Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • yb99 maq. 6-30
  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng
  • Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kabo ea Kingdom News
  • Setsi sa Thuto sa Watchtower
  • Lipaki Tse Boneng Mesebetsi e Metle
  • ‘Ho Lelefatsa Lithapo Tsa Tente’
  • Tlaleho ea Buka ea Selemo ea 1997 ea Lipaki Tsa Jehova
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1997
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2001
  • Lintlha Tsa Sehlooho Tsa Selemo se Fetileng
    Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 2000
Bala Tse Ling
Buka ea Selemo ea Lipaki Tsa Jehova ea 1999
yb99 maq. 6-30

Lintlha tsa Sehlooho Tsa Selemo se fetileng

Lintho tse ikhethang har’a liketsahalo tsa selemo se fetileng e bile Likopano tsa Machaba tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo.” Tsena li ile tsa fana ka bopaki bo bonahalang ba hore barapeli ba Jehova ka sebele ke ‘bongata bo boholo bo tsoang lichabeng tsohle le melokong eohle le lihlopheng tsohle tsa batho le malemeng ’ohle’ boo Jehova a ntseng a bo lokisetsa ho ea phela lefatšeng la hae le lecha. (Tšen. 7:9, 10) Ka mor’a ho ba ho e ’ngoe ea likopano tsena, Paki e ’ngoe ea Guadeloupe e ile ea re joale, ka lekhetlo la pele, ka sebele e ka ‘ananela pelong ea eona’ bonnete ba sena.

Pele ho mona, ha re e-s’o be le batho ba bangata hakana ba eang likopanong tsa machaba. Baeti ba mashome a likete ba ile ba leba linaheng tse ling, esita le lik’honthinenteng tse ling, ba e-ea likopanong. Ha ba etsa joalo, ’nete ea hore ka sebele ke karolo ea lelapa la machaba e ne e totobetse haholo.

Ho tloha qetellong ea May ho fihlela ka August, Likopano tsa Machaba tsa “Tsela ea Molimo ea Bophelo” li ile tsa tšoareloa metseng e sa tšoaneng United States, Canada le Brithani, tsa lateloa ke tse eketsehileng Jeremane le Greece. Litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa bua ho e ’ngoe le e ’ngoe ea likopano tsena, hangata li bua ka batoloki. Ka nako e le ’ngoe, ho ile ha tšoaroa likopano tsa setereke tse makholo ho pholletsa le Amerika Leboea le Europe.

Ha ea pele ea likopano tsa machaba e buloa San Diego, California, ka la 22 May, ba tlileng kopanong ba ne ba thabetse ho ba le baromuoa ba 45 ba tsoang linaheng tse 14. Libeke tse peli hamorao, Lipaki tse buang Sepanishe li ile tsa kopana hona lebaleng leo. Ho ba 25 181 ba neng ba le teng kopanong ena, ba fetang 3 100 e ne e le baeti ba tsoang linaheng lisele. Ha libui tse tsoang Argentina, Chile, Costa Rica, El Salvador, Mexico, Peru, Spain le Uruguay li kopanela lenaneong, bamameli ba ile ba tlameha ho itloaetsa mokhoa o ikhethang oa ho bitsa mantsoe. E ne e le bamameli ba thabileng le ba chesehang hakaakang!

Bekeng e latelang, Pontiac, Michigan, lenane la bamameli ba tlileng kopanong le ile la eketseha ho fihla ho ba 42 763, ’me palo ea linaha tse emetsoeng e ile ea nyolohela bonyane ho 44. Lihlopha tsa baeti ba fetang 300 sehlopheng ka seng li ne li e-tsoa Brithani, Czech Republic le Afrika Boroa. Ba tlileng kopanong ba ne ba tsoa linaheng tse 14 tsa Europe, tse 8 tsa Afrika, tse 20 tsa Linaha tsa Amerika le tse 2 tsa Asia. Mabakeng a mang malapa kaofela, esita le liphutheho kaofela, a ile a thusa ka litšenyehelo hore bonyane a le mong har’a bona a ka ba teng. Boteng ba baeti ba bangata hakaalo ba tsoang linaheng tse ling bo ile ba bonahala bo thabisa bamameli haholo. ’Me lipuo tse fanoeng ke litho tsa Sehlopha se Busang—Mor’abo rōna Schroeder, Barr le Sydlik—li ile tsa ba ama lipelo ka ho tebileng. Se etsahetseng, joalokaha Paki e ’ngoe e ile ea bolela, ‘ke ntho eo ba tla e phetela meloko e tlang ’me mohlomong le meloko e fetileng ha e tsoha!’—Bapisa le Pesaleme ea 48:1, 12-14.

Ha kopano ea Pontiac e ntse e tsoela pele, ho ne ho tšoeroe tse ling tse ’nè Montreal, Quebec, Canada. Tsona li ne li tšoeroe ka Sefora, Sepotoketsi, Segerike le Searabia. Barab’abo rōna ba ile ba susumetsoa haholo ke seo litho tsa Sehlopha se Busang, tseo tse ling tsa tsona li seng li hōlile lilemong li se entseng, e le ho re li ka ba sebeletsa kaofela. Ba bileng teng ba ile ba fihla ho ba 33 242, le baeti ba 4 071 ba tsoang linaheng tse ling. Palo e khōlō e ne e e-tsoa Fora le Brazil; ba bangata ba tsoa Belgium, Guadeloupe le Martinique. Linaha tse 13 tsa Afrika li ne li emetsoe. Har’a baeti bao ho ne ho e-na le pula-maliboho oa khale oa Mali, Afrika Bophirimela, ea neng a le teng moo ka lebaka la mosa oa mosali e mong oa mohoebi eo a mo isetsang limakasine kamehla. Banyalani ba bang ba Brazil ba ileng ba rekisa koloi ea bona bakeng sa leeto la bona, ba ile ba re: “Ke letsete le molemo ka ho fetisisa leo re kileng ra le etsa.”

Mafelong a beke a mabeli a latelang ka June, likopano tse ling tse peli li ile tsa tšoareloa Vancouver, lebōpong le ka bophirimela la Canada. Kakaretso ea ba bileng teng e ne e le 22 273, le baeti ba ’maloa ba tsoang libakeng tse hōle tse arohaneng haholo joaloka Asia Boroa-bochabela le Europe Leboea. Kopano ea ho qetela e neng e tšoaretsoe Vancouver e ne e le ka nako e le ’ngoe le e neng e tšoaretsoe Toronto, Ontario. Kantle ho Macanada, baeti ba ne ba tsoa Jeremane, Poland, Finland, Austria, le linaheng tse ling tse ngata tsa Europe le Afrika. Palo ea bileng teng e ile ea fihla ho 41 381. Ka kakaretso, likopanong tsa Canada, baeti ba neng ba le teng ba ne ba e-tsoa linaheng tse 52—e le letšoele la ’nete la machaba!

Ha re khutlela United States, ho tloha ka la 3 ho ea ho la 5 July, ho ile ha tšoaroa likopano tse supileng ka nako e le ’ngoe haufi le lebōpo la leoatle la Pacific, Long Beach, California. Tsona li ne li le ka Sechaena (ka bobeli Secanton le Semandarin), Sejapane, Sekorea, Senyesemane, Setagalog, Setaliana le Sevietnam—kaofela li tšoaretsoe mehahong e sa tšoaneng Setsing sa Likopano se seholo Long Beach. Lenane la ba bileng teng le ne le tloha ho ba 552 ba Sevietnam ho ea ho ba 12 659 ba Senyesemane. Baeti ba bangata ba tsoang Bochabela le Italy ba ile ba thabela botsoalle le ba neng ba tsoa Linaheng tsa Amerika, Europe Bochabela le Afrika. Har’a bona ho ne ho e-na le ba bang ba neng ba entse boiteko bo boholohali hore ba be teng. Linakong tsa khefu ea mananeo, baeti ba apere ka tsela ea setso sa bona ba ne ba tsamaea ba tloha sehlopheng se seng sa puo ho ea ho se seng, ba tšoarana ka matsoho, ba hakana, ba fanana liaterese le ho nka litšoantšo. Mor’abo rōna e mong ea neng a ameha litokisetsong tsa kopano moo, o ile a ngola: “Likopano tsohle li molemo; kaofela li na le liphello tse tšoaetsanoang tse utluoang likhoeli-khoeli ka mor’a moo. Kopano ena e ne e batla e tšoana le leqhubuhali le bakoang ke samarine. E ne e le matla, ’me e bile le tšusumetso e khōlōhali lipelong tsa baeti.”

Mafelo-beke a likopano tse ngata Long Beach a ile a lateloa ke kopano e ’ngoe ea Sepanishe—ena e ne e le Houston, Texas. Palo ea ba bileng teng ba 34 257 e ne e akarelletsa baeti ba 2 820 ba tsoang linaheng tse 14, ba ileng ba fumana marobalo malapeng a 1 217 moo Lipaki tsa moo li ileng tsa amohela baeti bana ka mofuthu.

Lintho tse ileng tsa hatiseha ka ho fetisisa ho baeti e bile kamohelo e mofuthu eo ba e fumaneng—lerato la bara ba motho leo ba le bontšitsoeng ke Bakreste-’moho le bona bao ba neng ba e-s’o ka ba kopana le bona pele. Ba ne ba ile ba bala ka kameho ea bara ba motho ea machaba. Ba ne ba tseba hore Jehova o ruta batho ba hae hore ba bontše lerato le joalo. (Baheb. 13:1, 2; 3 Joh. 5-8) Empa joale ba ne ba le latsoa ka bobona ka litsela tseo ho seng mohla ba kileng ba li tseba pele. Boema-fofaneng, baeti ba ne ba amoheloa ka cheseho ke bara le barali babo rōna, ba baholo le ba banyenyane. Ho ne ho boetse ho entsoe litokisetso tsa hore baeti ba tsoang linaheng tse ling ba amoheloe ke Lipaki tsa moo. Hoo ho ile ha ipaka e le tlhohonolofatso e kaakang!

Texas, libese tse makholo-kholo tse nkileng baeti ba tsoang mose li ile tsa ba isa Holong ea Kopano ea Rosenberg ho ea kopana le batho ba ba amohelang. Sebakeng seo, letšoele la Lipaki tse ka bang 500 le ile la nyakalla le ho hlaba litlatse ha baeti ba fihla. Belleville, Michigan, lihoreng tsohle tsa motšehare le bosiu, Lipaki tse makholo-kholo li ne li le teng ho amohela baeti ba tlileng ka libese ba khathetseng. Ha baeti ba kena ka Holong ea Kopano, ba ne ba amoheloa ka mantsoe a ba bangata ba binang “Likete-kete tsa Baena” le “Re Lipaki tsa Jehova!” Holong ea Kopano e Mira Loma, California, ba bangata ba ne ba bua lipuo tse peli, kahoo ba ne ba bina ka Senyesemane le ka Sepanishe, ba bina “Rea U Boka, Jehova,” temana e itseng ka puo e ’ngoe ka ho fapanyetsana. E ne e le pono e ntle haholo, ’me ho ne ho le thata ho fumana lifahleho tse ommeng ka lebaka la meokho ea thabo!

Michigan, Lipaki li ile tsa fana ka libaka tsa bolulo tse ngata ka makhetlo a imenneng habeli ho feta a neng a hlokahala. Ba bangata ba ile ba founa ba kōpa tokelo eo ea ho hlokomela ba bang ba bara bana babo rōna ba etileng. Ba sa kang ba khona ho amohela baeti ba ile ba thusa ka lijo le ka lipalangoang. Baeti ba bang ba ile ba fumana hore ntle le ho ba amohela ka mofuthu malapeng a bona, batho ba ba amohetseng ba ne ba ba suthetse libetheng tsa bona ’me bona ba robala fatše. Mantsiboea le ka mor’a likopano, lihlopha tsa malapa a Lipaki, esita le liphutheho kaofela, li ne li bokana hammoho bakeng sa lijo kapa pikiniki le baeti bana. Ba ne ba bina, ba tantša le ho pheta liphihlelo. Ka sebele e ne e le mokete! Le hoja baeti ba bangata ba ne ba sa tsebe puo ea malapa ao ba amohetsoeng ho ’ona—kapa ba ne ba ka bua mantsoe a seng makae—ba ile ba fumana litsela tsa ho buisana. Ha ho fihla nako ea hore ba arohane, e ne e se ho fapana ha lipuo feela ho hlahisang bothata ba puisano. Maikutlo a ne a farasitse. Ho ne ho raliloe motheo oa botsoalle ba nako eohle ea bophelo.

Hase baeti feela ba ileng ba rua molemo tokisetsong ea ho amohelloa malapeng. Banyalani ba bang ba Canada ba ileng ba bulela baeti ntlo ea bona ba ile ba ngola: “Kaofela re ile ra ipotsa hore na ho tla ba joang ho lula le batho bao re neng re sa ba tsebe beke kaofela. Re ile ra fumana hore e ne le khutšoanyane haholo!” Motsoali e mong ea se nang molekane o ile a ngola: “Ke ile ka ba le tokelo e khōlō ea ho amohela banyalani ba tsoang Fora, ’me ho ’na le ho bana ba ka, e bile ntho e matlafatsang ka ho fetisisa. Seo nka se bolelang feela ke hore e ne e le phihlelo e babatsehang, e thabisang le e sa lebaleheng.” Lelapa le leng, le neng le e-na le moeti ea tsoang Togo, le ile la ngola: “Re sitoa ho hlalosa thabo le lerato tseo re ileng ra li arolelana . . . Ke letlotlo le lekaakang! Jehova o ile a re fa sohle seo re neng re ka se lakatsa.”

Ho baeti ba tsoang linaheng tse 87, litsela tsa bona tsa ho hahlaula li ile tsa ba isa le ntlo-khōlō ea lefatše ea mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova o bonahalang, oo karolo e khōlō ea litšebeletso tsa oona e leng New York State, Brooklyn, Wallkill (lik’hilomithara tse 144 ho tloha Brooklyn) le Patterson (lik’hilomithara tse 112 ho tloha Brooklyn). Ho tloha ka la 28 May ho fihlela ka la 20 July, ho ile ha fihla ba fetang 14 500 kaofela! Ho ne ho le joalokaha ba bangata ba ile ba bolela, “toro e ne e phethahetse.” Ha se bontša kamoo se ikutloang kateng, sehlopha se seng se hahlaulang se neng se etetse Setsi sa Thuto sa Watchtower se Patterson se ile sa itokisa ka mor’a lijo tsa motšehare ka kamoreng ea ho jela ’me sa bina hamonate ka mantsoe a mane pina ea 42, “Tsela ke Eona Ena.” Ba amehile maikutlo ka ho teba ke seo ba se boneng le lerato le kamohelo e mofuthu eo ba e latsoitseng, ba bangata ba ne ba tletse likhapha ka mahlong ha ba ntse ba leboha bara le barali babo bona ba sebelitseng e le batsamaisi. Hase baeti feela ba ileng ba ameha maikutlo. Litho tsa lelapa la Bethele le tsona li ile tsa bolela hore ao ke matsatsi ao li ke keng tsa a lebala le ka mohla!

Matšoele a ileng a e-ba teng likopanong tsa machaba Europe le ’ona a bile le maikutlo a tšoanang. Ka July, baeti ba ile ba qala ho fihla Brithani. Ho tloha ka la 24 ho ea ho la 26 July, naheng eo likopano li ile tsa tšoaroa ka nako e le ’ngoe metseng e meholo e robong. Ebang ke ka Sefora, Senyesemane, Sepanishe kapa Sepunjabi, kaofela ba ile ba e-ba le lenaneo le tšoanang. Bakeng sa lipuo tse neng li fanoa ke litho tsa Sehlopha se Busang, libaka tseo tsa kopano li ile tsa hokahanngoa ka mehala. Baeti ba tsoang linaheng tse fetang 60 ba ne ba bokane hammoho.

Ntlha e khōlō ea lenaneo e bile ho buisana ka lipotso le baromuoa le bahlanka ba machaba. Ba ne ba le teng ba e-tsoa linaheng tse 45. Ba ile ba arolelana le bamameli thabo le liphephetso tsa tšebeletso ea linaheng lisele. Susan Snaith, ea tsoang Afrika Bophirimela, o ile a lumela: “Haholo-holo likhoeling tse seng kae tse qalang ka mor’a hore u fallele kabelong e ncha, u ka ikutloa u hlolohetsoe hae haholo, kahoo ho tseba hore batsoali ba hao baa u tšehetsa le ho u khothatsa ka sebele ho ka u thusa ho lula kabelong ea hao.” Doreen Kilgour, moromuoa oa khale Afrika Boroa, o ile a re: “Ntho ea bohlokoa ke hore u tlameha ho rata batho. ’Me haeba u hlile u rata batho ’me u ba thusa ho rata Jehova le ho tsamaea tseleng ea Jehova, sena ke sona se u thusang hore u lule kabelong ea hao.” Myrna Simms, ea tsoang Ecuador, o ile a phaella: “Se ke ua tsepamisa kelello linthong tseo u li siileng hae, empa tsepamisa kelello mosebetsing oo u nang le oona. Se ke ua sheba lintho tse sa haheng. Talima ka nģ’ane ho tsona, ’me u hopole hore re na le mosebetsi oo re lokelang ho o etsa!” ’Me Anne Crudass, ea tsoang Liberia e harasantsoeng ke ntoa, o ile a re: “Re lokela ho khothatsa bara le barali babo rōna ba sebakeng seo re leng ho sona, empa ha e le hantle, ke bona ba re khothalitseng haholo. Re bone cheseho ea bona, tumelo ea bona, le sebete sa bona nakong ea ntoa, ho hlokomelana ha bona le ho beha bophelo ba bona kotsing bakeng sa ba bang. . . . Ka borōna, re latsoitse lerato le tlhokomelo ea barab’abo rōna ho rōna. Hona joale re se re ile ra ntšoa kabelong ea rōna ka makhetlo a mane, . . . ’me ha re ne re le baphaphathehi, barab’abo rōna ba ne ba amehile haholo ka maikutlo a rōna le bomoea ba rōna hoo ba ileng ba re ngolla mangolo a monate le a hahang. . . . Mahlohonolo ana kaofela a re nolofalelitse ho khutlela Liberia, esita leha maemo a ne a sa tsitsa moo.”

Ka mor’a matsatsi a seng makae likopano tsa Brithani li felile, tse ling li ile tsa qala Jeremane. Lipaki tse metseng eo likopano li neng li tšoaretsoe teng li ile tsa mema sechaba. Sena se ile sa fana ka monyetla oa ho hlalosetsa batho hore likopano tsa machaba, tseo tse hlano tsa tsona li neng li lokiselitsoe Jeremane, ke tšobotsi ea lenaneo la rōna la lefatše ka bophara la thuto ea Bibele. Lenaneo lohle le ile la tšoaroa ka lipuo tse 13. Bakeng sa likarolo tse ka sehloohong tsa lenaneo lena, metse eohle e mehlano ea kopano (Berlin, Nuremberg, Munich, Dortmund le Stuttgart) e ile ea hokahanngoa hammoho. Tlhōrō ea ba bileng teng e bile lenane le ikhethang la ba 217 472, ’me ba ka bang 45 000 ba bona e le ba tsoang linaheng lisele. Ba bangata ba neng ba le teng moo ba ne ba e-tsoa Europe Bochabela. Har’a ba tlileng kopanong, bonyane ho ne ho akarelletsoa baromuoa, bahlanka ba machaba le Basebeletsi ba Bethele ba sebetsang likabelong tsa linaheng lisele ba 150.

Ho tloha ka la 21 ho ea ho la 23 August, pele selemo sa tšebeletso se fela, ho ile ha boela ha tšoaroa kopano ea machaba ea bohlokoahali historing Athene, Greece. Ho sa tsotellehe likhanyetso tse bohale tsa baruti ba Kereke ea Greek Orthodox, ba 39 324 ba tlileng kopanong ba ile ba bokana ba e-tsoa linaheng tse 21. Hohle moo baeti ba neng ba e-ea teng, Athene hammoho le libakeng tse ling ho pholletsa le naha, ho ile ha fanoa ka bopaki bo babatsehang—ka boitšoaro ba bona, ka moaparo oa bona le boitlhopho, hammoho le ka ho bolela ha bona le ho tsamaisa lingoliloeng. Kamohelo e mofuthu e bontšitsoeng ke Lipaki tsa Magerike e ne e le eo, le hoja batho ba Jehova ba tloaetse ho latsoa lerato la Bokreste, ba bangata ba ileng ba nkeha maikutlo ’me ba lla ke thabo. ’Me ho bona Magerike le Maturkey ba kopana le ho akana ka meokho ’me ba amohelana ka mofuthu—ka sebele, ona ke mohlolo oo e leng Jehova feela ea ka o etsang!

Joale re selemong se secha sa tšebeletso, ’me ho ntse ho tšoaroa likopano tse eketsehileng tsa machaba—Afrika, Latin America, Korea le Australia.

Kabo ea Kingdom News

Ha e le hantle, tšebeletso ea rōna ea tšimo, ke o mong oa mesebetsi ea rōna e ka sehloohong. Ke mosebetsi oo re o abetsoeng ke Jehova ka Mora oa hae. ’Me molaetsa oo re o phatlalatsang ke sona seo batho ba se hlokang ka tieo. (Esa. 43:10-12; Mat. 24:14) Selemong se fetileng, ba 5 888 650 ba ile ba kopanela mosebetsing ona, ’me ba qetile lihora tse 1 186 666 708 tšebeletsong ea tšimo. E bile bopaki bo boholo hakaakang! Tšobotsi e thabisang ea tšebeletso eo selemong se fetileng sa tšebeletso e bile ho ajoa ha Kingdom News No. 35, e neng e e-na le sehlooho se botsang potso ena “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Ke ho loketseng hakaakang ho ipiletsa ho batho takatsong ea bona ea ho ratoa, e leng takatso eo Molimo a e kentseng ka ho batho! Molaetsa oo o ne o le matla, ’me batho ba bangata ba tšepahalang ba ile ba arabela hamolemo ho oona.

Ho ile ha hatisoa likopi tse ka bang 400 000 000 tsa mpampitšana eo ka lipuo tse 166. Lipuong tseo, tse 27 li ile tsa ajoa Russia, ’me tse 10 tsa lipuo tseo, re ne re e-s’o ka re e-ba le lingoliloeng ka tsona pele. Makala a mangata, ka ho hlokomela ho se tšoane ha merabe tšimong ea ’ona, a ile a lokisetsa ho ajoa ha pampitšana eo ka lipuo tse 10, 20 kapa esita le tse 30.

Ha Paki e ’ngoe Ghana e ne e aba Kingdom News mapolasing, e ile ea fihla ha monna e mong ea neng a ngangisana hampe le mosali oa hae. Paki eo e ile ea phakisa ea ba bontša Kingdom News No. 35, ka sehlooho sa eona se hapang tlhokomelo “Na ho na le Mohla Batho Bohle ba Tla ke ba Ratane?” Hang-hang banyalani bao ba ile ba kokobela. Morali’abo rōna o ile a ipha nako ea ho buisana le bona ka pampitšana eo, a sebelisa Bibele ea hae ho ba bontša mabaka a liqabang le seo ’Muso oa Molimo o tla se etsetsa moloko oa batho. Qetellong ea puisano, monna o ile a re: “Ka sebele u rometsoe ke Molimo mona ka pampitšana ena.” Ka bobeli ba ile ba amohela thuto ea lehae ea Bibele ka cheseho. Ba bang ba 1 850 ba ile ba ngolla lekala la Ghana ba kōpa thuto ea lehae ea Bibele ea mahala. Malawi, ho ile ha amoheloa likōpo tsa babali ba joalo ba 1 900; tse 2 717 Zimbabwe; tse 1 346 Poland; tse 2 525 United States. Russia, ba 7 100 ba ile ba ngolla lekaleng ba kōpa motho ea ka ba khannelang thuto ea Bibele.

Sekoahelo se hohelang, sehlooho se nahantšang, le mofuthu oa boitsebiso bo pampitšaneng eo e ne e le sona seo Sri Lanka e harasantsoeng ke ntoa e se hlokang. Ho ile ha romeloa litlankane tse makholo lekaleng, tse kōpang bukana, ’me karolo e khōlō e ne e akarelletsa kōpo ea thuto ea lehae ea Bibele. Ba bangata ba bana ba ileng ba kōpa thuto hona joale ke bahoeletsi ba litaba tse molemo; ba bang ba se ba bile ba kolobelitsoe.

Bahoeletsi ba 30 Cameroon ba ile ba hira bese e le hore ba ka ea aba lipampitšana tšimong e ka bang lik’hilomithara tse 70 ho tloha Holong ea bona ea ’Muso Garoua. Hoseng ba ile ba koahela tšimo eo ka lipampitšana, ’me motšehare oa mantsiboea ba bontša video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name ho bamameli ba 182. Qetellong, ba bangata ba ile ba batla lingoliloeng tse eketsehileng. Ho ile ha qalisoa lithuto tsa mahae tsa Bibele tse ngata, ’me phutheho e ile ea romela pula-maliboho ho ea hlokomela thahasello eo.

Ha Kingdom News No. 35 e ne e ajoa Democratic Republic of Congo, batho ba bangata ba ile ba e amohela ka cheseho; ba bang, ba tetebelitsoe ke mathata a bophelo, ba ile ba e amohela ka lekhonono. Ha ba khutlela ho e mong oa batho bana ba lekhonono, bahoeletsi ba ile ba fumana hore mosali eo o kula haholo ’me ha a na chelete ea ho reka meriana e hlokahalang. Bahoeletsi ba ile ba mo fumanela meriana. Sena se ile sa ama pelo ea hae ’me sa lebisa thutong le eena le bana ba hae ba bane. Ketsahalong e ’ngoe, mohlankana e mong ea ileng a amohela pampitšana o ile a nahana hore Lipaki li ne li ithorisa. Hamorao o ne a le beseng e ileng ea hlaseloa ke likoeta. A siiloe e le bosiu a se na chelete sebakeng seo ho se nang motho eo a mo tsebang, o ile a tsamaea le Paki eo le eona e neng e le beseng eo ’me le eona e utsoelitsoe. Ba ile ba fumana lelapa la Paki, moo ba ileng ba amoheloa ka mofuthu, ba robaletsa teng, ’me ba thusoa hore ba tsamaee hoseng ho latelang. Ha a khutlela hae, mohlankana eo o ile a phetela metsoalle ea hae pale eo ’me a re: “Lipaki tsa Jehova ha li ithorise. Lerato la ’nete lea sebetsa har’a tsona, ’me li rata moahelani oa tsona.” Hona letsatsing leo, ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele le eena.

Phutheho e ’ngoe ka leboea ho Chile e ile ea khothalletsa bahoeletsi hore ba fe motho e mong le e mong pampitšana, hohle. Mohoeletsi e mong o ile a etela setsing sa seea-le-moea. Seboholi se ile sa khahloa ke molaetsa hoo se ileng sa emisa lenaneo la hoseng ’me sa balla bamameli ba seea-le-moea molaetsa oo kaofela oa Kingdom News No. 35.

Italy, ho tsamaisetsa moitlami e mong ea neng a emetse bese Kingdom News, ho ile ha lebisa thutong ea Bibele ea metsotso e 10 ho ea ho e 15 boemelong ba libese letsatsi le letsatsi. Ka mor’a khoeli le halofo, ho ananela ’nete ea Bibele ha moitlami eo ho ile ha mo susumelletsa hore a tsoe boitlaming. O ile a leboha hore ebe o ile a ithuta hore ka ’Muso oa Molimo, lefatše e tla ba sebaka seo ho sona batho ba tla ratana e le kannete, ho se mekoallo ea morabe kapa ea puo. O ile a khutlela Guatemala, naheng ea ha habo, moo a ileng a tsoela pele a ithuta le ngoan’abo, eo e neng e se ntse e le e mong oa Lipaki tsa Jehova.

Setsi sa Thuto sa Watchtower

Setsi sa Thuto sa Watchtower se Patterson, New York, se phetha karolo ea bohlokoa mosebetsing oa lefatše lohle oa ho paka ka ’Muso oa Molimo.

Ka 1994, mosebetsi oa kaho Patterson o ne o fihlile boemong boo ho neng ho khoneha ho qala ho fallisetsa mafapha a mang a maholo a Mokhatlo ho a tlisa Setsing sa Thuto sa Watchtower. Ka nako ea likhoeli tse ’maloa, karolo ea Lefapha la Boenjiniere, Lefapha la Tšebeletso, karolo ea ngollano ea Lefapha le Ngolang, Litšebeletso tsa Phetolelo (leo hona joale le sebetsanang le lihlopha tsa phetolelo tse linaheng tse 116), Lefapha la Molao (le sebetsanang le litlhoko tsa molao ho tšehetsa tšebetso ea Lipaki tsa Jehova lefatšeng ka bophara), le Lefapha la Litšoantšo (le sebetsang makolopetso bakeng sa ponahalo ea libuka, limakasine, libukana le tse ling), hammoho le mafapha a litšebeletso tsohle tse hlokahalang, a ile a fallisoa.

Ka March 1995, Sekolo sa Gileade se ile sa fallisetsoa mehahong e mecha e Patterson ho tloha Wallkill. Ho tloha ka nako eo, liithuti tsa Sekolo sa Gileade li se li rometsoe linaheng tse 51—Amerika Bohareng le Boroa, Afrika, Europe Bochabela, Bochabela le lihlekehlekeng tsa leoatle. Ho phaella moo, sekolo bakeng sa litho tsa Likomiti tsa Makala se ile sa fana ka koetliso e khethehileng bakeng sa barab’abo rōna ba 336 ba neng ba e-tsoa makaleng a Mokhatlo a linaheng tse 106 me ba boetse ba khutlela ho ’ona.

Hona joale ho qetiloe mohaho o mocha o nang le thepa ea molumo kapa ea video Setsing sa Thuto sa Watchtower Patterson. Ho tlisoa ha liofisi le thepa mohahong ona o mocha o motle ho qalile ka la 20 April, 1998. Mehaho e lokiselitsoeng e tla re nolofalletsa ho sebelisa haholoanyane keketseho e ka ’nang ea e-ba teng tšimong ea ho ithuta ka ho utloa le ho bona.

Ho hlakile hore ho buloa ha mohaho ona ha ho emele ho qala ha mosebetsi oa Mokhatlo tšimong ea mofuta oo. Ho phaella ho se etsoang ntlo-khōlō ea lefatše, makala a ka bang 30 a se a ntse a rekota lik’hasete. Tsena li ka ’na tsa akarelletsa Bibele kapa limakasine, libukana le litšoantšiso tsa kopano ka lipuo tsa sebaka seo. Hona joale lik’hasete tse sa tšoaneng li fumaneha ka lipuo tse 61. Ke ka lipuo tse seng kae litheipi tse rekotiloeng li ajoang lefatšeng lohle. Li-compact disc (li-CD) tse nang le litokisetso tse sa tšoaneng tsa lipina tsa rōna tsa ’Muso le tsona lia hlahisoa, ’me ho na le li-CD tse nang le boitsebiso ba ho etsa phuputso ka lipuo tse robong (Watchtower Library).

Mananeo a video a hlahisoa ka lipuo tse 41. Taba e ngotsoeng e tsoa ntlo-khōlō ea lefatše, ’me pokello ea litheipi tsa video tse fetang 2 100 tseo ho tsona ho ka nkuoang boitsebiso bona li se li bokeletsoe. Ho rekotoa ha livideo ha ho etsoe Patterson feela empa hape le likarolong tse ling tse ngata tsa lefatše. Ho hlophisoa ha litheipi tsa video tseo ho simolotsoeng ka tsona le tsa Senyesemane hona joale ho etsetsoa mehahong e mecha ea molumo kapa ea video ea Mokhatlo e Patterson. Studiong sa Mokhatlo se Netherlands, ho etsetsoa likopi tse ngata tsa mananeo ao e seng a Senyesemane. Ho rekotoa ha ho phetoa ha taba e itseng ho etsoa makaleng a ’maloa a rekotang, ebe joale hona ho romeloa Netherlands ho ea tsoakoa le ’mino le molumo oa mananeo ao ebe ho eketsoa ka litšoantšo tse hlokahalang, kahoo ho phetheloa kopi ea video eo ho tlang ho kopitsoa ho eona bakeng sa puo ka ’ngoe. Japane e etsetsa linaha tse ling tsa Bochabela o mong oa mosebetsi ona.

Ho sebelisoa ha lik’hasete tsa video bakeng sa lipuo tsa matsoho ho eketsehile haholo. Ka lehlakoreng le leng, hona ho felletse ka ho ananela hore ebe lipuo tsa matsoho ke tse ikhethang ’me hase feela linehelano tse bonoang tsa lipuo tse buuoang. Ha ba qala ho amohela livideo tsa puo ea matsoho, ba bang bao e leng lithōlo ba ile ba li talima e le bopaki ba hore Jehova ha aa ba lebala empa hore o tsotella le lithōlo. Mokhatlo o etsa livideo tse ntlafatsang tlhaloso ea puo ea matsoho ho phaella linehelanong tse seng li ntse li le teng tse utloahalang le tse bonahalang. Ho boetse ho na le livideo tse fanang ka phetolelo e feletseng ea lintho tse ka hare tsa lingoliloeng tse teng tse hatisitsoeng ke Watch Tower. Mabakeng a mangata, li sebelisetsoa ho khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele le batho ba lithōlo, kahoo livideo tseo li akarelletsa lipotso tsa ho ithuta, e leng ho etsang hore ho sebelisoa ha livideo tse joalo e be ho ruisang mahlakore ka bobeli molemo. Ho phaella moo, ’mino ka puo ea matsoho o theipiloe ka video, ’me sena se sebelisetsoa ho thusa bamameli hore ba utloisise se boleloang ke lipina tsena. Mokhatlo o tla tšehetsa ho rekotoa ha livideo tsa puo ea matsoho mehahong ea oona e United States, Mexico, Brazil, Japane, Denmark le Netherlands. Makaleng a mangata ho ana, ho tla boela ho hlophisoa mananeo a puo ea matsoho.

Lilemong tsa morao tjena ho paka ka puo ea matsoho ho eketsehile haholo. Ho na le liphutheho tse 17 tsa puo ea matsoho Korea, moo ho ’nileng ha lebisoa tlhokomelo e khethehileng tlhokahalong ena ka lilemo tse ngata. United States ho na le liphutheho tsa mofuta oo tse 19 tse sebetsang. Russia e na le phutheho e le ’ngoe le lihlopha tse nyenyane tse 43. Libaka tse ling le tsona li arabela hantle tlhokomelong eo li e fuoang litlhokong tse ikhethang tsa batho ba lithōlo. Lefatšeng ka bophara, ho na le liphutheho tse joalo tse ka bang 80 le lihlopha tse ngata tse nyenyane. Joalokaha ho le joalo ka bahlanka ba Jehova ba buang lipuo tse utloahalang, bara le barali babo bona ba lithōlo ba lebella ka cheseho nakong eo lipuo tse sa tšoaneng, ebang ke tse utloahalang kapa tse bonoang, e tla beng e se e se mokoallo bakeng sa ho buisana ka bolokolohi. Empa le hona joale, re sebelisa lipuo tse ngata, kaofela re bua ‘puo e hloekileng’ ’me kahoo re ba le tokelo ea ho tsebahatsa molemo oa Jehova re kopane.—Sof. 3:9.

Lipaki Tse Boneng Mesebetsi e Metle

Cheseho ea bahlanka ba Jehova ha ba arolelana le ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso e thabisa pelo ea Jehova. Ka lehlakoreng le leng, boitšoaro ba bona bo behang mohlala le mesebetsi e metle hangata ba bang ha ba e hlokomele, ’me ka bomalimabe ka linako tse ling e utloisisoa hampe. Na ho na le litsela tse sebetsang tsa ho tsebisa le ho ruta batho ba nang le kahlolo e molemo empa ba sa bolelloa ’nete ka lintho tsee?—1 Pet. 2:12.

E sebetsa tlas’a tataiso ea Komiti e Ngolang, Ofisi ea Litaba Sechabeng e ikemiselitse ho tlosa boitsebiso bo fosahetseng ka bahlanka ba Molimo e le hore batho ba ka amohela molaetsa oa ’Muso haholoanyane. Bakeng sa ho finyella seo, ofisi ena e ikemiselitse ho etsa hore sechaba se utloisise Lipaki tsa Jehova ka ho fana ka boitsebiso bo molemo bo ka romeloang ho ba phatlalatso ea litaba, barupeli le litsebi tse ling.

Pefo e ntseng e hōla ea merabe le lihlotšoana e hlahisa bothata bo tšosang lefatšeng lohle. E le hore ba thuse batho ba bacha hore ba hane ho ba leeme le boitšoaro bo mabifi, barupeli ba batla litsela tsa ho ruta liithuti tsa bona litekanyetso tsa boitšoaro. Ke eng seo Lipaki tsa Jehova li ka ba arolelang sona? Paki e ’ngoe Sweden e ile ea romella video ea Jehovah’s Witnesses Stand Firm Against Nazi Assault ho mohlanka e mong ea ka sehloohong oa ’muso. Ka lebaka leo, baemeli ba ’muso ba ile ba mema Lipaki hore li kopanele morerong oa ho tsebisa sechaba sohle ka Polao e Sehlōhō o bitsoang Histori e Phelang. Ba ne ba batla hore barab’abo rōna ba tsebise bana ba sekolo le batho ka kakaretso ka Lipaki tsa Jehova nakong ea mehla ea Bonazi. Ka mor’a moo, matichere a ile a khothalletsoa ho mema Lipaki tsa Jehova hore li fane ka lipuo litlelaseng ka melao le litekanyetso tsa batho le boitšoaro, tse thehiloeng liphihlelong tsa nakong ea Polao e Sehlōhō.

Le libakeng tse ling, ho sebelisoa ha video ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name ho ipakile ho sebetsa. Côte d’Ivoire, ka mor’a hore e bontšoe thelevisheneng ea sechaba, batho ba bangata ba ile ba bontša ho ananela Lipaki tsa Jehova le mokhatlo oa tsona o hlophisitsoeng ka ho eketsehileng.

Bahanyetsi ba bang ba lekile ho sebelisa maikutlo a fosahetseng ka tšebeliso ea mali ea bongaka e le lebaka la ho thibela tšebeletso ea rōna Russia. (Lik. 15:28, 29) Tsamaiso ea Russia ea bophelo ka boeona e na le mathata ka phepelo ea eona ea mali ’me e ne e tla rua molemo boitsebisong bo buang ka phekolo e ’ngoe. Lingaka tse ngata tse neng li ka rata ho phekola bakuli ntle ho tšebeliso ea mali li batla tsebo e eketsehileng le koetliso lefapheng lena. Ka lebaka la ho khomarela litekanyetso tsa Bibele mabapi le bophelo le mali, Lipaki tsa Jehova li khonne ho fana ka boitsebiso mafapheng a saense, a bongaka le a litokelo tsa mokuli tseo e leng tsa bohlokoa litabeng tsa phekolo le sechabeng ka kakaretso.

Ofisi ea Litaba Sechabeng hammoho le lefapha la Boitsebiso bo Mabapi le Litšebeletso tsa Sepetlele li ile tsa rera letoto la linehelano tse khutšoanyane sepetleleng sa St. Petersburg le sa Moscow. Lingaka tse tummeng tsa United States le Europe tse sebelisanang le Lipaki tsa Jehova qetong ea tsona ea ho hana ho sebelisa mali li ile tsa mengoa ho ea bua liketsahalong tseo mathoasong a selemo sa 1998. Hlooho ea Lefapha la ho Robatsa ka Lithethefatsi le Tlhokomelo ea Bakuli ba Boemong bo Bobe sepetleleng se seng sa United States se nang le setsi seo ho sa sebelisoeng mali ho sona e ile ea hlalosa: “Phihlelo ea rōna e bontša hore ho buuoa ntle ho mali ho fokotsa litšenyehelo tsa tlhokomelo ea bophelo bo botle ha ka lehlakoreng le leng ho ntlafatsa tlhokomelo ea mokuli.” O ile a bolella sehlopha sa lingaka tsa Russia tse 400 hore: “Tšelo ea mali e ’nile ea talingoa e le e pholosang bophelo, empa ka ho eketsehileng re bona tse ling tsa liphello tse senyang ka ho fetisisa ho bakuli.” Bohlokoa ba lipuo tsena tsa neheletsano bo ile ba phatlalatsoa haholo likoranteng. Litsebi tse ka sehloohong tsa Marussia hammoho le baemeli ba Lefapha la Bophelo le ba likomiti tsa bophelo bo botle ba ne ba le teng. Nakoana ka mor’a moo, litlaleho tse entsoeng ke ba phatlalatso ea litaba li ile tsa qotsa batho ba hlomphuoang haholo lefapheng la bongaka ka kotsi e amanang le tšebeliso ea mali le ho lumela hore qeto ea ho hana tšelo ea mali ha ea lokela ho talingoa e le e sa utloahaleng.

Ho phaella moo, selemong se fetileng, ho ile ha etsoa boiteko bo matla linaheng tse khethiloeng hore ho kopanoe le batho ka bomong le mekhatlo e amehileng ka ho khethehileng ka ho qhalana ha malapa. Ba ile ba fuoa buka ea Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Karabelo e bile efe?

Sekolong sa K’hatholike sa batho ba phahameng sechabeng se Madrid, Spain, motsamaisi o ile a odara libuka tsa Thabo ea Lelapa tse 90, e le ’ngoe bakeng sa setho se seng le se seng sa basebetsi ba sekolo. Motsamaisi oa lehae la bacha ba likhathatso Rotterdam, Netherlands, o ile a kōpa buka bakeng sa moeta-pele e mong le e mong oa sehlopha lehaeng leo, kaha o ne a nahana hore ba ka sebelisa boitsebiso boo ho thusa bacha. Ukraine, likoranta, seea-le-moea le TV li ile tsa tlaleha ka phutuho ena e etsoang ke Lipaki tsa Jehova ho matlafatsa malapa. Batsamaisi ba mekhatlo e 256 le litsi tsa thuto ba ile ba mema Lipaki hore li e’o fana ka lipuo ho basebetsi ba bona mabapi le ho matlafatsa malapa. (Baef. 5:22–6:4) Ka lebaka la phutuho eo, matichere a amang a qalile ho ba teng libokeng tsa phutheho.

Taba e ’ngoe eo ho ileng ha lebisoa tlhokomelo ho eona selemong seo e ne e le karolo ea basali. Tokollo ea Tsoha! ea April 8, 1998, e phatlalalitse letoto la lihlooho tlas’a sehlooho se sekoahelong sa eona se reng “Ke Eng Seo Bokamoso bo se Tšoaretseng Basali?” E ile ea tšohla khethollo eo basali ba tobanang le eona, bohlokoa ba mosebetsi oa bona sechabeng le pono e nepahetseng eo Bibele e nang le eona ka bona. (Liprov. 31:10-31; 1 Tim. 5:1, 2) Ho ile ha etsoa boiteko bo khethehileng ba hore ho ajoe boitsebiso bona lihlopheng le mekhatlong e amehileng ka litaba tse amang basali. Ke bo-mang ntle ho batho ba Jehova ba ka fanang ka boitsebiso bo joalo linaheng tse fetang 230?

Barab’abo rōna lekaleng la Japane ba ile ba romela tokollo e sa tsoa hatisoa e tsamaeang le lengolo le kopi ea Tsoha! mekhatlong ea basali e fetang 3 000. Puerto Rico batho ba thahasellang, ho akarelletsa le basebeletsi ba sechaba le moprofesa e mong oa univesithi, ba ile ba letsetsa lekala mohala ba kōpa likopi tsa tokollo e khethehileng ea Tsoha! Setho sa Ntlo ea Baemeli ba lekhotla le etsang molao se ile sa bala makasine eo ’me sa khahloa haholo ke lenaneo la thuto la lefatše ka bophara la Lipaki tsa Jehova le thahasello ea sebele eo li nang le eona sechabeng hoo se ileng sa memela Lipaki ofising ea sona. Motseng o mong motlatsi oa ramotse o ile a thahasella boitsebiso boo haholo hoo a ileng a kōpa likopi tse 100 bakeng sa mafapa a mahlano a ’muso a ’masepala.

Re ke ke ra fetola pono e fosahetseng eo batho ba bangata ba nang le eona ka rōna lefatšeng lena. Empa re lumela hore Jehova o tla tsoela pele ho hlohonolofatsa mesebetsi e fellang ka ho halaletsa lebitso la hae le leholo. Ka lebaka la hore ebe ke lipaki tse bonang mesebetsi ea rōna e metle, ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng” ba bona mabaka a hore ba be har’a ba rorisang Molimo.—Lik. 13:48.

‘Ho Lelefatsa Lithapo Tsa Tente’

Khale koana, Jehova ka boprofeta o ile a bua tjena ho mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng: “Etsa hore sebaka sa tente ea hao se be seholo. . . . U se ke ua ithiba. Lelefatsa lithapo tsa hao tsa tente, ’me u tiise lithakhisa tsa hao tsa tente.” (Esa. 54:2, NW) Hona joale, phethahatsong ea Tšenolo 7:9, ba limilione ba lebeletseng ka cheseho bophelo mona lefatšeng tlas’a ’Muso oa Bomesia ba ikopanya le mokhatlo o hlophisitsoeng oa puso ea Molimo. Le bona ba hloka sebaka.

E le ho lokisetsa libaka tse loketseng bakeng sa taeo ea Bibele, ho hahuoa ha Liholo tsa ’Muso ke ntho e ka sehloohong linaheng tse ngata. Ghana, phuputso e ile ea bontša hore hona joale ho na le Liholo tsa ’Muso tse 237 le hore ho ntse ho hahuoa tse ling tse 275. Ukraine e tlaleha hore ho qetiloe Liholo tsa ’Muso tse 84 ’me tse ling tse 61 li ntse li hahuoa. Afrika Boroa barab’abo rōna ba sebetsang le Komiti ea Kaho ea Libaka ba ile ba thusa barab’abo rōna ba libakeng tse itseng ho rala motheo oa Holo ea bona ea ’Muso, ’me joale ba ba siela mochine oa ho etsa litene. Lipaki tsa libakeng tseo, tseo boholo e leng baralib’abo rōna, ba etsa litene ’me ba li bokella hammoho hore li ome. Ha litene li se li omme, baithaopi ba sebetsang le Komiti ea Kaho ea Libaka baa khutla ’me ba haha holo ka potlako. Mokhoa ona o ba nolofalletsa ho haha liholo tse ntle ka theko e tlaase.

Ho ba le Liholo tsa ’Muso tse loketseng ho thusa ho potlakisa mosebetsi oa ho bokella. Ho ile ha hahuoa Holo ea ’Muso Madagascar bakeng sa ho hlokomela liphutheho tse peli. Ka likhoeli tse seng kae feela, ho ile ha thehoa liphutheho tse ling tse peli sebakeng seo, ’me ho lebeletsoe hore ho tla thehoa e ’ngoe hape. Empa naheng e ’ngoe e Afrika e tlalehang bahoeletsi ba fetang 28 000 e na le Holo e le ’ngoe feela ea ’Muso bakeng sa liphutheho tse ling le tse ling tse 10; e ’ngoe, e nang le bahoeletsi ba fetang 38 000, e na le Holo e le ’ngoe ea ’Muso bakeng sa liphutheho tse ling le tse ling tse 26. Ofisi e ’ngoe ea lekala Europe Bochabela e tlalehang bahoeletsi ba fetang 100 000 e bolela hore ba na le Holo e le ’ngoe ea ’Muso bakeng sa liphutheho tse ling le tse ling tse 13. Linaha tse ling li bontša khaello ea Liholo tsa ’Muso tse fetang 1 000—esita le tse 2 500. Kahoo, ha selemo sa tšebeletso se fela, ho ne ho entsoe litokisetso bakeng sa baithaopi ba machaba hore ba thuse ka ho haha Liholo tsa ’Muso tse hlokahalang ka potlako tse eketsehileng tse 8 000 linaheng tse khethehileng moo barab’abo rōna ba libakeng tseo ba se nang tsebo e lekaneng ea ho haha le thepa ea ho haha hore ba hahe libaka tsa ho kopanela bakeng sa ba bangata ba phallelang ka mokhatlong o hlophisitsoeng oa Jehova.

Ha palo ea bahoeletsi e eketseha—’me ba eketsehileng ba 316 092 ba ile ba kolobetsoa selemong sena se fetileng—mehaho e eketsehileng ea makala le eona ea hlokahala. Hona joale, ba 17 781 malapeng a Bethele lefatšeng ho pota ba sebeletsa e le litho tsa Sehlopha sa Bahlanka ba Khethehileng ba Nako e Tletseng.

KENYA: Mehaho e mecha ea lekala e ile ea neheloa Kenya ka la 25 October, 1997. Milton Henschel, oa Sehlopha se Busang, o ne a le teng; le ba bang ba ileng ba kopanela mosebetsing Kenya mehleng ea pejana. Lipaki tse chesehang li ile tsa tla li e-tsoa Afrika Bochabela eohle—ba bang ba tlile ka maoto—hore ba be teng lenaneong le khethehileng le lokiselitsoeng bakeng sa mafelo-beke ao.

Lekala lena le hlokometse mosebetsi oa ho bolela le ho etsa barutuoa sebakeng se Afrika Bochabela moo bahoeletsi ba fetang 29 000 ba leng mafolofolo. Bo-pula-maliboho ba sebete ba tsoang Afrika Boroa ba ile ba qala ho paka Kenya mathoasong a bo-1930. Leha ho le joalo, e bile ka 1949 ha ho fihla Mary Whittington ea neng a sa tsoa kolobetsoa, ea tsoang Engelane, bopaki bo ileng ba tsoela pele ho fanoa. Baromuoa ba pele ba koetlisitsoeng Gileade, e leng William le Muriel Nisbet, ba ile ba fihla ka 1956. Baholoane ba Mor’abo rōna Nisbet e leng Robert le George ba bile har’a bo-pula-maliboho ba pele ba ileng ba fana ka bopaki Kenya morao koo ka bo-1930. Baromuoa ba bang ba bangata, bo-pula-maliboho ba khethehileng ba tsoang Zambia le Tanzania le bara ba bang babo rōna ba sebeletsang moo tlhokahalo e leng khōloanyane le bona ba phethile karolo e khōlō ho ntšetseng mosebetsi pele Kenya. Ho nkile lilemo tse 41 ho fihla ho bahoeletsi ba 1 000 Kenya. Hona joale, ba fetang 1 000 hōle ba kolobetsoa selemo le selemo!

FORA: Mafelo-bekeng a la 15-16 November, 1997, Lipaki tsa Jehova Fora li ile tsa nehela mehaho e mecha ea lekala Louviers, lik’hilomithara tse 100 ka bophirimela ho Paris. Bara le barali babo rōna ba tsoang makaleng a 42 ba ne ba le teng bakeng sa lenaneo la nehelo, moo ho ileng ha fanoa ka lipuo ke Lloyd Barry le Daniel Sydlik ba Sehlopha se Busang. Letsatsing le hlahlamang e bile ho hlollang hakaakang ho bona letšoele la ba 95 888 bakeng sa lenaneo le khethehileng le neng le tšoaretsoe Villepinte Exhibition Center, ka leboea ho Paris! Sena e bile seboka se seholo ka ho fetisisa sa Lipaki tsa Jehova se kileng sa tšoareloa Fora.

Keketseho ea karolo ea 50 lekholong palong ea bahoeletsi ka bo-1980 e feletse ka tlhokahalo e potlakileng ea sebaka se eketsehileng Bethele. Leha ho le joalo, ho ne ho hlokahala lilemo tse leshome ho phetha morero ona. Boiteko ba pele ba ho haha tikolohong ea mehaho ea rōna e ntseng e le teng bo ile ba tobana le khanyetso e mabifi. Bahanyetsi ba ntse ba tsoela pele ho leka ho kena-kenana le tšebetso ea Lipaki tsa Jehova Fora. Leha ho le joalo, Lipaki tse 121 000 tse Fora ha li tele ho phatlalatseng litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo, li e-na le tšepo ea hore ba bangata ba eketsehileng ho batho ba limilione tse 100 ba buang Sefora lefatšeng ka bophara ka thabo ba tla amohela memo ea hore ba “nke metsi a bophelo ntle ho tefo.”—Tšen. 22:17.

SPAIN: Le naheng ena, batho ba bangata ba lipelo li tšepahalang ba arabela hamolemo litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ho tloha haesale mehaho ea lekala e ka ntle ho Madrid e neheloa ka 1983, palo ea Lipaki Spain e eketsehile ho tloha ho tse 53 000 ho ea ho tse fetang 103 000. Ho hatisetsa Spain le Portugal limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! le hona ho eketsehile ka potlako, ho tloha likoping tse 6 500 000 ka selemo ho ea ho tse ka bang 23 000 000. John Heidelberg, molebeli oa lehae la Bethele, oa hlalosa: “Kaha basebetsi ba 150 ba lula lik’hilomithara tse ’maloa ho tloha Bethele, re na le khaello e khōlō ea bolulo, hammoho le tlhoko e khōlōhali ea sebaka sa polokelo ea libuka le mehaho ea thomello ea thepa.”

Ho neheloa ha mehaho e atolositsoeng ea lekala, ka la 28 March, 1998, e bile tlhōrō ea mosebetsi o boima oa lilemo tse hlano oo ho oona baithaopi ba fetang 25 000—bao boholo ba tsoang Spain, ba bang linaheng tsa mose—ba neng ba sebelitse hammoho ho oona. William Malenfant le Gerrit Lösch, bobeli ba bona e le basebetsi ba ntlo-khōlō Brooklyn, ba ile ba kopanela lenaneong la nehelo. Le hoja lenane la ba bileng teng lenaneong la nehelo le ne le lekanyelitsoe, letsatsing le hlahlamang ba 65 775 ba ile ba bokana Madrid le Barcelona ho ea thabela lenaneo le leng le babatsehang.

ROMANIA: Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa ntšetsa pele tšebeletso ea tsona ea phatlalatsa Romania ka lilemo tse fetang 80. Ka 1990 ha ho ne ho tlosoa thibelo ea lilemo tse 43 tšebetsong ea tsona, ho ne ho e-na le bahoeletsi ba ka bang 19 000. Hona joale ho na le ba fetang 37 000, ’me ba fetang 82 000 ba ile ba e-ba teng Sehopotsong ka 1998. Ho ne ho hlokahala ofisi ea lekala e loketseng Romania. Kahoo, e ’ngoe ea lintlha tse ka sehloohong tsa selemo e bile ho neheloa ha lekala la bona le lecha ka la 2 May, 1998. Barab’abo rōna ba tsoang linaheng tse 19, ho akarelletsa le Gerrit Lösch, oa Sehlopha se Busang, ba ne ba le teng ho tla kopanela le bona ketsahalong eo e thabisang.

Ha selemo sa tšebeletso sa 1998 se leba pheletsong, ho ne ho e-na le bahlanka ba machaba ba 397 ba nang le phihlelo le baithaopi ba machaba ba 150 ba neng ba sebetsa le Lipaki tsa sebaka ka seng mererong e sa tšoaneng ea kaho. Ena e ne e akarelletsa merero e meholo ea kaho linaheng tse 38 le merero e menyenyane linaheng tse ling tse 23. Liholo tsa ’Muso tse likete joale li tla phaelloa kemisong ea bona ea seo ho tla buisanoa ka sona se amanang le kaho. Ka sebele, ka litsela tse ngata ho ntse ho etsoa ho hoholo ho etsa hore tente ea tšoantšetso e be e ‘atolohileng haholoanyane’ le ho ‘lelefatsa lithapo tsa tente.’

[Litšoantšo tse leqepheng la 6]

Litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa bua kopanong e ’ngoe le e ’ngoe ea machaba

[Litšoantšo tse leqepheng la 11]

Litlaleho tsa baromuoa e ne e le ntho e ka sehloohong

[Litšoantšo tse leqepheng la 12-14]

Lerato le thabo tse ikhethang li ile tsa bonahatsoa ke ba tlileng kopanong

[Litšoantšo tse leqepheng la 21]

Mehaho ea video le molumo Patterson

[Litšoantšo tse leqepheng la 29]

Mehaho ea lekala e nehetsoeng: (1) Spain, (2) Kenya, (3) Fora

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela