehiloe lithahasellong tsa moea. Ho batho ba tšepahalang ba shebelletseng, likopano tsena li fana ka bopaki bo ke keng ba latoloa ba hore Lipaki li kopantsoe ke maqhaama a matla a boena ba Bokreste.

Likopano tsa Pele tsa Liithuti tsa Bibele

Litokisetso tsa ho bokana ha Liithuti tsa Bibele tse tsoang metseng le linaheng tse sa tšoaneng li ile tsa hōla butle-butle. Ho fapana le lihlopha tsa neano tsa likereke, Liithuti tsa Bibele, ka likopano tsa tsona, kapele-pele li ile tsa tseba balumeli-’moho libakeng tse ling. Qalong, likopano tsena li ne li tšoareloa Allegheny, Pennsylvania, li matahantsoe le mokete oa selemo le selemo oa lefu la Morena. Ka 1891 ho ile ha etsoa tsebiso e khethehileng ea hore ho tla ba le “kopano ea thuto ea Bibele le ho ketekoa ha Sejo sa Morena sa Mantsiboea sa Sehopotso.” Selemong se latelang, Molula-Qhooa (oa Senyesemane) o ne o na le sehlooho se hlahelletseng se tsebisang ka “KOPANO EA BALUMELI, ALLEGHENY, PA., . . . APRIL 7 HO EA HO 14, 1892.”

Batho ka kakaretso ba ne ba sa mengoe hore ba be teng likopanong tseo tsa pele. Empa, ka 1892, batho ba ka bang 400 ba neng ba fane ka bopaki ba tumelo thekollong le thahasello e tiileng mosebetsing oa Morena ba bile teng. Lenaneo le ne le akarelletsa matsatsi a mahlano a thuto ea Bibele e pharalletseng le matsatsi a mang a mabeli bakeng sa keletso e molemo ho barekisi ba libuka tsa bolumeli.

E mong ea bileng ho e ’ngoe ea lipokano tsena ka lekhetlo la pele o itse: “Ke bile Likopanong tse ngata, empa ha ho mohla nkileng ka ba ho e tjena, eo ho eona thato le morero oa Molimo e leng sona feela sehlooho seo ho buuoang ka sona ho sa phetsoe letsatsi le chabang le le likelang; ka tlung, seterateng, libokeng, nakong ea lijo tsa motšehare le libakeng tsohle.” Mabapi le moea o bontšoang ke ba bang teng, e mong ea tsoang Wisconsin, U.S.A., o ngotse: “Ke ile ka khahloa haholo ke moea oa lerato le mosa oa boena o bonahatsoang liketsahalong tsohle.”

Ka 1893 ho ile ha ba le phetoho litokisetsong tsa kopano ea selemo le selemo. E le ho sebelisa hamolemo litefiso tse tlaase tsa literene mabapi le mokete oa ho ikhopotsa ho sibolloa ha Amerika ke Columbus lehlabuleng leo, Liithuti tsa Bibele li ile tsa bokana Chicago, Illinois, ho tloha ka August 20 ho ea ho 24. Ena e bile kopano ea tsona ea pele e tšoaretsoeng ka ntle ho Pittsburgh. Leha ho le joalo, ka morero oa ho sebelisa nako le chelete ka tsela e molemohali kamoo ho ka khonehang bakeng sa mosebetsi oa Morena, ha hoa ka ha tšoaroa likopano tse eketsehileng tse akaretsang ka lilemo tse seng kae.

Joale, ho qala ka 1898, Liithuti tsa Bibele libakeng tse sa tšoaneng li ile tsa qala ho nka khato ea pele sebakeng ka seng ea ho lokisetsa likopano, tseo ho tsona ho bang teng batho ba tsoang libakeng tse lekanyelitsoeng. Ka 1900 Mokhatlo o ile oa hlophisa likopano tse tharo tse akaretsang; empa ho ile ha ba le likopano tse ling tse 13 United States le Canada, ’me tse ngata ho tsona li ne li tšoaroa letsatsi le le leng feela ’me hangata li tšoaroa ha batsamai ba etile. Lenane le ile la tsoela pele ho eketseha. Ka 1909 ho bile le likopano tse ka bang 45 tse tšoaretsoeng Amerika Leboea, ho phaella likopanong tseo Moena Russell a sebelelitseng ho tsona maetong a khethehileng a ileng a mo fihlisa likarolong tse sa tšoaneng tsa lefatše. Karolo e khōlō ea lenaneo likopanong tsa letsatsi le le leng e ne e etselitsoe ho tsosa thahasello ea batho ka kakaretso. Lenane la ba bang teng le ne le feto-fetoha ho tloha ho ba ka bang lekholo ho fihla ho ba likete tse ’maloa.

Ka lehlakoreng le leng, likopano tse akaretsang, tseo haholo-holo e neng e le Liithuti tsa Bibele tse bang teng ho tsona, li ne li hatisa thuto ho ba seng ba itsetsepetse haholoanyane tseleng ea ’nete. Literene tse khethehileng tse tsoang metseng e meholo li ne li tlisa batho likopanong tsena. Ka linako tse ling, lenane la ba bang teng le ne le phahama ho fihla ho ba 4 000, ho akarelletsa le ba tsoang Europe. Tsena e ne e le linako tsa khatholoho ea ’nete moeeng e tlisitseng cheseho le lerato le eketsehileng ho batho ba Jehova. Qetellong ea kopano e ’ngoe e joalo e neng e tšoeroe ka 1903 moena e mong o itse: “Ke ne nke ke ka tela molemo oo ke o fumaneng Kopanong ena hore feela ke fumane lidolara tse sekete;—le hoja ke le mofutsana.”

Haeba baena ba batsamai ba le teng sebakeng se itseng ba ne ba bua likopanong. Moena Russell le eena o ile a leka matsapa a ho ba teng le ho sebeletsa lenaneong la likopano hammoho le likopanong tse khōloanyane United States ’me hangata le Canada. Sena se ne se hloka hore a tsamaee maeto a malelele. Maeto a mangata a ne a etsoa bofelong ba beke. Empa, ka 1909, moena e mong oa Chicago, o ile a hira literene tse ’maloa e le ho tsamaisa batho ba tlileng kopanong ba tsamaeang le Moena Russell ho tloha kopanong e ’ngoe ho ea ho e ’ngoe. Ka 1911 le 1913, moena eena eo o ile a hira literene tse felletseng bakeng sa ho tsamaisa batho ba makholo ba tlileng kopanong maetong a nkang khoeli kapa ho feta a akaretsang karolo e ka bophirimela ho United States le Canada.

Ho tsamaea ka terene e joalo e isang batho kopanong e ne e le phihlelo e sa lebaleheng. Ka 1913, Malinda Keefer o ile a palama e ’ngoe Chicago, Illinois. Ka mor’a lilemo tse seng kae, o itse: “Ha rea ka ra lieha ho hlokomela hore re lelapa le le leng le leholo . . . ’me terene e bile lehae la rōna hoo e ka bang khoeli.” Ha terene e tloha seteisheneng, batho ba ba felehelitseng ba ne ba bina ba re “Molimo a be le Lōna ho Fihlela re Teana Hape,” ba ntse ba tsoka likatiba le lisakatuku ho fihlela terene e likela. Khaitseli Keefer o phaelletse: “Seemelong se seng le se seng leetong leo ho ne ho e-na le likopano tse tšoeroeng—tse ngata e ne e le tsa matsatsi a mararo, ’me kopanong ka ’ngoe re ne re lula letsatsi le le leng. Libakeng tsena tseo re emisang ho tsona Moena Russell o ne a fana ka lipuo tse peli, e ’ngoe o ne a e fana ho metsoalle motšehare oa mantsiboea, ’me e ’ngoe a e fana ho batho ka kakaretso mantsiboea tlas’a sehlooho se reng ‘Ka Nģane ho Lebitla.’”

Esita le linaheng tse ling, lenane la likopano le ne le ntse le eketseha. Hangata li ne li le nyenyane haholo. Ho ea pele e neng e tšoaretsoe Norway, ka 1905, ho bile le ba ka bang 15; empa hoo e ne e le linyane. Lilemo tse tšeletseng hamorao, ha Moena Russell a etetse Norway, ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba ho mema batho ka kakaretso, ’me ho hakanngoa hore ketsahalong eo ho bile teng ba 1 200. Ka 1909, ha a le likopanong tse neng li tšoaretsoe Scotland, o ile a bua le ba ka bang 2 000 Glasgow le ba bang ba 2 500 Edinburgh tlas’a sehlooho se thahasellisang se reng “Sesenyi Paradeiseng, Morui Liheleng, le Lazaro Sefubeng sa Abrahama.”

Bofelong ba likopano tsa pele, baena ba ne ba ba le seo ba se bitsang mokete oa lerato, o bontšang boikutlo ba bona ba boena ba Bokreste. ‘Mokete oo oa lerato’ o ne o akarelletsa eng? Ka mohlala, libui li ne li etsa mokoloko li nkile lipoleiti tsa lipapetloana tsa bohobe, ebe bamameli ba feta ba kolokile, ba ja bohobe, ba tšoarana ka matsoho, ’me ba bina ba re “Ho Hlohonolofatsoe Maqhaama a Tlammeng Lipelo tsa Rōna ka Lerato la Bokreste.” Hangata meokho ea thabo e ne e keleketla marameng a bona ha ba ntse ba bina. Hamorao, ha manane a bona a ntse a eketseha, ba ile ba khaotsa ho tšoarana ka matsoho le ho ja bohobe empa ba ne ba phetha ka pina le thapelo, ’me hangata, ba etsa litlatse tse telele ho bontša kananelo ea bona.

Ho Qalisa Phutuho ea Lefatše ka Bophara ea Boboleli ba ’Muso

Kopano ea pele e khōlō e bileng teng ka mor’a Ntoa ea I ea Lefatše e ne e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio (Lake Erie, lik’hilomithara tse 96 ka bophirimela ho Cleveland), ho tloha ka September 1 ho ea ho 8 ka 1919. Ka mor’a lefu la Moena Russell, ba bang ba hlahelletseng ba neng ba kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng ba ile ba lahla ’nete. Baena ba ile ba feta tlas’a teko e boima. Mathoasong a 1919, mopresidente oa Mokhatlo le metsoalle ea hae ba ne ba lokollotsoe teronkong eo ba neng ba kentsoe ho eona ka ho hloka toka. Kahoo ho ne ho na le litebello tse matla. Le hoja lenane la ba bileng teng letsatsing la pele le ne le batla le fokola, neng-neng motšehare ba bang ba eketsehileng ba ile ba fihla ka literene tse khethehileng. Joale lihotele tse neng li tšepisitse ho amohela ba tlileng kopanong li ne li tsielehile. R. J. Martin le A. H. Macmillan (bao kaofela ba ileng ba akarelletsoa sehlopheng se lokollotsoeng teronkong) ba ile ba ithaopela ho thusa. Ba ne ba etsa mosebetsi oa ho aba likamore ho fihlela ka mor’a bosiu bo boholo, ’me Moena Rutherford le ba bang ba bangata ba ne ba natefetsoe ke ho sebeletsa joaloka bajari ba lithoto, ba jara thoto le ho felehetsa metsoalle ha e ea likamoreng tsa eona. Kaofela ba ne ba e-na le moea o mafolo-folo.

Ho ne ho lebelletsoe batho ba ka bang 2 500 hore ba be teng. Leha ho le joalo, ka litsela tsohle kopano e ile ea feta se neng se lebelletsoe. Letsatsing la bobeli, holo e ne e se e na le batho ba bangata ’me ho ile ha sebelisoa liholo tse eketsehileng. Ha ho bonahala li sa lekane, mananeo a ile a tšoareloa ka ntle moo ho nang le moru oa lifate tse nang le moriti o monate. Ho bile teng Liithuti tsa Bibele tse ka bang 6 000 tse tsoang United States le Canada.

Bakeng sa puo ea sehlooho ka Sontaha, bonyane ho ile ha tla batho ba 1 000, hoa e-ba le bamameli ba bangata ba fihlang ho 7 000, bao sebui se buileng le bona sebakeng se bulehileng se sa sebelise sebuela-hōle kapa sehōlisa-lentsoe. Puong eo, “Tšepo Bakeng sa Batho ba Tsietsing,” J. F. Rutherford o ile a hlakisa hore ’Muso oa Molimo oa Bomessia ke tharollo bakeng sa mathata a batho, ’me a boela a bontša hore Selekane sa Lichaba (se neng se ntse se thehoa nakong eo le se neng se se se tiisitsoe ke baruti) e ne e se pontšo ea lipolotiki ea ’Muso oa Molimo ka tsela leha e le efe. Sandusky Register (koranta ea moo) e ne e na le tlaleho e batsi ea puo eo ea phatlalatsa, hammoho le histori e khutšoaane ea mosebetsi oa Liithuti tsa Bibele. Likopi tsa koranta eo li ile tsa romeloa United States le Canada. Empa phatlalatso e hlahileng kopanong ena e ne e akarelletsa ho hongata ho feta moo.

Sehlohlolo sa kopano eohle e bile “Puo ho Basebetsi-’moho” ea Moena Rutherford, eo hamorao e ileng ea hatisoa tlas’a sehlooho se reng “Ho Tsebahatsa ’Muso.” E ne e tobisitsoe ho Liithuti tsa Bibele. Puong eo ho ile ha hlakisoa se boleloang ke litlhaku G A tse neng li hlahile lenaneong la kopano le libakeng tse sa tšoaneng setšeng sa kopano. Ho ile ha etsoa tsebiso e mabapi le ho hatisoa ho tlang ha makasine o mocha, The Golden Age, bakeng sa ho e sebelisa ha ho lebisoa tlhokomelo ea batho ’Musong oa Bomessia. Ka mor’a ho hlalosa mosebetsi o lokelang ho etsoa, Moena Rutherford o ile a re ho bamameli: “Le bulehetsoe ke monyako oa monyetla. Kenang ho oona ka potlako. Ha le ntse le tsamaea le hopole hore mosebetsing ona ha le mekōpa-kōpa feela tjee e emelang makasine, empa le baemeli ba Morena oa marena le Khosi ea likhosi, ba tsebisang batho ka mokhoa ona o hlomphehang ho tla ha Mehla ea Khutso, ’muso o khanyang oa Morena le Monghali oa rōna, oo Bakreste ba ’nete ba ’nileng ba o lebella le ho o rapella ka lilemo tse makholo.” (Bona Tšenolo 3:8.) Ha sebui se botsa hore na ke ba bakae ba lakatsang ho kopanela mosebetsing ona, e bile ho hlollang ho bona karabelo e mafolo-folo. Bamameli ba 6 000 ba ile ba raohela hong. Selemong se latelang, ba fetang 10 000 ba ne ba kopanela tšebeletsong ea tšimo. Kopano eohle e bile le phello e kopanyang le e matlafatsang ho ba bileng teng.

Lilemo tse tharo hamorao, ka 1922, kopano e ’ngoe e ke keng ea lebaloa e ile ea tšoaroa Cedar Point. E bile lenaneo la matsatsi a robong, ho tloha ka September 5 ho ea ho 13. Ho phaella ho baeti ba tsoang United States le Canada, ba bang ba ne ba tsoa Europe. Liboka li ile tsa tšoaroa ka lipuo tse leshome. Karolelano ea letsatsi le letsatsi ea ba bileng teng e bile hoo e ka bang 10 000; ’me bakeng sa puo e reng “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Hlola li E-shoa,” ho bile teng batho ba bangata hoo lenane la ba bileng teng le batlileng le imena ka makhetlo a mabeli.

Liithuti tsa Bibele ha lia ka tsa bokana kopanong ena ka khopolo ea hore li itokisetsa mosebetsi lefatšeng o tlang ho tsoela pele ka lilemo tse mashome ho fihlela nakong e tlang. Ha e le hantle, li ne li re ho ka ’na ha etsahala hore e be kopano ea tsona ea ho qetela e akaretsang pele “kereke e lopolloa . . . ho kena sebakeng sa leholimo sa ’muso oa Molimo, le ho kena botenng ba sebele ba Morena oa rōna le Molimo oa rōna.” Empa ho sa tsotellehe hore na nako e khutšoaane hakae, ho etsa thato ea Molimo ke ntho e ka sehloohong eo li neng li amehile ka eona. A hopotse seo, ka Labohlano, September 8, Moena Rutherford o ile a fana ka puo e sa lebaleheng ea “’Muso.”

Pele ho sena, likarolong tse sa tšoaneng tsa lebala ho ne ho hlonngoe lifolaga tse khōlō tse nang le litlhaku A D V. Nakong ea puo se boleloang ke litlhaku tseo se ile sa totobala ha sebui se phehella: “E-bang lipaki tse tšepahalang le tsa ’nete tsa Morena. E-eang ntoeng ho fihlela moneketsela oa ho qetela oa Babylona o sala e le lesupi. Phatlalatsang molaetsa hohle. Lefatše le tlameha ho tseba hore Jehova ke Molimo le hore Jesu Kreste ke Morena oa marena le ’Musi oa babusi. Lena ke letsatsi har’a matsatsi ’ohle. Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae. Ka hona phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Nakong eo folaga e khōlō, e bolelele ba limithara tse 11, e ile ea phutholloa pel’a bamameli. Ho eona ho ne ho ngotsoe mantsoe a susumetsang a reng “Phatlalatsang [ka Senyesemane, e leng “Advertise,” e emeloang ke ADV] Morena le ’Muso.” E ne e le ketsahalo e hlollang. Bamameli ba ile ba etsa litlatse ka mafolo-folo. Moena Pfannebecker ea seng a hōlile, ea neng a le sehlopheng sa libini tsa kopano, o ile a tsoka violin ea hae moeeng ’me a hooa a bitsa mantsoe ka mokhoa oa Sejeremane a re: “Ach, Ya! Und now ve do it, no?” (Eke! Joale ke sona seo re tla se etsa, akere?) ’Me ba ile ba fela ba etsa joalo.

Ka mor’a matsatsi a mane, ha kopano e ntse e tsoela pele, Moena Rutherford o ile a kopanela ka seqo le ba bang ba tlileng kopanong ha ba kopanela boboleling ba ’Muso ka ntlo le ntlo sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 72 ho tloha setšeng sa kopano. Ha hoa ka ha fella moo. Mosebetsi oa ho bolela ka ’Muso o ne o fuoe tšusumetso e matla e neng e tla fihla lefatšeng ka bophara. Selemong seo basebetsi ba chesehang ba fetang 17 000 linaheng tse 58 ba ile ba kopanela ho faneng ka bopaki. Ka mor’a lilemo tse mashome, George Gangas, ea neng a le teng kopanong eo le eo hamorao a ileng a fetoha setho sa Sehlopha se Busang, o itse ka lenaneo leo le neng le tšoaretsoe Cedar Point: “Ke ntho e ileng ea ngoloa pelong le kelellong ea ka ’me e ke ke ea hlakoha, le ka mohla nke ke ka e lebala hafeela ke ntse ke phela.”

Liketsahalo tsa Bohlokoa Khōlong ea Moea

Likopano tsohle e ’nile ea ba linako tsa khatholoho le thuto Lentsoeng la Molimo. Empa tse ling tsa tsona li ’nile tsa hopoloa ka lilemo tse mashome e le liketsahalo tsa bohlokoa tsa moea.

Ho etsahetse tse supileng, lilemo ka ho latellana, ho tloha ka 1922 ho fihlela ka 1928, United States, Canada, le Brithani. Lebaka le leng la bohlokoa ka likopano tsena e bile liqeto tse matla tse ileng tsa amoheloa, ’me kaofela ha tsona tse supileng li thathamisitsoe leqepheng le latelang. Le hoja Lipaki li ne li batla li fokola ka palo, li ile tsa aba likopi tse ka bang limillione tse 45 tsa qeto e le ’ngoe, le tse ling tse ’maloa tse limillione tse 50, ka lipuo tse ngata lefatšeng ka bophara. Tse ling li ile tsa phatlalatsoa liea-le-moeeng tsa machaba tse hokeletsoeng ’moho. Ka hona ho ile ha fanoa ka bopaki bo sa tloaelehang.

Empa ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe e ikhethang Columbus, Ohio, ka 1931. Ka Sontaha, July 26, ka mor’a ho utloa tlhaloso ea Mangolo, Liithuti tsa Bibele li ile tsa amohela lebitso le lecha—Lipaki tsa Jehova. Ke le loketseng hakaakang! Lena ke lebitso le lebisang tlhokomelo e khōlō ho ’Mōpi le le khethollang ka ho hlakileng boikarabelo ba ba mo rapelang. (Esa. 43:10-12) Ho amoheloa ha lebitso leo ho ile ha kenya baena cheseho e khōloanyane ho feta leha e le neng pele e le baboleli ba lebitso le ’Muso oa Molimo. Ho joalokaha lengolo le ngotsoeng ke Paki ea Denmark selemong seo le boletse: “A lebitso le babatsehang, Lipaki tsa Jehova, e, e se eka kaofela re ka ba tsona.”

Ka 1935 ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe hape e sa lebaleheng, Washington, D.C. Letsatsing la bobeli la kopano eo, ka Labohlano, May 31, Moena Rutherford o ile a tšohla letšoele le leholo, kapa bongata bo boholo, leo ho buuoeng ka lona ho Tšenolo 7:9-17. Ka lilemo tse fetang mashome a mahlano, Liithuti tsa Bibele li ne li lekile ho hlalosa sehlopha seo ka nepo empa tsa hlōleha. Joale, ka nako ea Jehova e loketseng, leseling la liketsahalo tse seng li ntse li etsahala, ho ile ha hlalosoa hore batho bana ke ba nang le tebello ea bophelo bo sa feleng hona mona lefatšeng. Kutloisiso ena e ile ea fana ka moelelo o mocha mosebetsing oa boevangeli ’me ea hlalosa phetoho e khōlō ea Mangolo eo e neng e le hona e qalang ho etsahala nakong eo kahehong ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa kajeno oa Lipaki tsa Jehova.

Kopano e neng e tšoaretsoe St. Louis, Missouri, ka 1941 e hopoloa ke ba bangata ba bileng teng ka puo ea letsatsi le qalang e nang le sehlooho se reng “Botšepehi,” eo ho eona Moena Rutherford a ileng a lebisa tlhokomelo tsekong e khōlō e tobaneng le libōpuoa tsohle tse bohlale. Ho tloha ha ho fanoa ka puo e reng “’Musi oa Batho,” ka 1928, litseko tse hlahisitsoeng ke bofetoheli ba Satane li ’nile tsa hlokomeloa nako le nako. Empa joale ho ile ha hlalosoa hore “tseko e khōlō e hlahisitsoeng ke phephetso e nyefolang ea Satane e ne e le ea BOBUSI BA BOKAHOHLE ’me e ntse e le eona.” Kutloisiso bakeng sa tokollo eo le bakeng sa bohlokoa ba ho boloka botšepehi ho Jehova joaloka ’Musi oa Bokahohle e ’nile ea e-ba tšusumetso e matla bophelong ba bahlanka ba Jehova.

Ha Ntoa ea II ea Lefatše e ntse e kupa, ka 1942, ha ba bang ba ntse ba ipotsa hore na ebe mosebetsi oa boboleli o se o batla o phethiloe, puo ea phatlalatsa ea kopano e fanoeng ke N. H. Knorr, mopresidente ea sa tsoa khethoa oa Mokhatlo oa Watch Tower, ke e reng “Khotso—Na e ka Tšoarella?” Tlhaloso e boletsoeng puong eo ea ‘sebata sa tšoantšetso se ’mala oa sekarelata’ sa Tšenolo khaolo 17 e ile ea hlaka ho Lipaki tsa Jehova nakong ea ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše eo ho eona ho neng ho tla ba le monyetla oa ho lebisa batho ba bang ba eketsehileng ’Musong oa Molimo. Sena se ile sa fana ka tšusumetso phutuhong ea lefatše ka bophara eo ho theosa le lilemo e fihlileng linaheng tse fetang 235 ’me ha e e-s’o fele.

Ketsahalo e ’ngoe ea bohlokoa e etsahetse kopanong e neng e tšoaretsoe Yankee Stadium New York ka August 2, 1950. Ketsahalong eo ke letšoele le maketseng le le thabileng haholo le ileng la amohela ka lekhetlo la pele New World Translation of the Christian Greek Scriptures. Karolo e setseng ea New World Translation e ile ea lokolloa ka likaroloana lilemong tse latelang tse leshome. Phetolelo ena ea puo ea kajeno ea Mangolo a Halalelang e ile ea khutlisetsa lebitso la Molimo la botho sebakeng sa lona se loketseng ka Lentsoeng la hae. Botšepehi ba eona ho se leng lipuong tsa pele tsa Bibele bo e entse letlotlo le leholo ho Lipaki tsa Jehova thutong ea tsona ea Mangolo hammoho le mosebetsing oa tsona oa boevangeli.

Letsatsing le etelletseng pele la ho qetela kopanong eo, F. W. Franz, eo e neng e le motlatsi oa mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower nakong eo, o ile a bua le bamameli tabeng e reng “Litsamaiso tse Ncha tsa Lintho.” Ka lilemo tse ngata Lipaki tsa Jehova li ne li lumela hore esita le pele ho Armageddone bahlanka ba bang ba Jehova ba pele ho Bokreste ba tla tsosoa bafung hore e be mahosana lefatšeng le lecha, phethahatsong ea Pesaleme ea 45:16. Ka hona, nahana feela ka phello e bileng teng ho bamameli bao ba bangata ha sebui se botsa: “Na bohle ba leng mona kopanong ee ea machaba mantsiboeeng a kajeno, ba ka thabela ho tseba hore har’a rōna ho na le bao e tlang ho ba mahosana lefatšeng le lecha?” Ho ile ha ba le litlatse tse khōlō le tse telele hammoho le mehoo ea thabo. Eaba sebui se bontša hore tšebeliso ea Bibele ea lentsoe le fetoletsoeng e le “khosana” hammoho le tlaleho ea botšepehi ea ba bangata ho “linku tse ling” kajeno e fana ka motheo oa ho lumela hore ba bang ba phelang hona joale ba ka ’na ba khethoa ke Jesu Kreste bakeng sa tšebeletso ea bohosana. Leha ho le joalo, se ile sa boela sa hlalosa hore ho ke ke ha fanoa ka litlotla ho ba fuoeng boikarabelo ba ho hlokomela tšebeletso e joalo. Ha se phetha puo ea sona, se ile sa phehella: “Ka hona, a re tsoeleng pele, ka tieo, kaofela ha rōna hammoho, re le mokhatlo oa Lefatše le Lecha!”

Ho ’nile ha ba le lipuo tse ling tsa bohlokoa haholo tse fanoeng likopanong tsa Lipaki tsa Jehova: Ka 1953, “Lefatše le Lecha le Hlaseloa ho Tsoa Leboea le Hōle” e bile tlhaloso e thahasellisang ea tlhaselo ea Gogo oa Magogo joalokaha e hlalositsoe ho Ezekiele likhaolo 38 le 39. Selemong sona seo, puo e reng “Ho Tlatsa Ntlo ka Khanya” e ile ea thabisa ba e utloileng ha ba bona ka mahlo bopaki bo tiileng ba phethahatso ea tšepiso ea Jehova, e ho Haggai 2:7, ea ho tlisa lintho tsa bohlokoa, lintho tse lakatsehang, tse tsoang lichabeng tsohle ka tlung ea Jehova.

Leha ho le joalo, kopano e ikhethang ka ho fetisisa mehleng ea kajeno e ne e tšoaretsoe New York ka 1958, ha batho ba fetang kotara ea millione ba tletse moahong o moholo ka ho fetisisa bakeng sa ho utloa puo e reng “’Muso oa Molimo oa Busa—Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?” Ho bile teng batho ba tsoang linaheng tse 123, ’me litlaleho tsa bona kopanong li ile tsa matlafatsa maqhaama a boena ba machaba. E le ho tlatsetsa khōlong ea moea ea ba leng teng le bakeng sa ho li sebelisa ha ba ruta ba bang, ho ile ha lokolloa lingoliloeng ka lipuo tse 54 kopanong eo e sa tloaelehang.

Ka 1962, letoto la lipuo sehloohong se reng “Ho Ikokobeletsa Balaoli ba Phahameng” le ile la lokisa kutloisiso eo Lipaki li neng li e-na le eona ka Ba-Roma 13:1-7. Ka 1964, puo e reng “Ho Tloha Lefung ho ea Bophelong” le “Ho Tsoa Mabitleng ho ea Tsohong” e ile ea hōlisa kutloisiso ea tsona ea mohau o moholo oa Jehova o bonahalang tokisetsong ea tsoho. ’Me ho ka boleloa liketsahalo tse ling tsa bohlokoa tse ngata haholo tse etsahetseng kopanong.

Selemo ka seng ho ba le ba bacha ba mashome a likete, e, ba makholo a likete, ba bang teng likopanong. Le hoja boitsebiso bo fanoang e se ka mehla bo leng bocha mokhatlong o hlophisitsoeng ka kakaretso, hangata bo thusa ba qalang ho ba teng ho fumana kutloisiso ea thato ea Molimo eo kannete e ba thabisang. Ba ka bona le ho susumelletseha ho sebelisa hamolemo menyetla ea tšebeletso e fetolang tsela eohle ea bophelo ba bona.

Likopanong tse ngata ho ’nile ha lebisoa tlhokomelo ho se boleloang ke libuka tse itseng tsa Bibele. Ka mohlala, ka 1958 le ka 1977, ho ile ha lokolloa libuka tse sekoahelo se thata tse hlalosang boprofeta bo tlalehiloeng ke moprofeta Daniele mabapi le morero oa Molimo oa ho ba le puso e le ’ngoe eo Kreste e leng Morena oa eona. Ka 1971, ho ile ha lebisoa tlhokomelo bukeng ea Ezekiele, hammoho le khatiso ea eona phatlalatsong ea Molimo, “Lichaba li tla lokela ho tseba hore ke ’na Jehova.” (Ezek. 36:23, NW) Ka 1972, boprofeta bo tlalehiloeng ke Zakaria le Haggai bo ile ba tšohloa ka ho qaqileng. Ka 1963, 1969, le ka 1988, ho ile ha ba le litlhaloso tse batsi tsa boprofeta bo thabisang ba Tšenolo, bo bolelang ka matla esale pele ho oa ha Babylona e Moholo le ho tla ha maholimo a macha le lefatše le lecha tse khanyang tsa Molimo.

Likopano li ’nile tsa totobatsa lihlooho tse sa tšoaneng—Keketseho ea Puso ea Molimo, Borapeli bo Hloekileng, Barapeli ba Kopaneng, Basebeletsi ba Sebete, Litholoana tsa Moea, Ho Etsa Barutuoa, Litaba tse Molemo Bakeng sa Lichaba Tsohle, Lebitso la Molimo, Bobusi ba Molimo, Tšebeletso e Halalelang, Tumelo e Hlōlang, Botšepehi ba ’Muso, Baboloki ba Botšepehi, Tšepa Jehova, Boinehelo ba Bomolimo, Bajari ba Leseli, le tse ling tse ngata. E ’ngoe le e ’ngoe ea tsona e ’nile ea tlatsetsa khōlong ea moea ea mokhatlo o hlophisitsoeng le ba kopanelang le oona.

Tšusumetso Mosebetsing oa Boevangeli

Likopano tse khōlō, hammoho le tse nyenyane, e ’nile ea ba mohloli oa khothatso e khōlō mabapi le boboleli ba litaba tse molemo. Lipuo le lipontšo li ’nile tsa fana ka thuto e sebetsang. Liphihlelo tse thabetsoeng tšebeletsong ea tšimo hammoho le tse phetoang ke batho ba sa tsoa thusoa ho ithuta ’nete ea Bibele li ba teng ka linako tsohle lenaneong. Ho phaella moo, tšebeletso ea sebele ea tšimo e neng e lokisetsoa nakong ea likopano ka lilemo tse ngata e ne e le molemo haholo. E ne e fana ka bopaki bo botle motseng oo ho tšoaretsoeng kopano ho oona ’me e ne e le mohloli oa khothatso e khōlō ho Lipaki ka botsona.

Tšebeletso ea tšimo e ile ea fetoha karolo ea mosebetsi o lokiselitsoeng oa kopano Winnipeg, Manitoba, Canada, ka January 1922. E ile ea boela ea totobatsoa kopanong e akaretsang e neng e tšoaretsoe Cedar Point, Ohio, hamorao selemong seo. Ka mor’a moo, e ile ea ba ho tloaelehileng ho behella ka thōko letsatsi, kapa karolo e itseng ea letsatsi kapa likarolo tse itseng matsatsing a ’maloa, bakeng sa hore ba tlileng kopanong ba kopanele mosebetsing oa boboleli motseng oo ho tšoaretsoeng kopano ho oona le mathōkong a oona. Metseng e meholo ea litoropo, sena se ile sa fa batho ba ka ’nang ba finyelloa ka seoelo ke Lipaki monyetla oa ho utloa litaba tse molemo tsa morero oa Molimo oa ho fa batho ba ratang ho loka bophelo bo sa feleng.

Denmark letsatsi la pele matsatsing a joalo a tšebeletso kopanong le ile la lokisetsoa ka 1925, ha batho ba 400 ho ea ho 500 ba ne ba kopane Nørrevold. Ba bangata ho ba 275 ba ileng ba kopanela tšebeletsong ea tšimo kopanong eo, e ne e le ka lekhetlo la pele. Ba bang ba ne ba tšohile. Empa ka mor’a hore ba latsoe sena, ba ile ba fetoha baevangeli ba mafolo-folo masimong a habo bona. Ka mor’a kopano eo le ho fihlela bofelong ba Ntoa ea II ea Lefatše, ho ile ha tšoaroa likopano tse ngata tsa tšebeletso tsa letsatsi le le leng Denmark, ’me ho ile ha mengoa baena ba tsoang litoropong tse haufi. Ho ile ha bonahala cheseho e eketsehileng ha ba ntse ba kopanela ba le bonngoeng tšebeletsong ebe baa bokana bakeng sa ho utloa lipuo. Likopano tse tšoanang tsa tšebeletso—empa e le tsa matsatsi a mabeli—li ile tsa tšoaroa Brithani le United States.

Hangata likopanong tse khōloanyane mosebetsi oa tšimo oa ba tlileng kopanong o ne o ba moholoanyane. Ho qala ka 1936, puo ea phatlalatsa ea kopano e ile ea phatlalatsoa ka mekoloko e hlophisehileng ea Lipaki tse jereng mamatjana a phatlalatso ’me li ile tsa aba limemo. (Qalong mamatjana ao a phatlalatso a ne a bitsoa “sandwich signs” ka Senyesemane hobane le leng le ne le leketlisoa ka pele ’me le leng ka morao.) Ka linako tse ling Lipaki tse sekete kapa ho feta li ne li kopanela mekolokong e joalo kopanong. Ba bang ba ne ba kopanela maetong a ka mehla a ntlo le ntlo, ho mema bohle hore ba tl’o utloa lenaneo. E ne e le ho khothatsang haholo ho Lipaki ka bomong ho sebetsa le ba bang le ho bona ba makholo, esita le ba likete, ba Lipaki tse ling ba kopanela tšebeletsong hammoho le tsona. Ka nako e tšoanang, batho libakeng tse ngata ba ne ba hlokomela hore Lipaki tsa Jehova li teng toropong e itseng; batho ba ile ba ba le monyetla oa ho ikutloela ka bobona seo Lipaki li se rutang le ho iponela ka bobona boitšoaro ba tsona.

Hangata lipuo tse fanoang likopanong li ne li utluoa ke batho ba bangata ntle ho bamameli ba bonahalang. Ha Moena Rutherford, kopanong e neng e tšoaretsoe Toronto, Canada, ka 1927, a fana ka puo e reng “Tokoloho Bakeng sa Batho,” e ile ea phatlalatsoa letotong le ikhethang la liteishene tse 53 tsa phatlalatso bakeng sa bamameli ba bangata ba lichaba tse ling seea-le-moeeng. Selemong se latelang, ho tsoa Detroit, Michigan (U.S.A.), puo e reng “’Musi oa Batho” e ile ea phatlalatsoa ke liteishene tse ngata ka makhetlo a imenneng habeli, ’me seea-le-moea se sebelisang leqhubu le lekhutšoaane se ile sa e fetisetsa ho bamameli ba libakeng tse kang Australia, New Zealand, le Afrika Boroa.

Ka 1931, litsamaiso tse khōlō tsa seea-le-moea li ile tsa hana ho sebelisana le litokisetso tsa ho phatlalatsa puo ea kopano ea Moena Rutherford; kahoo Mokhatlo oa Watch Tower, o sebetsa ’moho le American Telephone and Telegraph Company, o ile oa hlahisa tsamaiso ea oona ea liteishene tse 163, ho akarelletsa le tsamaiso e khōlō ka ho fetisisa e hokahantsoeng ka mohala e kileng ea phatlalatsoa, bakeng sa ho fetisa molaetsa o reng “’Muso, Tšepo ea Lefatše.” Ho phaella moo, liteishene tse ling tse fetang 300 likarolong tse ngata tsa lefatše li ile tsa phatlalatsa lenaneo li sebelisa lirekoto tsa kramafono.

Kopanong e neng e tšoaretsoe Washington, D.C., ka 1935, Moena Rutherford o ile a bua ka sehlooho se reng “Puso,” ka matla a lebisa tlhokomelo tabeng ea hore haufinyane ’Muso oa Jehova tlas’a Kreste o tla nka sebaka sa mebuso eohle ea batho. Batho ba fetang 20 000 ba neng ba le Washington Auditorium ba ile ba e utloa. Puo ena le eona e ile ea fetisoa ka seea-le-moea le mehala ea thelefono ho pota lefatše, ea fihla Amerika Bohareng le Boroa, Afrika Boroa, lihleke-hleke tsa Pacific, le linaha tsa Bochabela. Mohlomong ba utloileng puo eo ka tsela ena ba bile limillione. Likoranta tse peli tse hlahelletseng tsa Washington li ile tsa felisa tumellano ea tsona ea ho hatisa puo ena. Empa baena ba ile ba qaqolohanya makoloi a nang le libuela-hōle litsing tse tharo motseng oo le libakeng tse ling tse 40 tse mathōkong a Washington, ’me puo ena e ile ea boela ea phatlalatsoa hape ho tsoa libakeng tsena ho bamameli ba eketsehileng ba lekanyetsoang ho 120 000.

Joale, ka 1938, ho tsoa Royal Albert Hall, London, Engelane, puo e tobileng e reng “Tobang Linnete” e ile ea fetisetsoa metseng e ka bang 50 eo ho tšoaretsoeng likopano ho eona ho pota lefatše, ’me kakaretso ea ba bileng teng ea ba hoo e ka bang 200 000. Ho phaella moo, bamameli ba bangata ba ile ba utloa puo eo seea-le-moeeng.

Ka hona, le hoja Lipaki tsa Jehova li ne li fokola ka palo, likopano tsa tsona li ile tsa phetha karolo e khōlō ho boleloeng ha molaetsa oa ’Muso phatlalatsa.

Likopano tsa ka Mor’a Ntoa Europe

Ho ba bileng teng, likopano tse itseng li khethehile ho feta tse ling tsohle. Ho bile joalo ka tse tšoaretsoeng Europe hang-hang ka mor’a Ntoa ea II ea Lefatše.

Kopano e ’ngoe e joalo e ne e tšoaretsoe Amsterdam, Netherlands, ka August 5, 1945, likhoeli tse ka tlaase ho tse ’nè ka mor’a hore Lipaki li lokolloe likampong tsa mahloriso tsa Jeremane. Ho ne ho lebelletsoe batho ba ka bang 2 500; ba 2 000 ho bona ba ne ba tla hloka likamore tsa marobalo. E le ho finyella tlhoko ea libaka tsa marobalo, Lipaki tsa sebaka seo li ile tsa ala seteroi fatše malapeng a tsona. Baeti ba ile ba tla ba tsoa libakeng tsohle ba sebelisa mekhoa eohle e ka khonehang—ka seketsoana, ka literaka, ka libaesekele, ’me ba bang ba kōpa lift tseleng.

Ha ba le kopanong eo ba ne ba tšeha ebile ba lla, ba ne ba bina, ’me ba leboha Jehova ka molemo oa hae. Joalokaha e mong ea bileng teng a boletse: “Ba bile le thabo e khōlō ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo o sa tsoa lokolloa mahlaahleleng!” Pele ho ntoa, ho ne ho e-na le Lipaki tse ka bang ka tlaase ho 500 Netherlands. Kakaretso ea tse 426 e ile ea tšoaroa ’me ea kenngoa teronkong; ho tsona, ba 117 ba ile ba shoa e le phello e tobileng ea mahloriso. E bile thabo e kaakang ha ba bang ba fumana baratuoa ba bona kopanong bao ba neng ba nahana hore ba shoele! Ba bang ba ile ba lla ha ba ntse ba batla ’me ba sa fumane letho. Mantsiboeeng ao, ba 4 000 ba ne ba mametse ka hloko puo ea phatlalatsa e hlalositseng lebaka leo ka lona Lipaki tsa Jehova li neng li hlorisoa ka matla. Ho sa tsotellehe mahlomola ao li fetileng ho ’ona, li ne li ntse li itlhophisetsa ho ntšetsa pele mosebetsi oa tsona o fanoeng ke Molimo.

Selemong se latelang, ka 1946, baena Jeremane ba ile ba lokisetsa kopano Nuremberg. Ba ile ba lumelloa ho sebelisa Zeppelinwiese, mabala a pele a sesole sa Hitler. Letsatsing la bobeli la kopano, Erich Frost, ea neng a bone sehlōhō sa Gestapo ka mahlo ’me a qetile lilemo tse ngata kampong ea mahloriso ea Nazi, o ile a fana ka puo ea phatlalatsa e reng “Bakreste Tlas’a Teko e Sehlōhō.” Lipaki tse 6 000 tse bileng teng li ile tsa kopana le batho ka kakaretso ba 3 000 ba tsoang Nuremberg ketsahalong eo.

Letsatsi la ho qetela la kopano eo le ile la ipaka e le leo ho tla phatlalatsoa likotlo linyeoeng tsa tlōlo ea molao e bileng teng ntoeng hona moo Nuremberg. Letsatsing leo ba boholong sesoleng ba ile ba phatlalatsa lithibelo tsa ho tsamaea bosiu, empa ka mor’a lipuisano tse telele ba ile ba lumela hore ka baka la boemo boo Lipaki tsa Jehova li bo nkileng ha li tobane le khanyetso ea Nazi, e ka ba ho sa lokelang ho li sitisa ho phetha kopano ea tsona ka khotso. Ka hona, letsatsing leo la ho qetela, baena ba ile ba bokana bakeng sa ho mamela puo e susumetsang e reng “Ho Hloka Tšabo ho sa Tsotellehe ’Momori oa Lefatše.”

Li ile tsa bona letsoho la Jehova ho se etsahalang. Nakong eo ka eona banna ba emelang lebotho le lekileng ho li felisa ba neng ba ahloloa, Lipaki tsa Jehova li ne li bokane bakeng sa ho rapela Jehova sebakeng seo ho sona Hitler a neng a entse lipontšo tse sisimosang tsa puso ea Nazi. Molula-setulo oa kopano o ile a re: “Ho latsoa letsatsi lena feela, leo e leng ponelo-pele feela ea tlhōlo ea batho ba Molimo holim’a lira tsa bona ntoeng ea Armageddone, ho ne ho ka bolela ho koalloa kampong ea mahloriso ka lilemo tse robong.”

Likopano tse Ling tse sa Lebaleheng

Ha mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova o ntse o eketseha, likopano li ’nile tsa tšoaroa ho pota lefatše. Kaofela li bile le likarolo tse ikhethang ho ba bileng teng ho tsona.

Kitwe, ka Leboea ho Rhodesia (eo joale e leng Zambia), khubung ea Copperbelt, ho ile ha etsoa litokisetso tsa ho tšoara kopano nakong ea leeto la mopresidente oa Mokhatlo oa Watch Tower ka 1952. Setša sena e ne e le sebaka se seholo se mathōkong a kampo e ’ngoe ea merafo, sebakeng seo hona joale se tsejoang e le Chamboli. Seolo sa bohloa se ile sa batalatsoa, ’me ha hahoa moaho o ruletsoeng ka joang holim’a sona bakeng sa sethala. Meaho e meng e ruletsoeng ka joang bakeng sa marobalo, e nang le mekato e ’meli, e ne e qaqolohane ka limithara tse 180 ho tloha sebakeng se seholo seo ho luloang ho sona joaloka literata tsa lebili. Banna le bashanyana ba ne ba robala ho e meng; basali le banana bona ba robala ho e meng. Ba bang ho ba tlileng kopanong ba ne ba tsamaile libeke tse peli ka baesekele hore ba be teng. Ba bang ba ne ba tsamaile ka maoto matsatsi a mangata eaba ba qetella leeto ka ho palama bese ea boholo-holo.

Nakong ea mananeo bamameli ba ne ba mametse ka hloko, le hoja ba ne ba lutse holim’a libanka tsa lepolanka sebakeng se sa sireletsoang. Ba ne ba tlil’o mamela, ’me ba ne ba sa batle ho lahleheloa ke lentsoe leha le le leng. Ho bina ha bamameli bao ba 20 000 ho ne ho sekisa meokho—ho ne ho le monate. Ba ne ba sa bine hammoho le liletsa tsa ’mino, empa ho lumellana ha mantsoe e ne e le ho tsoileng matsoho. Bonngoe ba Lipaki tsena ha boa ka ba bonahala feela ho bineng ha tsona empa le ka litsela tsohle, le hoja li ne li tsoa limelong le melokong e mengata.

’Me ak’u inahanele feela ka maikutlo a Lipaki tsa Jehova Portugal ha, ka mor’a ntoa ea tokoloho ea borapeli e ’nileng ea tsoela pele ka lilemo tse ka bang 50, Lipaki sebakeng seo li fumana tumello ea molao ka December 18, 1974. Nakong eo palo ea tsona e ne e le hoo e ka bang 14 000 feela. Ka mor’a matsatsi a seng makae, ba 7 586 ba ile ba tlala sebaka sa lipapali se Porto. Letsatsing le latelang, ba bang ba 39 284 ba ile ba tlala lebala la lipapali le Lisbon. Moena Knorr le Moena Franz ba ne ba le teng har’a bona ketsahalong eo e thabisang, eo ba bangata ba ke keng ba e lebala le ka mohla.

Ho Hlophisa Lipokano tsa Machaba

Ka lilemo tse fetang mashome a mahlano, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa tšoara likopano tse khōlō, metseng e mengata ka nako e le ’ngoe linaheng tse ngata. Boikutlo ba tsona ba boena ba machaba bo ’nile ba hōla liketsahalong tsena moo kaofela ha tsona li ’nileng tsa khona ho utloa lipuo tsa sehlooho tse fanoang motseng o moholo.

Leha ho le joalo, ke feela ka 1946 ha kopano e khōlō ea machaba e kopanya batho ’moho motseng o le mong ba tsoang likarolong tse ngata tsa lefatše. Sena se etsahetse Cleveland, Ohio. Le hoja ho ne ho ntse ho le thata ho nka maeto ka mor’a ntoa, lenane la ba bileng teng le ile la fihla ho 80 000, ho akarelletsa le ba 302 ba tsoang linaheng tse 32 tse mathōkong a United States. Mananeo a ile a tšoaroa ka lipuo tse 20. Ho ile ha fanoa ka thuto e ngata e sebetsang ka morero oa ho atolosa mosebetsi oa boevangeli. E ’ngoe ea litlhōrō tsa kopano e bile puo ea Moena Knorr e buang ka mathata a tsosoloso le katoloso. Bamameli ba ile ba etsa litlatse ka mafolo-folo ha ba utloa ka merero ea ho atolosa meaho ea ntlo-khōlō ea Mokhatlo ea khatiso le liofisi, hammoho le meaho ea phatlalatso ea seea-le-moea, ho haha liofisi tsa makala linaheng tse khōlō tsa lefatše, le katoloso ea mosebetsi oa boromuoa. Kapele-pele ka mor’a kopano eo, ho ile ha hlophisoa litokisetso tsa hore Moena Knorr le Moena Henschel ba nke leeto la ho pota lefatše bakeng sa ho sebelisa se boletsoeng.

Lilemong tse latelang, ho ile ha tšoaroa likopano tse ikhethang Yankee Stadium Motseng oa New York. Ho ea pele ea tsona, ho tloha ka July 30 ho ea ho August 6, 1950, ho bile teng batho ba tsoang linaheng tse 67. Lenaneo le ne le akarelletsa litlaleho tse khutšoaane tse fanoang ke bahlanka ba lekala, baromuoa, le ba bang ba tlileng kopanong. Ba ile ba fana ka litlhaloso tse khutšoaane tse hlollang tsa mosebetsi o moholo oa boevangeli o ntseng o etsoa linaheng tsohle tseo ba tsoang ho tsona. Letsatsing la ho qetela, lenane la ba bileng teng le ile la fihla ho ba 123 707 bakeng sa puo e reng “Na U ka Phela ka ho sa Feleng ka Thabo Lefatšeng?” Sehlooho sa kopano e ne e le “Keketseho ea Puso ea Molimo.” Ho ile ha lebisoa tlhokomelo keketsehong e khōlō ea lipalo. Leha ho le joalo, joalokaha molula-setulo, Grant Suiter, a hlalositse ka matla, sena ha se etsoe molemong oa ho tlotlisa likelello tse bohlale tsa batho leha e le bafe ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng o bonahalang. Ho fapana le hoo, o itse: “Lenane le lecha le phahameng le tlotlisa Jehova. Ke tsela eo ho lokelang ho ba ka eona, ’me ha re batle hore ho be ka tsela e ’ngoe.”

Ka 1953, ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe Yankee Stadium New York. Lekhetlong lena lenane la ba bileng teng le ile la fihla tlhōrōng ea ba 165 829. Joalokaha ho etsahetse kopanong ea pele e neng e tšoaretsoe moo, lenaneo le ne le akarelletsa litlhaloso tse hlollang tsa boprofeta ba Bibele, keletso e sebetsang ea ho finyella boboleli ba litaba tse molemo, le litlaleho tse tsoang linaheng tse ngata. Le hoja mananeo a qalile hoo e ka bang ka 9:30 hoseng, hangata a ne a sa fele ho fihlela ka 9:00 kapa ka 9:30 bosiu. Kopano e ne e fana ka matsatsi a robeli a tletseng a lijo tse hlabosang le tse thabisang tsa moea.

Bakeng sa kopano e khōlō ka ho fetisisa, e neng e tšoaretsoe New York ka 1958, ha hoa ka ha hlokahala hore ho sebelisoe Yankee Stadium feela empa hape le Polo Grounds e haufi hammoho le libaka tse ling tseo ba eketsehileng ba ileng ba phuthehela ho tsona ka thōko ho mabala a lipapali bakeng sa ho amohela matšoele a tlileng kopanong. Letsatsing la ho qetela, ha litulo kaofela li tletse, ho ile ha fanoa ka tumello e khethehileng ea ho sebelisa lebala la lipapali la Yankee Stadium, ’me e bile pono e thabisang hakaakang ha batho ba likete ba kena ka bongata, ba rola lieta tsa bona, ’me ba lula holim’a joang! Ho bile teng ba 253 922 bakeng sa ho utloa puo ea phatlalatsa. Bopaki bo eketsehileng ba tlhohonolofatso ea Jehova tšebeletsong ea bahlanka ba hae bo bonahetse ha ba 7 136 ba bileng teng kopanong ena ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ka ho qoelisoa metsing—e leng palo e imenneng habeli ho feta ea ba kolobelitsoeng ketsahalong e ikhethang ea Pentekonta 33 C.E., joalokaha ho tlalehiloe ka Bibeleng!—Lik. 2:41.

Tšebetso eohle ea likopano tsena e fane ka bopaki ba ho hong ho eketsehileng ho feta feela tlhophiso e atlehileng. E bile ponahatso ea ho sebetsa ha moea oa Molimo har’a batho ba hae. Lerato la boena leo motheo oa lona e leng lerato ho Molimo le ne le bonahala hohle. Ho ne ho se na bahlophisi ba amohelang meputso e phahameng. Mafapheng ’ohle ho ne ho e-na le baithaopi ba sa lefshoeng. Baena le bo-khaitseli ba Bakreste, hangata e le lihlopha tsa malapa, ba ne ba hlokomela maphephe a lijo tse tšesaane. Ba ne ba boetse ba lokisetsa lijo tse chesang, ’me litenteng tse khōlō tse ka thōko ho lebala, ba ne ba fepa ba tlileng kopanong ka tekanyo ea ba sekete ka motsotso. Ba mashome a likete—kaofela e le ba thabelang ho kenya letsoho mosebetsing—ba ne ba sebeletsa e le bahlokomeli ’me ba hlokomela mosebetsi oohle oa ho haha maphephe, ho apeha lijo le ho li aba, tlhoekiso, le tse ling tse ngata.

Baithaopi ba eketsehileng ba ile ba sebelisa lihora tse makholo a likete e le ho khotsofatsa litlhoko tsa marobalo tsa ba tlileng kopanong. Lilemong tse ling, e le ho hlokomela batho ba itseng ba tlileng kopanong, ho ile ha lokisetsoa lik’haravene le litente. Ka 1953 Lipaki li ile tsa kotula koro ea lihekthere tse 16, ntle ho tefo, bakeng sa rapolasi e mong New Jersey ea ileng a li ngolisetsa tšimo ea hae ka molao bakeng sa lik’haravene. Matloana, motlakase, lishaoara, likamore tseo ho hlatsoetsoang ho tsona, lebenkele la lijo, le lebenkele la lisebelisoa tsa ka tlung li ile tsa hahoa bakeng sa ho hlokomela sehlopha sa batho ba fetang 45 000. Ha ba ntse ba fihla, ka bosiu bo le bong ho ile ha hlaha motse. Ba bang ba likete tse ngata ba ile ba fumaneloa marobalo lihoteleng le malapeng a baena New York le mathōkong a eona. E bile mosebetsi o moholo haholo. Ka tlhohonolofatso ea Jehova, o ile oa phethoa ka katleho.

Likopano li Hatela Pele

Litho tsa boena bona ba machaba li thahasella haholo Lipaki tsa habo tsona tse linaheng tse ling. Ka baka leo, li ’nile tsa sebelisa hamolemo menyetla ea ho ba teng likopanong tse tšoaretsoeng linaheng lisele.

Ha kopano ea pele letotong la Likopano tsa Borapeli bo Hloekileng e tšoaroa Wembley Stadium London, Engelane, ka 1951, ho bile teng Lipaki tse tsoang linaheng tse 40. Lenaneo le ile la hatisa karolo e sebetsang ea borapeli ba’nete le hore motho a etse tšebeletso pakane ea hae bophelong. Lipaki tse ngata tse tsoang Engelane li ile tsa ea Europe, moo ho neng ho tla tšoaroa likopano tse ling tse robong likhoeling tse peli tse latelang. E khōlō ka ho fetisisa ho tsona e ne e tšoaretsoe Frankfurt am Main, Jeremane, moo ho bileng teng ba 47 432 ba tsoang linaheng tse 24. Mosa oa baena o ile oa bonahala qetellong ea lenaneo ha sehlopha sa ’mino se qala ho letsa ’mino ’me baena ba Jeremane ba phokola pina ea karohano ba leboha Molimo ka Lipaki tsa habo bona tse tsoang mose ho maoatle tse ikopantseng le bona. Ho ne ho tsokoa lisakatuku, ’me ba makholo ba ne ba feta lebaleng ho bontša kananelo ea bona ea botho bakeng sa mokete ona o moholo oa puso ea Molimo.

Ka 1955, Lipaki tse ngata li ile tsa lokisetsa ho etela baena ba tsona ba Bakreste ba mose ho maoatle nakong ea kopano. Ba sebelisa likepe tse peli tse hiriloeng (se le seng se nka baeti ba 700) le lifofane tse 42 tse hiriloeng, batho ba tsoang United States le Canada ba ile ba ea Europe. Khatiso ea Europe ea koranta ea The Stars and Stripes, e hatisitsoeng Jeremane, e hlalositse ho kena ha Lipaki ka bongata e le “phallo eo mohlomong e leng e khōlō ka ho fetisisa ea Maamerika a eang Europe ho tloha nakong ea tlhōlo ea Linaha tsa Selekane Ntoeng ea II ea Lefatše.” Ba bang ba tlileng kopanong ba ne ba tsoa Amerika Leboea le Boroa, Asia, Afrika, le Australia. Ho sa tsotellehe boiteko ba baruti ba Bokreste-’mōtoana ba ho thibela Lipaki ho tšoara likopano tsa tsona Rome le Nuremberg, likopano tsena tse peli le tse ling tse tšeletseng li ile tsa tšoaroa Europe lehlabuleng leo. Lenane la ba bileng teng le ne le fapa-fapana ho tloha ho ba 4 351 Rome ho ea ho ba 107 423 Nuremberg. Sehlopha se seng sa ba 17 729 se ile sa bokana Waldbühne ho se neng se bitsoa Berlin Bophirimela nakong eo, moo baena ba tsoang ho seo e neng e le karolo e ka Bochabela nakong eo ba neng ba ka fihla ntle ho kotsi e kaalo. Ba bangata ho bona ba ne ba bile teronkong ka baka la tumelo ea bona kapa ba na le litho tsa malapa tse teronkong nakong eo, empa ba ne ba ntse ba tiile tumelong. Sehlooho sa kopano e bile se loketseng hakaakang—“’Muso o Hlōlang”!

Le hoja ho ne ho bile le likopano tse ngata tsa machaba, se etsahetseng ka 1963 e bile se ikhethang. E bile kopano e akaretsang lefatše kaofela. E qalile Milwaukee, Wisconsin, United States, ’me ea fihla New York; ka mor’a moo, ea fihla metseng e mene e meholo Europe; ho pholletsa le Bochabela bo Hare; ho ea fihla India, Burma (eo hona joale e leng Myanmar), Thailand, Hong Kong, Singapore, Philippines, Indonesia, Australia, Taiwan, Japane, New Zealand, Fiji, Rephabliki ea Korea, le Hawaii; eaba e khutlela Amerika Leboea. Ka kakaretso, ho bile teng batho ba tsoang linaheng tse 161. Kakaretso ea ba bileng teng e bile ka holimo ho 580 000. Ho bile le ba 583, ba tsoang linaheng tse ka bang 20, ba ’nileng ba ea likopanong ka ho fapana, linaheng ka ho latellana, ho pota lefatše lohle. Maeto a khethehileng a ile a ba thusa ho bona libaka tse thahasellisang bolumeling, ’me ba ile ba boela ba kopanela le baena le bo-khaitseli ba bona tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Baeti bana ba ile ba itefella litšenyehelo tsa bona.

Ba tlileng kopanong ba tsoa Latin America ba ne ba e-na le baemeli ba bangata likopanong tse ngata tsa machaba. Empa ka 1966-67, e ne e le monyetla oa bona oa hore ho tšoareloe likopano ha habo bona. Ba bileng teng ba ke ke ba lebala tšoantšiso e ileng ea lebisa tlhokomelo tlalehong ea Bibele e mabapi le Jeremia le e ileng ea thusa bohle ho utloisisa seo e se bolelang mehleng ea rōna.a Maqhaama a lerato la Bokreste a ile a matlafala ha baeti ba iponela ka bobona boemo boo phutuho ea thuto e batsi ea Bibele e etsoang tlas’a bona Latin America. Ba ile ba susumetsoa haholo ke tumelo e matla ea balumeli-’moho, bao ba bangata ho bona ba neng ba hlōtse litšitiso tseo ho bonahalang li ke ke tsa hlōloa—khanyetso ea lelapa, likhohola, ho lahleheloa ke thepa—e le hore ba ka ba teng kopanong. Ba ile ba khothatsoa haholo ke liphihlelo tse kang tsa khaitseli e mong oa pula-maliboho ea khethehileng oa Uruguay ea fokolloang ke bophelo eo ho ileng ha buisanoa le eena ’me a na le batho ba bangata ho ba 80 bao a seng a ba thusitse hore ba tsoele pele ho fihlela kolobetsong ea Bokreste! (Ka 1992, o ne a se a thusitse batho ba 105 ho fihlela ba kolobetsoa. O ne a ntse a fokolloa ke bophelo ’me e ntse e le pula-maliboho ea khethehileng!) Hape e bile ho thabisang hakaakang ho teana le baromuoa ba bileng lihlopheng tsa pele-pele tsa Gileade ba ntseng ba tsoela pele likabelong tsa bona! Likopano tseo e bile tšusumetso e ntle mosebetsing o etsoang karolong eo ea lefatše. Linaheng tse ngata tse joalo, hona joale ho na le barorisi ba Jehova ba bangata ka makhetlo a 10, 15, kapa esita le a 20 ho feta ba neng ba le teng nakong eo.

Lilemo tse seng kae hamorao, ka 1970-71, Lipaki tse tsoang mose ho maoatle li ile tsa khona ho thabela botsoalle le baena ba tsona likopanong tsa machaba tse neng li tšoaretsoe Afrika. Kopano e khōlō ka ho fetisisa likopanong tsena ke e neng e tšoaretsoe Lagos, Nigeria, moo ho ileng ha hlokahala hore meaho eohle e hahoe ho tloha fatše. E le ho sireletsa ba tlileng kopanong mochesong oa letsatsi, ho ile ha hahoa meaho ea lepolanka—e nang le sebaka seo ho luloang ho sona, libaka tsa marobalo, lebenkele la lijo tse tšesaane, le mafapha a mang. Sena se ile sa hloka hore ho sebelisoe lipalo tse 100 000 le mealo ea loli e meholo le e lohiloeng e 36 000—kaofela ha tsona li ile tsa lokisetsoa ke baena le bo-khaitseli. Lenaneo le ile la nehelanoa ka lipuo tse 17 ka nako e le ’ngoe. Lenane la ba bileng teng le ile la fihla ho ba 121 128, ’me ha kolobetsoa Lipaki tse ncha tse 3 775. Lihlopha tse ’maloa tsa meloko li ne li na le baemeli, ’me ba bangata ho ba neng ba le teng e ne e le batho ba neng ba atisa ho loantšana. Empa joale, e bile thabo e kaakang ho ba bona ba kopane tlamong ea boena ba ’nete ba Bokreste!

Ka mor’a kopano, ba bang ho ba tsoang linaheng lisele ba tlileng kopanong ba ile ba tsamaea ka bese ho ea Igboland ho ea bona sebaka se neng se anngoe haholo ke ntoa ea haufinyane ea lehae. Ho ile ha ba le boikutlo bo matla litoropong ka ho fapana ha baeti ba ntse ba lumelisoa ’me ba akoa ke Lipaki tsa sebaka seo. Batho ba ile ba ema matlotlosiea literateng ba tlil’o bona sena. Pontšo e joalo ea lerato le bonngoe pakeng tsa ba batšo le ba basoeu ke ntho eo ho seng mohla ba kileng ba e bona.

Linaheng tse ling lenane la Lipaki tsa Jehova le li thatafalletsa ho kopana hammoho sebakeng se le seng. Leha ho le joalo, ka linako tse ling, likopano tse ’maloa tse khōlō li ’nile tsa tšoaroa ka nako e le ’ngoe, ’me li lateloa ke tse ling, libeke ka ho latellana. Ka 1969, bonngoe bo utloahalang likopanong tse lokiselitsoeng ka tsela ena bo ile ba hōlisoa ke hore e be libui tse ling tse ka sehloohong li ne li palama lifofane ha li tloha kopanong e ’ngoe li ea ho e ’ngoe, bakeng sa ho li sebeletsa kaofela. Ka 1983 le ka 1988, ho ile ha utloahala bonngoe bo tšoanang ha likopano tse ’maloa tse khōlō tse sebelisang puo e le ’ngoe li hokahanngoa ’moho, esita le linaheng lisele, ka tsamaiso ea thelefono ea lipuo tsa sehlooho tse fanoang ke litho tsa Sehlopha se Busang. Leha ho le joalo, motheo oa sebele oa bonngoe bo teng har’a Lipaki tsa Jehova ke hore kaofela li rapela Jehova e le Molimo a le mong oa ’nete, kaofela li lumela hore Bibele ke tataiso ea tsona, kaofela li rua molemo lenaneong le tšoanang la ho iphepa moeeng, kaofela li retelehela ho Jesu Kreste joaloka Moeta-pele oa tsona, kaofela li batla ho bonahatsa litholoana tsa moea oa Molimo bophelong ba tsona, kaofela li beha tšepo ea tsona ’Musong oa Molimo, ’me kaofela li kopanela ho isetseng ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso oo.

Ho Hlophisoa Bakeng sa Thoriso ea Machaba e Eang ho Jehova

Lipaki tsa Jehova li eketsehile ho isa bohōleng boo li fetang lenane la baahi ba naha ka ’ngoe ho tse ngata. E le hore likopano tsa tsona li ka finyella se molemo ka ho fetisisa, ho hlokahala litokisetso tse hlokolosi. Leha ho le joalo, hangata se hlokahalang feela ke likōpo tse bonolo tse hatisitsoeng mabapi le hore na Lipaki tse tsoang libakeng tse sa tšoaneng li ka ea kopanong efe e le ho tiisa hore ho ba le sebaka se lekaneng bakeng sa bohle. Hangata ha ho lokisetsoa likopano tsa machaba, ho se ho hlokahala hore Sehlopha se Busang se nahanisise eseng feela ka lenane la Lipaki tse tsoang linaheng tse ling tse ka ratang ho ea moo ’me li le boemong ba ho etsa joalo empa hape le boholo ba sebaka se fumanehang seo kopano e tla tšoareloa ho sona, lenane la Lipaki tsa sebaka seo tse tlang ho ba teng, le libaka tsa marobalo tse fumanehang bakeng sa ba tlileng kopanong; joale palo e lekanyelitsoeng e ka abeloa naha ka ’ngoe. Ho bile joalo Likopanong tse tharo tsa “Boinehelo ba Bomolimo” tse neng li tšoaretsoe Poland ka 1989.

Likopanong tseo ho ne ho lebelletsoe Lipaki tsa Jehova tse ka bang 90 000 tse tsoang Poland, ho phaella ho batho ba sa tsoa thahasella ba likete. Ba bang ba bangata le bona ba ile ba mengoa ba tsoa Brithani, Canada, le United States. Ho ile ha amoheloa ba bangata ba tsoang Italy, Fora, le Japane. Ba bang ba ne ba tsoa Scandinavia le Greece. Bonyane ke linaha tse 37 tse bileng le baemeli. Likarolong tse itseng tsa lenaneo, ho ile ha hlokahala hore lipuo tsa Sepolishe kapa Senyesemane li tolokoe ho ea lipuong tse ling tse ka bang 16. Kakaretso ea ba bileng teng ke 166 518.

Lihlopha tse khōlō tsa Lipaki tse bileng teng likopanong tsena li ne li tsoa ho seo e neng e le Soviet Union nakong eo le Czechoslovakia; hape ho bile le lihlopha tse khōloanyane tse tsoang linaheng tse ling tsa Europe Bochabela. Lihotele le likamore tsa marobalo tsa sekolo li ne li sa lekana bakeng sa bohle. Lipaki tsa Poland li ile tsa bontša moea oa ho amohela baeti ka ho bula lipelo le matlo a tsona, ka thabo tsa abelana le bona seo li nang le sona. Phutheho e ’ngoe ea ba 146 e ile ea fana ka libaka tsa marobalo bakeng sa ba fetang 1 200 ba tlileng kopanong. Ba bang ba bileng teng likopanong tsena, e ne e le lekhetlo la pele ba ba pokanong e khōlō ea batho ba Jehova ba fetang 15 kapa 20. Lipelo tsa bona li ile tsa tlala kananelo ha ba bona batho ba mashome a likete ba leng lebaleng la lipapali, ba kopanela le bona thapelong, ’me ba kopanya mantsoe a bona hammoho le bona lipineng tse rorisang Jehova. Ha ba ntse ba kopana lipakeng tsa mananeo, ba ne ba akana ka mofuthu, le hoja ho se tšoane ha lipuo ho ne ho ba sitisa ho hlalosa ka mantsoe se ka lipelong tsa bona.

Ha kopano e fela, lipelo tsa bona li ne li tletse teboho e eang ho Jehova, ea entseng hore sena sohle se khonehe. Warsaw, ka mor’a litlhaloso tsa molula-setulo tsa karohano, bamameli ba ile ba etsa litlatse tse sa kang tsa khaotsa bonyane ka metsotso e leshome. Ka mor’a pina le thapelo ea ho qetela, litlatse li ile tsa qalella, ’me bamameli ba ile ba ema nako e telele maphepheng a bona. Ba ne ba eme ka lilemo tse ngata bakeng sa ketsahalo ena, ’me ba ne ba sa batle hore e fele.

Selemong se latelang, ka 1990, likhoeli tse ka tlaase ho tse hlano ka mor’a ho tlosoa ha thibelo ea lilemo tse 40 holim’a Lipaki tsa Jehova ho se neng se bitsoa Jeremane Bochabela nakong eo, ho ile ha tšoaroa kopano e ’ngoe e hlollang, ena e ne e tšoaretsoe Berlin. Har’a ba 44 532 ba bileng teng e bile batho ba tsoang linaheng tse fapaneng tse 65. Ho ne ho tlile ba seng bakae ba tsoang linaheng tse ling; ba tsoang Poland, e bile ba ka bang 4 500. Mantsoe a ne a sitoa ho hlalosa maikutlo a tebileng a bao pele ho seng mohla ba kileng ba ba le tokoloho ea ho ba teng kopanong e joalo, ’me ha bamameli kaofela ba kopanela lipineng tse rorisang Jehova, ba ne ba sitoa ho thiba meokho ea bona ea thabo.

Hamorao selemong sona seo, ha ho tšoeroe kopano e tšoanang São Paulo, Brazil, ho ile ha hlokahala mabala a mabeli a lipapali a maholo e le ho amohela bamameli ba 134 406 ba tsoang linaheng lisele. Sena se ile sa lateloa ke kopano e neng e tšoaretsoe Argentina, moo ho ileng ha boela ha sebelisoa mabala a mabeli a lipapali ka nako e le ’ngoe bakeng sa ho amohela bamameli ba tsoang linaheng lisele. Mathoasong a 1991, likopano tse eketsehileng tsa machaba li ne li ntse li tsoela pele Philippines, Taiwan, le Thailand. Ho boetse ho bile le bamameli ba bangata ba tsoang linaheng tse ngata selemong seo bakeng sa likopano tse neng li tšoaretsoe Europe Bochabela—Hungary, Czechoslovakia, le seo joale e leng Croatia. ’Me ka 1992, batho ba tsoang linaheng tse 28 ba ile ba ho nka e le tokelo e khethehileng ho ba har’a ba 46 214 St. Petersburg bakeng sa kopano ea pele ea lichaba ea Lipaki tsa Jehova Russia.

Menyetla ea Khatholoho ea ka Mehla ea Moea

Hase likopano tsohle tse tšoaroang ke Lipaki tsa Jehova tseo e leng lipokano tsa machaba. Leha ho le joalo, Sehlopha se Busang se lokisetsa hore hang ka selemo ho tšoaroe likopano tse khōlō, ’me ho thabeloa lenaneo le tšoanang lefatšeng ka bophara ka lipuo tse ngata. Likopano tsena li ka ’na tsa ba khōlō, tsa fana ka monyetla oa ho thabela botsoalle le Lipaki tse ling tse tsoang libakeng tse ngata, kapa li ka ’na tsa ba nyenyane ’me tsa tšoareloa metseng e mengata, tsa nolofalletsa ba bacha hore ba be teng ho tsona le ho nolofalletsa batho ba leng metseng e menyenyane e makholo hore ba hlokomele Lipaki tsa Jehova li le haufi-ufi le bona.

Ho phaella moo, hang ka selemo potoloho ka ’ngoe (mohlomong e entsoeng ka liphutheho tse 20) e kopana bakeng sa lenaneo la matsatsi a mabeli la keletso le khothatso ea moea.b Hape, ho tloha ka September 1987, ho lokisetsoa kopano ea letsatsi le khethehileng, lenaneo la letsatsi le le leng le hahang, bakeng sa potoloho ka ’ngoe hang ka selemo. Ha ho khoneha, setho sa basebeletsi ba ntlo-khōlō ea Mokhatlo kapa e mong ea tsoang ofising ea lekala sebakeng ka seng o romeloa hore a kopanele lenaneong. Mananeo ana a ananeloa haholo ke Lipaki tsa Jehova. Libakeng tse ngata libaka tseo ho tšoareloang likopano ho tsona ha li hōle kapa ha ho thata ho fihla ho tsona. Empa hase ka mehla ho leng joalo. Molebeli e mong ea tsamaeang o hopola banyalani ba bang ba tsofetseng ba ileng ba tsamaea lik’hilomithara tse 76 ka maoto ba nkile lipotlolomente le likobo bakeng sa ho ba teng kopanong ea potoloho Zimbabwe.

Tšebeletso ea tšimo nakong ea kopano ha e sa ba teng likopanong tsena tsohle, empa hase hobane Lipaki li e talima e se ea bohlokoa hakaalo. Maemong a mangata batho ba lulang haufi le moo ho tšoaretsoeng kopano ba eteloa khafetsa ke Lipaki tsa sebaka seo—maemong a mang, ka mor’a libeke tse ling le tse ling tse ’maloa. Ba tlileng kopanong ba ela hloko menyetla ea bopaki bo sa reroang, ’me boitšoaro ba bona ba Bokreste bo fana ka bopaki bo matla ka tsela e ’ngoe.

Bopaki ba Boena ba ’Nete

Boena bo bonahalang har’a Lipaki likopanong tsa tsona bo hlokomeleha habonolo ho bashebelli. Baa bona hore ha ho na khethollo har’a tsona le hore ho hlokomeleha lerato la sebele ho tseo mohlomong li qalang ho kopana ka lekhetlo la pele. Nakong ea Kopano ea Machaba ea Thato ea Molimo e neng e tšoaretsoe New York ka 1958, Amsterdam News ea New York (August 2) e tlalehile: “Libakeng tsohle Maafrika, ba basoeu le ba tsoang Bochabela, ba tsoang mefuteng eohle ea bophelo le likarolong tsohle tsa lefatše, ba ne ba kopane ka thabo le ka bolokolohi. . . . Barapeli ba Lipaki ba tsoang linaheng tse 120 ba ’nile ba phela le ho rapela ’moho ka khotso le ho bontša Maamerika kamoo sena se ka etsoang habonolo ka teng. . . . Kopano ke mohlala o hlollang oa kamoo batho ba ka sebetsang le ho phela hammoho.”

Haufinyane tjena, ha Lipaki tsa Jehova li tšoere likopano ka nako e le ’ngoe Durban le Johannesburg, Afrika Boroa, ka 1985, ba bileng teng ba ne ba akarelletsa lihlopha tsohle tse khōlō tsa merabe le lipuo tse teng Afrika Boroa, hammoho le baemeli ba tsoang linaheng tse ling tse 23. Botsoalle bo mofuthu bo bileng teng har’a ba 77 830 ba bileng teng bo ile ba hlokomeleha habonolo. Mosetsana e mong oa Moindia o ile a re: “Ke ntho e ntle haholo. Ho bona batho ba ’Mala, Maindia, ba basoeu, le ba batšo ba kopane ’moho ho fetotse pono eohle ea ka bophelong.”

Boikutlo bona ba boena ha bo akarelletse feela ho bososela, ho tšoarana ka matsoho, le ho bitsana “moena” le “khaitseli.” Ka mohlala, ha ho ntse ho etsoa litokisetso bakeng sa Kopano ea “Litaba tse Molemo tsa ka ho sa Feleng” lefatšeng ka bophara ka 1963, Lipaki tsa Jehova li ile tsa tsebisoa hore haeba li rata ho thusa ba bang ka lichelete hore ba be teng kopanong, Mokhatlo o ne o tla thabela ho bona hore lichelete tseo li thusa baena ba leng likarolong tsohle tsa lefatše. E ne e se ho qela lichelete, ’me ho ne ho se letho le tla sebelisoa bakeng sa ho koahela litšenyehelo tsa mokhatlo. Lichelete tseo tsohle li ile tsa sebelisetsoa morero oa tsona. Ka tsela ena, ho ile ha thusoa batho ba 8 179 hore ba be teng kopanong. Batho ba tsoang linaheng tsohle tse Amerika Bohareng le Boroa ba ile ba thusoa, le ba bang ba likete ba tsoang Afrika le ba bangata ba tsoang Bochabela bo Hare le Bochabela bo Hōle. Ba bangata ba thusitsoeng ke baena le bo-khaitseli ba sebelitseng ka lilemo tse ngata tšebeletsong ea nako e tletseng.

Ho ea bofelong ba 1978, ho ile ha lokisetsoa hore ho tšoaroe kopano Auckland, New Zealand. Lipaki tse leng Lihleke-hlekeng tsa Cook li ne li tseba ka eona ’me li laba-labela ho ba teng. Empa kamoo boemo ba lichelete bo neng bo le ka teng lihleke-hlekeng tseo, ho nka leeto leo ho ne ho tla phophotha sohle seo ba nang le sona. Leha ho le joalo, baena le bo-khaitseli ba lerato New Zealand ba ile ba nehelana ka chelete ea ho lefella leeto la ho ea le ho khutla bakeng sa baahi ba 60 ba lihleke-hlekeng tseo. Ba ne ba thabile hakaakang hore ebe ba bile teng bakeng sa ho kopanela lijong tse hlabosang tsa moea hammoho le baena ba bona ba Maori, Samoa, Niue, le Caucasus!

Moea o tloaelehileng har’a Lipaki tsa Jehova o bonahetse ho se etsahetseng qetellong ea Kopano ea Setereke ea “Toka ea Molimo” e neng e tšoaretsoe Montreal, Canada, ka 1988. Ka matsatsi a mane, batho ba tlileng kopanong ba buang Searabia, Senyesemane, Sefora, Segerike, Setaliana, Sepotoketsi, le Sepanishe ba ne ba thabetse lenaneo le tšoanang empa e le ka lipuo tsa habo bona. Leha ho le joalo, qetellong ea lenaneo la ho qetela, kaofela ha bona ba le 45 000 ba ile ba kopanela ’moho Olympic Stadium pontšong e susumetsang ea boena le bonngoe ba morero. Ba ile ba bina hammoho, sehlopha ka seng se bina ka puo ea sona, “Tlong re bineng . . . ‘Jah oa busa, fatšeng lohle ha’e be thabo.’”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Litšoantšiso tse ling tse 70 tse joalo li ile tsa nehelanoa likopanong lilemong tse latelang tse 25.

b Ho tloha ka 1947 ho ea ho 1987, li ne li tšoaroa habeli ka selemo. Ho theosa ho tla fihlela ka 1972, e ne e le likopano tsa matsatsi a mararo; eaba ho qalisoa lenaneo la matsatsi a mabeli.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 255]

“Ke ile ka khahloa haholo ke moea oa lerato le mosa oa boena”

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 256]

Literene tsa kopano—bohle ba palame!

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 275]

Hase bahlophisi ba fumanang moputso o phahameng, empa ke baithaopi ba sa lefshoeng

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 278]

Bonngoe pakeng tsa ba batšo le ba basoeu

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 261]

Liqeto tsa Bohlokoa tse Supileng tsa Kopano

Ka 1922, qeto e nang le sehlooho se reng “Phephetso ho Baeta-pele ba Lefatše” e ile ea ba biletsa hore ba pake hore batho ba na le bohlale ba ho busa lefatše lena kapa ho seng joalo ba lumele hore khotso, bophelo, tokoloho, le thabo e sa feleng li ka tsoa ho Jehova feela ka Jesu Kreste.

1923, ho bile le “Temoso ho Bakreste Bohle” ka tlhoko e potlakileng ea ho baleha mekhatlong eo ka bomene-mene e ipolelang hore e emela Molimo le Kreste.

Ka 1924, “Baruti Baa Qosoa” e ile ea pepesa lithuto le mekhoa eo e seng ea Mangolo ea baruti ba Bokreste-’mōtoana.

Ka 1925, “Molaetsa oa Tšepo” o ile oa bontša lebaka leo ka lona ba ipolelang hore ke maseli a tataisang a lefatše ba hlōlehileng ho khotsofatsa litlhoko tsa batho tse khōlōhali le kamoo e leng ’Muso oa Molimo feela o ka li khotsofatsang.

Ka 1926, “Bopaki bo Eang ho Babusi ba Lefatše” bo ile ba ba tsebisa hore Jehova ke eena Molimo a le mong oa ’nete le hore Jesu Kreste hona joale o busa e le Morena ea loketseng oa lefatše. Bo ile ba phehella babusi ho sebelisa tšusumetso ea bona bakeng sa ho reteletsa likelello tsa batho ho Molimo oa ’nete e le hore ba se ke ba oeloa ke tlokotsi.

Ka 1927, “Qeto e Eang ho Batho ba Bokreste-’mōtoana” e ile ea pepesa lebotho le kopaneng la lichelete le lipolotiki le bolumeli le hatellang batho. E ile ea phehella batho ho lahla Bokreste-’mōtoana le ho beha tšepo ea bona ho Jehova le ’Musong oa hae o leng matsohong a Kreste.

Ka 1928, “Phatlalatso e Khahlanong le Satane le e Tšehetsang Jehova” e ile ea hlakisa hore Morena ea tlotsitsoeng oa Jehova, Jesu Kreste, o tla tloha a thibela Satane le ho felisa mokhatlo oa hae o mobe, ’me ea phehella bohle ba ratang ho loka ho nka khato ea ho ema ka lehlakoreng la Jehova.

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 272, 273]

Likarolo tse Khethehileng tsa Likopano tse Ling tse Khōlō

Batho ba tlileng kopanong ba makholo le ba mafolo-folo ba ile ba fihla ka sekepe, ba likete ba fihla ka sefofane, ba mashome a likete ba fihla ka makoloi le libese

Ho ne ho hlokahala tlhophiso e ntle le basebetsi ba bangata ba baithaopi bakeng sa ho fumana libaka tse lekaneng tsa marobalo le ho abela batho ho tsona

Likopanong tsena tsa matsatsi a robeli, lijo tse chesang—tse mashome a likete—li ne li lokisetsoa ka mehla bakeng sa ba tlileng kopanong

Ka 1953, lik’haravene le litente li ile tsa amohela batho ba fetang 45 000 ba tlileng kopanong

New York, ka 1958, ho ile ha kolobetsoa ba 7 136—ho feta nako leha e le efe ho tloha ka Pentekonta ea 33 C.E.

Matšoao a litumeliso a tsoang linaheng tse ngata a ne a manehiloe, ’me mananeo a tšoaroa ka lipuo tse 21, New York ka 1953

[Setšoantšo se leqepheng la 256]

Ba neng ba tlile kopanong ea IBSA Winnipeg, Man., Canada, ka 1917

[Litšoantšo tse leqepheng la 258]

J. F. Rutherford a bua a le Cedar Point, Ohio, ka 1919. O ile a phehella bohle ho kopanela ka cheseho ho tsebahatseng ’Muso oa Molimo, ba sebelisa “The Golden Age”

[Setšoantšo se leqepheng la 259]

Kopano e neng e tšoaretsoe Cedar Point ka 1922. Ho ile ha etsoa mohoo: “Phatlalatsang Morena le ’Muso”

[Setšoantšo se leqepheng la 260]

George Gangas o ne a le Cedar Point ka 1922. Ka lilemo tse ka bang 70 ho tloha nakong eo o ’nile a bolela ’Muso oa Molimo ka cheseho

[Setšoantšo se leqepheng la 262, 263]

Ba tlileng kopanong ea 1931 e neng e tšoaretsoe Columbus, Ohio, bao ka mafolo-folo ba ileng ba amohela lebitso Lipaki tsa Jehova

[Setšoantšo se leqepheng la 264]

“New World Translation of the Christian Greek Scriptures” ha e lokolloa ke N. H. Knorr ka 1950

[Setšoantšo se leqepheng la 264]

Lipuo tsa F. W. Franz tse buang ka phethahatso ea boprofeta ba Bibele e bile ketsahalo ea bohlokoa ea kopano (New York, 1958)

[Litšoantšo tse leqepheng la 265]

Ka lilemo tse ngata tšebeletso ea tšimo e ne e le karolo e hlahelletseng ea likopano tsohle.

Los Angeles, U.S.A., 1939 (ka tlaase-tlaase); Stockholm, Sweden, 1963 (se kenyellelitsoeng)

[Litšoantšo tse leqepheng la 266]

Ha J. F. Rutherford a bua a le Washington, D.C., ka 1935, molaetsa oo o ile oa fetisoa ke liea-le-moea le mehala ea thelefono ho ea lik’honthinenteng tse tšeletseng

[Litšoantšo tse leqepheng la 268]

Nuremberg, Jeremane, ka 1946, Erich Frost o ile a fana ka puo e matla “Bakreste Tlas’a Teko e Sehlōhō”

[Setšoantšo se leqepheng la 269]

Kopano e neng e tšoaretsoe sebakeng se bulehileng Kitwe, ka Leboea ho Rhodesia, ketelong ea N. H. Knorr ka 1952

[Litšoantšo tse leqepheng la 270, 271]

Ka 1958 bamameli ba 253 922, ba neng ba tletse mabaleng a mabeli a maholo a lipapali New York, ba ile ba utloa molaetsa o reng “’Muso oa Molimo oa Busa—Na Bofelo ba Lefatše bo Haufi?”

Polo Grounds

Yankee Stadium

[Setšoantšo se leqepheng la 274]

Grant Suiter, molula-setulo oa kopano Yankee Stadium ka 1950

[Setšoantšo se leqepheng la 274]

John Groh (ea lutseng), a tšohla tlhophiso ea kopano le George Couch ka 1958

[Litšoantšo tse leqepheng la 277]

Ka 1963 ho ile ha tšoaroa kopano e akaretsang lefatše kaofela, ’me batho ba tsoang linaheng tse ka bang 20 ba ne ba ntse ba tsamaea le eona ho pota lefatše

Kyoto, Japane (ka tlaase ho le letšehali), e bile o mong oa metse e 27 eo ho neng ho tšoaretsoe kopano ho eona. Ba tlileng kopanong Rephabliking ea Korea ba ile ba tsebana (bohareng). Tumeliso ea Maori New Zealand (ka tlaase ho le letona)

[Litšoantšo tse leqepheng la 279]

Kopano e ileng ea sebeletsa lihlopha tsa lipuo tse 17 ka nako e le ’ngoe, meahong ea lepolanka e hahetsoeng ketsahalo eo (Lagos, Nigeria, 1970)

[Litšoantšo tse leqepheng la 280]

Ho ile ha tšoaroa likopano tse tharo tse khōlō Poland ka 1989, ’me hoa e-ba teng ba tsoang linaheng tse 37

T. Jaracz (ka ho le letona) o ile a bua le ba tlileng kopanong Poznan

Ho ile ha kolobetsoa ba likete Chorzów

Bamameli ba ile ba etsa litlatse tse telele Warsaw

Ba tlileng kopanong ba tsoang ho seo e kileng ea ba U.S.S.R. (ka tlaase)

Likarolo tse itseng tsa lenaneo Chorzów li ile tsa fetoleloa ka lipuo tse 15

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela